Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo bo Khotsofatsang ho sa Tsotellehe Masisa-pelo

Bophelo bo Khotsofatsang ho sa Tsotellehe Masisa-pelo

Pale ea Bophelo

Bophelo bo Khotsofatsang ho sa Tsotellehe Masisa-pelo

JOALOKAHA HO BOLETSE AUDREY HYDE

Ha ke hetla morao lilemong tse fetang tse 63 tse fetileng ke le tšebeletsong ea nako e tletseng—tse 59 ke le ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova—nka re ke bile le bophelo bo khotsofatsang. Ke ’nete hore ho bona monna oa ka oa pele a shoa butle a bolaoa ke kankere ’me oa bobeli a bolaoa ke liphello tse tšabehang tsa lefu la Alzheimer e bile ntho e nyahamisang haholo. Empa e-re ke u qoqele kamoo ke ileng ka lula ke e-na le thabo ho sa tsotellehe mahlomola ana.

KE HŌLETSE polasing e ’ngoe e pel’a torotsoana ea Haxtun lithoteng tse ka leboea-bophirimela ho Colorado, pel’a moeli oa Nebraska. Ke ne ke le ngoana oa bohlano har’a ba tšeletseng ba Orille le Nina Mock. Russell, Wayne, Clara le Ardis ba hlahile pakeng tsa 1913 le 1920, eaba ke hlaha selemong se latelang. Curtis o ile a hlaha ka 1925.

Ka 1913, ’Mè e ile ea e-ba Seithuti sa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo. Qetellong, kaofela ha rōna lapeng re ile ra ba Lipaki.

Bophelo bo Hlapholang Kelello Lithoteng

Ntate e ne e le motho ea khemang le linako. Mehahong eohle ea habo rōna polasing, ho ne ho e-na le mabone a motlakase e leng ntho e neng e sa tloaeleha mehleng eo. Ho ne ho boetse ho e-na le lihlahisoa tse neng li tloaelehile lipolasing—mahe a likhoho tsa heso, ’me re fumana lebese likhomong tsa heso, lebejana le botoro. Re ne re sebelisa lipere bakeng sa ho lema tšimo re bile re lema monokotšoai le litapole, hammoho le koro le poone.

Ntate o ne a lumela hore bana bohle ba hae ba ne ba lokela ho ithuta mosebetsi. Esita le pele ke kena sekolo, ke ile ka koetlisetsoa ho sebetsa masimong. Ke hopola e le matsatsi a lehlabula, letsatsi le chesa, ke hlaola mela e melelele tšimong ea heso. Ke ipotsa hore, ‘Na ke tla hle ke fihle qetellong?’ Ke ne ke fufuleloa haholo ebe linotši lia ntoma. Ka linako tse ling ke ne ke iqenehela hobane bana ba bang ba ne ba sa hloke ho sebetsa ka thata joaloka rōna. Empa, ruri ha ke nahana ka bongoaneng ba ka, ke leboha haholo hore ebe re ile ra rutoa ho sebetsa.

Kaofela ha rōna, re ne re e-na le mesebetsi. Ardis o ne a hama hantle ho mpheta, kahoo mosebetsi oa ka e ne e le ho hloekisa litala, ke bokella moiteli. Leha ho le joalo, re ne re boetse re e-na le nako ea ho ithabisa le ea ho bapala. ’Na le Ardis re ne re bapalla sehlopha sa motse sa papali ea softball. Ke ne ke bapala sebakeng se boraro, ’me Ardis a bapala sebakeng sa pele.

E ne e le ntho e ntle haholo ho boha leholimo le hlakileng bosiu lithoteng. Linaleli tse likete-kete li ne li nkhopotsa ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Esita leha ke sa le ngoana, ke ne ke nahana ka Pesaleme ea 147:4, e balehang tjena: “[Jehova] o bala palo ea linaleli; kaofela ha tsona o li bitsa ka mabitso a tsona.” Hangata masiung ana a hlakileng, ke ne ke sa be mong, kaha ntja ea heso e bitsoang Judge, e ne e beha hlooho ea eona seropeng sa ka. Ke ne ke atisa ho lula mathuleng a lapeng mantsiboea ebe ke boha masimo a koro e tala ha moea o foka holim’a eona, o etsa hore e bonahale joaloka silevera ha e le letsatsing.

Mohlala o Motle oa ’Mè

’Mè e ne e le mosali ea itetseng. Ntate e ne e lula e le hlooho ea lelapa, ’me ’Mè o ne a re ruta ho mo hlompha. Ka 1939 le eena e ile ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Re ne re tseba hore Ntate o ne a re rata le hoja a ne a re sebelisa ka thata a bile a sa re tefise. Hangata mariha o ne a pana lipere tse peli, a hake selei ebe rea palama. Re ne re khahloa ke lehloa ha le phatsima!

Leha ho le joalo, ke ’Mè ea re rutileng ho rata Molimo le ho hlompha Bibele. Re ile ra ithuta hore lebitso la Molimo ke Jehova le hore ke eena Mohloli oa bophelo. (Pesaleme ea 36:9; 83:18) Re ile ra boela ra ithuta hore o re file melao e re tataisang, eseng hore hlokisa thabo, empa hore re rue molemo. (Esaia 48:17) ’Mè o ne a lula a hatisa taba ea hore re na le mosebetsi o itseng o khethehileng oo re tlamehang ho o etsa. Re ile ra ithuta hore Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.

Mehleng eo ea bongoana, neng kapa neng ha ke ne ke fihla lapeng ke tsoa sekolong, ebe ke fumana ’Mè a le sieo ka tlung, ke ne ke tsoa ho ea mo batla. Ka nako e ’ngoe ha ke le lilemo li tšeletseng kapa li supileng, nkile ka mo fumana a le ka molikong. Eaba ho qala ho na pula ea litloebelele. Re ne re le ka mokatong o ka holimo moo ho bolokoang furu, ha ke tla mo botsa hore na Molimo o ne a tlisa Moroallo o mong. O ile a nkholisa hore Molimo o ne a tšepisitse hore a ke ke a felisa lefatše ka moroallo hape. Ke boetse ke hopola ka makhetlo a mangata ke balehela ka mokatong o ka tlaase, etsoe ho ne ho tloaelehile hore ho be le lifefo tse matla.

Esita le pele ke hlaha, ’Mè o ne a se a ntse a kopanela mosebetsing oa boboleli. Ho ne ho e-na le sehlopha se neng se kopanela lapeng, ’me kaofela e ne e le batho ba neng ba e-na le tšepo ea ho phela le Kreste maholimong. Le hoja boboleli ba ntlo le ntlo e ne e le ntho e thata ho ’Mè, lerato la hae ho Molimo le ile la hlōla tšabo eo. O ile a tšepahala ho fihlela letsatsing la lefu la hae, ka la 24 November 1969, ha a ne a le lilemo li 84. Ke ile ka mo sebela ka tsebeng ka re, “’Mè, u ea leholimong, ’me u tla ba le bao u tloaelaneng le bona.” Ke ne ke thabe hakaakang hore ebe ke bile le ’Mè letsatsing la lefu la hae le ho mo bolella tšepo ea ka! Ka bonolo o ile a re: “U nthusa haholo.”

Re Ile ra Qala ho Bolela

Ka 1939, Russell e ile ea e-ba pula-maliboho, e leng kamoo baevangeli ba nako e tletseng ba bitsoang kateng har’a Lipaki Tsa Jehova. O ile a bula maliboho Oklahoma le Nebraska ho fihlela ka 1944 ha a ne a memeloa ho ea sebeletsa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova (e bitsoang Bethele), e Brooklyn, New York. Ke ile ka qala ho bula maliboho ka la 20 September 1941, eaba ke sebeletsa libakeng tse fapa-fapaneng Colorado, Kansas le Nebraska. Lilemo tseo tsa ho bula maliboho e ne e le tse thabisang haholo eseng feela hobane ke ne ke khona ho thusa batho ba bang hore ba ithute ka Jehova, empa ke ne ke boetse ke thabisoa ke ho ithuta ho itšetleha ka eena ka ho feletseng.

Ho elella nakong ea ha Russell a qala ho bula maliboho, Wayne, o ne a le univesithing e ka lebōpong le ka bochabela ka mor’a hore a sebetse mosebetsi oa boipheliso ka nakoana. Hamorao o ile a memeloa ho tla Bethele. Ka nakoana o ile a sebeletsa Kingdom Farm, e pel’a Ithaca, New York. Moo, ho ne ho lengoa lijo bakeng sa lelapa le lenyenyane la polasing hammoho le bakeng sa basebetsi ba neng ba ka ba 200 ba Bethele e Brooklyn. Wayne o ile a sebelisa tsebo le phihlelo ea hae tšebeletsong ea Jehova ho fihlela lefung la hae ka 1988.

Ausi Ardis o ile a nyaloa ke James Kern, eaba ba ba le lelapa la bana ba bahlano. O hlokahetse ka 1997. Ausi oa ka e mong, Clara, o lutse a tšepahala ho Jehova ho tla fihlela lena le holimo, ’me ha ke e-ea phomolong ke sa ntse ke mo chakela ha hae Colorado. Khorula ea lapeng, Curtis, o ile a ea Bethele e Brooklyn bohareng ba bo-1940. O ne a khanna teraka e neng e tsamaela Kingdom Farm le Brooklyn e laetse thepa le lihlahisoa tse sa tšoaneng. Ha aa ka a nyala ho fihlela a hlokahala ka 1971.

Takatso ea ka—Tšebeletso ea Bethele

Bo-abuti ba ne ba ile Bethele pejana, ’me le ’na ke ne ke lakatsa ho sebeletsa moo. Ke lumela hore mohlala oa bona o motle ke oona o ileng oa etsa hore ke mengoe. Ho mamela ’Mè a pheta pale ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo le ho iponela ka bonna ha boprofeta ba Bibele bo mabapi le matsatsi a ho qetela bo phethahala ho ile ha etsa hore ke be le takatso ea ho sebeletsa Bethele. Ke ile ka etsa kano ho Jehova ka thapelo hore haeba a ne a ka ntumella hore ke e’o sebeletsa Bethele, ke ne ke se na ho tloha ntle le haeba ho ne ho ka ba le boikarabelo bo bong ba Bokreste boo ke neng ke tla tlameha ho bo phetha.

Ke ile ka fihla Bethele ka la 20 June 1945, eaba ke abeloa ho sebetsa ke le mohlokomeli oa matlo. Ho ne ho e-na le likamore tse 13 tseo ke neng ke lokela ho li hloekisa, le libethe tse 26 tseo ke neng ke lokela ho li alola letsatsi le leng le le leng, ho boetse ho e-na le liphaseje, litepisi le lifensetere tseo ke neng ke lokela ho li hloekisa. Mosebetsi oo o ne o le thata. Letsatsi le leng le le leng ha ke ne ke le mosebetsing ke ne ke lula ke ipolella hore, ‘Ke ’nete hore u khathetse, empa u Bethele, ntlong ea Molimo!’

Ho Nyalana le Nathan Knorr

Ha esale ho tloha ka bo-1920, Basebeletsi ba Bethele ba neng ba lakatsa ho kena lenyalong ho ne ho hlokahala hore ba tsoe Bethele ’me ba etse mesebetsi e meng e amanang le ’Muso libakeng tse ling. Empa mathoasong a bo-1950, banyalani ba ’maloa ba neng ba sebelelitse Bethele ka nako e teletsana ba ile ba lumelloa ho nyala le ho lula. Kahoo, ha Nathan H. Knorr, eo ka nako eo a neng a etelletse mosebetsi oa lefatše lohle oa ’Muso a bontša hore o ne a khahluoe ke ’na, ke ile ka re, ‘Joale, enoa motho leha ho ka ba ha thoe, eena o tla lula!’

Nathan o ne a e-na le boikarabelo bo bongata boo a neng a lokela ho bo phetha ba ho hlokomela mosebetsi oa lefatše ka bophara oa Lipaki Tsa Jehova. Kahoo, o ne a sa mpatele letho, a mpehela mabaka a mangata a hore na ke hobane’ng ha ke ne ke lokela ho nahana ka hloko ka taba eo pele ke lumela ha a nkōpa hore re nyalane. Mehleng eo, o ne a tsamaea haholo a etela makala a Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle ’me hangata a qeta libeke-beke a tsamaile. Kahoo o ile a ntlhalosetsa hore re ne re tla arohana ka nako e telele.

Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke ipona ke nyetsoe nakong ea selemo ebe re ea phomolong ea ka mor’a lechato lihlekehlekeng tsa Pacific tse Hawaii. Bonneteng, re ile ra nyalana mariha, ka la 31 January 1953, eaba mantsiboeeng a Moqebelo oo le ka Sontaha re ea New Jersey phomolong ea ka mor’a lechato. Ka ’Mantaha ra khutlela mosebetsing. Leha ho le joalo, beke hamorao, re ile ra ea phomolong ea ka mor’a lechato moo re ileng ra qeta beke.

Molekane ea Sebetsang ka Thata

Nathan o ne a le lilemo li 18 ha a ne a fihla Bethele ka 1923. O ile a fumana koetliso ea bohlokoa ho mekaubere e kang bo-Joseph F. Rutherford, ea neng a etelletse pele mosebetsing oa Lipaki, le mookameli oa setsi sa khatiso Robert J. Martin. Ha Morab’o rōna Martin a hlokahala ka September 1932, Nathan e ile ea e-ba mookameli oa setsi sa khatiso. Selemong se latelang, Mor’abo rōna Rutherford o ile a tsamaea le Nathan ha a ne a etela makala a Lipaki Tsa Jehova Europe. Ka January 1942 ha Mor’abo rōna Rutherford a hlokahala, Nathan o ile a fuoa boikarabelo ba ho hlokomela mosebetsi oa lefatše ka bophara oa Lipaki Tsa Jehova.

Nathan e ne e le motho ea neng a shebela lintho pele, ka linako tsohle a ntse a lokisetsa keketseho ea ka moso esale pele. Ba bang ba ne ba nka sena se sa lokela, kaha ho ne ho nkoa hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo haufi haholo. Ha e le hantle, mor’abo rōna e mong ea ileng a bona kemiso ea Nathan o ne a mo botse potso e reng: “Mor’eso Knorr, ke hobane’ng ha u entse ntho ee? Na ha u na tumelo?” O ile a mo araba ka ho re: “Che bo, ke na le eona, empa haeba bofelo bo sa tle kapele kamoo re lebeletseng kateng, re tla be re le malala-a-laotsoe.”

Khopolo e ’ngoe eo ka ho khetheha Nathan a neng a lumela ka matla ho eona e ne e le ea ho theha sekolo sa baromuoa. Kahoo, ka la 1 February 1943, sekolo sa baromuoa se ile sa thakholoa Kingdom Farm moo Abuti Wayne a neng a sebeletsa teng. Le hoja sekolo seo e ne e le thupelo ea thuto ea Bibele e matla e hakanyetsoang ho likhoeli tse hlano, Nathan o ne a etsa bonnete ba hore liithuti li ba le boikhathollo. Lilemong tsa pele tsa ka mor’a ho thakholoa ha sekolo, o ne a bapala lipapali tsa bolo le liithuti, empa hamorao ha aa ka a hlola a bapala hobane o ne a tšaba ho lemala e leng se neng se ka ’na sa mo sitisa ho ea likopanong tsa setereke tsa lehlabula. Ho e-na le ho bapala, o ile a khetha ho ba molaola-papali. Liithuti li ne li thaba ha ho totobala hore o fetotse melao ea papali molemong oa liithuti tse tsoang linaheng tse ling tse neng li bapala.

Ho Eta le Nathan

Qetellong ke ile ka qala ho etela linaheng tse ling ke tsamaea le Nathan. Ke ne ke thabela ho qoqa ka liphihlelo le baithaopi ba makala le baromuoa. Ke ile ka iponela ka mahlo lerato le boinehelo ba bona, ka ba ka ithuta ka kemiso ea bona le ka maemo a bophelo a linaha tseo ba neng ba abetsoe ho tsona. Ka lilemo tse ngata, ke ’nile ka fumana mangolo a liteboho ka maeto ao.

Ha ke nahana ka maeto ao a nakong e fetileng, ke hopola liphihlelo tse ngata. Ka mohlala, ha re ne re etetse Poland, baralib’abo rōna ba bang ba babeli ba ne ba ntse ba sebelana haufi le ’na. Ke ile ka re ho bona, “Ke hobane’ng ha le ntse le sebelana?” Ba ile ba kōpa tšoarelo, ba ntlhalosetsa hore ba ne ba ile ba tloaela ho sebelana ha mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ne o thibetsoe Poland ’me ba boholong ba ne ba hoketse li-microphone ka lenyele mahaeng a Lipaki.

Morali’abo rōna Adach e ne e le e mong oa ba bangata ba neng ba ile ba sebeletsa nakong ea thibelo Poland. O ne a e-na le meriri e harelaneng e lepeletseng phatleng. Ka nako e ’ngoe o ile a phahamisa moriri oa hae eaba o mpontša leqeba le leng le tebileng, o ne a ile a otloa ke motho e mong ea neng a ba hlorisa. Ke ile ka feroha matšoafo ha ke iponela ka mahlo a ka liphello tsa tšoaro e khopo eo bara le barali babo rōna ba neng ba tlameha ho e mamella.

Ke rata Bethele haholo, ’me sebaka sa bobeli seo ke se ratang haholo ke Hawaii. Ke hopola kopano ea teng e neng e tšoaretsoe motseng oa Hilo ka 1957. E ne e le ketsahalo ea bohlokoa, ’me lenane la batho ba bileng teng le ne le feta la Lipaki tsohle tsa sebakeng seo. Ramotse o ile a ba a fa Nathan senotlolo sa motse. Batho ba bangata ba ile ba tla ho tla re lumelisa, ba re khabisa ka meqhaka ea lipalesa.

Kopano e ’ngoe e thabisang e ne e le ea Nuremberg, Jeremane ka 1955, e neng e tšoaretsoe sebakeng seo Hitler a neng a se sebelisa e le parade ea sesole sa hae. Hoa tsebahala hore Hitler o ne a hlapantse hore o tla felisa batho ba Jehova Jeremane, empa joale lebala lena la lipapali le ne le tletse Lipaki Tsa Jehova! Ke ne ke sa khone ho thiba likeleli tsa ka. Sethala se ne se le seholohali ’me karolo ea sona e ka morao e ne e e-na le lipilara tse khōlō tse 144. Ke ne ke le sethaleng ’me ke khona ho bona phiphitha ea bamameli ba fetang 107 000. Ho ea morao e ne e le sebaka se selelele haholo hoo ke neng ke thatafalloa ke ho bona moleng oa ho qetela.

Re ne re bona kamoo barab’abo rōna ba Jeremane ba ileng ba tšepahala kateng le matla ao ba ileng ba a amohela ho tsoa ho Jehova nakong ea mahloriso tlas’a ’muso oa Manazi. Sena se ile sa matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re tšepahala ho Jehova. Nathan o ile a fana ka puo e koalang, eaba qetellong ea eona o tsoka letsoho ho fonanisa bamameli. Hang-hang ba ile ba arabela ka ho mo tsokela lisakatuku tsa bona e le ha ba re tsela-tšoeu! E ne eka tšimo e ntle ea lipalesa.

Leeto la rōna Portugal ka December 1974 le lona e bile sentebale. Re ne re le teng sebokeng sa pele sa Lipaki se neng se tšoaretsoe Lisbon ka mor’a hore mosebetsi oa rōna oa ho paka o ngolisoe ka molao. O ne o ile oa thibeloa ka lilemo tse 50! Le hoja ka nako eo ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 14 000 feela naheng eo, batho ba fetang 46 000 ba ne ba le teng libokeng tse peli tse neng li tšoaretsoe moo. Ke ile ka iphumana ke keleketla likeleli ha barab’abo rōna ba ne ba re: “Ha re sa tlameha ho ipata. Re lokolohile.”

Ho tloha matsatsing a ha ke ne ke sa ntse ke eta le Nathan ho tla fihlela kajeno, ke sa ntse ke thabela ho etsa bopaki bo sa reroang—ka lifofaneng, libakeng tsa ho jela—hammoho le ho etsa bopaki ba seterateng. Ke lula ke ikatetse ka lingoliloeng e le hore nka ba malala-a-laotsoe ho paka. Ka nako e ’ngoe ha re ntse re emetse sefofane se neng se ile sa liehisoa, mosali e mong o ile a mpotsa hore na ke sebetsa hokae. Seo se ile sa etsa hore ke buisane le eena le batho ba bang ba neng ba le haufi le rōna ba mametse. Tšebeletso ea Bethele le mosebetsi oa ka oa boboleli li nthusitse hore ke lule ke le maphathaphathe ke bile ke thabile haholo.

Bokuli le Karohano e Khothatsang

Ka 1976, Nathan o ile a kula a jeoa ke kankere, ’me ’na le litho tsa lelapa la Bethele re ile ra mo thusa hore a sebetsane le eona. Ho sa tsotellehe maemo a hae a bophelo a neng a ntse a mpefala, re ne re memela litho tse ngata tsa liofisi tsa makala tse tsoang lefatšeng ka bophara tseo ka nako eo li neng li le Brooklyn bakeng sa koetliso hore li re chakele kamoreng ea rōna. Ke hopola re chaketsoe ke Don le Earlene Steele, Lloyd le Melba Barry, Douglas le Mary Guest, Martin le Gertrud Poetzinger, Pryce Hughes le ba bang ba bangata. Ba ne ba atisa ho re phetela liphihlelo tsa linaheng tsa habo bona. Ka ho khetheha ke ne ke hlolloa ke liphihlelo tse mabapi le ho tiea ha barab’abo rōna nakong ea ha mosebetsi o ntse o thibetsoe.

Ha Nathan a bona hore o se a tla hlokahala, o ile a mpha keletso e ntle e nthusitseng hore ke sebetsane le bohlolohali ka katleho. O ile a re: “Re bile le lenyalo le monate. Batho ba bangata ha ba e-s’o ka ba latsoa seo.” Ntho e ’ngoe e entseng hore lenyalo la rōna e be le thabisang e bile tsela eo Nathan a neng a nahanela ka eona. Ka mohlala, ha re ne re kopana le batho ba bangata maetong a rōna, o ne a ee a re ho ’na: “Audrey, haeba ka linako tse ling ke sa u tsebise bona, ke hobane ke lebetse mabitso a bona.” Ke ne ke thaba kaha o ne a mpolella seo esale pele.

Nathan o ile a nkhopotsa ho re: “Ka mor’a lefu, tšepo ea rōna e ba ea sebele ’me kahoo ha ho sa tla hlola ho hlokahala hore re utloe bohloko hape.” Eaba o nkhothatsa ka ho re: “Talima pele, etsoe ke moo moputso oa hao o leng teng. U se ke ua lula u nahana ka lintho tsa nakong e fetileng—le hoja u tla ’ne u li hopole. Ha nako e ntse e feta ho tla loka. U se ke ua hlonama le ho iqenehela. U thabe hobane u bile le lintho tsena tse thabisang le litlhohonolofatso. Ka mor’a nako, u tla fumana hore ha u hopola lintho tsena ua thaba. Mehopolo ke mpho eo Molimo a re fileng eona.” O ile a eketsa ka ho re: “Lula u le maphathaphathe—leka ho sebelisa bophelo ba hao ka ho etsetsa batho ba bang lintho tse itseng. Sena se tla etsa hore u thabele bophelo.” Qetellong ka la 8 June 1977, bophelo ba Nathan ba lefatšeng bo ile ba fela.

Ho Nyalana le Glenn Hyde

Nathan o ne a ile a mpolella hore nka lula ke hopotse lintho tsa nakong e fetileng kapa ka qala ho iketsetsa bophelo bo bocha. Kahoo ka 1978, ka mor’a ho fallela Watchtower Farms e Wallkill, New York, ke ile ka nyaloa ke Glenn Hyde, e ne e hlile e le tjaka, motho ea sa bueng haholo le ea bonolo. Pele e e-ba Paki, o ne a ile a sebeletsa Lebothong la Likepe ha United States e ne e loana le Japane.

Glenn o ne a sebelitse sekepeng se phetholang tsa lireng ’me o ne a fuoe mosebetsi oa ho ba enjeneng ea sona. Ka lebaka la lerata la enjene, o ile a qetella a sa utloe hantle. Ka mor’a ntoa o ile a sebetsa ka litima-mollo. Ka lilemo tse ngata o ’nile a phofa bosiu ka lebaka la liphihlelo tsa nakong ea ntoa. O ile a ithuta ’nete ea Bibele ho mongoli oa hae, ea ileng a mo pakela ka tsela e sa reroang.

Hamorao, ka 1968, Glenn o ile a bitsetsoa ho ea sebetsa ka litima-mollo Bethele e Brooklyn. Joale ha ba Watchtower Farms ba iphumanela setima-mollo sa bona, o ile a isoa moo ka 1975. Ka mor’a nako, o ile a tšoaroa ke lefu la Alzheimer. Ka mor’a ho nyalana ka lilemo tse leshome, Glenn o ile a hlokahala.

Ke ne ke tla sebetsana joang le see? Keletso eo Nathan a neng a mphile eona ha a ne a tseba hore o ne a se a tla hlokahala e ile ea boela ea ntšelisa. Ke ile ka ’na ka bala lintho tseo a neng a ’ngoletse tsona tse mabapi le ho sebetsana le bohlolohali. Lintlha tseo ke sa ntse ke li bolella ba bang ba hlokahaletsoeng ke balekane ba bona, ’me ba ’nile ba tšelisoa ke keletso ea Nathan. E, hoa thusa ho talima nakong e tlang joalokaha a ile a nkhothalletsa ho etsa joalo.

Mokhatlo oa Bara ba Motho o Ratehang

Seo ka ho khetheha se entseng hore bophelo ba ka e be bo monate le bo khotsofatsang ke metsoalle e ratehang lelapeng la Bethele. E mong oa bona ke Esther Lopez, ea ileng a fumana lengolo sehlopheng sa boraro sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ka 1944. O ile a khutlela Brooklyn ka February 1950 hore a tl’o fetolela lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele ka Sepanishe. Hangata ha Nathan a ne a le sieo, Esther e ne e e-ba motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo. Le eena o Watchtower Farms. Hona joale kaha o se a le bohareng ba lilemo tsa bo-90, maemo a hae a bophelo a ntse a mpefala ’me o hlokomeloa lefapheng la rōna la booki.

Ke Russell le Clara feela ba sa ntsaneng ba phela har’a bao ke tsoetsoeng le bona lapeng. Russell o se a le ka holimo ho lilemo tse 90 ’me o sebeletsa Bethele e Brooklyn ka botšepehi. O bile har’a ba pele ba ileng ba lumelloa ho lula Bethele ka mor’a hore ba nyale. Ka 1952, o ile a chata le Mosebeletsi oa Bethele ea bitsoang Jean Larson. Khaitseli ea Jean e leng Max o ile a tla Bethele ka 1939 eaba o kena lieteng tsa Nathan ea e-ba molebeli oa setsi sa khatiso ka 1942. Max o ntse a phetha boikarabelo ba hae Bethele, bo akarelletsang ho thusa mosali oa hae ea ratehang, Helen, ea ntseng a loana le multiple sclerosis.

Ha ke hetla morao lilemong tse 63 tse fetileng ke le tšebeletsong ea nako e tletseng ea Jehova, nka re bophelo ba ka ka sebele e bile bo khotsofatsang. Bethele e bile lelapa leso, ’me ke ntse ke sebeletsa mona ka pelo e thabileng. Ke rōlela batsoali ba ka khaebana ka ho re ruta hore na ho bohlokoa hakae ho ba le mekhoa e metle ea ho sebetsa le takatso ea ho sebeletsa Jehova. Empa se hlileng se etsang hore bophelo ba ka ebe bo khotsofatsang ke mokhatlo oa rōna oa bara motho o ratehang le tšepo ea ho phela le bara le barali babo rōna paradeiseng lefatšeng, re sebeletsa ’Mōpi e Moholo, Molimo a le mong feela oa ’nete, Jehova, ka ho sa feleng.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Batsoali ba ka letsatsing la lechato la bona ka June 1912

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Russell, Wayne, Clara, Ardis, ’na le Curtis ka 1927

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ke eme pakeng tsa Frances le Barbara McNaught, ha re ntse re le bo-pula-maliboho ka 1944

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ha ke le Bethele ka 1951. Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: ’Na, Esther Lopez, le molamo oa ka, Jean

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ke na le Nathan le batsoali ba hae

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ke na le Nathan ka 1955

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ke na le Nathan Hawaii

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ke na le monna oa ka oa bobeli, Glenn