Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘E-eang ’me le Etse Barutuoa’

‘E-eang ’me le Etse Barutuoa’

‘E-eang ’me le Etse Barutuoa’

“Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng. Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa.”—MATHEU 28:18, 19.

1, 2. (a) Jesu o ile a fa balateli ba hae mosebetsi ofe? (b) Ho tla tšohloa lipotso life mabapi le litaelo tsa Jesu?

E NE e le letsatsi la selemo Iseraele ka 33 C.E., ’me barutuoa ba Jesu ba ne ba bokane thabeng Galilea. Morena oa bona ea tsositsoeng bafung o ne a tla tloha a nyolohela leholimong, empa pele ho moo ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo a neng a lokela ho ba bolella eona. Jesu o ne a batla ho ba fa mosebetsi. Mosebetsi oo e ne e le ofe? Barutuoa ba hae ba ile ba nka khato efe mabapi le mosebetsi oo? Hona mosebetsi oo o re ama joang kajeno?

2 Seo Jesu a se boletseng se tlalehiloe ho Matheu 28:18-20: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng. Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Jesu o ile a bua ka “matla ’ohle,” “lichaba tsohle,” “lintho tsohle,” le “matsatsi ’ohle.” Litaelo tsa hae tse amang lipolelo tseo tse ’nè tse akaretsang li hlahisa lipotso tsa bohlokoa, tse ka akaretsoang ka mantsoe a reng hobane’ng? hokae? eng? le neng? A re tšohleng lipotso tsena ka bonngoe. *

“Ke Filoe Matla ’Ohle”

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela taelo ea ho etsa barutuoa?

3 Taba ea pele, ke hobane’ng ha re lokela ho mamela taelo ea ho etsa barutuoa? Jesu o itse: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng. Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa.” Mantsoe a reng “ka hona” a bontša lebaka le ka sehloohong leo re lokelang ho mamela taelo ena ka lona. Ke hobane Jesu, ea faneng ka taelo ena, o na le “matla ’ohle.” Matla a hae a maholo hakae?

4. (a) Matla a Jesu a maholo hakae? (b) Tsela eo re utloisisang matla a Jesu ka eona e lokela ho ama joang pono ea rōna ka taelo ea ho etsa barutuoa?

4 Jesu o na le matla holim’a phutheho ea hae, ’me ho tloha ka 1914 o ’nile a ba le matla holim’a ’Muso oa Molimo o neng o sa tsoa hlongoa. (Bakolose 1:13; Tšenolo 11:15) Ke lengeloi le ka sehloohong ’me kahoo o laola lebotho la leholimo la mangeloi a likete tse limilione. (1 Bathesalonika 4:16; 1 Petrose 3:22; Tšenolo 19:14-16) Ntate oa hae oa leholimo o mo file matla a ho timetsa “puso eohle le bolaoli bohle le matla” tse hanyetsang melao-motheo e lokileng. (1 Bakorinthe 15:24-26; Baefese 1:20-23) Matla a Jesu ha a felle feela ho ba phelang. E boetse ke “moahloli oa ba phelang le oa bafu” ’me Molimo o mo file matla a ho tsosa ba robetseng lefung. (Liketso 10:42; Johanne 5:26-28) Ka sebele taelo e fanoeng ke Ea filoeng matla a maholo hakaalo e lokela ho nkoa e le ea bohlokoa ka ho fetisisa. Kahoo, ka tlhompho le ka boikemisetso re mamela taelo ea Kreste ea hore re ‘ee ’me re etse barutuoa.’

5. (a) Petrose o ile a mamela mantsoe a Jesu joang? (b) Hore ebe Petrose o ile a ikokobelletsa litaelo tsa Jesu ho ile ha fella ka tlhohonolofatso efe?

5 Ha Jesu a ne a qala tšebeletso ea hae ea lefatšeng, o ile a ruta balateli ba hae ka tsela e hlollang hore ho ela hloko matla a hae le ho mamela litaelo tsa hae ho ne ho tla fella ka litlhohonolofatso. Ka lekhetlo le leng o ile a re ho Petrose eo e neng e le motšoasi oa litlhapi: “Se hulele moo ho tebileng, ’me le theolele matlooa a lōna tlaase hore le tšoase.” Petrose o ne a kholisehile hore ho ne ho se na litlhapi, kahoo a re ho Jesu: “Morupeli, re sehlile bosiu bohle ’me ra se ke ra tšoasa letho.” Leha ho le joalo, ka boikokobetso Petrose o ile a phaella ka ho re: “Empa ka taelo ea hao ke tla theola matlooa.” Ka mor’a hore Petrose a mamele taelo ea Kreste, o ile a tšoasa “litlhapi tse ngata haholo.” A hloletsoe, Petrose o ile “a itihela fatše mangoleng a Jesu, a re: ‘Morena, tloha ho ’na, hobane ke monna ea nang le sebe.’” Empa Jesu a araba a re: “Khaotsa ho ba le tšabo. Ho tloha joale ho ea pele u tla tšoasa batho ba phela.” (Luka 5:1-10; Matheu 4:18) Re ithuta eng tlalehong ee?

6. (a) Tlaleho ea ho tšoasoa ha litlhapi ka mohlolo e bontša eng mabapi le tsela eo batho ba lokelang ho mamela Jesu ka eona? (b) Re ka etsisa Jesu joang?

6 Jesu ha aa ka a fa Petrose, Andrease le baapostola ba bang mosebetsi oa ho ba “batšoasi ba batho” pele ba tšoasa litlhapi ka tsela e tsotehang, empa o ile a ba fa oona ka mor’a moo. (Mareka 1:16, 17) Ho hlakile hore, Jesu o ne a sa batle hore batho ba ikokobelletse eena ntle ho lebaka. O ile a fa banna bao lebaka le utloahalang la hore na ke hobane’ng ha ba ne ba lokela ho mo mamela. Feela joalokaha ho mamela taelo ea Jesu ea ho theola matlooa ho ile ha tlisa liphello tse hlollang, ka ho tšoanang, ho mamela taelo ea Jesu ea ho ‘tšoasa batho’ ho tla lebisa litlhohonolofatsong tse khōlō. Ba e-na le tumelo e feletseng, baapostola ba ile ba nka khato ka seo Jesu a neng a se buile. Tlaleho e phetha ka ho re: “Ba khutlisetsa likepe tseo moo ho omileng, ’me ba tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba baa mo latela.” (Luka 5:11) Kajeno, ha re ntse re khothatsa ba bang ho kopanela mosebetsing oa ho etsa barutuoa, re etsisa Jesu. Ha re batle hore batho ba etse feela seo re ba bolellang sona, empa re ba fa mabaka a kholisang a hore ba mamele taelo ea Kreste.

Mabaka a Kholisang le Sepheo se Nepahetseng

7, 8. (a) Mabaka a mang a Mangolo a ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa ke afe? (b) Ke lengolo lefe ka ho khetheha le u susumelletsang hore u tsoele pele ka mosebetsi oa ho bolela? (Bona hape le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

7 Kahobane re ela hloko hore Kreste o na le matla, re kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa. Ke mabaka afe a mang a Mangolo a ho etsa mosebetsi ona ao re ka a arolelanang le bao re lakatsang ho ba susumelletsa mesebetsing e metle? Nahana ka mantsoe a latelang a boletsoeng ke Lipaki tse ’maloa tse tšepahalang tse linaheng tse sa tšoaneng, ’me u hlokomele kamoo mangolo a qotsitsoeng a tšehetsang seo li se buileng kateng.

8 Roy, ea kolobelitsoeng ka 1951 o re: “Ha ke ne ke inehela ho Jehova, ke ile ka mo tšepisa hore ke tla mo sebeletsa kamehla. Ke batla ho boloka tšepiso ea ka.” (Pesaleme ea 50:14; Matheu 5:37) Heather, ea kolobelitsoeng ka 1962 o re: “Ha ke nahana ka sohle seo Jehova a nketselitseng sona, ke batla ho mo bontša hore kea leboha ka ho mo sebeletsa ka botšepehi.” (Pesaleme ea 9:1, 9-11; Bakolose 3:15) Hannelore, ea kolobelitsoeng ka 1954 o re: “Nako le nako ha re le tšebeletsong, re tšehelitsoe ke mangeloi—eo ke tlotla e kaakang!” (Liketso 10:30-33; Tšenolo 14:6, 7) Honor, ea kolobelitsoeng ka 1969 o re: “Ha nako ea Jehova ea kahlolo e fihla, ha ke batle hore ho be le ea mong oa baahisani ba ka ea tla qosa Jehova le Lipaki tsa hae ka hore ba ne ba sa natse ebe o re, ‘Ha kea ka ka lemosoa!’” (Ezekiele 2:5; 3:17-19; Baroma 10:16, 18) Claudio, ea kolobelitsoeng ka 1974 o re: “Ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re ‘ponong ea Molimo’ ebile re ‘’moho le Kreste.’ Ak’u nahane feela! Ha re le tšebeletsong, re na le Metsoalle ea rōna e molemo ka ho fetisisa.”—2 Bakorinthe 2:17. *

9. (a) Tlaleho ea ho tšoasoa ha litlhapi ea Petrose le baapostola ba bang e senola eng ka ho mamela Kreste ka sepheo se nepahetseng? (b) Sepheo se nepahetseng sa ho mamela Molimo le Kreste kajeno ke sefe, hona hobane’ng?

9 Tlaleho e mabapi le ho tšoasoa ha litlhapi ka tsela e hlollang e boetse e bontša bohlokoa ba ho mamela Kreste ka sepheo se nepahetseng—e leng lerato. Ha Petrose a ne a re, “Tloha ho ’na, hobane ke monna ea nang le sebe,” Jesu ha aa ka a tloha, kapa hona hore o ile a nyatsa Petrose ka sebe leha e le sefe. (Luka 5:8) Jesu ha aa ka a nyatsa Petrose ha a ne a mo kōpa hore a tlohe ho eena. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a araba ka mosa a re: “Khaotsa ho ba le tšabo.” Ho ba le tšabo e sa lokelang e ne e tla ba ho mamela Kreste ka sepheo se fosahetseng. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a bolella Petrose hore eena le metsoalle ea hae e ne e tla ba batšoasi ba molemo ba batho. Ka tsela e tšoanang, le rōna kajeno ha re sebelise tšabo kapa maikutlo a kang ao a nyahamisang, joaloka ho etsa hore batho ba ikutloe ba le molato kapa ba le lihlong, ho ba qobella hore ba mamele Kreste. Ho mamela ka moea oohle ho thehiloeng leratong bakeng Molimo le Kreste ke hona feela ho thabisang pelo ea Jehova.—Matheu 22:37.

“Le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”

10. (a) Ke ntlha efe e mabapi le taelo ea Jesu ea ho etsa barutuoa eo e bileng phephetso ho barutuoa ba hae? (b) Barutuoa ba ile ba nka khato efe ka taelo ea Jesu?

10 Potso ea bobeli eo re ka e botsang mabapi le taelo ea Kreste ke ho re, Mosebetsi oo oa ho etsa barutuoa o lokela ho etsoa Hokae? Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” Pele ho mehla ea tšebeletso ea Jesu, batho ba lichaba ba ne ba amoheloa haeba ba ne ba tla Iseraele ho tla sebeletsa Jehova. (1 Marena 8:41-43) Jesu ka boeena o ne a pakela Bajuda ba tlhaho ka ho khetheha, empa joale o ile a bolella balateli ba hae hore ba ee ho batho ba lichaba tsohle. Ha e le hantle, sebaka, kapa tšimo eo barutuoa ba hae ba neng ba tšoasa litlhapi ho eona e ne e le “letamo” le lenyenyane feela—e leng Bajuda ba tlhaho—empa haufinyane e ne e tla akarelletsa “leoatle” lohle la moloko oa batho. Le hoja phetoho ena e ne e le phephetso ho barutuoa bao, ha baa ka ba tsilatsila ho mamela taelo ea Jesu. Lilemo tse ka tlaase ho 30 ka mor’a lefu la Jesu, moapostola Pauluse o ile a ngola hore litaba tse molemo li ne li boletsoe eseng ho Bajuda feela empa li ne li boletsoe “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakolose 1:23.

11. Ho tloha mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, ho bile le keketseho efe ea ‘libaka tseo ho tšoasoang litlhapi ho tsona’?

11 Lilemong tsa morao tjena, ho bonahetse keketseho e tšoanang tšimong eo ho boleloang ho eona. Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, ‘libaka tseo ho tšoasoang litlhapi ho tsona’ li ne li fumaneha linaheng tse seng kae feela. Leha ho le joalo, balateli ba Kreste ka nako eo ba ile ba etsisa mohlala oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ’me ka cheseho ba atolosa tšimo eo ba neng ba bolela ho eona. (Baroma 15:20) Mathoasong a lilemo tsa bo-1930, ba ne ba etsa barutuoa linaheng tse ka bang lekholo. Kajeno, ‘libaka tseo re tšoasang litlhapi ho tsona’ li atoloselitsoe linaheng tse 235.—Mareka 13:10.

“Ba Tsoang Lipuong Tsohle”

12. Boprofeta bo fumanoang ho Zakaria 8:23 bo totobatsa phephetso efe?

12 Ho etsa barutuoa lichabeng tsohle ke phephetso eseng feela ka lebaka la boholo ba sebaka, empa hape le ka lebaka la lipuo tse ngata tse buuoang. Ka moprofeta Zakaria, Jehova o ile a bolela esale pele a re: “Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” (Zakaria 8:23) Phethahatsong e khōloanyane ea boprofeta bona, “monna oa Mojuda” o emela masala a Bakreste ba tlotsitsoeng, ha “banna ba leshome” bona ba emela “bongata bo boholo.” * (Tšenolo 7:9, 10; Bagalata 6:16) Bongata bona bo boholo ba barutuoa ba Kreste bo ne bo tla fumaneha lichabeng tse ngata, ’me joalokaha Zakaria a boletse, bo ne bo tla be bo bua lipuo tse ngata. Na histori ea kajeno ea batho ba Molimo e bontša tšobotsi ee ea mosebetsi oa ho etsa barutuoa? E, ho joalo.

13. (a) Ke phetoho efe e bileng teng har’a batho ba Molimo mehleng ea kajeno mabapi le lipuo? (b) Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se nkile khato efe mabapi le tlhoko e ntseng e eketseha ea lijo tsa moea ka lipuo tse sa tšoaneng? (Akarelletsa le lebokose le reng “Likhatiso Bakeng sa Lifofu.”)

13 Ka 1950 lefatšeng ka bophara, Lipaki Tsa Jehova tse 3 ho tse 5 li ne li bua Senyesemane. Ka 1980 karolelano eo e ne e se e fetohile e le tse ka bang tse 2 ho tse 5, ’me kajeno ke Paki e le ’ngoe feela ho tse hlano e buang Senyesemane. Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se nkile khato efe mabapi le ho fetoha hona ha lipuo tse sebelisoang? Se nkile khato ka ho fana ka lijo tsa moea ka lipuo tse eketsehileng. (Matheu 24:45) Ka mohlala, ka 1950 lingoliloeng tsa rōna li ne li hatisoa ka lipuo tse 90, empa kajeno palo eo e se e eketsehile ho fihla ho tse ka bang 400. Na taba ee ea hore ho lebisitsoe tlhokomelo e eketsehileng bathong ba lipuo tse sa tšoaneng e hlahisitse litholoana? E! Ka selemo, beke e ’ngoe le e ’ngoe, karolelano ea batho ba ka bang 5 000 ba tsoang ‘malemeng ’ohle’ e ba barutuoa ba Kreste! (Tšenolo 7:9) ’Me keketseho e ntse e tsoela pele. Linaheng tse ling “matlooa” a tšoasa litlhapi tse ngata haholo!—Luka 5:6; Johanne 21:6.

Tšebeletso e Putsang—Na U ka Kopanela ho Eona?

14. Ke joang re ka thusang batho ba leng tšimong ea rōna ba buang puo esele? (Akarelletsa le lebokose le reng “Puo ea Matsoho le ho Etsa Barutuoa.”)

14 Linaheng tse ngata tsa Bophirimela, phephetso ea ho etsa batho ba “leleme le leng le le leng” barutuoa e bakiloe ke ho fihla ha batho ba tsoang linaheng tse ling. (Tšenolo 14:6) Ke joang re ka thusang batho ba leng tšimong ea rōna ba sa bueng puo ea rōna? (1 Timothea 2:4) Re ka sebelisa lisebelisoa tse loketseng tsa ho tšoasa litlhapi. Neha batho lingoliloeng ka puo ea bona. Haeba ho khoneha, lokisetsa hore Paki e buang puo ea bona e ba etele. (Liketso 22:2) Ho se ho le bonolo ho etsa litokisetso tsena, kaha Lipaki tse ngata li ithutile ho bua lipuo tse ling e le hore li thuse batho ba tsoang linaheng lisele ho ba barutuoa ba Kreste. Litlaleho li bontša hore ho fana ka thuso e joalo ho tlisa khotsofalo.

15, 16. (a) Ke mehlala efe e bontšang hore ho thusa batho ba buang puo esele hoa putsa? (b) Ke lipotso life tseo re ka ’nang ra nahana ka tsona mabapi le ho sebetsa tšimong ea batho ba buang puo esele?

15 Nahana ka mehlala e ’meli ea Netherlands, moo mosebetsi o hlophisitsoeng oa ho bolela ka ’Muso o etsoang ka lipuo tse 34. Banyalani ba bang ba Lipaki ba ile ba ithaopela ho ea etsa barutuoa har’a bafalli ba buang Sepolishe. Karabelo boitekong ba bona e bile e hlollang haholo hoo monna a ileng a tlameha ho fokotsa nako ea mosebetsi oa hae oa boipheliso e le hore a be le letsatsi le leng le eketsehileng bekeng bakeng sa ho ithuta Bibele le ba bontšang thahasello. Ka mor’a nako e khutšoanyane, banyalani bao ba ne ba khanna lithuto tsa Bibele tse fetang 20 beke le beke. Ba ile ba re: “Tšebeletso ea rōna e re thabisa haholo.” Ba etsang barutuoa ba ikutloa ba thabile, haholo-holo ha batho ba utloang linnete tsa Bibele ka puo ea bona ba susumelletseha ho bontša kananelo ea bona. Ka mohlala, sebokeng se neng se tšoeroe ka Sevietnam, monna-moholo e mong o ile a ema ’me a kōpa tumello ea hore a bue. A tletse likhapha mahlong, o ile a re ho Lipaki: “Kea leboha ka matsapa ao le a etsang a ho ithuta puo ea ka e thata. Ke thabile haholo hore ebe ke ithuta lintho tse ngata tse babatsehang tse tsoang ka Bibeleng botsofaling ba ka.”

16 Kahoo, ha ho makatse hore ebe ba sebetsang liphuthehong tsa batho ba buang lipuo lisele ba ikutloa ba ruile melemo e mengata. Banyalani ba tsoang Brithani ba itse: “Ho sebetsa tšimong ea batho ba buang puo esele ke e ’ngoe ea lintho tse thahasellisang ka ho fetisisa tseo re kileng ra li latsoa tšebeletsong ea rōna ea ’Muso ka lilemo tse 40.” Na u ka fetola maemo a hao e le hore u kopanele tšebeletsong ee e hlasimollang? Haeba u ntse u kena sekolo, na u ka ithuta puo esele bakeng sa ho itokiselletsa tšebeletso ea mofuta oo? Ho etsa joalo ho ka u bulela monyako o isang tseleng e khotsofatsang ea bophelo e tletseng litlhohonolofatso. (Liproverbia 10:22) Ke hobane’ng ha u sa buisane le batsoali ba hao ka taba ee?

Ho Sebelisa Mekhoa e Fapa-fapaneng

17. Ke joang re ka finyellang batho ba eketsehileng tšimong ea phutheho ea rōna?

17 Ka ho utloahalang, boholo ba rōna maemo ha aa re lumelle ho akhela “matlooa” a rōna libakeng tseo ho tsona batho ba buang lipuo lisele. Leha ho le joalo, re ka ’na ra khona ho finyella batho ba eketsehileng ho feta bao re ba finyellang hona joale tšimong ea phutheho ea rōna. Joang? Ka hore re se ke ra fetola molaetsa oa rōna, empa re fetole mekhoa ea rōna ea ho fana ka oona. Libakeng tse ngata batho ba bangata ba phela mehahong e sirelelitsoeng ka thata. Re fumana ba bangata ba le sieo hae ha re le tšebeletsong ea rōna ea ntlo le ntlo. Kahoo ho ka ’na ha hlokahala hore re akhele “matlooa” a rōna ka linako tse sa tšoaneng ’me re a akhele libakeng tse sa tšoaneng. Ka ho etsa joalo re tla be re etsisa Jesu. O ile a fumana litsela tsa ho buisana le batho maemong a fapa-fapaneng.—Matheu 9:9; Luka 19:1-10; Johanne 4:6-15.

18. Ho fana ka bopaki maemong a fapa-fapaneng ho ipakile ho atleha joang? (Akarelletsa le lebokose le reng “Ho Etsa Batho ba Khoebo Barutuoa.”)

18 Likarolong tse ling tsa lefatše, ho paka kae kapa kae moo batho ba leng teng ke mokhoa oa bohlokoa oa ho etsa barutuoa. Batho ba nang le phihlelo ea ho etsa barutuoa ba ’nile ba lebisa tlhokomelo e eketsehileng tabeng ea ho paka libakeng tse fapa-fapaneng. Ho phaella tabeng ea ho kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo, hona joale bahoeletsi ba paka boemelong ba lifofane, liofising, mabenkeleng, libakeng tseo ho pakoang makoloi ho tsona, boemelong ba libese, literateng, lirapeng tsa boikhathollo, mabōpong le libakeng tse ling. Lipaki tse ngata tse sa tsoa kolobetsoa Hawaii li ile tsa fumanoa ka lekhetlo la pele libakeng tsena. Ho sebelisa mekhoa e fapa-fapaneng ho re thusa ho phetha ka botlalo taelo ea Jesu ea ho etsa barutuoa.—1 Bakorinthe 9:22, 23.

19. Ke likarolo life tsa thōmo eo Jesu a re fileng eona tse tla tšohloa sehloohong se latelang?

19 Mosebetsi oo Jesu a faneng ka oona oa ho etsa barutuoa o ne o sa akarelletse feela makolopetso a hore na ke hobane’ng ha re lokela ho etsa mosebetsi oo le hore na re lokela ho o etsa hokae, empa o ne o boetse o akarelletsa le hore na re lokela ho bolela eng le hore na re lokela ho tsoela pele ho etsa joalo ho fihlela neng. Likarolo tsena tse peli tsa thōmo eo Jesu a re fileng eona li tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Re tla tšohla lipotso tsa pele tse peli sehloohong sena. Lipotso tse peli tsa ho qetela li tla tšohloa sehloohong se latelang.

^ ser. 12 Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho phethahala ha boprofeta bona, bona Molula-Qhooa, oa May 15, 2001, leqepheng la 12, le Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho, Moqolo 2, leqepheng la 408, li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

Na U sa Hopola?

• Ke ka mabaka afe hona e le ka sepheo sefe re kopanelang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa?

• Kajeno bahlanka ba Jehova ba phethile thōmo ea Jesu ea ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa ho isa bohōleng bofe?

• Re ka fetola ‘mekhoa ea rōna ea ho tšoasa litlhapi’ joang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Likhatiso Bakeng sa Lifofu

Albert ke moholo oa Mokreste ebile ke mosebeletsi oa nako e tletseng ea lulang United States. Ke sefofu. Ho sebelisa lingoliloeng tsa Bibele tsa Braille ho mo thusa hore a atlehe haholoanyane tšebeletsong ea hae, ho akarelletsa le mesebetsing ea hae joaloka molebeli oa tšebeletso. O etsa mosebetsi oa hae oa phutheho joang?

James, eo e leng molebeli ea okamelang o re: “Ha re e-s’o ka re e-ba le molebeli oa tšebeletso ea tšoanang le Albert phuthehong ea rōna. Albert ke e mong oa batho ba ka bang 5 000 bao e leng lifofu United States bao, ho pholletsa le lilemo, ba ’nileng ba amohela likhatiso tsa Bibele ka Braille ea Senyesemane le ea Sepanishe. Ha e le hantle, ho tloha ka 1912 ho ea pele, sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se ile sa lokisetsa hore ho be le likhatiso tse sa tšoaneng tsa Braille tse fetang lekholo. Li sebelisa mekhoa e tsoetseng pele haholo, hona joale litsi tsa khatiso tsa Lipaki Tsa Jehova li hlahisa maqephe a limilione a Braille selemo le selemo ka lipuo tse fetang leshome ’me li a aba linaheng tse fetang 70. Na ho na le motho eo u mo tsebang ea ka ruang molemo likhatisong tsee tsa Bibele tse etselitsoeng lifofu?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]

Puo ea Matsoho le ho Etsa Barutuoa

Lipaki tse likete-kete lefatšeng lohle, ho akarelletsa le bacha ba bangata ba mafolofolo, li ithutile puo ea matsoho e le hore li thuse lithōlō ho ba barutuoa ba Kreste. Ka lebaka leo, morao tjena Brazil feela, ka selemo se le seng, ho ile ha kolobetsoa lithōlō tse 63 ’me hona joale Lipaki tse 35 tsa lithōlō li bolela evangeli ka nako e tletseng. Lefatšeng lohle, ho na le liphutheho le lihlopha tse fetang 1 200 tsa puo ea matsoho. Potoloho e le ’ngoe e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng ea batho ba buang puo ea matsoho ke e Russia, ’me e akaretsa Russia eohle!

[Lebokose le leqepheng la 12]

Ho Etsa Batho ba Khoebo Barutuoa

Ha Paki e ’ngoe Hawaii e ntse e etela batho ba khoebo liofising tseo ba sebeletsang ho tsona, e ile ea teana le mookameli oa k’hamphani ea lipalangoang. Le hoja monna enoa a ne a le maphatha-phathe, o ile a lumela ho ithuta Bibele ka metsotso e 30 ka beke ofising ea hae. Hoseng ho hong le ho hong ka Laboraro, o bolella basebeletsi ba hae hore ba mo nkele melaetsa ha batho ba mo letsetsa e le hore a ka tsepamisa mohopolo ka ho feletseng thutong. Paki e ’ngoe Hawaii e ithuta Bibele hang ka beke le mong’a sebaka seo ho lokisoang lieta ho sona. Thuto e tšoareloa hona k’haontareng ea sebaka seo. Ha motho ea tl’o sebeletsoa a fihla, Paki e emella ka thōko. Ha motho eo tsamaea, e tsoela pele ka thuto.

Mookameli eo le mong’a sebaka seo ho lokisoang lieta ho sona ba ile ba fumanoa kahobane Lipaki li ile tsa nka bohato ba ho akhela “matlooa” a tsona libakeng tse fapa-fapaneng. Na tšimong ea phutheho ea heno ho na le libaka tse itseng tseo u ka ’nang ua khona ho fumana batho bao ho leng thata ho ba fumana hae?

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Na u ka sebetsa tšimong ea batho ba buang puo esele?