Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le ba Rute ho Boloka Lintho Tsohle Tseo ke le Laetseng Tsona”

“Le ba Rute ho Boloka Lintho Tsohle Tseo ke le Laetseng Tsona”

“Le ba Rute ho Boloka Lintho Tsohle Tseo ke le Laetseng Tsona”

“E-eang ’me le etse barutuoa . . . , le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—MATHEU 28:19, 20.

1. Ho ile ha e-ba le puisano efe pakeng tsa morutuoa Filipi le monna ea tsoang Ethiopia?

MONNA e mong ea tsoang Ethiopia o ne a nkile leeto le le lelele le eang Jerusalema. Ha a le moo o ile a rapela Molimo eo a mo ratang, Jehova. Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a boetse a rata Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Ha a khutlela hae a le ka koloing ea hae, o ne a bala kopi ea mangolo a moprofeta Esaia ha Filipi, e leng morutuoa oa Kreste, a teana le eena. Filipi o ile a botsa Moethiopia eo a re: “Na u tseba seo u se balang?” Monna eo o ile a araba a re: “Nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?” Filipi o ile a tsoela pele ho thusa seithuti sena se khothetseng sa Mangolo hore e be morutuoa oa Kreste.—Liketso 8:26-39.

2. (a) Karabo ea Moethiopia e ne e le bohlokoa ka tsela efe? (b) Ke lipotso life tse amanang le taelo ea Kreste ea ho etsa barutuoa tseo re tla li tšohla?

2 Karabo ea Moethiopia ke ea bohlokoa haholo. O ile a re: “Nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa.” E, o ne a hloka motho ea neng a ka mo tataisa. Mantsoe ana ka booona a bontša bohlokoa ba taelo e tobileng eo Jesu a ileng a e akarelletsa thōmong ea hae ea ho etsa barutuoa. Ke taelo efe? E le hore re fumane karabo, a re tsoeleng pele ho hlahloba mantsoe a Jesu a fumanoang ho Matheu khaolo ea 28. Sehlooho se fetileng se ile sa lebisa tlhokomelo potsong e reng, hobane’ng? le e reng, hokae? Joale re tla tšohla lipotso tse ling tse peli tse amanang le taelo ea Kreste ea ho etsa barutuoa—e leng potso e reng, eng? le e reng, neng?

“Le ba Rute ho Boloka Lintho Tsohle”

3. (a) Motho e ba morutuoa oa Jesu Kreste joang? (b) Ho etsa barutuoa ho akarelletsa ho ruta eng?

3 Re lokela ho ruta eng e le hore re thuse ba bang ho ba barutuoa ba Kreste? Jesu o ile a laela balateli ba hae a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Kahoo, re lokela ho ruta lintho tseo Kreste a li laetseng. * Leha ho le joalo, ho ka etsoa’ng ho tiisa hore motho ea rutiloeng litaelo tsa Jesu e se ke ea e-ba morutuoa feela empa hape a lule e ntse e le morutuoa? Re hlokomela ntlha e ’ngoe ea bohlokoa tseleng eo Jesu a ileng a khetha mantsoe a hae ka hloko ka eona. Hlokomela hore, ha aa ka a bolela feela ho re: ‘Le ba rute lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.’ Ho e-na le hoo, o ile a re: “Le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 19:17) Mantsoe aa a bolela’ng?

4. (a) Ho boloka taelo ho bolela’ng? (b) Etsa papiso e bontšang kamoo re rutang motho ho boloka litaelo tsa Kreste.

4 Ho boloka taelo ho bolela ho “lumellanya liketso tsa hao” le taelo eo—ho e mamela, kapa ho e phetha. Kahoo, ke joang re ka rutang motho e mong ho boloka, kapa ho mamela lintho tseo Kreste a li laetseng? Nahana kamoo morupeli oa ho khanna a rutang liithuti tsa hae ho boloka melao ea sephethephethe kateng. Morupeli a ka ’na a ruta liithuti tsa hae melao ea tsela ha li ntse li le ka tlelaseng. Leha ho le joalo, haeba a batla ho ruta liithuti tsa hae mokhoa oa ho boloka melao eo, o lokela ho li tataisa ha li ntse li khanna hona har’a sephethephethe ’me li loanele ho sebelisa seo li ithutileng sona. Ka ho tšoanang, ha re ithuta Bibele le batho, re ba ruta litaelo tsa Kreste. Leha ho le joalo, re boetse re lokela ho tataisa liithuti ha li ntse li leka ho sebelisa litaelo tsa Kreste bophelong ba tsona ba letsatsi le letsatsi le tšebeletsong. (Johanne 14:15; 1 Johanne 2:3) Kahoo, e le hore re phethe ka botlalo taelo ea Kreste ea ho etsa barutuoa ho hlokahala hore re be mesuoe re boele re be batataisi. Ha re etsa joalo, re etsisa mohlala o behiloeng ke Jesu le Jehova ka boeena.—Pesaleme ea 48:14; Tšenolo 7:17.

5. Ke hobane’ng ha motho eo re ithutang Bibele le eena a ka ’na a tsilatsila ho mamela taelo ea Kreste ea ho etsa barutuoa?

5 Ho ruta ba bang ho boloka litaelo tsa Jesu ho akarelletsa ho ba thusa ho mamela taelo ea ho etsa barutuoa. Ba bang bao re ithutang Bibele le bona ba ka ’na ba thatafalloa ho etsa sena. Esita le haeba e kile ea e-ba litho tse chesehang tsa kereke e itseng ea Bokreste-’mōtoana, ho ka ’na ha etsahala hore ebe ha ho mohla bao e neng e le baruti ba bona ba kileng ba ba ruta hore ba ee ’me ba etse barutuoa. Baeta-pele ba bang ba likereke ba lumela pepenene hore likereke tsa Bokreste-’mōtoana li hlōleha ka ho feletseng tabeng ea ho ruta mehlape ea tsona ho bolela evangeli. Ha setsebi sa Bibele John R. W. Stott se bua ka taelo ea Jesu ea ho ea lefatšeng le ho thusa batho ba mefuta eohle hore e be barutuoa se itse: “Ho hlōleha ha rōna ho phethahatsa se boleloang ke taelo ena ke bofokoli bo boholohali boo Bakreste ba baevangeli ba nang le bona mosebetsing oa kajeno oa boevangeli.” O ile a phaella ka ho re: “Re na le tšekamelo ea ho bolela molaetsa oa rōna re emeletse hōle. Ka linako tse ling re shebahala joaloka batho ba hoeletsang ba eletsa batho ba qoelang empa bona ba eme sebakeng se sireletsehileng lebōpong la leoatle. Ha re itahlele ka metsing hore re ba pholose. Re tšaba ho koloba.”

6. (a) Re ka etsisa mohlala oa Filipi joang ha re thusa seithuti sa Bibele? (b) Re ka bontša kameho ea rōna joang ha seithuti sa Bibele se qala ho kopanela mosebetsing oa ho bolela?

6 Haeba motho eo re ithutang Bibele le eena e kile ea e-ba karolo ea bolumeli boo litho tsa bona ho ka thoeng li “tšaba ho koloba,” ho ka ’na ha e-ba thata hore a hlōle tšabo ea metsi, ’me a mamele taelo ea Kreste ea ho etsa barutuoa. O tla hloka thuso. Kahoo, ha rea lokela ho mo fella pelo ha re ntse re mo rupela le ho mo tataisa hore a be le kutloisiso e tebileng le e mo susumelletsang hore a nke khato, feela joalokaha lithuto tsa Filipi li ile tsa etsa hore Moethiopia a be le kutloisiso le ho mo susumelletsa hore a kolobetsoe. (Johanne 16:13; Liketso 8:35-38) Ho phaella moo, takatso ea rōna ea ho ruta liithuti tsa Bibele ho boloka taelo ea ho etsa barutuoa e re susumelletsa hore re be haufi le bona e le hore re ba tataise ha ba nka mehato ea bona ea pele ea ho bolela ka ’Muso.—Moeklesia 4:9, 10; Luka 6:40.

“Lintho Tsohle”

7. Ho ruta ba bang ho ‘boloka lintho tsohle’ ho akarelletsa ho ba ruta litaelo life?

7 Ha re felle feela ka ho ruta barutuoa ba bacha ho etsa barutuoa. Jesu o re laetse hore re rute ba bang “ho boloka lintho tsohle” tseo a li laetseng. Ka sebele seo se akarelletsa litaelo tse peli tse khōlō—e leng ho rata Molimo le ho rata moahelani. (Matheu 22:37-39) Morutuoa e mocha a ka rutoa ho boloka litaelo tseo joang?

8. Etsa papiso e bontšang kamoo morutuoa e mocha a ka rutoang taelo ea ho bontša lerato.

8 Nahana hape ka papiso ea motho ea ithutang ho khanna. Ha a ntse a khanna har’a sephethephethe ’me morupeli a lutse haufi le eena, ha aa ithute feela ka ho mamela morupeli oa hae, empa o boetse o ithuta ka ho shebella bakhanni ba bang. Ka mohlala, morupeli a ka ’na a mo bontša mokhanni eo ka mosa a lumellang e mong hore a kene ka pel’a hae har’a sephethephethe; kapa mokhanni ea nahanelang ea fokotsang mabone a koloi ea hae e le hore a se ke a fahla bakhanni ba bang; kapa mokhanni ea ithaopelang ho thusa motho e mong eo a mo tsebang ea robehetsoeng ke koloi. Mehlala e joalo e ruta seithuti lithuto tsa bohlokoa tseo se ka li sebelisang ha se khanna. Ka ho tšoanang, morutuoa e mocha ea tsamaeang tseleng e isang bophelong ha aa ithute feela ho mosuoe oa hae empa o boetse o ithuta mehlaleng e metle eo a e bonang ka phuthehong.—Matheu 7:13, 14.

9. Morutuoa e mocha o ithuta se boleloang ke ho boloka taelo ea ho bontša lerato joang?

9 Ka mohlala, seithuti sa Bibele se ka ’na sa hlokomela motsoali ea se nang molekane ea lekang ka matla hore a ee Holong ea ’Muso le bana ba hae ba banyenyane a ntse a ba tataisa. Se ka ’na sa hlokomela motho ea nyahameng ea bang teng libokeng kamehla ho sa tsotellehe hore o loantšana le ho tepella maikutlong, mohlolohali ea hōlileng ea palamisang batho ba bang ba hōlileng ka koloing ha ba e-ea sebokeng se seng le se seng sa phutheho, kapa mocha ea kopanelang ho hloekiseng Holo ea ’Muso. Seithuti sa Bibele se ka ’na sa hlokomela moholo oa phutheho ea etellang pele tšebeletsong ea tšimo ka botšepehi ho sa tsotellehe mesebetsi ea hae e mengata ea phutheho. Se ka ’na sa kopana le Paki e holofetseng le e sa khoneng ho tsoa ka tlung empa e fana ka khothatso ea moea ho bohle ba e etelang. Seithuti se ka ’na sa hlokomela banyalani ba etsang liphetoho tse khōlō bophelong ba bona e le hore ba hlokomele batsoali ba bona ba hōlileng. Ha morutuoa e mocha a bona Bakreste ba joalo ba mosa, ba thusang ba bang le ba tšepahalang, o ithuta ka mohlala se boleloang ke ho mamela taelo ea Kreste ea ho rata Molimo le moahelani, haholo-holo ho rata balumeli-’moho le eena. (Liproverbia 24:32; Johanne 13:35; Bagalata 6:10; 1 Timothea 5:4, 8; 1 Petrose 5:2, 3) Ka tsela ena, setho ka seng sa phutheho ea Bokreste e lokela ho ba mosuoe le motataisi, ebile se ka khona ho etsa joalo.—Matheu 5:16.

“Ho Fihlela Qetellong ea Tsamaiso ea Lintho”

10. (a) Re tla tsoela pele ho etsa barutuoa halelele hakae? (b) Jesu o ile a beha mohlala ofe mabapi le ho phetha likabelo?

10 Re lokela ho tsoela pele ho etsa barutuoa ho fihlela neng? Ho fihlela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho. (Matheu 28:20) Na re tla khona ho phetha karolo ee ea taelo ea Jesu? Re le phutheho ea lefatše lohle, re ikemiselitse ho etsa joalo. Lilemong tse fetileng, re ile ra sebelisa nako, matla le matlotlo a rōna ho batla ba nang “le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Liketso 13:48) Hona joale, lefatšeng lohle, Lipaki Tsa Jehova li qeta karolelano ea lihora tse ka holimo ho limilione tse tharo letsatsi ka leng la selemo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa. Re etsa joalo hobane re latela mohlala oa Jesu. O itse: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:34) Le rōna re lakatsa ho etsa joalo ho tsoa pelong. (Johanne 20:21) Ha re batle feela ho qala mosebetsi oo re o fuoeng; re batla ho o qeta.—Matheu 24:13; Johanne 17:4.

11. Ho ’nile ha etsahala’ng ka ba bang ba bara le barali babo rōna ba Bakreste, ’me re lokela ho ipotsa eng?

11 Leha ho le joalo, re utloa bohloko ha re hlokomela hore ba bang ba balumeli-’moho le rōna ba se ba fokola moeeng ’me, ka lebaka leo, ba khoehlisitse kapa ba khaolitse ho phetha taelo ea Kreste ea ho etsa barutuoa. Na ho na le tsela leha e le efe eo re ka ba thusang ka eona hore ba boele ba kopanele le phutheho ’me ba kopanele hape ho etseng barutuoa? (Baroma 15:1; Baheberu 12:12) Tsela eo Jesu a ileng a thusa baapostola ba hae ka eona ha ba ne ba fokola ka nakoana e bontša seo re ka se etsang kajeno.

Bontša Kameho

12. (a) Pejana ho lefu la Jesu, baapostola ba ile ba etsa’ng? (b) Jesu o ile a sebetsana le baapostola ba hae joang ho sa tsotellehe mefokolo e tebileng eo ba ileng ba e bontša?

12 Qetellong ea tšebeletso ea Jesu ha a le lefatšeng, ’me a le haufi le ho shoa, baapostola ba ile “ba mo tlohela ’me ba baleha.” Joalokaha Jesu a ne a boletse esale pele, ba ile ba “hasana e mong le e mong ho ea tlung ea hae.” (Mareka 14:50; Johanne 16:32) Jesu o ile a sebetsana joang le metsoalle ea hae e neng e fokola moeeng? Nakoana ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o ile a re ho ba bang ba balateli ba hae: “Le se ke la tšaba! E-eang, le tlalehele barab’eso, e le hore ba ka tloha ho ea kena Galilea; ’me ba tla mpona moo.” (Matheu 28:10) Le hoja baapostola ba ne ba bontšitse hore ba na le mefokolo e tebileng, Jesu o ile a ’na a ba bitsa ‘barab’abo.’ (Matheu 12:49) O ne a sa felloa ke tšepo ka bona. Ka tsela ena, Jesu o ne a le mosa a bile a tšoarela, joalokaha Jehova a le mosa a bile a tšoarela. (2 Marena 13:23) Re ka etsisa Jesu joang?

13. Re lokela ho talima ba fokolang moeeng joang?

13 Re lokela ho ameha ka botebo ka ba khoehlisitseng kapa ba khaolitseng ho kopanela tšebeletsong. Re sa ntse re hopola mesebetsi e lerato ea nakong e fetileng e entsoeng ke balumeli-’moho bao—eo mohlomong ba bang ba e entseng ka lilemo tse mashome. (Baheberu 6:10) Ka sebele re hlolohetsoe setsoalle sa bona. (Luka 15:4-7; 1 Bathesalonika 2:17) Leha ho le joalo, re ka bontša joang hore re amehile ka bona?

14. Re etsisa Jesu, ke joang re ka thusang motho ea fokolang?

14 Jesu o ile a bolella baapostola ba hae ba nyahameng hore ba lokela ho ea Galilea le hore ba tla mo bona teng. Ha e le hantle, Jesu o ile a ba memela sebokeng se khethehileng. (Matheu 28:10) Ka ho tšoanang kajeno, re khothatsa ba fokolang moeeng hore ba be teng libokeng tsa phutheho ea Bokreste, ’me ho ka ’na ha hlokahala hore re ba khothatse ka makhetlo a mangata hore ba etse joalo. Tabeng ea baapostola, memo eo e ile ea hlahisa litholoana, hobane “barutuoa ba leshome le motso o mong [ba ile] ba ea Galilea thabeng moo Jesu a neng a ba lokiselitse teng.” (Matheu 28:16) Re thaba hakaakang ha ba fokolang ba arabela ka tsela e tšoanang ha re ba mema ka mofuthu ’me ba boela ba e-ba teng libokeng tsa Bokreste!—Luka 15:6.

15. Re ka latela mohlala oa Jesu joang ha re amohela ba fokolang ba tlang libokeng tsa rōna?

15 Re tla etsa’ng ha Mokreste ea fokolang a fihla Holong ea ’Muso? Jesu eena o ile a etsa’ng ha a bona baapostola ba hae, bao tumelo ea bona e ileng ea fokola ka nakoana, ba le sebakeng seo ba neng ba lokela ho kopana ho sona? ‘Jesu o ile a ba atamela ’me a bua le bona.’ (Matheu 28:18) Ha aa ka a ba tonela mahlo a le hōle empa o ile a ea ho bona. Nahana feela hore na baapostola bao ba ile ba ikutloa ba imolohile hakaakang ha Jesu a nka khato eo! E se eka le rōna re ka nka khato e joalo ’me re amohele ka mofuthu ba fokolang moeeng ba etsang boiteko ba ho khutlela ka phuthehong ea Bokreste.

16. (a) Re ka ithuta eng mokhoeng oo Jesu a ileng a sebetsana le balateli ba hae ka oona? (b) Re ka bonahatsa boikutlo ba Jesu joang mabapi le ba fokolang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

16 Jesu o ile a etsa’ng hape? Pele, o ile a etsa tsebiso e reng: “Ke filoe matla ’ohle.” Sa bobeli, o ile a fana ka mosebetsi a re: “Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa.” Sa boraro, o ile a etsa tšepiso e latelang: “Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle.” Empa na u hlokometse seo Jesu a sa kang a se etsa? Ha aa ka a khalemela barutuoa ka lintho tseo ba neng ba hlōlehile ho li etsa le ka lipelaelo tsa bona. (Matheu 28:17) Na mokhoa oa hae o ile oa atleha? E. Ka mor’a nakoana, baapostola ba ne ba boetse ba “ruta le ho bolela litaba tse molemo.” (Liketso 5:42) Ka ho latela mohlala oa Jesu oa kamoo a neng a talima ba fokolang le ho ba tšoara kateng, re ka bona liphello tse tšoanang tse thabisang liphuthehong tsa habo rōna. *Liketso 20:35.

“Ke na le Lōna ka Matsatsi ’Ohle”

17, 18. Mantsoe a Jesu a reng, “ke na le lōna ka matsatsi ’ohle,” a fupere lintlha life tse matlafatsang?

17 Mantsoe a ho qetela a taelo ea Jesu a reng, “ke na le lōna ka matsatsi ’ohle,” a fupere ntlha e matlafatsang bakeng sa bohle ba loanelang ho phetha taelo ea Kreste ea ho etsa barutuoa. Ho sa tsotellehe seo lira tse re hanyetsang li ka se etsang khahlanong le mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso, ho sa tsotellehe hore na li ka re etselletsa ka litsela life, ha re na lebaka la ho tšoha. Hobane’ng? Hobane Jesu, Moeta-pele oa rōna, ea nang le “matla ’ohle leholimong le lefatšeng,” o tla re tšehetsa!

18 Tšepiso ea Jesu e reng, “ke na le lōna ka matsatsi ’ohle” e boetse ke khothatso e khōlō. Ha re ntse re loanela ho phetha taelo ea Kreste ea ho etsa barutuoa, ha re be le matsatsi a thabo feela empa re boetse re ba le matsatsi a ho hlonama. (2 Likronike 6:29) Ba bang ba rōna ba feta linakong tsa ho sareloa ha re ntse re llela moratuoa oa rōna ea shoeleng. (Genese 23:2; Johanne 11:33-36) Ba bang ba tobane le botsofali, ba fokolloa ke bophelo ebile ha ba sa na matla. (Moeklesia 12:1-6) Ba bang bona ba tobana le linako tsa ho sithabetsoa ke ho tepella maikutlo. (1 Bathesalonika 5:14) ’Me ba bangata ba rōna re loantšana le mathata a maholo a moruo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata a joalo, rea atleha tšebeletsong ea rōna hobane Jesu o itse o na le rōna “ka matsatsi ’ohle,” ho akarelletsa le matsatsing a bohloko ka ho fetisisa bophelong ba rōna.—Matheu 11:28-30.

19. (a) Thōmo ea Jesu ea ho etsa barutuoa e fupere litaelo life? (b) Ke eng e re nolofalletsang ho phetha thōmo ea Kreste?

19 Joalokaha re bone sehloohong sena le se fetileng, thōmo ea Jesu ea ho etsa barutuoa e akaretsa lintho tse ngata. Jesu o re boleletse hore na ke hobane’ng ha re lokela ho phetha taelo ena le hore na re lokela ho e phetha hokae. Hape o ile a re bolella seo re lokelang ho se ruta le hore na re lokela ho etsa joalo ho fihlela neng. Ke ’nete hore, ho phetha thōmo ena e khōlō ke phephetso. Empa kaha re itšetlehile ka matla a Kreste le ka hore o haufi le rōna, re ka e phetha! Na ha ho joalo?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Buka e ’ngoe e bontša hore Jesu o itse, “le ba kolobetse . . . le ba rute,” eseng ‘le ba kolobetse ’me le ba rute.’ Kahoo, taelo ea ho kolobetsa le ho ruta “hantle-ntle hase . . . liketso tse peli tse latellanang.” Ho e-na le hoo, “ho ruta ke mohato o tsoelang pele, oo ho isa bohōleng bo itseng o tlang pele ho kolobetso . . . le oo ho isa bohōleng bo itseng o tlang ka mor’a kolobetso.”

^ ser. 16 Boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo re lokelang ho talima le ho thusa ba fokolang bo fumaneha Molula-Qhooeng oa February 1, 2003, leqepheng la 15-18.

U ka Araba Joang?

• Ke joang re ka rutang ba bang hore ba boloke seo Jesu a se laetseng?

• Ke lithuto life tseo morutuoa e mocha a ka ithutang tsona ho ba bang ka phuthehong?

• Re ka etsa’ng ho thusa ba fokolang moeeng?

• Re fumana matla le khothatso joang tšepisong ea Jesu e reng “ke na le lōna ka matsatsi ’ohle”?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Re lokela ho ba mesuoe le batataisi

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Morutuoa e mocha o ithuta lithuto tsa bohlokoa mohlaleng oa ba bang