Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ruri Molimo oa U Tsotella

Ruri Molimo oa U Tsotella

Ruri Molimo oa U Tsotella

KE HA tlhaho ho ipiletsa ho Molimo ha re le maqakabetsing. Etsoe “o moholo ’me o na le matla a maholo; kutloisiso ea hae e ke ke ea lokolisoa.” (Pesaleme ea 147:5) O boemong bo botle ka ho fetisisa ba ho re thusa hore re sebetsane le mathata a rōna. Ho phaella moo, Bibele e re khothalletsa hore re ‘tšollele lipelo tsa rōna ka pel’a hae.’ (Pesaleme ea 62:8) Joale, ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba na le maikutlo a hore Molimo ha a arabele lithapelo tsa bona? Na seo se bontša hore ha a tsotelle?

Ho e-na le hore u potlakele ho jarisa Molimo molato ka hore ha a nke khato, hopola nakong ea ha u sa le ngoana. Ha batsoali ba hao ba ne ba sa u lumelle ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang, na u kile ua ba tšoaea phoso ka hore ha ba u rate? Bana ba bangata ba etsa joalo. Leha ho le joalo, ha u ntse u hōla, u ile ua lemoha hore lerato le bontšoa ka litsela tse ngata le hore ho lumella ngoana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang hase hona ho hlileng ho bontšang hore oa ratoa.

Ka tsela e tšoanang, haeba hase kamehla Jehova a arabang lithapelo tsa rōna kamoo re lebeletseng kateng, seo hase bolele hore ha a na taba le rōna. ’Nete ke hore, Molimo o bontša ka litsela tse ngata hore oa re tsotella kaofela ha rōna.

“Ka Eena re na le Bophelo”

Ka holim’a tsohle, ka lebaka la Molimo “re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng.” (Liketso 17:28) Ka sebele, hore ebe o re file bophelo ho bontša hore o amehile ka rōna ka tsela e lerato!

Ho feta moo, Jehova o re fa seo re se hlokang e le hore re ’ne re phele. Rea bala: “O melisa joang bo botala bakeng sa liphoofolo, le limela bakeng sa ho sebelisoa ke moloko oa batho, ho etsa hore lijo li hlahe lefatšeng.” (Pesaleme ea 104:14) Ha e le hantle, ’Mōpi oa rōna ha a re fe feela litlhoko tsa motheo tsa bophelo. Ka letsoho le bulehileng, o re “fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, [o] tlatsa lipelo tsa [rōna] ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”—Liketso 14:17.

Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Haeba Molimo a re rata hakaalo, ke hobane’ng ha a lumella hore re utloe bohloko?’ Na u tseba karabo ea potso eo?

Na Molimo a ka Jarisoa Molato?

Mahlomola a mangata ao moloko oa batho o leng ka har’a ’ona ke ao o ipaketseng ’ona. Ka mohlala, likotsi tse bakoang ke liketso tse itseng tse ka behang bophelo kotsing li tsejoa hantle. Leha ho le joalo, batho ba kenela boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate, ba sebelisa lino tse tahang hampe hammoho le lithethefatsi tse ling, ba sebelisa koae, ba kenela lipapali tse kotsi haholo, ba khanna ka lebelo le phahameng haholo le lintho tse joalo. Haeba boitšoaro bo joalo bo behang bophelo kotsing bo fella ka mahlomola, ke mang ea lokelang ho jarisoa molato? Na ke Molimo kapa ke motho ea entseng lintho ka booatla? Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le re: “Le se ke la thetsoa: Molimo a ke ke a songoa. Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”—Bagalata 6:7.

Ho feta moo, hangata batho ba ntšana kotsi. Ha sechaba se loana le se seng, ka sebele Molimo ha aa lokela ho jarisoa molato ka mahlomola a bakoang ke ntoa eo. Ha senokoane se hlasela moahi-’moho le sona, na Molimo o lokela ho jarisoa molato haeba ho ka hlaha kotsi kapa lefu tlhaselong eo? Le hanyenyane! Ha ’musi oa ’mampoli a hatella ba tlas’a puso ea hae, a ba hlorisa le ho ba bolaea, na re lokela ho jarisa Molimo molato? E ne e tla be e le ntho e sa utloahaleng ho etsa joalo.—Moeklesia 8:9.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka batho ba limilione ba phelang ka bofutsana bo feteletseng kapa ba bolaoang ke tlala? Na Molimo o lokela ho jarisoa molato ka seo? Che. Lefatše la rōna le hlahisa lijo tse ngata haholo tse ka fepang motho e mong le e mong. (Pesaleme ea 10:2, 3; 145:16) Tlala le bofuma tse aparetseng lefatše li bakoa ke kabo e eang ka leeme ea matletsetletse a lintho tseo Molimo a faneng ka tsona. Hape boikhabi ba batho bo sitisa hore bothata boo bo rarolloe.

Sesosa sa Taba

Leha ho le joalo, ke mang ea lokelang ho jarisoa molato haeba motho e mong a kula kapa a shoa ka lebaka la botsofali? Na u tla makatsoa ke ho tseba hore esita le tabeng ee Molimo a ke ke a jarisoa molato? Molimo ha aa ka a bōpela motho hore a tsofale ’me a shoe.

Ha banyalani ba pele ba batho, Adama le Eva, ba ne ba behoa tšimong ea Edene, Jehova o ile a ba fa tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Leha ho le joalo, ho hlakile hore o ne a batla hore lefatšeng ho lule batho ba ananelang lefa la bona. Kahoo, o ile a etsa hore menyetla ea bophelo ba bona ba nakong e tlang e itšetlehe ka maemo a itseng. Adama le Eva ba ne ba tla phela Paradeiseng hafeela ba ne ba ikokobelletsa ’Mōpi oa bona ea lerato.—Genese 2:17; 3:2, 3, 17-23.

Ka masoabi, Adama le Eva ba ile ba rabela. Eva o ile a khetha ho mamela Satane Diabolose. O ile a mo bolella leshano, ha e le hantle a mo bolella hore Molimo o ne a mo tima ntho e ’ngoe e neng e tla mo tsoela molemo. Kahoo, o ile a qala ho nka tsela ea ho ba mohlape-moipusi, eaba o leka ho ‘ba joaloka Molimo, a tsebe botle le bobe.’ Adama o ile a kopanela le eena borabeleng boo.—Genese 3:5, 6.

Ka ho etsa sebe ka tsela ena, Adama le Eva ba ile ba bontša hore ha ba tšoanelehe hore ba ka phela ka ho sa feleng. Ba ile ba latsoa liphello tse bohloko tsa sebe. Ba ile ba fokolloa ke matla le bophelo, ’me qetellong ba shoa. (Genese 5:5) Empa borabele ba bona bo bile le liphello tse tebileng ho feta tseo. Re ntse re utloa bohloko ka lebaka la liphello tsa sebe sa Adama le Eva. Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) E, ka lebaka la borabele ba Adama le Eva, sebe le lefu li ile tsa namela molokong oohle oa batho joaloka lefu le bolaeang.

Bopaki bo Matlahali ba Hore Molimo oa re Tsotella

Na see se bolela hore moloko oa batho o bōpiloeng ke Molimo o ne o senyehetse ruri? Che, empa joale re tla bona bopaki bo matlahali ba hore Molimo oa re tsotella. Molimo o ile a lahleheloa haholo ha a ne a lokisetsa hore moloko oa batho o lokolloe sebeng le lefung. Theko ea topollo e bile bophelo ba Jesu bo phethahetseng, bo ileng ba fanoa ka boithatelo molemong oa rōna. (Baroma 3:24) Kahoo, moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ka lebaka la pontšo ena e khōlō ea lerato, re boetse re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Pauluse o ile a ngolla Baroma a re: “Ka ketso e le ’ngoe ea tokafatso phello ho batho ba mefuta eohle ke ho bolela hore ba lokile bakeng sa bophelo.”—Baroma 5:18.

Re ka kholiseha hore ka nako ea Molimo e loketseng, ha ho sa tla ba le mahlomola le lefu holim’a Lefatše la rōna. Ho fapana le moo, ho tla ba le maemo a ileng a boleloa esale pele bukeng ea Tšenolo: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) U ka ’na ua re, ‘Ke tla be ke se ke sa phele ha lintho tseo li etsahala.’ Leha le ho joalo, ’nete ke hore e ka ’na eaba u tla be u ntse u phela. Hape le haeba u ka shoa, Molimo a ka u tsosa bafung. (Johanne 5:28, 29) Seo ke sona seo Molimo a re reretseng sona, ’me ke sona se tla etsahala. Ka sebele taba ea hore Molimo ha a tsotelle moloko oa batho hase ’nete!

“Atamelang ho Molimo”

Hoa tšelisa ho tseba hore Molimo o qalile ho tlisa tharollo ea nako e telele le ea ka ho sa feleng ea mathata a batho. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka hona joale? Re ka etsa’ng ha re lahleheloa ke moratuoa ka lefu kapa ngoana oa rōna a kula? Bonneteng, ha e-s’o be nako ea Molimo ea ho felisa ho kula le lefu. Bibele e re bolella hore ho tla hlokahala hore re lete ho se hokae pele lintho li loka. Empa Molimo ha aa re siea shalabeng. Morutuoa Jakobo o ile a re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) E, ’Mōpi oa rōna o re memela hore re be le kamano e haufi le eena, ’me ba nang le kamano eo ba ikutloa ba tšehelitsoe esita le tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa.

Re ka atamela ho Molimo joang? Morena Davida o ile a botsa potso e tšoanang le eo ho e ka bang lilemong tse likete tse tharo tse fetileng, a re: “Jehova, . . . ke mang ea tla lula thabeng ea hao e halalelang?” (Pesaleme ea 15:1) Davida o ile a ikaraba ha a ne a tsoela pele ho re: “Ke ea tsamaeang ka mokhoa o se nang molato ’me a etsa ho loka ebile a bua ’nete ka pelong ea hae. Ea sa etselletsang ka leleme la hae. Ea sa etsang letho le lebe ho motsoalle oa hae.” (Pesaleme ea 15:2, 3) Ka mantsoe a mang, Jehova o amohela ba latelang tsela eo Adama le Eva ba ileng ba e lahla. O atamela ho ba etsang thato ea hae.—Deuteronoma 6:24, 25; 1 Johanne 5:3.

Re ka etsa thato ea Molimo joang? Re lokela ho ithuta ‘se setle le se khahlisang mahlong a Mopholosi oa rōna, Molimo,’ ’me re khethe ho etsa lintho tumellanong le seo. (1 Timothea 2:3) Sena se akarelletsa ho fumana tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, Bibele. (Johanne 17:3; 2 Timothea 3:16, 17) Ho balla Bibele monate ha hoa lekana. Re lokela ho etsisa Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba Berea ba ileng ba utloa boboleli ba Pauluse. Re bala tjena ka bona: “Ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.”—Liketso 17:11.

Ka ho tšoanang le kajeno, ho ithuta Bibele ka hloko ho matlafatsa tumelo ea rōna ho Molimo ho bile ho re thusa ho haha kamano e haufi le eena. (Baheberu 11:6) Ho boetse ho re thusa ho utloisisa hantle kamoo Jehova a sebetsanang le moloko oa batho kateng—eseng feela bakeng sa melemo ea nakoana empa haholo-holo bakeng sa melemo ea nako e telele e tla tlela bohle ba nang le tšekamelo e nepahetseng.

Ak’u nahane ka lipolelo tsa Bakreste ba ’maloa ba nang le kamano e haufi le Molimo. Danielle ea lilemo li 16 o re: “Ke rata Jehova haholo, ’me ho na le ho hongata hoo ke lokelang ho mo leboha ka hona. O mphile batsoali ba lerato, ba mo ratang e le kannete le ba nthutileng tumellanong le Lentsoe la hae.” Mokreste e mong oa Uruguay o ile a ngola tjena: “Pelo ea ka e tletse kananelo, ’me ke ikutloa ke tlameha ho leboha Jehova ka mosa oa hae o sa tšoanelang le ka botsoalle ba hae.” Molimo o bile o amohela esita le bana ba banyenyane. Gabriela ea lilemo li supileng o re: “Ke rata Molimo ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe lefatšeng lohle! Ke na le Bibele ea ka. Ke rata ho ithuta ka Molimo le ka Mora oa hae.”

Kajeno, ka pelo eohle batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba lumellana le mopesaleme ea itseng: “Ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.” (Pesaleme ea 73:28) Ba thusitsoe ho sebetsana ka katleho le mathata ao ba talimanang le ’ona hona joale, ’me ba na le tšepo e tiileng ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. (1 Timothea 4:8) Ke hobane’ng ha u sa etse hore ho ‘atamela ho Molimo’ ebe eona pakane ea hao? Ha e le hantle, re tiisetsoa hore: ‘Ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) Ka sebele, Molimo oa u tsotella!

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Kameho ea Jehova ka rōna e bonahala ka litsela tse ngata

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Esita le bana ba banyenyane ba ka atamela ho Molimo

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Kajeno, Jehova o re thusa ho mamella. Ka nako e loketseng, o tla felisa ho kula le lefu