Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ho Tsebahatsa Lebitso la Jehova”

“Ho Tsebahatsa Lebitso la Jehova”

“Ho Tsebahatsa Lebitso la Jehova”

LEFATŠENG ka bophara, makasine ea Molula-Qhooa le molekane oa eona Tsoha!, li thabeloa ka lebaka la hore li bua ka lintho tsa moea le ka litaba tsa bohlokoa tse rutang. A lebisitse tabeng ena, ’mali e mong oa Fora o sa tsoa ngola lengolo le balehang tjena:

“Ke moroetsana ea tsoaletsoeng Afrika, ea sa kenang sekolo hantle. Hase khale haholo ha ke qala ho bala limakasine tsa lōna. Ka lebaka la ho hoheloa ke lihlooho tsa tsona, ke ntse ke ithuta kamoo ho bala ho leng bohlokoa kateng. Ka lebaka la limakasine tsa lōna, ke ntlafalitse tsebo ea ka ea mantsoe ’me ke khona ho ngola lengolo le se nang liphoso tse ngata.

“Ke hloletsoe ke hore le bua ka lintho tsohle tse amanang le batho, lefatše le ’Mōpi. Limakasine tsena li hlakile hoo li etsang hore motho a batle ho ba ’mali ea labalabelang ho bala. Ha ho na motho e mong ea khonang ho ruta batho ba mefuta eohle ka nako e le ’ngoe.

“Ke boetse ke hloletsoe ke ho bona hore lintho tsena tsohle ha li etsoe ka morero oa ho fumana phaello empa ke feela molemong oa ho tsebahatsa lebitso la Jehova. Kea tseba hore o le file tumello, ’me kea le leboha. E se eka le ka tsoela pele ho fumana matla a tsoang ho ’Mōpi a hore le rute.”

Hona joale, Lipaki Tsa Jehova li kopanela mosebetsing oa tsona oa ho ruta Bibele linaheng tse 235. Molula-Qhooa o hatisoa ka lipuo tse 148 ’me Tsoha! ka tse 87. Limakasine tsena ha li hatisetsoe ho tlotlisa motho leha e le ofe. Keletso e thehiloeng Bibeleng le boitsebiso bo nakong bo fumanoang ho tsona, ke lintho tse reretsoeng ho tlotlisa ’Mōpi, ea reng: “’Na, Jehova, ke . . . Ea u rutang hore u itsoele molemo.” (Esaia 48:17) E se eka u ka rua molemo ka ho bala Mangolo a Halalelang kamehla u a bala hammoho le lithulusi tsena tsa ho ithuta Bibele.