Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kapadosia—Moo Batho ba Neng ba Lula Matlong a Betliloeng ke Moea le Metsi

Kapadosia—Moo Batho ba Neng ba Lula Matlong a Betliloeng ke Moea le Metsi

Kapadosia—Moo Batho ba Neng ba Lula Matlong a Betliloeng ke Moea le Metsi

MOAPOSTOLA Petrose o ile a bua ka Kapadosia. Har’a batho bao a neng a ba ngoletse lengolong la hae la pele le bululetsoeng ho ne ho e-na le “baahi ba nakoana ba hasa-hasaneng . . . Kapadosia.” (1 Petrose 1:1) Kapadosia e ne e le naha ea mofuta ofe? Ke hobane’ng ha baahi ba eona ba ne ba lula matlong a betliloeng majoeng? Ba ile ba kopana le Bokreste joang?

Mohahlauli e mong oa Lebrithani ea bitsoang W. F. Ainsworth, ea neng a etetse Kapadosia ka bo-1840 o ile a re: “Ka tšohanyetso re ile ra iphumana re lahlehile har’a metsollope ea majoe le har’a litšiea tsa majoe.” Ponahalo e sa tloaelehang ea naha e ntle e sa ntse e khahla baeti ba mehleng ena ba etelang tikolohong ena ea Turkey. Har’a likhohlo tsa Kapadosia, ho na le “liemahale” tse sa tloaelehang tsa majoe tse khobokellaneng ’ng’a e le ’ngoe joaloka masole a emeng lipasha. Tse ling li bonahala eka lichomela tsa litōnanahali tse bophahamo ba limithara tse 30 kapa ho feta moo. Tse ling li tšoana le li-cone tse khōlōhali tsa ice cream, kapa lipilara tse mahlakore a mane a nang le ntlha e chorileng kapa likhoaeane.

Nakong ea motšehare, letsatsi le khantša liemahale tsena hore li be ntlehali li be le mebala e fapa-fapaneng! Nakong ea ha mafube a hlaha li ba bopinki bo pulufetseng. Har’a mp’a motšehare li be le ’mala o pulufetseng oa lenaka la tlou, ’me e re ha tsatsi le se le il’o kenya nko mobung le etse hore li fetohe li be joaloka letsoku le bosootho bo bosehla. Ke eng e foromileng “metsollope ee ea majoe le litšiea tsee tsa majoe”? Hona ke hobane’ng ha batho ba tikolohong ee ba ile ba etsa matlo a bona ka har’a ’ona?

A Betliloe ke Moea le Metsi

Kapadosia e khubung ea Hloahloa ea Anatolia, e leng mateanong a Asia le Europe. Tikoloho ena e ka be e le thota haeba ho ne ho sa ka ha foqoha seretse se chesang moo ka makhetlo a mabeli. Lilemong tse likete tse fetileng, seretse se matla se ileng sa foqoha sebakeng seo ka makhetlo a mabeli se ile sa siea sebaka seo se tletse majoe a mefuta e ’meli—moralla o thata le lejoe le bonolo, le bosoeu bo pulufetseng le foromiloeng ke ho tiea ha molora oa seretse se foqohileng.

Ha linōka, lipula le meea li qala ho fofora lejoe lena le bonolo, likhohlo li ile tsa buleha. Qetellong, mafika a mang a maholo a neng a arola likhohlo tsena, butle-butle a ile a petsoha ea e-ba litšiea tse ngata-ngata tsa metsollope ea majoe, a khabisang naha eo ka litšoantšo tse betlehileng hantle tse sa fumaneheng kae kapa kae lefatšeng haese moo. Metsollope e meng ea majoe e ile ea tšoana le khekhe ea linotši ka masoba-soba. Baahi ba libaka tsena ba ile ba betla likamore majoeng ana a bonolo ’me ba eketsa likamore ha malapa a ntse a eketseha. Ba ile ba boela ba fumana hore matlo ana a pholile hlabula hape le hore a futhumetse mariha.

Ho Phela Moo ba Teanang le Batho ba Tsoetseng Pele

Mohlomong baahi ba mahaheng a Kapadosia ba ne ba ke ke ba kopana le batho ba bang haholo haeba ba ne ba sa lule sebakeng sa bohlokoa seo ba neng ba ka teana le batho ba tsoetseng pele ho sona. ’Mila oa Silika o tummeng, e leng tsela ea khoebo e neng e le bolelele ba lik’hilomithara tse 6 500, e neng e kopanya ’Muso oa Roma le Chaena, o ne o feta Kapadosia. Ka ntle ho bahoebi, mabotho a Bapersia, a Bagerike le a Baroma a ne a tsamaea ka tsela ena. Batsamai bana ba ile ba tla ka likhopolo tse ncha tsa bolumeli.

Lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., ho ne ho e-na le libaka tsa Bajuda Kapadosia. Hape Bajuda ba neng ba tsoa tikolohong ena ba ne ba le teng Jerusalema ka selemo sa 33 C.E. Ba ne ba il’o keteka Mokete oa Pentekonta. Kahoo, ka mor’a ho tšolloa ha moea o halalelang moapostola Petrose o ile a pakela Bajuda ba Kapadosia. (Liketso 2:1-9) Ho bonahala eka ba bang ba ile ba nka khato ka molaetsa oa hae eaba ba khutlela ha habo bona ba se ba e-na le tumelo e ncha. Kahoo, Petrose o ne a ngolla Bakreste ba Kapadosia lengolong la hae la pele.

Leha ho le joalo, ha lilemo li ntse li feta, Bakreste ba Kapadosia ba ile ba qala ho susumetsoa ke lifilosofi tsa bohetene. Baeta-pele ba bararo ba ka sehloohong ba kereke ea Kapadosia ba lekholong la bone la lilemo ba bile ba lomahanya meno ho sireletsa thuto eo e seng ea Mangolo ea Boraro-bo-bong. E ne e le Gregory oa Nazianzus, Basil e Moholo le moena oa hae Gregory oa Nyssa.

Basil e Moholo o ile a boela a khothalletsa mokhoa oa bophelo oa boitlami. Matlo a batho ba Kapadosia a neng a le boemong bo tlaase a betliloe majoeng a ne a le boemong bo botle bakeng sa bophelo ba ho itšoara ka thata boo Basil a neng a bo buella. Ha mokhatlo oa baitlami o ntse o hōla, ho ile ha hahoa likereke tse feletseng ka har’a majoe a mang a metsollope a maholoanyane. Lekholong la bo13 la lilemo, ho ne ho se ho betliloe likereke tse ka bang makholo a mararo ka har’a majoe ao. Tse ngata tsa tsona li bolokiloe ho tla fihlela kajeno.

Le hoja likereke le matlo a baitlami li se li sa sebelisoe, tsela ea bophelo ea batho ba moo ha ea fetoha hakaalo ka lilemo tsena tse makholo. Mahaha a mangata e sa ntse e le matlo. Boholo ba batho ba etelang Kapadosia ba hlolloa ke bohlale ba baahi ba teng ba fetotseng lintho tse foromiloeng ke tlhaho hore ebe matlo a bona.

[’Mapa o leqepheng la 24, 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

KAPADOSIA

CHAENA (Cathay)