Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Lehlabula le Mariha li ke ke Tsa Khaotsa’

‘Lehlabula le Mariha li ke ke Tsa Khaotsa’

Bokhabane ba Pōpo ea Jehova

‘Lehlabula le Mariha li ke ke Tsa Khaotsa’

LETSATSI e ba la leteterre! lehoatateng. Likarolong tse ling tsa lefatše, le etsa hore ho be mofuthu ka mor’a mariha a batang. Ke ’nete hore lebatama la letsatsi ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tse etsang hore ho be le boemo ba mohatsela le mocheso le linako tsa selemo.

Lefatšeng ka bophara, maemo a linako tsa selemo ha a tšoane. Empa linako tsa selemo li u ama joang? Na ua thaba ha lintho li nchafala ka mokhoa o hlasimollang nakong ea selemo, ha u bona lifate le lipalesa li thunya? U ikutloa joang mantsiboea ha ho pholile hamonate nakong ea selemo? Na u thabela matsatsi a hlasimollang a hoetla ha mahlaku a apere mebala e metle e feto-fetohang? Na ho boha meru e koahetsoeng ke lehloa hoa u khatholla?

Ke eng se etsang hore ho be le linako tsa selemo? Ka bokhutšoanyane feela, sena se bakoa ke tsela eo lefatše le sekamisitsoeng ka eona. Tselana eo le potolohang letsatsi ho eona e sekamisitsoe hoo e ka bang ka likhato tse 23,5 ho pota letsatsi. Haeba tselana eo lefatše le potolohang ho eona e ne e sa sekamisoa, ho ne ho ke ke ha e-ba le linako tsa selemo. Boemo ba mohatsela le mocheso bo ne bo tla lula bo sa fetohe. Sena se ne se tla ama limela le tlhahiso ea lijalo.

Tatellano ea linako tsa selemo e fana ka bopaki ba hore ’Mōpi ke eena ea li entseng. Ka nepo, mopesaleme o ile a bua le Jehova Molimo a re: “Ke uena ea ileng a hloma meeli eohle ea lefatše; lehlabula le mariha—u ile ua li etsa.”—Pesaleme ea 74:17. *

Ho motho ea shebelletseng a le lefatšeng, lihloliloeng tsa leholimo ke matšoao a hlakileng a linako tsa selemo. Ha Molimo a ne a bōpa setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete, o ile a fana ka taelo e latelang: “Ho ke ho be le mehloli ea leseli sepakapakeng sa maholimo . . . , ’me e tla ba lipontšo le linako tsa selemo le matsatsi le lilemo.” (Genese 1:14) Ha selemo se ntse se tsamaea, lefatše le na le lintlha tse peli tseo le fihlang ho tsona ha le ntse le potoloha tselaneng ea lona, tseo ha le le ho tsona, letsatsi le bang holim’a equator hantle motšehare o moholo. Ha sena se etsahala, bosiu le motšehare li lekana ka bolelele, ’me linaheng tse ngata sena se tšoaea ho qaleha ha nako ea selemo le ea hoetla. Linakong tsena motšehare le bosiu li lekana ka bolelele lefatšeng lohle.

Ho ba teng le ho qaleha ha linako tsa selemo ha hoa itšetleha ka motsamao oa lihloliloeng tsa leholimo feela. Linako tsa selemo, boemo ba mocheso le mohatsela le boemo ba leholimo, kaofela li hoketsoe tsamaisong e rarahaneng e bolokang bophelo. Ha moapostola oa Mokreste Pauluse hammoho le motsoalle oa hae Barnabase ba ne ba bua le batho ba Asia Minor—bao bongata ba bona bo neng bo tseba temo le hore na lijo li hlahisoa joang—ba ile ba bolela hore ke Molimo ‘ea le fang lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, ea tlatsang lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.’—Liketso 14:14-17.

Tšebetso e hlollang eo limela tse tala li iketsetsang lijo ka eona e phelisa limela tsa naha le limela tse nyenyane tse phelang leoatleng. Ka lebaka la sena, tsela eo lijo li bang teng ka eona hammoho le mefuta e rarahaneng ea lintho tse phelang, e angoa ke boemo ba leholimo le mocheso le mohatsela ka litsela tse rarahaneng. Pauluse o ile a bua ka tsela e loketseng ka letsoho la Jehova ho sena sohle, ha a ne a re: “Mobu o noang pula e tlang hangata holim’a oona, le oo joale o hlahisang limela tse loketseng bakeng sa bao o lengoang ka lebaka la bona, ka ho tšoanang o amohela tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo.”—Baheberu 6:7.

Lentsoe “tlhohonolofatso” le sebetsa ka tsela e ncha haeba u ka ipha nako ea ho nahana ka se etsahalang libakeng tseo ho tsona nako ea selemo e tlisang mofuthu, lihora tse telele tsa motšehare, khanya e eketsehileng ea letsatsi le lipula tse hlokahalang. Lipalesa lia thunya ’me likokoanyana li tsoa libakeng tseo li neng li ipatetse mariha ho tsona, li loketse ho hasa peō ea limela e phofo. Linonyana tse kang blue jay eo u e bonang mona, li etsa hore meru e tlale ka mebala le lipina, ’me naha e tlala bophelo. Sena se tsosolosa matla a bophelo ’me lintho tse phelang li tsoela pele ka mokhoa oa tsona oa ho tsoala, ho inchafatsa le ho hōla. (Sefela sa Lifela 2:12, 13) Sena se lokisetsa nako ea ho kotula qetellong ea lehlabula kapa nakong ea hoetla.—Exoda 23:16.

Mesebetsi ea Jehova e bonahala ka mokhoa o hlollang ka tsela eo a sekamisitseng lefatše ka eona tselaneng ea lona, a lokisetsa hore ho be le motšehare le bosiu, linako tsa selemo le nako ea ho jala le ea ho kotula. Ha re na pelaelo ea hore ha lehlabula le fetile, mariha aa tla. Ha e le hantle, ke Molimo ea ileng a tšepisa a re: “Etsoe ka matsatsi ’ohle ao lefatše le ntseng le le teng ka ’ona, ha ho mohla ho jaloa ha peō le kotulo, le serame le mocheso, le lehlabula le mariha, le bosiu le motšehare, li tla khaotsa.”—Genese 8:22.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Bona 2004 Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova, July/August.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Khoeli ke ea Bohlokoa Bophelong

Ho tloha khale, khoeli e ’nile ea makatsa batho le ho ba hlolla. Leha ho le joalo, na ua hlokomela hore khoeli e susumetsa linako tsa selemo? Boteng ba khoeli bo thusa ho tsitsisa tekanyo ea ho sekama ha tselana eo lefatše le bilikang ho eona. Mongoli e mong oa tsa saense ea bitsoang Andrew Hill o bolela hore sena se “phetha karolo ea bohlokoa ho hlahiseng maemo a Lefatše a ka khonang ho boloka bophelo.” Hoja ebe ho ne ho se na lihloliloeng tse khōlō tsa tlhaho tse tsitsisang ho sekama ha tselana eo lefatše le bilikang ho eona, mocheso le mohatsela li ne li tla phahama ’me li ne li ka ’na tsa etsa hore ho se ke ha e-ba le bophelo lefatšeng. Kahoo, sehlopha sa litsebi tsa linaleli se ile sa phetha ka ho re: “Ho ka boleloa hore Khoeli e thibela ho fetoha ha boemo ba mohatsela le mocheso Lefatšeng.”—Pesaleme ea 104:19.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Moon: U.S. Fish & Wildlife Service, Washington, D.C./Bart O’Gara

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Likamele, Afrika Leboea le Hloahloeng ea Arabia