Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mehlolo ea Jesu na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?

Mehlolo ea Jesu na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?

Mehlolo ea Jesu na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?

“BATHO ba . . . tlisetsa [Jesu Kreste] batho ba bangata ba nang le bademona; a leleka meea ka lentsoe, ’me a phekola bohle ba neng ba ea hampe.” (Matheu 8:16) ‘[Jesu] a tsoha ’me a khalemela moea ka matla a re ho leoatle: “Thōla! Khutsa!” Eaba moea oa kokobela, ’me khutso e khōlō ea e-ba teng.’ (Mareka 4:39) U nahana eng ka lipolelo tsee? Na ua lumela hore li hlalosa liketsahalo tse hlileng li etsahetseng tsa histori kapa u nka hore ke lipale tsa tšoantšetso, kapa litšōmo feela tjee?

Batho ba bangata kajeno ba na le lipelaelo tse tebileng mabapi le hore mehlolo ea Jesu ke histori ea ’nete. Mehleng ena ea libonela-hōle le ea li-microscope, ea ho hloela sepaka-paka le ea thuto ea ho iphetola ha liphatsa tsa lefutso, ho bonahala batho ba le leqe ho lumela litlaleho tsa mehlolo kapa tsa limakatso tse etsoang ka matla a phahametseng tlhaho.

Batho ba bang ba lumela hore litlaleho tsa mehlolo ke lipale tse inahaneloang kapa tsa tšoantšetso. Ho latela mongoli oa buka e bolelang hore e hlahloba Jesu oa “sebele,” lipale tsa mehlolo ea Jesu ke “liphatlalatso feela” tse etselitsoeng ho atisa Bokreste.

Ba bang ba nka mehlolo ea Jesu e le bolotsana bo totobetseng. Ka linako tse ling Jesu o qosoa ka hore o molato oa ho qhekella. Ho latela Justin Martyr oa lekholong la bobeli la lilemo C.E., bahanyetsi ba Jesu “ba ne ba bile ba ’mitsa leselamose le moqhekelli oa batho.” Ba bang ba bolela hore Jesu “ha aa ka a etsa mehlolo e le moprofeta oa Mojuda, empa ba bolela hore e ne e le leselamose, motho ea rupetsoeng litempeleng tsa bohetene.”

Ho Hlalosa Ntho e ke Keng ea Khoneha

U ka ’na ua nka hore lipelaelong tsena, ho na le lebaka le utloahalang la hore ebe batho ba leqe ho lumela mehlolo. Ba fumana e le ntho e thata, esita le e sa khoneheng, ho lumela hore matla a phahametseng tlhaho a ka etsa mehlolo e joalo. Mohlankana e mong ea neng a ipolela hore ha a lumele hore Molimo o teng o ile a re: “Ho hang mehlolo ha e etsahale.” Ka mor’a moo, o ile a qotsa mantsoe a rafilosofi oa Scotland oa lekholong la bo18 la lilemo David Hume, ea ileng a ngola tjena: “Mohlolo hase ntho e lumellanang le melao ea tlhaho.”

Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ne ba tla ba hlokolosi tabeng ea ho tiisa hore ketsahalo e itseng e sa tloaelehang e ke ke ea khoneha. The World Book Encyclopedia e re mohlolo ke “ketsahalo e ke keng ea hlalosoa ka melao e tsejoang ea tlhaho.” Ka tlhaloso eo, ho tsamaea sepakapakeng, mecha ea puisano e sa sebeliseng lithapo le ho sebelisoa ha satellite, li ka be li ile tsa bonahala e le “mehlolo” ho batho ba bangata ba phetseng lilemong tse lekholo feela tse fetileng.” Ka sebele hase bohlale ho tiisa hore mehlolo ha e khonehe hobane feela re sa khone ho e hlalosa ka tsebo eo re nang le eona hona joale.

Haeba re hlahloba bopaki bo bong ba Mangolo bo amanang le mehlolo eo ho thoeng e entsoe ke Jesu Kreste, re tla fumana eng? Na mehlolo ea Jesu ke ’nete kapa ke tšōmo?