Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Thabela “Molao oa Jehova”?

Na U Thabela “Molao oa Jehova”?

Na U Thabela “Molao oa Jehova”?

“Ho thaba motho ea thabelang molao oa Jehova.”—PESALEME EA 1:1, 2.

1. Ke hobane’ng ha re thabile joaloka bahlanka ba Jehova?

JEHOVA oa re thusa ebile oa re hlohonolofatsa joaloka bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ke ’nete hore re tobana le liteko tse ngata. Leha ho le joalo, re boetse re latsoa thabo ea ’nete. Sena ha se makatse, hobane re sebeletsa “Molimo ea thabileng,” ’me moea o halalelang oa hae o etsa hore lipelo tsa rōna li nyakalle. (1 Timothea 1:11; Bagalata 5:22) Nyakallo ke ho thaba ha ’nete ho bakoang ke ho lebella kapa ho fumana ntho e ’ngoe e ntle. ’Me ka sebele Ntate oa rōna oa leholimo o re fa limpho tse molemo. (Jakobo 1:17) Ha ho makatse hore ebe re thabile!

2. Re tlil’o tšohla lipesaleme life?

2 Buka ea Lipesaleme e bua haholo ka thabo. Ka mohlala, ho buuoa haholo ka eona ho Pesaleme ea 1 le ea 2. Balateli ba pele ba Jesu Kreste ba ile ba bolela hore pesaleme ea bobeli e ngotsoe ke Morena Davida oa Iseraele. (Liketso 4:25, 26) Moqapi ea sa boleloang ka lebitso oa pesaleme ea pele o qala pina ea hae e bululetsoeng ka mantsoe a latelang: “Ho thaba motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo.” (Pesaleme ea 1:1) A re boneng kamoo sehloohong sena le se latelang, Pesaleme ea 1 le ea 2 e re fang lebaka la ho thaba kateng.

Lekunutu la Thabo

3. Ho ea ka Pesaleme ea 1:1, mabaka a mang a etsang hore motho ea tšabang Molimo e be ea thabileng ke afe?

3 Pesaleme ea 1 e bontša lebaka le etsang hore motho ea tšabang Molimo e be ea thabileng. Ha mopesaleme a fana ka mabaka a mang a thabo e joalo, o bina ka tsela e latelang: “Ho thaba motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo, ea sa kang a ema tseleng ea baetsalibe, ea sa kang a lula setulong sa basomi.”—Pesaleme ea 1:1.

4. Zakaria le Elizabetha ba ile ba latela tsela efe ea bophelo e behang mohlala?

4 Hore re thabe e le kannete, re lokela ho iphaphatha le litlhokahalo tse lokileng tsa Jehova. Zakaria le Elizabetha, ba bileng le tokelo e thabisang ea ho ba batsoali ba Johanne Mokolobetsi, “ba ne ba lokile ka pel’a Molimo ka lebaka la ho tsamaea ka mokhoa o sa tšoauoeng phoso tumellanong le litaelo le litlhokahalo tsohle tsa molao tsa Jehova.” (Luka 1:5, 6) Re ka thaba haeba re latela tsela e tšoanang ebile ka tieo re hana ho “tsamaea keletsong ea ba khopo” kapa ho tataisoa ke keletso ea bona e khopo.

5. Ke eng e ka re thusang ho qoba ‘tsela ea baetsalibe’?

5 Haeba re hana monahano oa ba khopo, re tla be re sa “ema tseleng ea baetsalibe.” Ha e le hantle, sena se bolela hore ka sebele re ke ke ra ea libakeng tseo ba atisang ho fumanoa ho tsona—e leng libaka tsa boithabiso ba boitšoaro bo bobe kapa tse tummeng hampe. Ho thoe’ng haeba re lekeha ho kopanela le baetsalibe boitšoarong ba bona bo sa lumellaneng le Mangolo? Haeba ho joalo, a re rapelleng thuso ea Molimo hore re phele tumellanong le mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi?” (2 Bakorinthe 6:14) Haeba re tšepile Molimo ’me ‘lipelo tsa rōna li hloekile,’ re tla hana boikutlo ba baetsalibe le tsela eo ba phelang ka eona ’me re tla ba le lipakane le litakatso tse hloekileng, hammoho le ‘tumelo e se nang boikaketsi.’—Matheu 5:8; 1 Timothea 1:5.

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho itebela khahlanong le basomi?

6 E le hore re khahlise Jehova, ka sebele ‘ha rea lokela ho lula litulong tsa basomi.’ Batho ba bang ba soma ho bolokoa ha molao oa Molimo ka bohona, empa ‘matsatsing ana a ho qetela,’ batho bao e neng e le Bakreste empa ba se ba fetohile bakoenehi, hangata ke bona ba somang ka tsela e nyelisang ka ho fetisisa. Moapostola Petrose o ile a lemosa balumeli-’moho le eena a re: “Baratuoa, . . . le tseba sena pele, hore matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ka ho soma ha bona, ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona ba re: ‘Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’” (2 Petrose 3:1-4) Haeba ho se mohla re ‘lulang litulong tsa basomi,’ re tla qoba tlokotsi eo ho seng pelaelo hore e tla ba oela.—Liproverbia 1:22-27.

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko mantsoe a Pesaleme ea 1:1?

7 Haeba re sa ele hloko mantsoe a qalang a Pesaleme ea 1, re ka felloa ke bomoea boo re bo fumaneng ka ho ithuta Mangolo. Ha e le hantle, re ka etsa lintho tse feteletseng. Bohato ba pele ba hore re felloe ke bomoea e ka ba hore re latele keletso ea ba khopo. Ka mor’a moo, re ka ’na ra iphumana re se re e-ba le bona kamehla. Qetellong, re ka ba ra fetoha bakoenehi ba hlokang tumelo, ba somang. Ho hlakile hore, ho etsa setsoalle le ba khopo ho ka etsa hore re be le moea oa ho se tšabe Molimo ’me ho ka senya kamano ea rōna le Jehova Molimo. (1 Bakorinthe 15:33; Jakobo 4:4) Le ka mohla re se ke ra lumela hore seo se re etsahalle!

8. Ke eng e tla re thusa ho boloka mehopolo ea rōna e tsepame linthong tsa moea?

8 Thapelo e tla re thusa ho boloka mehopolo ea rōna e tsepame linthong tsa moea le ho re qobisa setsoalle sa ba khopo. Pauluse o ile a ngola a re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” Moapostola enoa o ile a fana ka khothatso ea hore re nahane ka lintho tsa ’nete, tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tse buuoang hantle, tse khabane le tse lokeloang ke thoriso. (Bafilipi 4:6-8) A re sebetseng tumellanong le keletso ea Pauluse ’me le ka mohla re se ke ra itheolela boemong ba ba khopo.

9. Le hoja re qoba mekhoa e mebe, re leka ho thusa batho ba mefuta eohle joang?

9 Le hoja re hana mekhoa e mebe, re pakela batho ba bang ka masene, feela joalokaha moapostola Pauluse a ile a bua le ’Musisi Felixe oa Roma ka “ho loka le boitšoaro le kahlolo e tlang ho tla.” (Liketso 24:24, 25; Bakolose 4:6) Re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho batho ba mefuta eohle ’me re ba tšoara ka mosa. Re kholisehile hore ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ e tla ba balumeli le hore ba tla thabela molao oa Molimo.—Liketso 13:48.

O Thabela Molao oa Jehova

10. Linakong tsa thuto ea botho, ke eng se tla etsa hore seo re se balang se hatisehe ka mokhoa o sa lebaleheng likelellong le lipelong tsa rōna?

10 Mopesaleme o boetse o hlalosa motho ea thabileng ka ho re: “O thabela molao oa Jehova, molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare.” (Pesaleme ea 1:2) Re le bahlanka ba Molimo, re “thabela molao oa Jehova.” Ha ho khoneha, linakong tsa thuto ea botho le tsa ho thuisa, re ka ‘bala ka lentsoe le tlaase,’ re bitsa mantsoe ka mokhoa o utloahalang. Ho etsa joalo ha re bala karolo leha e le efe ea Mangolo ho tla hatisa sena ka mokhoa o sa lebaleheng likelellong le lipelong tsa rōna.

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho bala Bibele “motšehare le bosiu”?

11 “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le re khothallelitse ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng. (Matheu 24:45) Ka lebaka la takatso e matla ea hore re tsebe hamolemo molaetsa oa Jehova o eang ho moloko oa batho, ho molemo hore re bale Bibele “bosiu le motšehare”—e, esita le nakong eo ka eona re sa khoneng ho robala ka lebaka le itseng. Petrose o re elelitse tjena: “Joaloka masea a sa tsoa tsoaloa, le hlaolele tabatabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe, e le hore ka lona le ka hōlela polokong.” (1 Petrose 2:1, 2) Na u thabela ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo le ka merero ea hae bosiu? Mopesaleme o ne a etsa joalo.—Pesaleme ea 63:6.

12. Re tla etsa’ng haeba re thabela molao oa Jehova?

12 Thabo ea rōna ea ka ho sa feleng e itšetlehile ka ho tsoela pele re thabela molao oa Molimo. O phethahetse ebile o lokile, ’me ho o boloka ho na le moputso o moholo. (Pesaleme ea 19:7-11) Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Ea nyarelang ka molaong o phethahetseng oa tokoloho le ea phehellang ho oona, motho enoa, kahobane e se moutloi ea lebalang, empa e le moetsi oa mosebetsi, o tla thaba ho o etseng ha hae.” (Jakobo 1:25) Haeba re thabela molao oa Jehova e le kannete, ha ho letsatsi le tla feta re sa hlahloba lintho tsa moea. Ka sebele, re tla susumelletseha ho ‘batla lintho tse tebileng tsa Molimo’ ’me bophelong ba rōna re tla etelletsa pele litaba tse amanang le ’Muso oa Molimo.—1 Bakorinthe 2:10-13; Matheu 6:33.

O ba Joaloka Sefate

13-15. Ke ka kutloisiso efe re ka tšoanang le sefate se lenngoeng pel’a mohloli oa metsi a mangata?

13 Mopesaleme o tsoela pele ho hlalosa motho ea khabane ka ho re: “Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona le seo makhasi a sona a sa poneng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.” (Pesaleme ea 1:3) Rōna ba sebeletsang Jehova, re hlaheloa ke mathata bophelong joaloka batho ba bang kaofela ba sa phethahalang. (Jobo 14:1) Re ka ’na ra feta har’a mahloriso le liteko tse ling tse sa tšoaneng tse amanang le tumelo ea rōna. (Matheu 5:10-12) Leha ho le joalo, ka thuso ea Molimo, re khona ho mamella liteko tsena ka katleho, joalokaha sefate se phetseng hantle se mamella meea e batlang e le matla haholo.

14 Sefate se lenngoeng moo metsi a sa cheng ha se omelle nakong ea ha ho chesa kapa ea komello. Haeba re batho ba tšabang Molimo, re fumana matla Mohloling o sa feleng—Jehova Molimo. Pauluse o ne a kōpa thuso ho Molimo ’me o ne a ka re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la [Jehova] ea mphang bonatla.” (Bafilipi 4:13) Haeba moea o halalelang oa Jehova o re tataisa le ho re tšehetsa moeeng, ha re pone, ha re fetohe ba sa beheng kapa ba shoeleng moeeng. Re beha litholoana tšebeletsong ea Molimo ebile re bonahatsa litholoana tsa moea oa hae.—Jeremia 17:7, 8; Bagalata 5:22, 23.

15 Mopesaleme o etsa papiso ha a sebelisa sebōpeho sa lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “joaloka.” O bapisa lintho tse peli tse sa tšoaneng, le hoja li e-na le tšobotsi e itseng eo li tšoanang ka eona. Batho ha ba tšoane le lifate, empa ho totobetse hore ho atleha ha sefate se lenngoeng pel’a metsi a mangata ho ile ha hopotsa mopesaleme ka katleho ea moea ea ba ‘thabelang molao oa Jehova.’ Haeba re thabela molao oa Molimo, matsatsi a rōna a ka tšoana le a sefate. Ha e le hantle, re ka phela ka ho sa feleng.—Johanne 17:3.

16. Ke hobane’ng ha ‘ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang e atleha’ hona see se etsahala joang?

16 Haeba re tsamaea ka ho loka, Jehova o re thusa ho mamella liteko le mathata. Rea thaba ebile re beha litholoana tšebeletsong ea Molimo. (Matheu 13:23; Luka 8:15) ‘Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang ea atleha’ hobane sepheo sa rōna se seholo ke ho etsa thato ea Jehova. Kaha merero ea hae e atleha kamehla ’me re rata litaelo tsa hae, rea atleha moeeng. (Genese 39:23; Joshua 1:7, 8; Esaia 55:11) Sena se etsahala esita le ha re tobane le litsietsi.—Pesaleme ea 112:1-3; 3 Johanne 2.

Ba Khopo ba Bonahala ba Atleha

17, 18. (a) Mopesaleme o tšoantša batho ba khopo le eng? (b) Esita le haeba batho ba khopo ba atleha linthong tse bonahalang, ke hobane’ng ha ba ke ke ba sireletseha ka nako e telele?

17 Bophelo ba batho ba khopo bo fapane hakaakang le ba batho ba lokileng! Ba khopo ba ka ’na ba bonahala ba atleha ka nakoana, empa moeeng teng ha ba atlehe. Sena se totobala mantsoeng a latelang a mopesaleme a reng: “Ba khopo ha ba joalo, empa ba joaloka ’mōkō o fefoloang ke moea. Ke ka lebaka leo ba khopo ba ke keng ba ema kahlolong, kapa baetsalibe phuthehong ea ba lokileng.” (Pesaleme ea 1:4, 5) Hlokomela hore mopesaleme o re, “ba khopo ha ba joalo.” O bolela hore ha ba tšoane le batho ba tšabang Molimo, ba sa tsoa tšoantšoa le lifate tse behang, le tse phelang nako e telele.

18 Esita le ha batho ba khopo ba atleha, ba ke ke ba sireletseha ka nako e telele. (Pesaleme ea 37:16; 73:3, 12) Ba tšoana le monna ea ruileng ea se nang kahlolo e molemo eo Jesu a buileng ka eena papisong ha a ne a kōptjoa hore a lokise qabang tabeng e neng e ama lefa. Jesu o ile a re ho ba neng ba le teng moo: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” Jesu o ile a bapisa ntlha ena ha a ne a bolela hore tšimo ea monna e mong ea ruileng e ne e beha haholo hoo a ileng a etsa litokisetso tsa ho qhaqha matlo a hae a polokelo le ho haha a maholoanyane e le hore a be le sebaka sa ho boloka lintho tsohle tsa hae tse molemo. Ka mor’a moo, monna enoa o ile a etsa litokisetso tsa hore a je, a noe le ho ithabisa. Empa Molimo a re: “Uena ea se nang kahlolo e molemo, bosiung bona ba batla moea oa hao ho uena. Joale, ke mang ea tla ba le lintho tseo u li bokeletseng?” Jesu o ile a hatisa ntlha ena ka ho re: “Ho joalo le ka motho ea ipolokelang letlotlo empa a sa ruela ho Molimo.”—Luka 12:13-21.

19, 20. (a) Hlalosa mokhoa oa boholo-holo oa ho pola le oa ho olōsa. (b) Ke hobane’ng ha batho ba khopo ba tšoantšoa le ’mōkō?

19 Batho ba khopo ha baa “ruela ho Molimo.” Kahoo, ha ho sa na letho le ba sirelelitseng le le ba fang botsitso, ba tšoana le ’mōkō oo e leng makhapetla a masesaane a lijo-thollo. Mehleng ea boholo-holo lijo-thollo li ne li kotuloa ebe li isoa seotlong, e leng sebaka se bataletseng seo ka tloaelo se neng se le moo ho phahameng. Seotlong moo, liphoofolo li ne li hula selei se nang le majoe a bohale kapa meno a tšepe ka tlaase hore ho rojoe mahlaka ho ntša lijo-thollo ka makhapetleng. Joale, ha moea o ntse o foka, ho ne ho khuoa motsoako ona ka kharafu ea ho olōsa ebe o akholetsoa holimo. (Esaia 30:24) Lijo-thollo li ne li oela fatše ka seotlong, ha moea o tšeka mahlokoa ’me o fefola ’mōkō. (Ruthe 3:2) Ka mor’a hore lijo-thollo li sefshoe hore ho ntšoe majoe le lintho tse ling tse sa hlokahaleng, li ne li loketse ho bolokoa kapa ho siloa. (Luka 22:31) Empa ’mōkō oona o ne o fefohile.

20 Feela joalokaha litlhaku tsa lijo-thollo tse neng li oetse fatše li ne li bolokoa ha ’mōkō o fefoloa, ka ho tšoanang ba lokileng ba tla sala ’me ba khopo ba tla tlosoa. Ka sebele, rea thaba hore ebe haufinyane batho bao ba khopo ba tla ba sieo ka ho sa feleng. Ha ba se ba tlositsoe, batho ba thabelang molao oa Jehova ba tla hlohonolofatsoa haholo. Ka sebele, qetellong, batho ba utloang ba tla amohela mpho ea Molimo ea bophelo bo sa feleng.—Matheu 25:34-46; Baroma 6:23.

“Litsela Tsa ba Lokileng” Tse Hlohonolofalitsoeng

21. Jehova o ‘tseba ba lokileng’ joang?

21 Pesaleme ea pele e phethela ka mantsoe ana: “Jehova o tseba litsela tsa ba lokileng, empa litsela tsa ba khopo li tla timela.” (Pesaleme ea 1:6) Molimo o ‘tseba ba lokileng’ joang? Haeba re phehella ho tsamaea ka ho loka, re ka kholiseha hore Ntate oa rōna oa leholimo o bona bophelo ba rōna ba bomolimo ebile o re talima re le bahlanka ba hae ba amohelehang. Ka hona, re ka lahlela lipelaelo tsohle tsa rōna ho eena, ha e le hantle re lokela ho etsa joalo, re kholisehile hore ruri oa re tsotella.—Ezekiele 34:11; 1 Petrose 5:6, 7.

22, 23. Ho tla etsahala’ng ka batho ba khopo le ba lokileng?

22 “Litsela tsa ba lokileng” li tla hlola ka ho sa feleng, empa batho ba khopo hoo ba ke keng ba lokisoa ba tla timela hobane Jehova o tla ba ahlola habohloko. ’Me “litsela” tsa bona, kapa tsela eo ba phelang ka eona e tla timela le bona. Re ka ba le tšepo ea hore mantsoe a latelang a Davida a tla phethahala: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata. Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:10, 11, 29.

23 Re tla thaba haholo haeba re ka fuoa monyetla oa ho phela lefatšeng la paradeise ha batho ba khopo ba se ba le sieo! Nakong eo ba bonolo le ba lokileng ba tla thabela khotso ea ’nete hobane ka linako tsohle ba tla nyakallela “molao oa Jehova.” Leha ho le joalo, pele ho moo, “molao-taelo oa Jehova” o lokela ho phethahatsoa. (Pesaleme ea 2:7a) Sehlooho se latelang se tla re thusa ho bona hore molao-taelo oo ke ofe le hore o tla bolela eng ho rōna le ho moloko oohle oa batho.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha motho ea tšabang Molimo a thabile?

• Ke eng se bontšang hore re thabela molao oa Jehova?

• Ke joang motho a ka tšoanang le sefate se noselitsoeng hantle?

• Tsela ea ba lokileng e fapane joang le ea batho ba khopo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Thapelo e tla re thusa ho qoba ho ba le setsoalle le batho ba khopo

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Ke hobane’ng ha motho ea lokileng a tšoana le sefate?