Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Batla Puso e Lokileng

Ho Batla Puso e Lokileng

Ho Batla Puso e Lokileng

“Ho itšetleha ho ntseng ho ata ha linaha tsa lefatše ka linaha tse ling ho ekelitse mathata ao linaha ka bonngoe li ke keng tsa hlola li khona ho itharollela ’ona. Re ka khona ho sebetsana le maemo a kotsi le a thata a ntseng a eketseha a tobileng moloko oa batho ka hore feela ho be le tšebelisano lefatšeng ka bophara.”—Ghulam Umar, mohlahlobi oa lipolotiki Pakistane.

LEFATŠE la kajeno le tletse maemo a mangata a qakang. Le hoja re pota-potiloe ke matletsetletse a lintho tse bonahalang, ba bangata ba hula ka thata bophelong. Moloko ona oa lik’homphieutha ke oa batho ba rutehileng ka ho fetisisa, leha ho le joalo ba bangata ba thatafalloa ho fumana mosebetsi o tsitsitseng. Le hoja ho bonahala eka batho ba na le bolokolohi ho feta leha e le neng pele, ba limilione ba phela tšabong, ba ikutloa ba sa sireletseha. E ka ’na eaba re pota-potiloe ke menyetla ea lintho tse ipiletsang, empa bobolu le ho hloka molao ho etsahalang likarolong tsohle tsa bophelo ho entse hore ba bangata ba hloke tšepo.

Mathata a tobileng moloko oa batho a tebile hoo ho seng sechaba, kapa esita le lichaba, tse ka a rarollang. Kahoo, bashebelli ba bangata ba entse qeto ea hore e le hore ho be le khotso le tšireletseho ea sebele lefatšeng, lichaba tsohle li lokela ho kopana tlas’a puso e le ’ngoe. Ka mohlala, ke khale Albert Einstein, a ile a buella khopolo eo. Ka 1946 o ile a re: “Ke lumela ka tieo hore batho ba bangata lefatšeng ba ne ba tla khetha ho phela ka khotso le tšireletseho . . . Takatso ea moloko oa batho ea hore ho be le khotso e ka phethahala hafeela ho ka thehoa puso ea lefatše lohle.”

Ka mor’a lilemo tse mashome a mahlano, tlhoko ena ea bohlokoa e ntse e e-s’o khotsofatsoe. Ha tlaleho e koranteng ea Le Monde ea Paris, Fora, e thathamisa mathata a lekholong la bo21 la lilemo, e re: “Ho hlokahala hore ho raloe metheo ea boahloli, tsamaiso le molao-motheo oa puso ea machaba e khonang ho kenella hang-hang, libakeng tsohle tsa lefatše, ha ho bolaoa batho ba morabe o mong ka sehlōhō. Ke taba ea ho amohela hore ho tloha hona joale ho ea pele Lefatše ke naha e le ’ngoe.” Ke mang kapa ke eng e nang le matla le bokhoni ba ho etsa see e le ho tiisa hore batho ba ba le bokamoso bo nang le khotso?

Na Machaba a Kopaneng ke Tharollo?

Ba bangata ba tšepile hore mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o tla tlisa khotso lefatšeng. Na Machaba a Kopaneng ke puso e ka tlisetsang lefatše khotso le tšireletseho ea sebele? Ntle ho pelaelo, ho buuoa lintho tse ngata lipolotiking tse utloahalang li susumetsa li bile li tšepisa. Ka mohlala, ‘Phatlalatsong ea sona ea Lilemo Tse Sekete’ ka 2000, Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng se ile sa fihlela qeto ena: “Re tla etsa sohle se matleng a rōna ho lokolla batho ba habo rōna koluoeng ea ntoa, ebang ke ea lehae kapa e pakeng tsa Linaha, e seng e bolaile batho ba fetang limilione tse 5 lilemong tse leshome tse fetileng.” Liphatlalatso tse joalo li entse hore Machaba a Kopaneng a rorisoe le ho hlomphuoa ke batho le mekhatlo e mengata, esita le hore a hape Khau ea Khotso ea Nobel ka 2001. Ka hona Komiti ea Nobel ea Norway ha e phafa Machaba a Kopaneng e ile ea bolela hore “tsela feela ea ho atleha ho finyella khotso ea lefatše le tšebelisano-’moho ke ho sebelisa Machaba a Kopaneng.”

Ho sa tsotellehe sena sohle, na mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, o thehiloeng ka 1945, o ipakile ho ba puso e ka khonang ho tlisa khotso ea sebele le e tšoarellang lefatšeng? Che, kaha lichaba tse ichebileng botsona le tse susumetsoang ke bochaba tseo e leng litho tsa oona li nyopisitse boiteko bo bongata boo o bo entseng. Ho ea ka mantsoe a mohlophisi oa koranta e ’ngoe, batho ka kakaretso ba nka Machaba a Kopaneng e le “sesebelisoa feela se hlahisang maikutlo ao batho ba bangata ba nang le ’ona” le hore “ha ’ona feela ke ho tšohla mathata ao ho ’nileng ha buisanoa ka ’ona ka lilemo-lemo empa ho sa bonahale tsoelo-pele ea letho ho leba tharollong.” Potso e salang ke hore: Na ho na le mohla lichaba tsa lefatše li tla hle li kopane?

Bibele e senola hore kopano e joalo e tla finyelloa haufinyane. See se tla etsahala joang? Hona ke puso efe e tla finyella seo? E le hore u fumane likarabo, ka kōpo bala sehlooho se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Einstein o ile a buella hore ho hlokahala puso ea lefatše lohle

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Einstein: U.S. National Archives photo