Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Hlaolela Pono e Kang ea Kreste ka Boholo

Ho Hlaolela Pono e Kang ea Kreste ka Boholo

Ho Hlaolela Pono e Kang ea Kreste ka Boholo

“Mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna.”—MATHEU 20:26.

1. Lefatše le na le pono efe ka boholo?

HAUFI le motse oa boholo-holo oa Egepeta oa Thebes (oo kajeno e leng Karnak), o lik’hilomithara tse ka bang 500 ka boroa ho Cairo, ho eme seemahale sa setonanahali sa Faro Amenhotep III se bolelele ba limithara tse 18. Motho o ikutloa a le mosesaane ha a ipapisa le seemahale seo. Seemahale sena, seo ntle ho pelaelo se reretsoeng ho susumelletsa batho ho tlotlisa ’musi eo, se bontša tsela eo lefatše le talimang boholo ka eona—ho iketsa motho ea hlaheletseng le oa bohlokoa ka hohle kamoo motho a ka khonang le ho etsa hore ba bang ba ikutloe e se letho.

2. Jesu o ile a behela balateli ba hae mohlala ofe, hona re lokela ho ipotsa lipotso life?

2 Bapisa pono ena le eo Jesu Kreste a ileng a e ruta ka boholo. Le hoja e ne le “Morena le Mosuoe” oa balateli ba hae, Jesu o ile a ba ruta hore boholo bo tlisoa ke ho sebeletsa ba bang. Letsatsing la ho qetela la bophelo ba hae lefatšeng, Jesu o ile a bontša se boleloang ke seo a neng a se ruta ka ho hlatsoa barutuoa ba hae maoto. O ile a bontša boikokobetso bo bokaakang! (Johanne 13:4, 5, 14) U thabela hofe—ho sebeletsa kapa ho sebeletsoa? Na mohlala oa Kreste o u susumelletsa hore u be le takatso ea ho ikokobetsa joalokaha a ne a ikokobelitse? Joale a re hlahlobeng hore na pono ea Kreste ka boholo e fapana joang le e atileng lefatšeng.

Qoba Pono ea Lefatše ka Boholo

3. Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang phello e bohloko e tlelang ba labalabelang ho tlotlisoa ke batho?

3 Ho na le mehlala e mengata ka Bibeleng e bontšang hore pono ea lefatše ka boholo e isa tšenyehong. Nahana ka Hamane ea matla, ea neng a hlaheletse ka mahetla ka lekhotleng la borena la Persia mehleng ea Esthere le Mordekai. Takatso e feteletseng ea Hamane ea ho tlotlisoa e ile ea mo lebisa ho kokobetsoeng le lefung. (Esthere 3:5; 6:10-12; 7:9, 10) Ho thoe’ng ka Nebukadnezare ea ikhohomosang, ea ileng a otloa ka bohlanya ha a le sehlohlolong sa puso ea hae? O ile a bontša boikutlo bo fosahetseng ka boholo ha a re: “Na ena hase Babylona e Khōlō, eo ke e hahileng bakeng sa ntlo ea borena ka matla a bonatla ba ka le bakeng sa seriti sa boholo ba ka bo hlomphehang?” (Daniele 4:30) Heroda Agripa I ea ikakasang ke e mong hape ea ileng a amohela khanya e sa mo tšoanelang ho e-na le ho tlotlisa Molimo. O ile a “jeoa ke libōkō ’me a shoa.” (Liketso 12:21-23) Ho hlōleha ha banna bana ho utloisisa pono ea Jehova ka boholo ho ile ha ba lebisa ho oeng ho tlotlollang.

4. Ke mang ea hlohlelletsang moea oa lefatše oa boikhohomoso?

4 Ke ho loketseng hore re batle ho phela ka tsela e re tlisetsang tlhompho. Empa Diabolose o sebelisa takatso ena hampe ka hore a hlohlelletse moea oa boikhohomoso, o bonahatsang takatso ea hae ea bophahamo. (Matheu 4:8, 9) U se ke ua lebala hore ke eena “molimo oa tsamaiso ena ea lintho” le hore o ikemiselitse ho hōlisa monahano oo oa hae mona lefatšeng. (2 Bakorinthe 4:4; Baefese 2:2; Tšenolo 12:9) Kaha Bakreste ba tseba mohloli oa monahano o joalo, ba qoba pono ea lefatše ka boholo.

5. Na katleho, botumo le leruo li fana ka tiiso ea hore motho o tla fumana khotsofalo e tšoarellang? Hlalosa.

5 Khopolo e ’ngoe eo Diabolose a e khothalletsang ke ea hore ho iketsetsa lebitso lefatšeng, ho tlotlisoa ke batho le ho ba le chelete e ngata ke hona ho etsang hore motho a thabe bophelong. Na seo ke ’nete? Na katleho, botumo le leruo li fana ka tiiso ea hore bophelo e tla ba bo khotsofatsang? Bibele e re lemosa hore re se ke ra thetsoa ke monahano o joalo. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Ke bone mosebetsi oohle o boima le botsebi bohle mosebetsing, hore ho bolela tlhōlisano ea e mong khahlanong le e mong; sena le sona ke lefeela le ho lelekisa moea.” (Moeklesia 4:4) Batho ba bangata ba ileng ba ikitlaelletsa ho batla botumo lefatšeng ba ka paka hore keletso ena e bululetsoeng ea Bibele ke ’nete. Mohlala o mong ke oa monna ea ileng a thusa ho rala, ho haha le ho hlahloba sefofa-sebakeng se ileng sa isa motho khoeling. O re: “Ke ile ka sebetsa ka thata ’me ka ipabola ho seo ke se etsang. Empa hoo ha hoa nketsetsa letho, kapa hona ho nthusa hore ke fumane thabo e tšoarellang le khotso ea kelello.” * Maikutlo a lefatše ka boholo, ebang ke khoebong, lipapaling, kapa boithabisong, ha a fane ka tiiso ea hore motho o tla fumana khotsofalo e tšoarellang.

Boholo bo Tlisoa ke ho Sebeletsa ba Bang ka Lerato

6. Ke’ng se bontšang hore Jakobo le Johanne ba ne ba e-na le pono e fosahetseng ka boholo?

6 Ketsahalo e ’ngoe e etsahetseng bophelong ba Jesu e senola seo boholo ba sebele bo hlileng bo se akarelletsang. Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba e-ea Jerusalema ho ea keteka Paseka ea 33 C.E. Ha ba le tseleng, beng ka Jesu ba babeli, e leng Jakobo le Johanne, ba ile ba bonahatsa hore ba na le pono e fosahetseng ka boholo. Ba ile ba romela ’mè oa bona ho kōpa Jesu sena: ‘Laela hore re lule e mong ka letsohong la hao le letona ’me e mong ka ho le letšehali, ’musong oa hao.’ (Matheu 20:21) Ho Bajuda, ho lula ka letsohong le letona kapa le letšehali ho ne ho nkoa e le tlotla e khōlō. (1 Marena 2:19) Jakobo le Johanne ba ile ba leka ho iphamolela libaka tseo tse hlaheletseng ka ho fetisisa. Ba ne ba batla ho inkela libaka tsena tsa bolaoli. Jesu o ne a tseba seo ba se nahanang ’me o ile a sebelisa monyetla oo ho lokisa pono ea bona e fosahetseng ka boholo.

7. Jesu o ile a hlalosa tsela ea ho finyella boholo ba ’nete ba Bokreste joang?

7 Jesu o ne a tseba hore lefatšeng lena le ikhohomosang, motho ea nkoang a le moholo ke ea laolang ba bang le ho ba laela le eo ka ho panya ha leihlo a ka fumanang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. Empa se lekanyang boholo ho balateli ba Jesu ke tšebeletso e etsoang ka boikokobetso. Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna, ’me mang kapa mang ea batlang ho ba oa pele har’a lōna e tla ba lekhoba la lōna.”—Matheu 20:26, 27.

8. Ho ba mosebeletsi ho bolela’ng, hona re ka ipotsa lipotso life?

8 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “mosebeletsi” ka Bibeleng le bolela motho ea etsang boiteko ba ho sebeletsa ba bang ka mahlahahlaha le ka ho phehella. Jesu o ne a ruta barutuoa ba hae thuto ea bohlokoa: Ho laela batho hore ba etse lintho tse itseng ha ho etse motho hore e be e moholo; empa ha a sebeletsa ba bang a susumetsoa ke lerato ke hona ho mo etsang e moholo. Ipotse: ‘Ke ne ke tla itšoara joang haeba ke ne ke le Jakobo kapa Johanne? Na ke ne ke tla utloisisa hore boholo ba ’nete bo tlisoa ke ho sebeletsa ba bang hobane motho a ba rata?’—1 Bakorinthe 13:3.

9. Jesu o ile a beha mohlala ofe ha a sebelisana le ba bang?

9 Jesu o ile a bontša barutuoa ba hae hore tsela eo lefatše le lekanyang boholo ka eona hase tsela ea ho lekanya boholo bo kang ba Kreste. Ho ne ho se mohla a ikutloang a phahametse bao a neng a ba sebeletsa kapa a etsa hore ba ikutloe ba le basesaane. Batho ba mefuta eohle—banna, basali le bana, ba ruileng, ba futsanehileng le ba matla, hammoho le ba tsebahalang ka hore ke baetsalibe—ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le eena. (Mareka 10:13-16; Luka 7:37-50) Hangata batho ba tenehela ba nang le mefokolo e itseng. Jesu o ne a se joalo. Le hoja ka linako tse ling barutuoa ba hae ba ne ba sa nahanele ba bile ba rata ho pheha khang, o ne a ba ruta ka mamello, a ba bontša hore ka sebele o ikokobelitse le hore o bonolo.—Zakaria 9:9; Matheu 11:29; Luka 22:24-27.

10. Tsela eohle eo Jesu a neng a phela ka eona e ile ea bontša joang hore o ne a sebeletsa ba bang ka ho hloka boithati?

10 Mohlala oa Mora enoa ea ikhethang oa Molimo o bontšang ho hloka boithati o ile oa hlakisa se boleloang ke boholo. Jesu o ne a sa tlela ho sebeletsoa lefatšeng empa o ne a tletse ho sebeletsa ba bang, o ne a folisa “maloetse a sa tšoaneng” a bile a lokolla batho taolong ea bademona. Le hoja a ne a khathala ’me a hloka nako ea ho phomola, o ne a lula a etelletsa pele litlhoko tsa bang ho e-na le tsa hae, a ikitlaelletsa ho ba tšelisa. (Mareka 1:32-34; 6:30-34; Johanne 11:11, 17, 33) Lerato la hae le ile la mo susumelletsa hore a thuse batho moeeng, a tsamaee lik’hilomithara tse makholo litseleng tse lerōle ho ea bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mareka 1:38, 39) Ntle ho pelaelo, Jesu o ne a nka taba ea ho sebeletsa ba bang ka ho teba.

Etsisa Boikokobetso ba Kreste

11. Ke litšoaneleho life tse shejoang ho barab’abo rōna ba khetheloang ho sebeletsa e le balebeli ka phuthehong?

11 Boikutlo bo loketseng boo balebeli ba Bakreste ba lokelang ho bo hlaolela bo ile ba totobatsoa ho elella mathoasong a lilemo tsa bo-1900, ha ho khethoa banna ba itseng hore e be baemeli ba tsamaeang ba sebeletsang litlhoko tsa batho ba Molimo. Ho ea ka Zion’s Watch Tower ea September 1, 1894, ho ne ho hlokahala hore banna bao ba be “bonolo—e le hore ba tle ba se ke ba ikhohomosa . . . , e be ba ikokobelitseng kelellong, e se ke ea e-ba ba ratang ho ipolelisa, empa ba bolele Kreste—ba se ke ba phatlalatsa tsebo ea bona, empa ba phatlalatse Lentsoe la hae ka tsela e hlakileng le ka matla.” Ho hlakile hore Bakreste ba ’nete ha baa lokela ho batla boikarabelo e le hore ba khotsofatse takatso ea bona ea bophahamo kapa ho fumana botumo, matla le ho laola ba bang. Molebeli ea ikokobelitseng oa hopola hore boikarabelo ba hae ke “mosebetsi o motle,” eseng boemo bo phahameng bo mo tlotlisang. (1 Timothea 3:1, 2) Baholo le bahlanka bohle ba sebeletsang ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona ho sebeletsa ba bang ka boikokobetso le ho etella pele tšebeletsong e halalelang, ba behele ba bang mohlala o loketseng oo ba ka o etsisang.—1 Bakorinthe 9:19; Bagalata 5:13; 2 Timothea 4:5.

12. Ba hahamallang litokelo ka phuthehong ba ka ’na ba ipotsa lipotso life?

12 Ho ka ’na ha hlokahala hore mor’abo rōna leha e le ofe ea hahamallang litokelo a ipotse: ‘Na ke sheba menyetla ea ho sebeletsa ba bang, kapa ke na le tšekamelo ea ho batla ho sebeletsoa? Na ke ithaopela ho etsa mesebetsi e molemo eo ba bang ba ka ’nang ba se ke ba e hlokomela?’ Ka mohlala, mohlankana ea itseng a ka ’na a ithaopela ho fana ka lipuo ka phuthehong ea Bokreste empa a ba leqe ho thusa ba hōlileng. A ka ’na a thabela ho itsoakanya le banna ba nang le boikarabelo ka phuthehong empa a ba monyebe ho kopanela tšebeletsong ea boboleli. Mohlankana ea joalo o lokela ho ipotsa: ‘Na ke amehile haholo ka litšobotsi tsa tšebeletso ea Molimo tse ntlisetsang botumo le thoriso? Na ke loanela ho hlahella har’a ba bang?’ Ka sebele ho ipatlela thoriso hase ho etsisa Kreste.—Johanne 5:41.

13. (a) Mohlala oa boikokobetso oa molebeli o ka ama ba bang joang? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe boikokobetso, kapa ho ikokobetsa kelellong hase taba ea boikhethelo ho Mokreste?

13 Ha re leka ka matla ho etsisa boikokobetso ba Kreste, re susumelletseha ho sebeletsa ba bang. Nka ka mohlala molebeli e mong oa libaka ea neng a hlahloba mosebetsi ho e ’ngoe ea liofisi tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova. Le hoja a ne a e-na le lintho tse ngata tseo a lokelang ho li etsa kemisong ea hae a bile a e-na le boikarabelo bo bongata, molebeli enoa o ile a ema ho thusa mor’abo rōna e mong e mocha ea neng a sokolisoa ke ho seta mochine o tlamang libukana. Mora eo oabo rōna o re: “Ha kea ka ka kholoa mahlo a ka! O ile a mpolella hore o ne a sebelisa mochine o kang ona ha e ne e sa le mohlankana a sebeletsa Bethele, ’me a re o hopola kamoo ho neng ho le thata kateng ho o seta ka tsela e nepahetseng. O ile a qeta nako a sebetsa le ’na mochineng oo le hoja a ne a e-na le lintho tse ling tse ngata tsa bohlokoa tseo a lokelang ho li etsa. Sena se ile sa nkama haholo.” Hona joale mora eo oabo rōna ke molebeli ofising e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, ’me o ntse a hopola ketso eo ea boikokobetso. E se eka le ka mohla re ke ke ra ikutloa re phahame haholo hore re ka etsa lintho tse tlaase kapa hore re ba bohlokoa haholo hore re ka etsa mesebetsi e fatše. Ho e-na le hoo, re lokela ho ikapesa “ho ikokobetsa kelellong.” Ena hase taba ea boikhethelo. Ke karolo ea “botho bo bocha” boo Mokreste a lokelang ho bo apara.—Bafilipi 2:3; Bakolose 3:10, 12; Baroma 12:16.

Tsela ea ho Hlaolela Pono e Kang ea Kreste ka Boholo

14. Ho thuisa ka kamano ea rōna le Molimo le batho ba bang ho ka re thusa joang ho hlaolela pono e loketseng ka boholo?

14 Re ka hlaolela pono e loketseng ka boholo joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho thuisa ka kamano ea rōna le Jehova Molimo. O feta batho ba fokolang hōle ka bophahamo, matla le bohlale. (Esaia 40:22) Ho thuisa ka kamano ea rōna le batho ba bang le hona ho re thusa ho hlaolela ho ikokobetsa kelellong. Ka mohlala, re ka ’na ra etsa hamolemo ho feta ba bang likarolong tse itseng, empa e ka ’na eaba bona ba etsa hantle haholo litšobotsing tse ling tsa bophelo tseo e leng tsa bohlokoa le ho feta, kapa mohlomong barab’abo rōna ba Bakreste ba na le litšoaneleho tse itseng tseo re se nang tsona. Ha e le hantle, ba bangata bao e leng ba bohlokoa mahlong a Molimo ba batla ba sa hlahella hobane ba le bonolo ba bile ba ikokobelitse.—Liproverbia 3:34; Jakobo 4:6.

15. Ho tšepahala ha batho ba Molimo ho bontša joang hore ha ho motho ea nang le lebaka la ho ikutloa a phahametse ba bang?

15 Liphihlelo tsa Lipaki Tsa Jehova ha li lekoa ka lebaka la tumelo ea tsona li totobatsa ntlha ena. Hangata batho ba lutseng ba tšepahala ho Molimo ha ba lekoa ka matla ke bao lefatše le nkang hore ke batho feela tjee. Ho thuisa ka mehlala e joalo ho ka re thusa ho lula re ikokobelitse le ho re ruta ‘hore re se ke ra inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang re nahane’ kateng.—Baroma 12:3. *

16. Ke joang bohle ka phuthehong ba ka hlaolelang boholo e le ha ba etsisa mohlala oa Jesu?

16 Bakreste bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba lokela ho leka ho hlaolela pono e kang ea Kreste ka boholo. Ho na le mesebetsi e sa tšoaneng e lokelang ho etsoa ka phuthehong. U se ke ua khopeha ha u kōptjoa hore u etse lintho tse ka ’nang tsa bonahala e le tsa boemo bo tlaase. (1 Samuele 25:41; 2 Marena 3:11) Batsoali, na le khothalletsa bana ba lōna ba tlaase lilemong le ba lilemong tsa bocha hore ba sebetse ba thabile ha ba fuoa kabelo leha e le efe, ebang ke Holong ea ’Muso, lebaleng la kopano e nyenyane kapa e khōlō? Na ba le bona le etsa mesebetsi e tlaase? Mor’abo rōna e mong, eo hona joale a sebeletsang ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova, o sa hopola ka ho hlaka mohlala oa batsoali ba hae. O ile a re: “Tsela eo ba neng ba sebetsa ka eona ha ho hloekisoa Holo ea ’Muso kapa sebaka sa kopano e ile ea nthuta hore ba nka hoo e le habohlokoa. Ba ne ba atisa ho ithaopela ho etsa mesebetsi e etsetsoang phutheho kapa mokhatlo oa bara ba motho, ho sa tsotellehe hore na mesebetsi eo e ka ’na ea bonahala e le ea boemo bo tlaase hakae. Boikutlo bona bo nthusitse hore ke ithaopele ho amohela mosebetsi leha e le ofe oo ke o abeloang mona Bethele.”

17. Basali ba ikokobelitseng e ka ba tlhohonolofatso joang ka phuthehong?

17 Tabeng ea ho etelletsa lintho tseo ba bang ba li thahasellang ka pele ho tseo rōna re li thahasellang, re na le mohlala o motle oa Esthere, eo e neng e le mofumahali ’Musong oa Persia lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Le hoja a ne a lula tlung ea borena, o ile a ithaopela ho beha bophelo ba hae kotsing molemong oa batho ba Molimo, a etsa seo tumellanong le thato ea Hae. (Esthere 1:5, 6; 4:14-16) Ho sa tsotellehe maemo a bona a moruo, basali ba Bakreste kajeno ba ka bonahatsa boikutlo bo kang ba Esthere ka ho khothatsa ba tepeletseng maikutlo, ho etela ba kulang, ho kopanela mosebetsing oa boboleli le ka ho sebelisana le baholo. Barali bana babo rōna ba ikokobelitseng ke tlhohonolofatso e kaakang ka phuthehong!

Litlhohonolofatso Tsa Boholo bo Kang ba Kreste

18. Ke melemo efe e tlisoang ke ho bonahatsa boholo bo kang ba Kreste?

18 U fumana melemo e mengata ha u boloka pono e kang ea Kreste ka boholo. Ha u sebeletsa ba bang ka ho hloka boithati ua thaba ’me le bona baa thaba. (Liketso 20:35) Ha u ntse u ithaopela ho sebeletsa barab’eno ’me u ikitlaelletsa ho etsa seo, ba tla u rata. (Liketso 20:37) Habohlokoa le ho feta, Jehova o nka seo u se etsang ho ntšetsa pele boiketlo ba Bakreste-’moho le uena e le sehlabelo se mo khahlisang sa thoriso.—Bafilipi 2:17.

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng mabapi le ho ba le pono e kang ea Kreste ka boholo?

19 E mong le e mong oa rōna o lokela ho hlahloba pelo ea hae le ho ipotsa: ‘Na ke tla bua ka molomo feela hore ke hlaolela pono e kang ea Kreste ka boholo, kapa ke tla ikitlaelletsa ho e hlaolela?’ Ho hlakile hore na Jehova o ikutloa joang ka ba ikhohomosang. (Liproverbia 16:5; 1 Petrose 5:5) E se eka liketso tsa rōna li ka bontša hore re thabela ho bonahatsa pono e kang ea Kreste ka boholo, ebang ke ka phuthehong ea Bokreste, bophelong ba rōna ba lelapa, litšebelisanong tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi le batho ba bang—re etsa lintho tsohle bakeng sa khanya le thoriso ea Molimo.—1 Bakorinthe 10:31.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Bona Molula-Qhooa oa October 15, 1982, leqepheng la 3-6, “Ho Batla Katleho.”

^ ser. 15 Ka mohlala, bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1992 (ka Senyesemane), leqepheng la 181-2 le Molula-Qhooa oa September 1, 1993, leqepheng la 27-31.

Na U ka Hlalosa?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba pono ea lefatše ka boholo?

• Jesu o ile a lekanya boholo joang?

• Balebeli ba ka etsisa boikokobetso ba Kreste joang?

• Ke’ng se ka re thusang ho hlaolela boholo bo kang ba Kreste?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 17]

Ke Mang ea Nang le Boholo bo Kang ba Kreste?

Ea batlang ho sebeletsoa kapa ea ithaopelang ho sebeletsa?

Ea thabelang ho hlahella kapa ea amohelang mesebetsi ea boemo bo tlaase?

Ea iphahamisang kapa ea phahamisang ba bang?

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Seemahale sa setonanahali sa Faro Amenhotep III

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Na u tseba se lebisitseng ho oeng ha Hamane?

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Na u batla menyetla ea ho sebeletsa ba bang?