Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Senolela ba Ikokobelitseng Khanya ea Hae

Jehova o Senolela ba Ikokobelitseng Khanya ea Hae

Jehova o Senolela ba Ikokobelitseng Khanya ea Hae

“Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.”—LIPROVERBIA 22:4.

1, 2. (a) Buka ea Liketso e bontša joang hore Setefane e ne e le “monna ea tletseng tumelo le moea o halalelang”? (b) Ho na le bopaki bofe bo bontšang hore Setefane o ne a ikokobelitse?

SETEFANE e ne e le “monna ea tletseng tumelo le moea o halalelang.” Hape o ne a “tletse mosa le matla.” Kaha e ne e le e mong oa barutuoa ba Jesu ba qalong, o ne a etsa lipontšo tse khōlō le limakatso bathong. Ka lekhetlo le leng, banna ba itseng ba ile ba ema ho phehisana le eena, “leha ho le joalo ba ne ba sa khone ho ikemela khahlanong le bohlale le moea oo a neng a bua ka oona.” (Liketso 6:5, 8-10) Ho hlakile hore Setefane e ne e le seithuti se hloahloa sa Lentsoe la Molimo le hore o ile a le sireletsa ka tieo ka pel’a baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba mehleng ea hae. Bopaki bo qaqileng boo a ileng a fana ka bona, bo tlalehiloeng ho Liketso khaolo ea 7, bo paka kamoo a neng a thahasella ka matla kateng ho senoleha ha morero oa Molimo.

2 Ho fapana le baeta-pele bao ba bolumeli, bao maemo a bona le tsebo eo ba neng ba e-na le eona e neng e etsa hore ba ikutloe ba phahametse batho feela ba tloaelehileng, Setefane o ne a ikokobelitse. (Matheu 23:2-7; Johanne 7:49) Le hoja a ne a tseba Mangolo haholo, o ne a khotsofaletse kabelo ea “ho ea aba lijo litafoleng” e le hore baapostola ba ka inehela “thapelong le bosebeletsing ba lentsoe.” Setefane o ne a e-na le botumo bo botle har’a barab’abo, ka hona o ile a khetheloa ho ba e mong oa banna ba supileng ba pakiloeng ba neng ba ka sebetsana le kabo ena ea lijo ea letsatsi le letsatsi. O ile a amohela mosebetsi ona ka boikokobetso.—Liketso 6:1-6.

3. Setefane o ile a bona pontšo efe e ikhethang ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo?

3 Jehova o ile a hlokomela ho ikokobetsa ha Setefane hammoho le ho thahasella ha hae lintho tsa moea le ho tšepahala ha hae. Ha Setefane a ntse a pakela letšoele le tletseng bora la baeta-pele ba Sanhedrine ba Bajuda, bahanyetsi ba hae ba ile “ba bona hore sefahleho sa hae se ne se le joaloka sefahleho sa lengeloi.” (Liketso 6:15) Sefahleho sa hae se ne se bonahala joaloka sa moromuoa oa Molimo, se bonahatsa khotso e tsoang ho Molimo oa khanya, e leng Jehova. Ka mor’a hore Setefane a pakele litho tsa Sanhedrine ka sebete, o ile a bona pontšo e ikhethang ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo. “Eena, a tletse moea o halalelang, a talima leholimong ’me a re heli! eaba o bona khanya ea Molimo le ea Jesu a eme ka letsohong le letona la Molimo.” (Liketso 7:55) Pono ena e hlollang e ile ea boela ea tiisetsa Setefane hore Jesu ke Mora oa Molimo ebile ke Mesia. E ile ea matlafatsa Setefane ea ikokobelitseng le ho mo kholisa hore Jehova oa mo amohela.

4. Jehova o senolela bo-mang khanya ea hae?

4 Joalokaha pono eo Setefane a ileng a e fuoa e bontša, Jehova o senolela baikokobetsi ba tšabang Molimo ba bileng ba ananelang kamano ea bona le eena khanya ea hae le morero oa hae. Bibele e re: “Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.” (Liproverbia 22:4) Ka hona, ke habohlokoa hore re utloisise hore na boikokobetso ba sebele ke eng, hore na re ka hlaolela tšobotsi ena ea bohlokoa joang le hore na re ka rua molemo joang ka ho e bonahatsa likarolong tsohle tsa bophelo.

Boikokobetso—Tšobotsi ea Bomolimo

5, 6. (a) Boikokobetso ke eng? (b) Jehova o bonahalitse boikokobetso joang? (c) Boikokobetso ba Jehova bo lokela ho re ama joang?

5 Ba bang ba ka ’na ba makatsoa ke hore ebe Jehova Molimo, motho ea phahameng le ea khanyang ka ho fetisisa bokahohleng, ke mohlala o ka sehloohong oa boikokobetso. Morena Davida o ile a re ho Jehova: “U tla mpha thebe ea hao ea poloko, letsoho la hao le letona le tla ntšehetsa, boikokobetso ba hao bo tla etsa hore ke be moholo.” (Pesaleme ea 18:35) Davida o ile a sebelisa motso oa lentsoe la Seheberu le bolelang “ho inama,” ha a hlalosa Jehova e le ea ikokobelitseng. Ntle ho lentsoe “boikokobetso,” mantsoe a mang a amanang le motso oa lentsoe leo a akarelletsa “ho inyenyefatsa,” “bonolo” le “ho itheola boemong.” Kahoo Jehova o ile a bonahatsa boikokobetso ha a itheolela tlaase e le hore a sebetsane le motho ea sa phethahalang Davida le ho mo sebelisa e le morena ea Mo emetseng. Joalokaha sehloohoana sa Pesaleme ea 18 se bontša, Jehova o ile a sireletsa Davida le ho mo tšehetsa, a mo lopolla “liatleng tsa lira tsohle tsa hae le letsohong la Saule.” Ka ho tšoanang, Davida o ne a tseba hore boholo kapa khanya leha e le efe eo a ka ’nang a ba le eona e le morena e ne e itšetlehile ka hore Jehova a mo thuse ka boikokobetso. Ho hlokomela sena ho ile ha thusa Davida hore a lule a ikokobelitse.

6 Ho thoe’ng ka rōna? Jehova o khethile ho re ruta ’nete, mohlomong o bile o re file litokelo tse khethehileng tsa tšebeletso ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, kapa mohlomong o re sebelisitse ka tsela e itseng ho phethahatsa thato ea hae. Re lokela ho ikutloa joang ka see sohle? Na ha rea lokela ho ikokobetsa? Na ha rea lokela ho leboha Jehova ka hore ebe o ikokobelitse ’me re qobe ho iphahamisa, e leng ho tla re lebisa tlokotsing?—Liproverbia 16:18; 29:23.

7, 8. (a) Boikokobetso ba Jehova bo ile ba bonahala joang tšebelisanong ea hae le Manase? (b) Jehova hammoho le Manase ba re behetse mohlala ofe oo re lokelang ho o latela oa ho bontša boikokobetso?

7 Jehova ha aa bontša boikokobetso bo boholo feela ka ho sebelisana le batho ba sa phethahalang empa o boetse o bontšitse hore o ikemiselitse ho hauhela ba inyenyefalitseng kelellong, esita le ho phahamisa ba ikokobelitseng. (Pesaleme ea 113:4-7) Nka ka mohlala, taba ea Morena Manase oa Juda. O ile a sebelisa hampe tokelo ea hae ea ho ba morena ka ho khothalletsa borapeli ba bohata a ba a “etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō, ho mo siteloa.” (2 Likronike 33:6) Qetellong, Jehova o ile a otla Manase ka hore a lumelle morena oa Assyria ho mo tlosa boreneng. Ha Manase a le teronkong, o ile “a nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hae ’me a ’na a ikokobetsa haholo,” hoo Jehova a ileng a mo khutlisetsa boreneng Jerusalema, ’me Manase “a tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.” (2 Likronike 33:11-13) E, qetellong ho ikokobetsa ha Manase kelellong ho ile ha khahlisa Jehova, eo le eena ka ho tšoanang a ileng a bontša ho ikokobetsa ka hore a mo tšoarele ’me a boele a mo etse morena.

8 Ho ikemisetsa ha Jehova ho tšoarela le boikutlo ba Manase ba ho baka ho re ruta taba ea bohlokoa ka boikokobetso. Re lokela ho lula re hopola hore tsela eo re tšoarang bao e ka ’nang eaba ba re foselitse ka eona le boikutlo boo re bo bonahatsang ha re entse sebe li ka ama tsela eo Jehova a sebelisanang le rōna ka eona. Haeba re ikemiselitse ho tšoarela ba bang litšito tsa bona ’me ka boikokobetso re amohela liphoso tsa rōna, re ka lebella hore Jehova a re hauhele.—Matheu 5:23, 24; 6:12.

Khanya ea Molimo e Senoleloa ba Ikokobelitseng

9. Na boikokobetso ke pontšo ea bofokoli? Hlalosa.

9 Leha ho le joalo, boikokobetso le litšoaneleho tse ling tse tsamaisanang le bona ha lia lokela ho talingoa e le pontšo ea bofokoli kapa tšekamelo ea ho lumella bobe. Joalokaha Mangolo a Halalelang a paka, Jehova o ikokobelitse, empa o bonahatsa khalefo e lokileng le matla a maholo ha ho hlokahala. Ka lebaka la boikokobetso ba hae, Jehova o lebisa tlhokomelo e lerato kapa e khethehileng ho ba inyenyefatsang kelellong empa o hōle le ba ikhohomosang. (Pesaleme ea 138:6) Jehova o bontšitse joang hore o hlokomela ka ho khetheha bahlanka ba hae ba ikokobelitseng?

10. Joalokaha ho bontšitsoe ho 1 Bakorinthe 2:6-10, Jehova o senolela ba ikokobelitseng eng?

10 Ka nako ea hae e loketseng le ka mocha oo a o khethileng oa puisano, Jehova o ’nile a senolela ba ikokobelitseng litaba tse mabapi le ho phethahatsoa ha morero oa hae. Lintho tsena tse khanyang li lula li patetsoe bao ka boikhohomoso ba itšetlehileng ka bohlale ba batho le menahano ea bona kapa ba itšoareletse ka eona ka manganga. (1 Bakorinthe 2:6-10) Empa ba ikokobelitseng, kaha ba filoe kutloisiso e nepahetseng ea morero oa Jehova, ba susumelletseha ho tlotlisa Jehova hobane ba ananela ka ho teba khanya ea hae e hlollang.

11. Ba bang ba ile ba bontša joang hore ha ba na boikokobetso lekholong la pele la lilemo, hona see se ile sa ipaka se le kotsi ho bona joang?

11 Lekholong la pele la lilemo, ba bangata, ho akarelletsa ba bang ba neng ba ipolela hore ke Bakreste, ba ile ba bontša hore ha ba na boikokobetso ’me ba khopisoa ke seo moapostola Pauluse a ileng a ba senolela sona ka morero oa Molimo. Pauluse e ile ea e-ba “moapostola ho lichaba,” empa e ne e se ka lebaka la bochaba ba hae, thuto, lilemo, kapa tlaleho ea nako e telele ea mesebetsi e metle. (Baroma 11:13) Batho ba sekametseng linthong tsa nama ba atisa ho talima lintho tsena e le tsona tse rerang hore na Jehova o tla sebelisa motho ofe. (1 Bakorinthe 1:26-29; 3:1; Bakolose 2:18) Leha ho le joalo, Jehova o ne a khethile ho sebelisa Pauluse tumellanong le mosa oa Hae o lerato le morero oa Hae o lokileng. (1 Bakorinthe 15:8-10) Bao Pauluse a ileng a ba hlalosa e le ‘baapostola ba lokileng ho tlōla’ hammoho le bahanyetsi ba bang, ba ile ba hana ho amohela Pauluse le mabaka a Mangolo ao a neng a a beha. Ho se ikokobetse ha bona ho ile ha ba sitisa ho tseba le ho utloisisa tsela e khanyang eo Jehova a phethahatsang morero oa hae ka eona. E se eka le ka mohla re ke ke ra halala bao Jehova a khethang ho ba sebelisa ho finyella thato ea hae kapa ra ba ahlola ka leeme.—2 Bakorinthe 11:4-6.

12. Mohlala oa Moshe o bontša joang hore Jehova o amohela ba ikokobelitseng?

12 Ka lehlakoreng le leng, ho na le mehlala e mengata ka Bibeleng e bontšang kamoo batho ba ikokobelitseng ba bontšoang lehlaseli la khanya ea Molimo kateng. Moshe, ea neng “a le bonolo haholo” ho feta batho bohle, o ile a bona khanya ea Molimo a ba a thabela ho ba le kamano e haufi-ufi le eena. (Numere 12:3) ’Mōpi o ile a bontša mohau ka litsela tse ngata ho monna enoa ea ikokobelitseng, ea ileng a qeta lilemo tse 40 e le molisana oa maemo a tlaase, mohlomong boholo ba tsona a le Hloahloeng ea Arabia. (Exoda 6:12, 30) Ka tšehetso ea Jehova, Moshe e ile ea e-ba ’muelli oa sechaba sa Iseraele le mohlophisi oa sona ea ka sehloohong. O ne a buisana le Molimo. O ile a bona “ponahalo ea Jehova” ka pono. (Numere 12:7, 8; Exoda 24:10, 11) Ba ileng ba amohela mohlanka enoa oa Molimo ea ikokobelitseng eo e bileng e leng moemeli oa hae le bona ba ile ba hlohonolofatsoa. Ka ho tšoanang, le rōna re tla hlohonolofatsoa haeba re amohela re bile re mamela moprofeta e moholo ho Moshe, e leng Jesu, hammoho le “lekhoba le tšepahalang le le masene” leo a le khethileng.—Matheu 24:45, 46; Liketso 3:22.

13. Khanya ea Jehova e ile ea senoloa joang ho balisa ba ikokobelitseng lekholong la pele la lilemo?

13 ‘Khanya ea Jehova e ile ea phatsima’ ho bo-mang ha lengeloi le phatlalatsa litaba tse molemo tsa ho tsoaloa ha “Mopholosi, e leng Kreste Morena”? Ha ea ka ea phatsima ho baeta-pele ba bolumeli ba ikhohomosang kapa ho batho ba bohlokoa ba hlaheletseng empa e ile ea phatsima ho balisa ba ikokobelitseng “ba phelang naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu.” (Luka 2:8-11) Batho bana ba ne ba sa nkoe e le ba bohlokoa ka lebaka la litšoaneleho tsa bona le mosebetsi oa bona. Leha ho le joalo, ke bona bao Jehova a ileng a ba hlokomela le ho khetha ho ba tsebisa ka ho tsoaloa ha Mesia. E, Jehova o senolela ba ikokobelitseng le ba tšabang Molimo khanya ea hae.

14. Ke litlhohonolofatso life tse tsoang ho Molimo tse tlelang ba ikokobelitseng?

14 Mehlala ee e re ruta eng? E re bontša hore Jehova o amohela ba ikokobelitseng le hore o ba senolela tsebo le kutloisiso ea morero oa hae. O khetha batho bao mohlomong ba se nang litšoaneleho tse itseng tseo batho ba li lebeletseng ’me o ba sebelisa hore ba tsebise ba bang morero oa hae o khanyang. Sena se lokela ho re susumelletsa ho tsoela pele re batla tataiso ea Jehova, e ka Lentsoeng la hae la boprofeta le e fanoang ke mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Re ka kholiseha hore Jehova o tla lula a tsebisa bahlanka ba hae ba ikokobelitseng ka ho senoleha ha morero oa hae o khanyang. Moprofeta Amose o ile a phatlalatsa: “’Musi Morena Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae baprofeta taba ea hae ea lekunutu.”—Amose 3:7.

Hlaolela Boikokobetso ’me U Amoheloe ke Molimo

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaelletsa ho lula re ikokobelitse, hona see se ile sa totobala joang tabeng ea Morena Saule oa Iseraele?

15 E le hore Molimo a re amohele ka ho sa feleng re lokela ho lula re ikokobelitse. Ha motho a kile a ikokobetsa seo ha se bolele hore o tla lula a ikokobelitse. Ho ka etsahala hore motho a khaotse ho ikokobetsa ebe oa ikhohomosa le ho iphahamisa, e leng se lebisang ho iketelletseng pele le tlokotsing. Saule, eo e bileng eena oa pele ea ileng a tlotsetsoa ho ba morena oa Iseraele, o ile a etsa sona seo. Qalong ha a ne a khethoa, o ne a inka ‘a le monyenyane mahlong a hae.’ (1 Samuele 15:17) Leha ho le joalo, ka mor’a hore a buse lilemo tse peli feela, o ile a iketelletsa pele. O ile a hlokomoloha tokisetso eo Jehova a e entseng ea hore moprofeta Samuele a nyehele mahlabelo, ’me a ipehela mabaka a entseng hore a inkele molao matsohong. (1 Samuel 13:1, 8-14) Ketso ena e ne e le qalo ea letoto la liketsahalo tse ileng tsa senola ka ho hlaka hore ha a na boikokobetso. Sena se ile sa fella ka hore a lahleheloe ke moea oa Molimo le ho amoheloa ke eena, e leng ho entseng hore a qetelle a shoele lefu le tlotlollang. (1 Samuele 15:3-19, 26; 28:6; 31:4) Thuto e fanoang mona e hlakile: Re lokela ho ikitlaelletsa ho lula re ikokobelitse ’me re ipehe tlaase re be re loantše boikutlo ba ho inka re le ba bohlokoa, kahoo re qobe liketso tsa ho iketelletsa pele tse fellang ka ho se amoheloe ke Jehova.

16. Ho nahana ka kamano ea rōna le Jehova le batho ba bang ho ka re thusa joang ho hlaolela boikokobetso?

16 Le hoja boikokobetso bo sa thathamisoa e le e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa Molimo, ke tšobotsi ea bomolimo e lokelang ho hlaoleloa. (Bagalata 5:22, 23; Bakolose 3:10, 12) Kaha bo amana le boemo ba kelello—ke hore tsela eo re italimang ka eona le eo re talimang ba bang ka eona—ho hlaolela boikokobetso ho hloka hore motho a ikitlaetse. Ho nahana le ho thuisa ka kamano ea rōna le Jehova le batho ba bang ho ka re thusa hore re lule re ikokobelitse. Mahlong a Molimo, batho bohle ba sa phethahalang ba joaloka joang bo botalana bo tlokomang nakoana, bo ntan’o omella ’me bo ichoelle. Batho ba joaloka marutle naheng. (Esaia 40:6, 7, 22) Na qoba e le ’ngoe ea joang e na le lebaka la ho ikhohomosa hobane feela e le teletsana ho feta liqoba tse ling tsa joang? Na lerutle le na le lebaka la ho ithorisa ka hore le matla hobane feela le khona ho qothoma ho feta marutle a mang? Ke ho sa utloahaleng ho nahana joalo. Kahoo, moapostola Pauluse o ile a hopotsa Bakreste-’moho le eena: “Ke mang ea etsang hore u se ke ua tšoana le e mong? Ka sebele, u na le eng eo u sa kang ua e amohela? Joale, haeba ka sebele u ile ua e amohela, ke hobane’ng ha u ithorisa joalokaha eka ha ua ka ua e amohela?” (1 Bakorinthe 4:7) Ho thuisa ka litemana tsa Bibele tse kang ena ho ka re thusa ho hlaolela boikokobetso le ho bo bontša.

17. Ke’ng se ileng sa thusa moprofeta Daniele ho hlaolela boikokobetso, hona rōna re ka thusoa ke eng ho etsa se tšoanang?

17 Ho ile ha thoe moprofeta oa Moheberu Daniele ke “monna ea khahlehang haholo” mahlong a Molimo ka lebaka la “ho ikokobetsa” ha hae. (Daniele 10:11, 12) Ke’ng se ileng sa thusa Daniele hore a hlaolele boikokobetso? Ntlha ea pele, o ile a bontša hore o itšetlehile ka Jehova ka ho feletseng, a retelehela ho eena kamehla ka thapelo. (Daniele 6:10, 11) Ho feta moo, Daniele e ne e le seithuti se khothetseng sa Lentsoe la Molimo le se nang le sepheo, e leng se ileng sa mo thusa hore a lule a nahana ka morero oa Molimo o khanyang. O ne a boetse a ikemiselitse ho lumela bofokoli ba hae, eseng ba batho ba bang feela. ’Me o ne a hlile a thahasella ho buella ho loka ha Molimo, eseng ha hae. (Daniele 9:2, 5, 7) Na re ka ithuta ho itseng mohlaleng o ikhethang oa Daniele ’me re leke ho hlaolela boikokobetso le ho bo bonahatsa likarolong tsohle tsa bophelo ba rōna?

18. Ba bonahatsang boikokobetso mehleng ea kajeno ba emetsoe ke khanya efe?

18 Liproverbia 22:4 e re: “Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.” E, Jehova o amohela ba ikokobelitseng, ’me sena se fella ka khanya le bophelo. Ka mor’a hore Jehova a lokise monahano oa mopesaleme Asafe ha a ne a le mothating oa ho khaotsa ho sebeletsa Molimo, Asafe o ile a lumela ka boikokobetso, a re: “U tla ntsamaisa ka keletso ea hao, ka mor’a moo u tla nkisa khanyeng.” (Pesaleme ea 73:24) Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Ba bonahatsang boikokobetso ba emetsoe ke khanya efe? Ntle le ho amoheloa ke Jehova le ho ba le kamano e ntle le eena, ba ka lebella ho phethahala ha mantsoe a bululetsoeng a Morena Davida a reng: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” Ke bokamoso bo khanyang hakaakang!—Pesaleme ea 37:11.

Na U sa Hopola?

• Setefane ke mohlala oa motho ea ikokobelitseng joang eo Jehova a ileng a mo senolela khanya ea Hae?

• Jehova Molimo o bonahalitse boikokobetso ka litsela life?

• Ke mehlala efe e bontšang hore Jehova o senolela ba ikokobelitseng khanya ea hae?

• Mohlala oa Daniele o ka re thusa joang ho hlaolela boikokobetso?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 12]

O ne a le Matla Empa a Ikokobelitse

Kopanong ea 1919 ea Liithuti Tsa Bibele (tseo kajeno li tsejoang e le Lipaki Tsa Jehova) e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, U.S.A., J. F. Rutherford ea neng a le lilemo li 50 ka nako eo, ’me a okametse mosebetsi, o ile a ithaopela ho ba mohlokomeli oa baeti, a nkisa batho ba tlileng kopanong lithoto le ho ba felehetsa ho ea likamoreng tsa bona. Letsatsing la ho qetela la kopano, o ile a hlasimolla bamameli ba 7 000 ka mantsoe a reng: “Le manģosa a Morena oa marena le ’Musi oa babusi, a tsebisang batho . . . ka ’muso o khanyang oa Morena oa rōna.” Le hoja Mor’abo rōna Rutherford e ne e le motho ea nang le kholiseho e matla, ea neng a tsebahala ka ho lomahanya meno le ho se hlathe koana le koana ha a bua ka seo a lumelang hore ke ’nete, o ne a boetse a ikokobelitse ka tieo ho Molimo, a atisa ho bonahatsa seo ha a etsa thapelo ha ho tšoeroe temana ea letsatsi hoseng, Bethele.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Setefane, ea neng a tseba Mangolo haholo, o ile a aba lijo ka boikokobetso

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho ikokobetsa kelellong ha Manase ho ile ha khahla Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Ke’ng se ileng sa etsa hore Daniele e be “monna ea khahlehang haholo”?