Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Numere

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Numere

Lentsoe la Jehova Lea Phela

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Numere

KA MOR’A hore Baiseraele ba Falle Egepeta, ba ile ba hlophisoa hore e be sechaba. Ba ka be ba ile ba kena Naheng e Tšepisitsoeng nakoana ka mor’a moo, empa ha baa ka ba kena. Ho e-na le hoo, ba ile ba tlameha ho lelera lilemo tse ka bang mashome a mane “lefeelleng le leholo le le tšabehang.” (Deuteronoma 8:15) Hobane’ng? Tlaleho ea histori e bukeng ea Bibele ea Numere e re bolella se ileng sa etsahala. E lokela ho hatisa ka ho rōna bohlokoa ba ho mamela Jehova Molimo le ho hlompha baemeli ba hae.

Buka ea Numere e ngotsoeng ke Moshe a le lefeelleng le ha a le Lithoteng tsa Moabe, e akaretsa nako ea lilemo tse 38 le likhoeli tse 9—ho tloha ka 1512 B.C.E. ho ea ho 1473 B.C.E. (Numere 1:1; Deuteronoma 1:3) Lebitso la eona, Numere (le bolelang lipalo), le tsoa ho baloeng ha sechaba sa Iseraele ka makhetlo a mabeli, ho ileng ha nka lilemo tse fetang 38 lipakeng. (Khaolo ea 1-4, 26) Tlaleho ena e arotsoe ka likarolo tse tharo. Karolo e qalang e bua ka se etsahetseng Thabeng ea Sinai. Ea bobeli e tlaleha liketsahalo tse etsahetseng ha Baiseraele ba ntse ba lelera lefeelleng. ’Me ea ho qetela e tlaleha liketsahalo tse etsahetseng Lithoteng tsa Moabe. Ha u ntse u bala tlaleho ena, u ka ’na ua rata ho ipotsa: ‘Liketsahalo tsee li nthuta eng? Na bukeng ee ho na le melao-motheo e ka ntsoelang molemo kajeno?’

THABENG EA SINAI

(Numere 1:1–10:10)

Sechaba se baloa ka lekhetlo la pele ha Baiseraele ba ntse ba le mosikong oa Thaba ea Sinai. Palo ea ba batona ba lilemo li 20 ho ea holimo, ho sa balelloe Balevi, ke 603 550. Kamoo ho bonahalang kateng sechaba se balloa ho ea sesoleng. Bohle ba liahelong, ho akarelletsa basali, bana le Balevi, e ka ’na ea e-ba batho ba fetang limilione tse tharo.

Ka mor’a hore sechaba se baloe, Baiseraele ba fuoa litaelo tse bontšang tatellano eo ba lokelang ho tsamaea ka eona, tse hlakisang mesebetsi e etsoang ke Balevi le tšebeletso ea tabernakele, litaelo tsa hore motho ea nang le lefu le tšoaetsanoang a aroloe sechabeng le melao e mabapi le linyeoe tsa poulelo le likano tse etsoang ke Banazari. Khaolo ea 7 e bua ka linyehelo tse etsoang ke marenana a meloko ha ho khakoloa aletare, athe khaolo ea 9 e bua ka ho ketekoa ha Paseka. Phutheho e boetse e fuoa litaelo tsa ho hlongoa ha liahelo le ho hlomolloa ha tsona.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

2:1, 2—“Lipontšo” tseo lihlopha tsa meloko e meraro li neng li lokela ho hloma liahelo ho li potoloha lefeelleng e ne e le eng? Bibele ha e hlalose hore na lipontšo tsena e ne e le eng. Leha ho le joalo, li ne li sa nkoe e le matšoao a halalelang kapa e le tsa bohlokoa bo itseng bolumeling. Lipontšo tsena li ne li sebelisetsoa morero o itseng—li thusa motho hore a fumane sebaka se mo loketseng liahelong.

5:27—‘Ho senyeha ha serope’ sa mosali ea molato oa bofebe ho bolela’ng? Lentsoe “serope” le sebelisitsoe mona ho bolela litho tsa ho hlahisa bana. (Genese 46:26) Ho ‘senyeha’ ho fana ka maikutlo a ho felloa ke matla ha litho tsena, e le hore motho a se ke a khona ho ima. Seo re Ithutang Sona:

6:1-7. Banazari ba ne ba lokela ho qoba lihlahisoa tsa morara le lino tsohle tsa tahang, e leng ho neng ho hloka hore ba itele. Ba ne ba lokela ho hōlisa moriri oa bona o be molelele—e le ho bontša hore ba ikokobelletsa Jehova, feela joalokaha basali ba ne ba lokela ho ikokobelletsa banna le bo-ntate ba bona. Banazari ba ne ba lokela ho lula ba hloekile ka hore ba se ame setopo leha e le sefe, esita le sa mong ka bona ea haufi. Basebeletsi ba nako e tletseng kajeno ba bontša moea oa boitelo ha ho tluoa tabeng ea ho tela lintho tse itseng le ho ikokobelletsa Jehova le tokisetso eo a e entseng. Likabelo tse ling li ka ’na tsa akarelletsa ho ea naheng e hōle, e leng ho ka ’nang ha etsa hore ho be thata ho khutlela hae ho ea pata setho se haufi sa lelapa kapa ha etsa hore seo se se ke sa khoneha.

8:25, 26. E le ho koala likheo tšebeletsong ea Balevi ka tsela e loketseng le ho nahanela ba seng ba hōlile, banna ba baholo ba ne ba laetsoe hore ba khaotse ho etsa tšebeletso e tlamang. Leha ho le joalo, ba ne ba ka ithaopela ho thusa Balevi ba bang. Le hoja motho a ke ke a khaotsa ho ba ’moleli oa ’Muso kajeno, molao ona o re ruta molao-motheo oa bohlokoa. Haeba Mokreste a sitoa ho phetha boikarabelo bo itseng hobane a se a hōlile, a ka ’na a kopanela mofuteng o mong oa tšebeletso oo matla a hae a mo lumellang hore a o phethe.

HO LELERA LEFEELLENG

(Numere 10:11–21:35)

Qetellong ha leru le ka holim’a tabernakele le phahama, Baiseraele ba qala leeto le tla ba nka lilemo tse 38 le khoeli kapa tse peli pele ba fihla lithoteng tsa lehoatata la Moabe. U ka ’na ua fumana ho le molemo ho latela tsela eo ba ileng ba e nka ’mapeng o leqepheng la 9 la bukana ea “Bona Naha e Ntle,” e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

Bonyane ka makhetlo a mararo ho ba le litletlebo tseleng e eang Kadeshe, Lefeelleng la Parane. Tletlebo ea pele e felisoa ke ha Jehova a romela mollo ho timetsa karolo e ’ngoe ea sechaba. Ka mor’a moo Baiseraele ba tletleba ka nama, ’me Jehova o ba fa likoekoe. Ho tletleba ha Miriame le Arone ka Moshe ho fella ka hore Miriame a otloe ka lepera ka nakoana.

Ha ba ntse ba hlomme liahelo Kadeshe, Moshe o roma banna ba 12 ho ea hloela Naha e Tšepisitsoeng. Ba khutla ka mor’a matsatsi a 40. Sechaba se batla ho tlepetsa Moshe, Arone le lihloela tse tšepahalang, e leng Joshua le Kalebe, ka majoe hobane se khotsoe tlaleho e mpe ea lihloela tse leshome. Jehova o rera ho otla sechaba ka lefu la seoa, empa Moshe oa se rapella, ’me Molimo o re se tla lelera lefeelleng ka lilemo tse 40—ho fihlela ba baliloeng ba shoa.

Jehova o fana ka litaelo tse eketsehileng. Kora le ba bang ba fetohela Moshe le Arone, empa marabele ao a timetsoa ka mollo kapa a metsoa ke lefatše. Ka le hlahlamang phutheho eohle e korotlela Moshe le Arone. Ka lebaka leo, ho shoa batho ba 14 700 e le kotlo e tsoang ho Jehova. E le hore Molimo a tsebahatse eo a mo khethileng hore e be moprista ea phahameng, o etsa hore lere la Arone le thunye lipalesa. Joale Jehova o fana ka melao e eketsehileng mabapi le boikarabelo ba Balevi le ho itlhoekisa ha sechaba. Ho sebelisoa ha molora oa khomo e khunoana ho tšoantšetsa ho hloekisoa ke sehlabelo sa Jesu.—Baheberu 9:13, 14.

Bara ba Iseraele ba khutlela Kadeshe, moo Miriame a shoelang teng. Phutheho e boetse e korotlela Moshe le Arone. Lebaka? Ha ho na metsi. Kaha Moshe le Arone ha ba halaletse lebitso la Jehova ha a fana ka metsi ka tsela ea mohlolo, ba thibeloa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Baiseraele ba tloha Kadeshe, ’me Arone o shoella Thabeng ea Hore. Ha ba ntse ba potoloha Edomo, Baiseraele baa khathala ’me ba bua Molimo le Moshe hampe. Jehova o romela linoha tse chefo ho ba otla. Moshe o boetse oa ba rapella, ’me Molimo o mo laela hore a etse noha ea koporo ’me a e fanyehe thupeng e le hore ba lonngoeng ba fole ha ba e sheba. Noha eo e tšoantšetsa ho khokhotheloa ha Jesu Kreste thupeng molemong oa rōna oa ka ho sa feleng. (Johanne 3:14, 15) Baiseraele ba hlōla marena a Baamore e leng Sihone le Oge ’me ba hapa naha ea bona.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

12:1—Ke hobane’ng ha Miriame le Arone ba ile ba tletleba ka Moshe? Ho bonahala eka lebaka la sehlooho la ho tletleba ha bona e ne e le takatso ea Miriame ea ho ikekeletsa matla. Ha mosali oa Moshe, Zipora, a kopana le Moshe lefeelleng, e ka ’na eaba Miriame o ile a tšoha hore ha a sa tla hlola a nkoa e le mofumahali liahelong.—Exoda 18:1-5.

12:9-11—Ke hobane’ng ha e le Miriame feela ea ileng a otloa ka lepera? Ho ka etsahala hore ebe ke eena ea ileng a qala ho tletleba ’me a phehella Arone hore a mo thuse. Arone o ile a bonahatsa boikutlo bo loketseng ka ho lumela hore o phoso.

21:14, 15—Buka eo ho neng ho buuoa ka eona moo ke efe? Mangolo a bua ka libuka tse sa tšoaneng tseo bangoli ba Bibele ba ileng ba nka boitsebiso ho tsona. (Joshua 10:12, 13; 1 Marena 11:41; 14:19, 29) E ’ngoe ea libuka tseo e ne e le ‘buka ea Lintoa tsa Jehova.’ E ne e e-na le tlaleho ea histori ea lintoa tsa batho ba Jehova.

Seo re Ithutang Sona:

11:27-29. Moshe o re behela mohlala o babatsehang oa kamoo re lokelang ho itšoara kateng ha ba bang ba fuoa litokelo tšebeletsong ea Jehova. Ho e-na le hore a ipatlele thoriso a khannoa ke mohono, Moshe o ile a thaba ha Eldade le Medade ba qala ho sebeletsa e le baprofeta.

12:2, 9, 10; 16:1-3, 12-14, 31-35, 41, 46-50. Jehova o lebeletse hore barapeli ba hae ba bontše hore ba hlompha matla a bolaoli ao Molimo a faneng ka ’ona.

14:24. Ntho ea sehlooho eo motho a ka e etsang ho hanela likhatello tsa lefatše tse lebisang phosong ke ho hlaolela “moea o fapaneng,” kapa boikutlo ba kelello. E lokela ho ba o fapaneng le oa lefatše.

15:37-41. Litjellane tse ikhethang liaparong tsa Baiseraele li ne li reretsoe ho ba hopotsa hore ke batho ba khethetsoeng borapeli ba Molimo le hore ba mamele litaelo tsa hae. Na le rōna ha rea lokela ho phela ka litekanyetso tsa Molimo le ho hlahella re fapane le lefatše?

LITHOTENG TSA MOABE

(Numere 22:1–36:13)

Ha bara ba Iseraele ba hlomme liahelo lithoteng tsa lehoatata la Moabe, Bamoabe ba kulisoa ke ho tšaba Baiseraele. Ka hona, Morena Balake oa Moabe o hira Balame hore a rohake Baiseraele. Empa Jehova o qobella Balame hore a ba hlohonolofatse. Joale ho sebelisoa basali ba Bamoabe le ba Bamidiane ho tšoasa banna ba Iseraele hore ba kopanele boitšoarong bo litšila le borapeling ba melimo ea litšoantšo. Ka lebaka leo, Jehova o timetsa bafosi ba 24 000. Qetellong seoa se emisa ha Finease a bontša hore ha a mamelle ba qothisanang lehlokoa le Jehova.

Ha sechaba se baloa ka lekhetlo la bobeli ho hlahella hore ha ho le ea mong oa banna ba neng ba baliloe lekhetlong la pele ea ntseng a phela, haese Joshua le Kalebe. Joshua o laeloa hore e be mohlahlami oa Moshe. Baiseraele ba fuoa litaelo tsa ho etsa linyehelo tse sa tšoaneng le litaelo tsa ho etsa likano. Sechaba sa Iseraele le sona se iphetetsa ho Bamidiane. Rubene, Gade le karolo e ’ngoe ea moloko oa Manase ba lula ka bochabela ho Nōka ea Jordane. Baiseraele ba fuoa litaelo tsa hore na ba tšele Jordane joang le ho rua naha. Ho sehoa meeli e tobileng ea naha. Lefa le lokela ho ajoa ka lotho. Balevi ba abeloa metse e 48, ’me e 6 ea eona e lokela ho ba metse ea setšabelo.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

22:20-22—Ke hobane’ng ha bohale ba Jehova bo ile ba tukela Balame? Jehova o ne a boleletse moprofeta Balame hore a se ke a rohaka Baiseraele. (Numere 22:12) Leha ho le joalo, moprofeta eo o ile a tsamaea le banna ba Balake a ikemiselitse ka ho feletseng hore o il’o rohaka Iseraele. Balame o ne a batla ho khahlisa morena oa Moabe le ho putsoa ke eena. (2 Petrose 2:15, 16; Juda 11) Esita le ha Balame a se a qobeletsoe ho hlohonolofatsa Iseraele ho fapana le ho e rohaka, o ile a batla ho ithatisa morena ka ho khothalletsa hore ho sebelisoe basali ba rapelang Baale ho eka banna ba Baiseraele. (Numere 31:15, 16) Ka hona, lebaka le ileng la etsa hore Molimo a halefele Balame ke ho se tšepahale ho meharo ha moprofeta eo.

30:6-8—Na monna oa Mokreste a ka etsolla likano tse entsoeng ke mosali oa hae? Kajeno Jehova o sebetsana le barapeli ba hae ka bomong ha ho tluoa tabeng ea likano. Ka mohlala, ho inehela ho Jehova ke kano eo motho ka mong a e etsang. (Bagalata 6:5) Monna ha a na matla a ho hlakola kano e joalo kapa ho e etsolla. Leha ho le joalo, mosali o lokela ho qoba ho etsa kano e hananang le Lentsoe la Molimo kapa boikarabelo boo a nang le bona ho monna oa hae. Seo re Ithutang Sona:

25:11. Finease o re behetse mohlala o babatsehang hakaakang oa ho chesehela borapeli ba Jehova! Na takatso ea ho boloka phutheho e hloekile ha ea lokela ho re susumelletsa ho tlalehela baholo ba Bakreste ketso leha e le efe ea boitšoaro bo bobe eo re e tsebang?

35:9-29. ’Nete ea hore motho ea bolaeang e se ka morero o ne a tlameha ho siea lehae la hae ’me a qete nako e itseng a balehetse motseng oa setšabelo e re ruta hore bophelo boa halalela le hore re lokela ho bo hlompha.

35:33. Libe tsa lefatše le silafalitsoeng ke mali a se nang molato a tšolotsoeng li ka koaheloa feela ke mali a batho ba a tšolotseng. Ke ho loketseng hakaakang hore ebe Jehova o tla timetsa ba khopo pele lefatše le fetoloa paradeise!—Liproverbia 2:21, 22; Daniele 2:44.

Lentsoe la Molimo le Fana ka Matla

Re lokela ho hlompha Jehova le bao a ba behileng maemong a boikarabelo har’a batho ba hae. Buka ea Numere e totobatsa ’nete ena. E ruta thuto ea bohlokoa hakaakang tabeng ea ho boloka khotso le bonngoe ka phuthehong kajeno!

Liketsahalo tse tlalehiloeng ho Numere li bontša kamoo ho ka bang bonolo kateng hore ba hlokomolohang bomoea ba bona ba oele phosong, e kang ea ho korotla, ho kopanela boitšoarong bo bobe le borapeling ba litšoantšo. E meng ea mehlala le lintho tseo re ithutang tsona bukeng ena ea Bibele e ka sebelisoa e le motheo oa puo ea litlhoko tsa phutheho Sebokeng sa Tšebeletso liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova. Ka sebele, “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla” bophelong ba rōna.—Baheberu 4:12.

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Jehova o ile a tataisa ho hlongoa ha liahelo tsa Baiseraele le ho hlomolloa ha tsona ka ho hlahisa leru ka mohlolo holim’a tabernakele

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Re lokela ho mamela Jehova ’me o lebeletse hore re hlomphe baemeli ba hae