Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jesu o ne a bolela’ng ha a re ho barutuoa ba hae: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong”?

Jesu o ne a qeta ho khetha barutuoa ba 70 le ho “ba romela ka bobeli ka pele ho eena ho kena motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng seo a neng a tla tla ho sona.” Ha barutuoa bao ba 70 ba khutla, ba ne ba thabetse katleho eo ba bileng le eona thōmong ea bona. Ba ile ba re: “Morena, esita le bademona ba behoa tlas’a rōna ka ho sebelisa lebitso la hao.” Mothating oo, Jesu o ile a re: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong.”—Luka 10:1, 17, 18.

Qalong, ho ka ’na ha bonahala eka Jesu o ne a bua ka ketsahalo e seng e etsahetse. Empa lilemo tse 60 ka mor’a hore Jesu a bue mantsoe a ka holimo, moapostola Johanne ea seng a hōlile o ile a sebelisa mantsoe a tšoanang ha a ngola a re: “Drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.”—Tšenolo 12:9.

Ha Johanne a ne a ngola mantsoe ao, Satane o ne a ntse a le leholimong. Re tseba joang? Hobane Tšenolo ke buka ea boprofeta, eseng ea histori. (Tšenolo 1:1) Kahoo, mehleng ea Johanne, Satane o ne a e-s’o liheloe tlaase lefatšeng. Ha e le hantle, bopaki bo bontša hore sena se ile sa etsahala feela nakoana ka mor’a hore Jesu a behoe teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo ka 1914. *Tšenolo 12:1-10.

Joale ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua ka ho lelekoa ha Satane leholimong joalokaha eka ho se ho etsahetse? Litsebi tse ling li fana ka maikutlo a hore Jesu o ne a khalemela barutuoa ba hae hore ba se ke ba ikhohomosa. Li lumela hore ha e le hantle o ne a re: ‘Le hlōtse bademona, empa le se ke la ithorisa ka seo. Satane o ile a ikhohomosa, ’me seo sa etsa hore a oe ka potlako.’

Re ke ke ra tsitlella maikutlo a itseng tabeng ena. Leha ho le joalo, ho bonahala eka Jesu o ne a thaba le barutuoa ba hae ’me a bua ka timetso e tlang ea Satane. Jesu o ne a tseba hantle lehloeo le mabifi la Diabolose ho feta morutuoa leha e le ofe oa hae. U ka inahanela thabo eo Jesu a ileng a e thaba ha a utloa hore bademona ba matla ba ne ba kokobetsoa tlas’a barutuoa ba hae bao e neng e le batho ba sa phethahalang! Ho kokobetsoa hona ha bademona e ne e mpa e le tlhasenyana feela ea letsatsi le tlang ha Jesu, e leng lengeloi le ka sehloohong Mikaele, a tla loana le Satane ’me a mo leleke leholimong a mo lahlele lefatšeng.

Ha Jesu a ne a re o bone Satane “a se a oele,” ho hlakile hore o ne a hatisa bonnete ba ho oa ha Satane. Ho tšoana le boprofeteng bo bong ba Bibele bo buang ka liketsahalo tsa nakong e tlang joalokaha eka li se li etsahetse. Ka mohlala, hlokomela hore likarolo tse ling tsa boprofeta bo buang ka Mesia ho Esaia 52:13–53:12 li hlalosoa joalokaha eka li se li phethahetse. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a bontša hore o kholisehile hore ho lelekoa ha Satane leholimong ho tla etsahala tumellanong le morero oa Ntate oa Hae. Jesu o ne a boetse a kholisehile hore ka nako ea Molimo e loketseng, Satane le bademona ba hae ba tla koalloa sekoting ba ntan’o timeletsoa ruri.—Baroma 16:20; Baheberu 2:14; Tšenolo 20:1-3, 7-10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Bona Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, khaolo ea 10 le Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, khaolo ea 27, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.