Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Puso ea ’Muso oa Molimo ke ea Sebele Kajeno

Puso ea ’Muso oa Molimo ke ea Sebele Kajeno

Puso ea ’Muso oa Molimo ke ea Sebele Kajeno

“Ke joang linaha tse ngata hakaale, tse fapaneng ka litso le tse methating e sa tšoaneng ea tsoelo-pele, li ka lumellanang? Ho ’nile ha boleloa hore moloko oa batho o tla momahanngoa feela ke tlhaselo e tsoang polaneteng e ’ngoe.”—The Age, koranta ea Australia.

TLHASELO e tsoang polaneteng e ’ngoe? Ebang seo se ka momahanya lichaba tsohle tsa lefatše kapa che, boprofeta ba Bibele bo bua ka tlokotsi e ’ngoe e atamelang e tla momahanya lichaba tsa lefatše. ’Me ka sebele tlokotsi eo e tla tlisoa ke mabotho a tsoang sebakeng.

Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a bua ka boemo bona ba lefatše ka tsela ea boprofeta. O ile a ngola a le tlas’a pululelo a re: ‘Marena a lefatše aa ema, balaoli ba phahameng ba khobokane hammoho e le ntho e le ’ngoe khahlanong le Jehova le khahlanong le motlotsuoa oa hae, ba re: “A re khaoleng marapo a bona re lahlele lithapo tsa bona hōle le rōna!”’ (Pesaleme ea 2:2, 3; Liketso 4:25, 26) Hlokomela hore babusi ba lefatše ba ne ba tla khobokana hammoho khahlanong le Jehova, ’Mōpi oa bokahohle le motlotsuoa oa hae, kapa Morena eo a mo khethileng, e leng Jesu Kreste. See se ne se tla etsahala joang?

Ho ea ka tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona le boprofeta bo seng bo phethahetse, ’Muso oa Molimo o ile oa hlongoa maholimong ka selemo sa 1914 ’me Jesu Kreste e le Morena. * Ka nako eo lichaba tsa lefatše li ile tsa e-ba le monahano o tšoanang. Ho e-na le hore li ikokobelletse bobusi ba ’Muso oa Molimo o sa tsoa thehoa, li ile tsa loanela matla—Ntoeng e Khōlō, kapa Ntoeng ea I ea Lefatše.

Jehova Molimo o re’ng ha babusi ba batho ba etsa see? ‘Ea lutseng maholimong o tla tšeha; Jehova o tla ba fetola litšeho. Ka nako eo o tla bua le bona ka bohale ba hae, o tla ba khathatsa khalefong ea hae e tukang.’ Joale, Jehova o tla bolella Mora oa hae, e leng Morena ea tlotsitsoeng oa ’Muso a re: “Nkōpe, e le hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao le lipheletso tsa lefatše e le leruo la hao. U tla li thumakanya ka lere la borena la tšepe, u tla li pshatla joalokaha eka ke sejana sa sebōpi.”—Pesaleme ea 2:4, 5, 8, 9.

Lichaba tse hanyetsang li tla silakanngoa ka lekhetlo la ho qetela ka lere la borena la tšepe ka Armagedone, kapa Har–Magedone. Buka ea ho qetela ea Bibele, e leng Tšenolo, e hlalosa sehlohlolo sa ketsahalo ena ka hore ke ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,’ eo ho eona “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a ntseng a bokelleloa ho eona. (Tšenolo 16:14, 16) Li susumelitsoe ke bademona, lichaba tsa lefatše li tla qetella li momahane li e-na le sepheo se le seng—ho loantša Molimo ea Matla ’Ohle.

Nako eo batho ba tla khobokana ka eona ho loantša bobusi ba Molimo e ntse e atamela ka potlako. Ho makatsang ke hore ho “momahana” ha bona ha ho na ho ba ruisa molemo oa letho. Ho e-na le hoo, ketso ea bona e tla ba selelekela sa khotso eo batho bohle ba ’nileng ba e letela ka nako e telele. Joang? Ntoeng eo ea ho qetela, ’Muso oa Molimo “o tla silakanya o felise mebuso [ea lefatše] kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) Puso e tla phethahatsa takatso ea moloko oa batho ea hore ho be le khotso lefatšeng ke ea ’Muso oa Molimo, eseng mokhatlo leha e le ofe oa batho.

Motsamaisi ea ka Sehloohong oa Puso ea ’Muso

Oo ke ’Muso oo batho ba bangata ba tšepahalang ba ’nileng ba o rapella, ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Ho fapana le hore e be boemo feela bo ka pelong, ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele e seng e finyeletse lintho tse babatsehang ho tloha ha o hlongoa leholimong ka 1914. A re ke re hlahlobeng lintlha tse seng kae tsa sehlooho tse bontšang hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele ’me o sebetsa ka botlalo kajeno.

Ntlha ea pele, o na le lekala la bolaoli le matla haholo le bileng le sebetsang hantle le eteletsoeng pele ke Morena ea behiloeng teroneng, e leng Jesu Kreste. Ka 33 C.E., Jehova Molimo o ile a beha Jesu Kreste e le Hlooho ea phutheho ea Bokreste. (Baefese 1:22) Ho tloha ka nako eo, Jesu o ’nile a sebelisa bohlooho ba hae, kahoo a bonahatsa matla a hae a tsamaiso. Ka mohlala, ha Judea e hlaseloa ke tlala ea sekoboto lekholong la pele la lilemo, hang-hang phutheho ea Bokreste e ile ea nka khato ho thusa litho tsa eona. Ho ile ha hlophisoa mosebetsi oa liphallelo, ’me Barnabase le Saule ba romeloa Antioke ho isa tšebeletso ea lithuso.—Liketso 11:27-30.

Re ka lebella ho eketsehileng ho Jesu Kreste hona joale kaha puso ea ’Muso e se e sebetsa. Neng le neng ha ho e-ba le likoluoa—litšisinyeho tsa lefatše, litlala tsa sekoboto, likhohola, maholiotsoana, lifefo, kapa ho foqoha ha seretse se chesang—phutheho ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova e nka khato ka potlako ho thusa balumeli-’moho le batho ba bang libakeng tse amehileng. Ka mohlala, ha tšisinyeho ea lefatše e matla e senya El Salvador ka January le February 2001, ho ile ha hlophisoa kabo ea liphallelo likarolong tsohle tsa naha eo, ’me lihlopha tsa Lipaki Tsa Jehova tse tsoang Canada, Guatemala le United States tsa fana ka thuso. Ho ile ha nka nako e khutšoanyane ho tsosolosa libaka tsa tsona tse tharo tsa borapeli le mahae a 500.

Bafo ba Puso ea ’Muso oa Molimo

Ho tloha ha o thehoa ka 1914, ’Muso oa Molimo oa leholimo o ’nile oa bokella bafo ba oona le ho ba hlophisa ho tsoa lichabeng tsohle lefatšeng ka bophara. Sena se phethahatsa boprofeta bo hlollang bo tlalehiloeng ke Esaia, bo reng: “Karolong e qetellang ea matsatsi thaba ea ntlo ea Jehova [borapeli ba hae bo phahameng ba ’nete] e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba, . . . lichaba tsohle li tla phallela ho eona.” Boprofeta bo bontša hore “lichaba tse ngata” li ne li tla nyolohela thabeng ’me li amohele litaelo le melao ea Jehova.—Esaia 2:2, 3.

Tšebetso ena e hlahisitse mokhatlo o babatsehang ka ho fetisisa mehleng ea kajeno—e leng mokhatlo oa machaba oa bara ba motho oa Bakreste ba fetang 6 000 000 linaheng tse fetang 230 lefatšeng. Likopanong tsa machaba tsa Lipaki Tsa Jehova, bashebelli ba atisa ho hlolloa ha ba bona lerato, khotso le bonngoe li hlōla mekoallo ea bochaba, setso le puo har’a matšoele-tšoele ao. (Liketso 10:34, 35) Na ha u lumellane le hore puso e khonang ho etsa hore batho ba merabe eo e makholo ba phele ka khotso le kutloano, e tlameha ebe ke e atlehang le e tsitsitseng—le hore ke ea sebele?

’Muso oa Molimo le Thuto

’Muso o mong le o mong o na le litekanyetso tseo o lebeletseng baahi ba oona hore ba li finyelle, ’me e mong le e mong ea batlang ho phela tlas’a puso eo o lokela ho finyella litekanyetso tseo. Ka ho tšoanang, ’Muso oa Molimo o na le litekanyetso tseo bohle ba tlang ho tšoaneleha ho ba bafo ba oona ba lokelang ho li finyella. Leha ho le joalo, ka sebele ho ameha mosebetsi o mongata ho etsa hore batho ba bangata ba tsoang litsong tse sa tšoaneng ba nolofalloe ho amohela litekanyetso tse tšoanang le hore ba phele tumellanong le tsona. Ena ke ntlha e ’ngoe e netefatsang hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele—lenaneo la oona le atlehang la thuto le sa finyelleng likelello le ho li fetola feela empa le finyella lipelo le ho li fetola.

Puso ee ea ’Muso e finyella mosebetsi oo o boima joang? Ka ho latela tsela ea baapostola ea ho bolela “ka ntlo le ntlo” le ho ruta batho ka bomong Lentsoe la Molimo. (Liketso 5:42; 20:20) Tsela ee ea ho ruta e atleha hakae? Jacques Johnson, eo e leng moruti oa K’hatholike, o ile a ngola koranteng e ’ngoe ea Canada e tsoang beke le beke ka boiteko ba hae ba ho nyahamisa mosali e mong ho ithuta le Lipaki Tsa Jehova. O ile a re: “Ke ile ka tsieleha ’me ka hlokomela hore ke hamela letanteng. Ke ile ka qala ho hlokomela hore ha likhoeli li ntse li feta basali bana ba ma-JW [Lipaki] ba thehile maqhama a matla le mosali enoa ea sa khoneng ho tsoa ka tlung. Ba itloaelitse eena ka hore ba mo thuse, ba mo etse motsoalle, ’me ba thehile maqhama a pelo. Ka mor’a nakoana e ile ea e-ba setho se mafolofolo sa bolumeli ba bona ’me ho ne ho se letho le lekaalo leo nka hlolang ke le etsa ho thibela seo.” Feela joalokaha pelo ea enoa eo e neng e le Mok’hatholike e ile ea susumetsoa ke molaetsa oa Bibele o rutoang ke Lipaki Tsa Jehova le ke boitšoaro ba tsona ba Bokreste, lipelo tsa batho ba limilione lefatšeng ka bophara le tsona lia susumetseha.

Thuto ea mofuta ona—thuto ea ’Muso—e thehiloeng Bibeleng, e phahamisa melao-motheo ea eona le litekanyetso tsa eona tsa boitšoaro. E ruta batho ho ratana le ho hlomphana ho sa tsotellehe litso tsa bona. (Johanne 13:34, 35) E boetse e thusa batho ho amohela keletso e reng: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Ba limilione ba fumane khotso le thabo hona joale ’me ba na le tebello e khanyang ka bokamoso, kaha ba furaletse tsela ea bona ea pele ea bophelo ’me ba thabela ho phela tumellanong le melao le melao-motheo ea puso ea ’Muso.—Bakolose 3:9-11.

Thuso e ka sehloohong ho finyelleng bonngoe bona lefatšeng ka bophara ke makasine ena ea Molula-Qhooa. Ka ho sebelisa litsela tse hlophisehileng tsa phetolelo le thepa ea khatiso e hatisang ka lipuo tse ngata, lihlooho tse khōlō tsa Molula-Qhooa li hatisetsoa hong ka lipuo tse 135, ’me babali ba oona ba fetang karolo ea 95 lekholong ba khona ho ithuta boitsebiso bona ka nako e le ’ngoe ka lipuo tsa bona.

Mongoli e mong oa Momormone o ile a thathamisa lintho tse ikhethang ka ho fetisisa tseo baromuoa ba bang bao e seng ba kereke ea habo ba atlehileng ho li finyella. O ile a thathamisa Molula-Qhooa le Tsoha!, tse hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, e le limakasine tse bolelang evangeli ka ho fetisisa ’me a re: “Ha ho motho ea ka qosang Molula-Qhooa kapa Tsoha! ka hore li khothalletsa ho se tsotelle—ho e-na le hoo, li khothalletsa batho ho lula ba falimehile e leng seo ke se boneng seoelo likhatisong tsa malumeli a mang. Boitsebiso bo ho Molula-Qhooa le Tsoha! bo thehiloeng ’neteng, bo batlisisitsoeng ka hloko le bo buang ka lintho tsa etsahalang boa khatholla.”

Ho na le bopaki bo bongata ba hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele le hore o sebetsa ka botlalo. Lipaki Tsa Jehova li thabela ho bolella baahelani ba tsona “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” ’me li etsa seo ka mafolofolo, li ba khothalletsa ho ba bafo ba oona. (Matheu 24:14) Na tebello ee ea ipiletsa ho uena? U ka thabela litlhohonolofatso tse tlisoang ke ho kopanela le ba rutoang litekanyetso tsa ’Muso oo ba bile ba leka ho phela ka tsona. Ho feta moo, u ka thabela tebello ea ho phela tlas’a puso ea ’Muso lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng leo ho lona “ho loka ho tla aha.”—2 Petrose 3:13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Bakeng sa lintlha tse qaqileng, bona khaolo ea 10 e nang le sehlooho se reng “’Muso oa Molimo O-oa Busa,” bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, leqepheng la 90-7.

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Ka 1914 lichaba li ile tsa kena ntoeng ea lefatše

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Mosebetsi oa boithaopo oa liphallelo ke bopaki ba hore lerato la Bokreste lea sebetsa

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li rua molemo lenaneong le tšoanang la thuto