Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Re Batla Hore re Tle re re, ‘E!’”

“Re Batla Hore re Tle re re, ‘E!’”

“Re Batla Hore re Tle re re, ‘E!’”

OFISI ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Nigeria e sa tsoa amohela lengolo, leo karolo e ’ngoe ea lona e reng:

“Mora oa rōna, Anderson, o hlokahetse a le lilemo li 14. O ne a hōlisa likhoho tse peli pele a hlokahala. O ne a batla ho li rekisa ebe o romela chelete eo ofising ea lekala e le monehelo oa mosebetsi oa boboleli oa lefatše ka bophara. Empa o ile a hlokahala pele likhoho tseo li rekisoa.

“Kaha e ne e le takatso ea hae, re le batsoali ba hae re hōlisitse likhoho tseo ’me ra li rekisa. Re le romella chelete ena e le monehelo o entsoeng ke Anderson. Ka lebaka la tšepiso ea Jehova, re kholisehile hore haufinyane haholo—re tla boela re bona Anderson. Re batla hore re tle re re, ‘E!’ ha a re botsa hore na re phethahalitse takatso ea pelo ea hae. Ha e le hantle, re lebeletse ka thabo ho bona eseng Anderson feela empa ho bona le ‘leru le leholo la lipaki’ tse tla tsosoa bafung.”—Baheberu 12:1; Johanne 5:28, 29.

Joalokaha lengolo le ka holimo le bontšitse ka ho hlaka, ho lumela tsohong ea bafu ke tšepo e matlafatsang Bakreste ba ’nete. Malapa a mang a limilione a tla thaba hakaakang ha le ’ona ho tšoana le lelapa labo Anderson, a amohela baratuoa ba ’ona bao a neng a arohantsoe le bona ke lefu leo e leng sera!—1 Bakorinthe 15:24-26.

Lentsoe la Molimo le fana ka tšepo ena e tšelisang ea hore bafu ba tla tsosoa e le e ’ngoe ea lintho tse babatsehang tse tla etsahala haufinyane lefatšeng le lecha la ho loka tlas’a ’Muso oa Molimo. (2 Petrose 3:13) Bibele ha e bua ka seo Molimo a tlang ho se etsetsa batho ka nako eo, e re: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.