Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ne re Itšetlehile ka Matla a Jehova

Re ne re Itšetlehile ka Matla a Jehova

Pale ea Bophelo

Re ne re Itšetlehile ka Matla a Jehova

JOALOKAHA HO BOLETSE ERZSÉBET HAFFNER

Ha Tibor Haffner a utloa hore ke laetsoe hore ke tlohe Czechoslovakia, o ile a re: “Nke ke ka ba lumella hore ba u leleke naheng ena.” Eaba oa phaella: “Haeba u lumela, ke tla u nyala ’me u tla lula le ’na ka ho sa feleng.”

KA LA 29 January, 1938, libeke tse seng kae feela ka mor’a ho hlahuoa lesumatha ka taba eo ea lenyalo, ke ile ka nyaloa ke Tibor, e leng mor’abo rōna oa pele oa Mokreste ea ileng a pakela lelapa leso. Eo e ne e se qeto e bonolo. Ke ne ke le lilemo li 18 feela ka nako eo, ’me joaloka mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova, ke ne ke batla ho nehela lilemo tsa ka tsa bocha ka ho khethehileng tšebeletsong ea Molimo. Ke ile ka lla. Ka rapela. E bile feela ha ke se ke khobile matšoafo moo ke ileng ka hlokomela hore ha Tibor a ne a ntšepisa hore o tla ’nyala, e ne e se feela hore o ne a nkutloela bohloko, ’me ke ile ka ikutloa ke batla ho phela le monna enoa ea neng a nthata e le kannete.

Empa ke hobane’ng ha ke ne ke le kotsing ea ho lelekoa naheng eo? Se makatsang ke hore ke ne ke lula naheng e neng e ikhantša ka tsamaiso ea eona ea demokrasi le tokoloho ea bolumeli. Ke nahana hore mothating ona ke lokela ho u phetela ka khōlo ea ka.

Ke hlahile ka la 26 December, 1919, ke hlahela motseng oa Sajószentpéter, Hungary, lik’hilomithara tse ka bang 160 ka bochabela ho Budapest, ’me batsoali ba ka ba ne ba kena kereke ea K’hatholike ea Greece. Ka masoabi, Ntate o ile a hlokahala pele ke hlaha. Nakoana ka mor’a moo, ’Mè o ile a nyaloa ke monna e mong ea hlokahaletsoeng ke mosali, ea neng a e-na le bana ba bane, eaba re fallela Lučenec, e leng motse o motle o sebakeng seo e neng e le Czechoslovakia pele. Mehleng eo, ho lula lelapeng la motsoali oa bobeli ho ne ho se bonolo. Kaha e ne e le ’na e monyenyane baneng ba bahlano, ke ne ke ikutloa ke le mokhelo. Maemo a moruo a ne a sa jese litheohelang, ’me ke ne ke sa hloke lintho tse bonahalang feela empa ke ne ke boetse ke hloka tlhokomelo e tloaelehileng le lerato la motsoali.

Na ho na le ea Tsebang Karabo?

Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka tšoenngoa ke lipotso tse tebileng. Ke ile ka bala ka thahasello e khōlō histori ea Ntoa ea I ea Lefatše, ’me ka makatsoa ke lipolao tsohle tse ileng tsa e-ba teng pakeng tsa lichaba tse tsoetseng pele tse ipolelang hore ke tsa Bokreste. Ntle ho moo, ke ne ke bona hohle ho matlafatsoa sesole. Seo sohle se ne se sa lumellane le seo ke ithutileng sona kerekeng ka ho rata moahelani.

Kahoo ke ile ka ea ho moruti oa Roma e K’hatholike eaba ke mo botsa potso e reng: “Ke taelo efe eo re tlamehang ho e boloka joaloka Bakreste—ea hore re ee ntoeng re e’o bolaea baahelani ba rōna kapa ea hore re ba rate?” A khopisitsoe ke potso ea ka, o ile a araba ka hore eena o ruta seo a se bolelloang ke ba boholong. Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang ha ke e-ea ho moruti oa Mocalvin, esita le ka mor’a moo ha ke e-ea ho rabi oa Mojuda. Ha kea ka ka fumana karabo ho hang, haese feela hore ba ile ba makatsoa ke potso ea ka e sa tloaelehang. Qetellong, ke ile ka ea ho moruti oa Lutere. O ile a teneha, empa pele ke tsamaea, o ile a re: “Haeba u hlile u batla ho tseba seo, botsa Lipaki Tsa Jehova.”

Ke ile ka leka ho fumana Lipaki empa ka se ke ka atleha. Eitse ha ke khutla mosebetsing matsatsi a seng makae hamorao, ka bona monyako o butsoe. Tjaka e ’ngoe ea mohlankana e ne e ntse e balla ’Mè temana ka Bibeleng. Ke ile ka tleloa ke mohopolo o reng, ‘E tlameha ebe ke Paki ea Jehova!’ Re ile ra re mohlankana enoa, e leng Tibor Haffner, a kene ka tlung, eaba ke boetse ke botsa lipotso tsa ka. Ho e-na le hore a nkarabe ka maikutlo a hae, o ile a mpontša seo Bibele e se buang ka letšoao la Bakreste ba ’nete, esita le seo e se buang ka linako tseo re phelang ho tsona.—Johanne 13:34, 35; 2 Timothea 3:1-5.

Ka mor’a likhoeli tse seng kae, pele ke e-ba lilemo li 17, ke ile ka kolobetsoa. Ke ne ke ikutloa hore motho e mong le e mong o tšoanela ho utloa linnete tsena tse babatsehang tseo ke li fumanetseng thateng hakana. Ke ile ka qala ho ba ’moleli oa nako e tletseng, e leng ho neng ho le thata haholo Czechoslovakia lilemong tseo tsa ho elella ho bo-1940. Le hoja mosebetsi oa rōna o ne o ngolisitsoe ka molao, re ne re thulana le khanyetso e matla, e neng e hlohlelletsoa ke baruti.

Ho Qala ho Hlorisoa

Ka letsatsi le leng ho elella mafelong a selemo sa 1937, ke ne ke le mosebetsing oa boboleli ke e-na le morali’eso e mong oa Mokreste motseng o haufi le Lučenec. E se neng re ile ra tšoaroa eaba re hlahleloa teronkong. Ha molebeli a khahlela lemati la sele ea rōna, o ile a re: “Le tlil’o shoela hona mona.”

Mantsiboea re ne re se re e-na le batšoaruoa ba bang ba bane ka seleng ea rōna. Re ile ra qala ho ba tšelisa le ho ba pakela. Ba ile ba khoba matšoafo ’me ra qeta bosiu bohle re tšohla ’nete ea Bibele le bona.

Ka hora ea botšelela hoseng, molebeli o ile a mpitsetsa ka ntle ho sele. Ke ile ka re ho motsoalle oa ka: “Re tla kopana hape ’Musong oa Molimo.” Ke ile ka mo kōpa hore haeba a ka phonyoha, a bolelle lelapa leso hore na ho etsahetse’ng. Ke ile ka etsa thapelo ke ntse ke khutsitse eaba ke tsamaea le molebeli eo. O ile a nkisa foleteng ea hae tikolohong eo ea teronko. A re: “Ngoananyana, ho na le lipotso tseo ke batlang ho u botsa tsona. Maobane bosiu u ile ua re lebitso la Molimo ke Jehova. Na u ka mpontša lona ka Bibeleng?” Ke ile ka makala haholo ka ba ka utloa ho re kokololo! O ile a ntša Bibele ea hae, eaba ke mo bontša lebitso la Jehova, eena le mosali oa hae. O ne a e-na le lipotso tse ling tse ngata mabapi le litaba tseo re li tšohlileng le basali bao ba bane bosiu. Ha a khotsofetse ke likarabo, o ile a re mosali oa hae a nketsetse lijo tsa hoseng, ’na le motsoalle oa ka.

Matsatsi a seng makae hamorao, re ile ra lokolloa empa moahloli a etsa qeto ea hore kaha ke ne ke le moahi oa Hungary, ke ne ke lokela ho tloha Czechoslovakia. E bile ka morao ho ketsahalo ena moo Tibor Haffner a ileng a nkōpa hore ke be mosali oa hae. Re ile ra nyalana, ’me ka ea lula habo.

Mahloriso aa Tota

Re ile ra tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli ha re se re nyalane, le hoja Tibor a ne a boetse a e-na le mosebetsi oa mokhatlo oo a neng a lokela ho o etsa. Matsatsi a seng makae feela pele masole a Hungary a kena motseng oa rōna ka November 1938, mora oa rōna Tibor, e monyenyane, o ile a tsoaloa. Europe, Ntoa ea II ea Lefatše e ne e atamela. Hungary e ile ea hapa karolo e khōlō ea Czechoslovakia, e leng ho ileng ha etsa hore Lipaki Tsa Jehova tse lulang libakeng tse hapiloeng li hlorisoe.

Ka la 10 October, 1942, Tibor o ile a ea Debrecen ho ea kopana le bara ba bang babo rōna. Leha ho le joalo, lekhetlong lena ha aa ka a khutla. Hamorao o ile a mpolella hore na ho ile ha etsahala’ng. Ho e-na le hore a kopane le barab’abo rōna, mapolesa a mang a neng a apere liaparo tsa basebetsi a ne a eme borokhong boo ba neng ba lokela ho kopana ho bona. A ne a emetse monna oa ka le Pál Nagypál, ba ileng ba fihla qetellong. Mapolesa a ile a ba isa seteisheneng sa mapolesa eaba a ba otla ka melamu ka tlas’a maoto ba sa roala lieta ho fihlela ba akheha ke bohloko.

Ka mor’a moo ba ile ba laeloa hore ba roale lirifi tsa bona ’me ba eme. Ho sa tsotellehe ho opeloa, ba ile ba qobelloa hore ba ee seteisheneng sa terene. Mapolesa a ile a tlisa monna e mong ea neng a tlamisitsoe hlooho hoo a neng a batla a sa bone. E ne e le Mor’abo rōna András Pilling, eo le eena a neng a tlil’o kopana le barab’abo. Monna oa ka o ile a nkoa ka terene a isoa litlamong Alag, haufi le Budapest. E mong oa balebeli ea ileng a bona maoto a Tibor a tetekiloeng, o ile a re ka ho phoqa: “Batho ba bang ba sehlōhō hakaakang! Se k’a tšoenyeha, re tla u folisa.” Eaba balebeli ba bang ba babeli ba qala ho otla Tibor maotong, ba hasa mali hohle. Ka mor’a metsotso e seng mekae, o ile a akheha.

Khoeling e hlahlamang, Tibor le bara le barali babo rōna ba bang ba fetang 60 ba ile ba qosoa. Barab’abo rōna András Bartha, Dénes Faluvégi le János Konrád ba ile ba ahloleloa hore ba bolaoe ka ho fanyehoa. Mor’abo rōna András Pilling o ile a ahloleloa ho qeta bophelo bohle teronkong, ’me monna oa ka a ahloleloa ho qeta lilemo tse 12 teronkong. Molato oa bona e ne e le ofe? Mochochisi o ile a ba qosa ka ho leka ho phethola ’muso, ho hana tšebeletso ea sesole, ho ba limpimpi, le ho etselletsa kereke e halalelang ka ho fetisisa. Hamorao ba ahloletsoeng lefu ba ile ba ahloleloa ho qeta bophelo bohle teronkong.

Ho Sala Monna oa ka Morao

Matsatsi a mabeli ka mor’a hore Tibor a ee Debrecen ho ea kopana le barab’abo rōna, ke ile ka tsoha pele ho hora ea botšelela hoseng eaba ke tereka liphahlo. Hang-hang ka utloa motho a kokota ka matla monyako. Ka re ka pelong: ‘A se a le teng.’ Mapolesa a tšeletseng a ile a itšohlometsa ka tlung eaba a mpolella hore a fuoe tumello ea ho phenya ntlo. Bohle ba neng ba le teng ka tlung ba ile ba tšoaroa ’me ba isoa seteisheneng sa mapolesa, ho akarelletsa le mora oa rōna ea lilemo li tharo. Re ile ra isoa teronkong ea Pétervására, Hungary, hona letsatsing leo.

Hoba ke fihle moo, ke ile ka tšoaroa ke feberu eaba ke aroloa ho batšoaruoa ba bang. Ha ke hlaphoheloa, masole a mabeli a ne a le ka seleng ea ka, a phehile khang ka ’na. Le leng la re: “Re tlameha ho mo thunya! Ke tla mo thunya!” Empa le leng le ne le batla ho hlahloba boemo ba ka ba bophelo pele a nthunya. Ke ile ka a kōpa hore a se ke a mpolaea. Qetellong a ile a tsoa ka seleng ea ka, eaba ke leboha Jehova ka thuso ea hae.

Balebeli ba ne ba e-na le mokhoa o khethehileng oa ho hloma batho lipotso. Ba ile ba ntaela hore ke paqame fatše, ba ntšunya likausi ka hanong, ba ntlama maoto le matsoho, eaba ba nchapa ho fihlela ke lutla mali. Ba ile ba khaotsa feela ha le leng la masole le re le khathetse. Ba ile ba mpotsa hore na monna oa ka o ne a il’o kopana le mang mohla a tšoaroang. Ha kea ka ka ba bolella, kahoo ba tsoela pele ho nchapa matsatsi a mararo. Letsatsing la bone, ke ile ka lumelloa hore ke ise mora oa ka ho ’Mè. Ke ile ka pepa ngoan’a ka e monyenyane le hoja ke ne ke tsoile maqeba mokokotlong eaba ke tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 13 ho ea seteisheneng sa terene, har’a serame se tšabehang. Ha ke tloha moo, ke ile ka ea hae ka terene, empa ke ne ke lokela ho khutlela kampong hona letsatsing leo.

Ke ile ka ahloleloa ho qeta lilemo tse tšeletseng teronkong Budapest. Ha ke fihla, ke ile ka utloa hore Tibor le eena o teng moo. Re ile ra thaba hakaakang ha re fumana tumello ea ho buisana re khaohantsoe ke terata, le hoja e ne e le ka metsotso e seng mekae feela! Ka bobeli re ile ra utloa lerato la Jehova ’me ra matlafatsoa ke metsotso eo ea bohlokoahali. Pele re kopana hape, ka bobeli re ne re tla feta litekong tse sisimosang hoo ka makhetlo re neng re tla phonyoha ka lesoba la nale.

Ho Tloha Teronkong e ’Ngoe ho ea ho e ’Ngoe

Re ne re petetsane ka seleng e le ’ngoe re le barali ba motho ba ka bang 80. Re ne re labalabela lijo tsa moea, empa ho ne ho bonahala ho se letho leo re ka khonang ho le kenya ka teronkong. Na ho ne ho e-na le seo re ka se fumanang ka har’a teronko? E-re ke u bolelle hore na re ile ra etsa’ng. Ke ile ka ithaopela ho lokisa likausi tsa litlelereke tsa teronko. Ka kausing e ’ngoe, ke ile ka kenya sekhechana sa pampiri ka kōpa nomoro ea Bibele lethathamong la libuka tsa laebrari. Ho qoba ho tsosa libata masene, ke ile ka phaella ka mabitso a libuka tse ling tse peli.

Letsatsing le hlahlamang, ke ile ka fumana qubu e ’ngoe ea likausi tsa litlelereke. Ho ne ho kentsoe karabo ka har’a e ’ngoe ea tsona. Eaba ke fa molebeli linomoro tsena ’me ke kōpa libuka tseo. Re ile ra thaba hakaakang ha re fumana libuka tseo, ho kopanyelletsa le Bibele! Libuka tse ling re ne re li khutlisa beke e ’ngoe le e ’ngoe, empa Bibele eona re ne re e siea. Ha molebeli a botsa ka eona, kamehla re ne re re: “Ke buka e khōlō, e mong le e mong o batla ho e bala.” Ka tsela eo, re ile ra khona ho bala Bibele.

Ka letsatsi le leng, ofisiri e ’ngoe e ile ea mpitsetsa ka ofising ea eona. E ne e bonahala e le mosa ka tsela e sa tloaelehang.

E ile ea re: “Mofumahali Haffner, ke u tšoaretse litaba tse monate. U ka khutlela hae. Mohlomong hosasa. Esita le hona kajeno, haeba terene e le teng.”

Ka araba: “Eo e ka ba ntho e ntle.”

Ea re: “E, ka sebele e ka ba ntho e ntle. U na le ngoana, ’me ke lumela hore u batla ho mo hōlisa.” Ea ntoo phaella, “Ak’u ntšaenele lengolo lena feela.”

Ka botsa: “Ke la eng?”

Ea tsitlella: “Se k’a tšoenyeha ka lona. Saena feela, u tla lokolloa.” Eaba e re ho ’na: “Hang ha u se u fihlile hae, u etse sohle seo u se batlang. Empa hona joale u tlameha ho saena hore ha u sa le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.”

Ke ile ka chechela morao ’me ka hana ke tiile.

Ea kharuma ka bohale ea re, “Joale he u tla shoela hona mona!” eaba ea nteleka.

Ka May 1943, ke ile ka isoa teronkong e ’ngoe Budapest ’me hamorao ka isoa motseng oa Márianosztra, moo re ileng ra lula lehaeng la baitlami ba ka bang 70. Ho sa tsotellehe tlala le mathata a mang, re ne re labalabela ho ba bolella ka tšepo ea rōna. E mong oa baitlami o ile a bontša thahasello ea sebele molaetseng oa rōna a ba a re: “Tsena ke lithuto tse monate. Ha ke e-s’o utloe ntho e kang ena. Ke kōpa le mpolelle ho eketsehileng.” Re ile ra mo bolella ka lefatše le lecha le bophelo bo monate bo tla ba teng moo. Ha re ntse re bua, ’mè ea okametseng baitlami o ile a fihla. Hang-hang moitlami eo ea thahasellang o ile a tlosoa, a hlobolisoa, eaba o shapuoa hampe ka phafa. Ha re boetse re kopana le eena hape, o ile a ipiletsa ho rōna a re: “Ke kōpa le nthapelle ho Jehova hore a tle a mpholose ’me ke tlohe mona. Ke batla ho ba e mong oa lōna.”

Ka mor’a moo re ile ra isoa teronkong ea khale Komárom, e leng motse o Nōkeng ea Danube, lik’hilomithara tse ka bang 80 ka bophirimela ho Budapest. Maemo ao re neng re phela ho ’ona e ne e le a sisimosang. Ke ile ka kula haholo ke tšoeroe ke typhus joaloka baralib’abo rōna ba bang, ka hlatsa mali ’me ka fokola haholo. Re ne re se na meriana, ’me ke ne ke nahana hore ho felile ka ’na. Empa liofisiri li ne li batla motho ea ka sebetsang ofising. Baralib’abo rōna ba ile ba mpuella. Kahoo, ke ile ka fuoa meriana ’me ka hlaphoheloa.

Ke Kopana le Lelapa la ka Hape

Ha lebotho la Masoviet le atamela le hlaha bochabela, re ile ra tlameha ho leba bophirimela. Ha nka hlalosa lintho tsohle tse sisimosang tseo re ileng ra feta ho tsona, nka qeta letsatsi lohle. Ke ile ka khutla lintšing tsa lefu ka makhetlo a mangata, empa ka lebaka la tšireletso ea Jehova, ke ile ka phonyoha. Ha ntoa e lala, re ile ra isoa motseng oa Tábor, Czechoslovakia, o lik’hilomithara tse ka bang 80 ho tloha Prague. Ho ile ha feta libeke tse ling tse ka bang tharo pele ’na le molamo oa ka Magdalena re fihla hae Lučenec, ka la 30 May, 1945.

Eitse re sa le thōkonyana, ka bona ’mè matsale le mora oa ka ea ratehang, Tibor, ka jareteng. Ke ile ka seka meokho, eaba kea hoeletsa ke re, “Tibike!” A pepetlolotsa a itahlela matsohong a ka. “’Mè, akere ha u sa tla hlola u tsamaea hape?” Ao e bile mantsoe a pele ao a ileng a a bua le ’na, ’me nke ke ka a lebala.

Jehova o ile a hauhela le monna oa ka, Tibor. Ha a tloha teronkong Budapest, o ile a isoa kampong ea mosebetsi o boima Bor, hammoho le barab’abo rōna ba bang ba ka bang 160. Ba ile ba e-ba makhatheng a lefu ka makhetlo a mangata, empa e le sehlopha, ba ile ba sireletsoa ba se ke ba shoa. Tibor o ile a khutlela hae ka la 8 April, 1945, hoo e ka bang khoeli pele ho ’na.

Ka mor’a ntoa, re ne re ntse re hloka matla a Jehova hore re mamelle liteko tsohle tse ileng tsa tsoela pele ka lilemo tse 40 tseo re li qetileng re le tlas’a puso ea Bokomonisi Czechoslovakia. Tibor o ile a boela a ahloleloa ho qeta nako e telele teronkong, ’me ke ile ka tlameha ho hlokomela mora oa rōna a le sieo. Ka mor’a hore a lokolloe, Tibor o ile a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang. Lilemong tse 40 tsa Bokomonisi, re ne re sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolella ba bang ka tumelo ea rōna. Re ile ra khona ho thusa ba bangata hore ba ithute ’nete. Ka hona e ile ea e-ba bana ba rōna ba moea.

E ile ea e-ba thabo e kaakang ha re fumana tokoloho ea bolumeli ka 1989! Selemong se hlahlamang, re ile ra ba teng kopanong ea rōna ea pele naheng ea rōna ka mor’a nako e telele. Ha re bona bara le barali babo rōna ba likete-kete ba lutseng ba tšepahala ka mashome a lilemo, re ile ra tseba hore Jehova e bile mohloli o moholo oa matla ho bona kaofela.

Monna oa ka ea ratehang, Tibor, o ile a shoa a tšepahala ho Molimo ka la 14 October, 1993, ’me hona joale ke lula Žilina, Slovakia, haufi le mora oa ka. Ha ke sa na matla ’meleng, empa ka matla a Jehova moea oa ka o sa le matla. Ha ke na pelaelo le e nyenyane feela ea hore ka matla a hae nka mamella liteko leha e le life tsa tsamaiso ena ea khale. Ho feta moo, ke lebeletse nako eo ka eona, ka mosa oa Jehova o sa tšoanelang, ke tla khona ho phela ka ho sa feleng.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Mora oa ka, Tibor e monyenyane, (ha a le lilemo li 4) eo ke ileng ka tlameha ho mo siea

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Tibor e moholo, le barab’abo rōna ba bang Bor

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ke na le Tibor le molamo oa ka, Magdalena, ka 1947, Brno

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ke ile ka khutla lintšing tsa lefu ka makhetlo a mangata, empa ka lebaka la tšireletso ea Jehova, ke ile ka phonyoha