Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Aparang Lihlomo Tse Feletseng Tsa Ntoa Tse Tsoang ho Molimo”

“Aparang Lihlomo Tse Feletseng Tsa Ntoa Tse Tsoang ho Molimo”

“Aparang Lihlomo Tse Feletseng Tsa Ntoa Tse Tsoang ho Molimo”

“Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.”—BAEFESE 6:11.

1, 2. Ak’u hlalose ka mantsoe a hao lihlomo tsa moea tsa ntoa tseo ho hlokahalang hore Bakreste ba li apare.

ROMA e ne e le sehlohlolong sa puso lekholong la pele la lilemo C.E. Matla a mabotho a Roma a ile a thusa motse ona hore o laole boholo ba lefatše le neng le tsejoa ka nako eo. Rahistori e mong o ile a hlalosa lebotho lena e le “tlhophiso e atlehileng ka ho fetisisa ea sesole historing.” Lebotho le bohlale la Roma le ne le entsoe ka masole a laolehileng a neng a koetlisoa ka thata, empa ho ba ha ’ona lebotho le loanang ka katleho ho ne ho boetse ho itšetlehile ka lihlomo tsa ’ona tsa ntoa. Moapostola Pauluse o ile a sebelisa lihlomo tsa ntoa tsa lesole la Roma ha a bapisa lihlomo tsa moea tsa ntoa tseo Bakreste ba li hlokang e le hore ba loantše Diabolose ka katleho.

2 Lihlomo tsena tsa moea tsa ntoa li hlalositsoe ho Baefese 6:14-17. Pauluse o ile a ngola a re: “Le eme le tiile, matheka a lōna a tlamiloe ka hohle ka ’nete, ’me le apere tšireletso ea sefuba ea ho loka, le maoto a lōna a roetse lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso. Ka holim’a lintho tsohle, le nke thebe e khōlō ea tumelo, eo ka eona le tla khona ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo. Hape, le amohele helmete ea poloko, le sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo.” Ka pono ea batho, lihlomo tsena tsa ntoa tseo Pauluse a li hlalositseng, li ne li sireletsa lesole la Roma haholo. Hape, le ne le sebelisa sebetsa sa lona se seholo sa ho loana, e leng sabole.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela litaelo tsa Jesu Kreste le ho latela mohlala oa hae?

3 Ntle ho lihlomo le ho koetlisoa, katleho ea lebotho la Roma e ne e itšetlehile ka hore masole a mamele molaoli oa ’ona. Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba lokela ho mamela Jesu Kreste, eo Bibele e hlalosang hore ke “molaoli oa lichaba.” (Esaia 55:4) Hape ke “hlooho ea phutheho.” (Baefese 5:23) Jesu o re fa litaelo tsa ntoa ea rōna ea moea ebile o re behela mohlala o phethahetseng oa kamoo re ka aparang lihlomo tsa moea tsa ntoa kateng. (1 Petrose 2:21) Kaha botho bo kang ba Kreste bo tšoana haholo le lihlomo tsa rōna tsa moea tsa ntoa, Mangolo a re eletsa hore re “itlhomelle” ka boikutlo ba kelello ba Kreste. (1 Petrose 4:1) Kahoo, ha re ntse re sekaseka karolo ka ’ngoe ea lihlomo tsa rōna tsa moea tsa ntoa, re tla sebelisa mohlala oa Jesu ho bontša bohlokoa ba lihlomo tsena tsa ntoa le hore na li sebetsa hakae ka katleho.

Ho Sireletsa Matheka, Sefuba le Maoto

4. Lebanta le ne le thusa ka eng lihlomong tsa ntoa tsa lesole, ’me le tšoantšetsa eng?

4 Matheka a tlamiloe ka hohle ka ’nete. Mehleng ea Bibele, masole a ne a itlama ka lebanta le sephara la letlalo, kapa senyepa, le neng le le bophara ba lisenthimithara tse hlano ho isa ho tse leshome le metso e mehlano. Bafetoleli ba bang ba etsa tlhahiso ea hore temana ena e ngoloe ka tsela ena, “’nete e le lebanta le tlamileng matheka a lōna.” Lebanta la lesole le ne le sireletsa letheka la lona, ’me le ne le loketse bakeng sa ho fasa sabole. Ha lesole le ne le itlama letheka, le ne le itokisetsa ntoa. Pauluse o ile a sebelisa lebanta la lesole ho tšoantšetsa hore na ’nete ea Mangolo e lokela ho susumetsa bophelo ba rōna hakae. Ka puo ea tšoantšetso, le lokela ho re fapa thekeng, e le hore re phele tumellanong le ’nete ’me re e sireletse ka linako tsohle. (Pesaleme ea 43:3; 1 Petrose 3:15) Ka lebaka lena, ho hlokahala hore re ithute Bibele le ho thuisa ka litaba tsa eona. Jesu o ne a e-na le molao oa Molimo ‘ka har’a litho tsa hae tse ka hare.’ (Pesaleme ea 40:8) Ka hona, ha bahanyetsi ba ne ba mo botsa, o ne a ka ba araba a qotsa Mangolo ka hlooho.—Matheu 19:3-6; 22:23-32.

5. Hlalosa kamoo keletso ea Mangolo e ka re thusang kateng linakong tsa liteko.

5 Ha re lumella ’nete ea Bibele hore e re tataise, e ka re sireletsa menahanong e fosahetseng ea ba ea re thusa ho etsa liqeto tse bohlale. Linakong tsa liteko, melao e tataisang ea Bibele e tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho etsa se nepahetseng. Ho tla tšoana le ha re bona Morupeli oa rōna e Moholo, Jehova, ’me re tla utloa lentsoe ka mor’a rōna le re: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”—Esaia 30:20, 21.

6. Ke hobane’ng ha pelo ea rōna ea tšoantšetso e hloka ho sireletsoa, ’me ho loka ho ka e sireletsa ka katleho joang?

6 Tšireletso ea sefuba ea ho loka. Tšireletso ea sefuba ea lesole e ne e sireletsa setho sa bohlokoa, e leng pelo. Pelo ea rōna ea tšoantšetso—e leng motho eo re leng eena ka hare—e hloka tšireletso e khethehileng hobane e na le ho rata lintho tse fosahetseng. (Genese 8:21) Kahoo, re lokela ho ithuta litekanyetso tse lokileng tsa Jehova le ho li rata. (Pesaleme ea 119:97, 105) Ho rata ho loka ho tla re thusa ho hana monahano oa lefatše oa ho hlokomoloha kapa oa ho bebofatsa melao ea Jehova e hlakileng e tataisang. Ho feta moo, ha re rata se nepahetseng ’me re hloile se fosahetseng, re qoba ho phehella tsela e ka senyang bophelo ba rōna. (Pesaleme ea 119:99-101; Amose 5:15) Jesu ke mohlala ntlheng ena, hobane Mangolo a re ka eena: “U ratile ho loka, ’me u hloile tlōlo ea molao.”—Baheberu 1:9. *

7. Ke hobane’ng ha lesole la Roma le ne le hloka lieta tse loketseng, ’me li tšoantšetsa eng?

7 Maoto a roetse lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso. Masole a Roma a ne a hloka lieta tse thata kapa meqathatso e tiileng, hobane ha a ne a futuha a ne a atisa ho tsamaea lik’hilomithara tse 30 ka letsatsi a apere kapa a jere lihlomo le thepa e boima ba lik’hilograma tse 27. Ka nepo Pauluse o ile a sebelisa lieta ho tšoantšetsa ho ba ha rōna malala-a-laotsoe bakeng sa ho bolela molaetsa oa ’Muso ho e mong le e mong ea tla mamela. Sena ke sa bohlokoa hobane batho ba tla tseba Jehova joang haeba re se malala-a-laotsoe ebile re sa ikemisetsa ho bolela?—Baroma 10:13-15.

8. Ke joang re ka etsisang mohlala oa Jesu oa ha a ne a bolela litaba tse molemo?

8 Mosebetsi oa bohlokoahali e ne e le ofe bophelong ba Jesu? O ile a re ho ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato: ‘Ke tlile lefatšeng ho tla pakela ’nete.’ Jesu o ne a bolela molaetsa neng le neng ho motho ea ratang ho mamela, ’me o ne a thabela tšebeletso ea hae haholo hoo e neng e tla pele ho litlhoko tsa hae tsa nama. (Johanne 4:5-34; 18:37) Haeba rōna, joaloka Jesu, re chesehela ho bolela litaba tse molemo, re tla fumana menyetla e mengata ea ho li bolella batho ba bang. Ho feta moo, ha re ikakhela ka setotsoana tšebeletsong, re tla lula re le matla moeeng.—Liketso 18:5.

Thebe, Helmete le Sabole

9. Thebe e khōlō e ne e sireletsa lesole la Roma hakae?

9 Thebe e khōlō ea tumelo. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “thebe e khōlō” le bolela thebe e neng e le khōlō ka ho lekaneng hore e koahele karolo e khōlō ea ’mele. E ne e tla sireletsa motho ‘metsung eohle e tukang’ eo ho builoeng ka eona ho Baefese 6:16. Mehleng ea Bibele, masole a ne a sebelisa metsu e neng e le mahlaka a fatuoeng ka hare a kentsoeng ka har’a tšepe e mohohlo e neng e ka tšeloa mokelikeli o tukang ka tlas’a motsu. Setsebi se seng se hlalosa hore metsu ena e ne e le “se seng sa lihlomo tse kotsi ka ho fetisisa ntoeng ea boholo-holo.” Haeba lesole le ne le se na thebe e khōlō eo le itšireletsang ka eona metsung eo, le ne le ka tsoa likotsi tse mpe kapa la bolaoa.

10, 11. (a) Ke ‘metsu [efe] e tukang’ ea Satane e ka senyang tumelo ea rōna? (b) Mohlala oa Jesu o bontša bohlokoa ba tumelo joang linakong tsa ha re lekoa?

10 Satane o sebelisa ‘metsu [efe] e tukang’ ho senya tumelo ea rōna? A ka ’na a tsosa mahloriso kapa khanyetso ka lapeng, mosebetsing, kapa sekolong. Takatso ea ho ikatisetsa lintho tse bonahalang, le leraba la boitšoaro bo bobe le tsona li sentse bomoea ba ba bang. E le hore re itšireletse linthong tse joalo tse lematsang, ‘ka holim’a lintho tsohle, [re lokela ho] nka thebe e khōlō ea tumelo.’ Tumelo e ba teng ka ho ithuta ka Jehova, ho buisana le eena khafetsa ka thapelo, le ho lemoha kamoo a re sireletsang le ho re hlohonolofatsa kateng.—Joshua 23:14; Luka 17:5; Baroma 10:17.

11 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša bohlokoa ba ho ba le tumelo e matla linakong tse mahlonoko. O ne a tšepa liqeto tsa Ntate oa hae ka ho feletseng a bile a thabela ho etsa thato ea Molimo. (Matheu 26:42, 53, 54; Johanne 6:38) Le nakong eo Jesu a neng a utloa bohloko bo boholo serapeng sa Gethsemane, o ile a re ho Ntate oa hae: “Eseng kamoo ho ratang ’na, empa kamoo ho ratang uena.” (Matheu 26:39) Le ka mohla Jesu ha aa ka a lebala bohlokoa ba ho boloka botšepehi le ba ho thabisa Ntate oa hae. (Liproverbia 27:11) Haeba re tšepa Jehova ka tsela e tšoanang, re ke ke ra lumella ho songoa kapa ho hanyetsoa hore ho fokolise tumelo ea rōna. Ho e-na le hoo, tumelo ea rōna e tla matlafala haeba re tšepa Molimo, re mo rata, re bile re boloka litaelo tsa hae. (Pesaleme ea 19:7-11; 1 Johanne 5:3) Ha ho na lintho tse bonahalang tseo re ka li fumanang kapa menyaka e fetang kapele ea nama e ka bapisoang le litlhohonolofatso tseo Jehova a li behetseng ba mo ratang.—Liproverbia 10:22.

12. Helmete ea rōna ea tšoantšetso e re sireletsa karolong efe ea bohlokoa, hona ke hobane’ng ha tšireletso eo e le ea bohlokoa?

12 Helmete ea poloko. Helmete e ne e sireletsa lesole hloohong le bokong—e leng setsing sa tsebo. Tšepo ea rōna ea Bokreste e tšoantšoa le helmete hobane e sireletsa likelello tsa rōna. (1 Bathesalonika 5:8) Le hoja tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e re thusitse hore re fetole likelello tsa rōna, re sa ntse re le batho ba fokolang le ba sa phethahalang. Likelello tsa rōna li ka silafala habonolo. Lipakane tsa tsamaiso ena ea lintho li ka re ferekanya kapa tsa ba tsa nka sebaka sa tšepo eo Molimo a re fileng eona. (Baroma 7:18; 12:2) Diabolose ha aa ka a atleha ha a leka ho khelosa Jesu ka ho mo tšepisa “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.” (Matheu 4:8) Empa Jesu o ile a hana tšepiso eo hehehe!, ’me Pauluse o itse ka eena: “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a [Jesu] o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.”—Baheberu 12:2.

13. Re ka lula re kholisehile joang ka tšepo ea nakong e tlang?

13 Tšepo eo Jesu a neng a e-na le eona ha e itlele feela tjee. Ha re tlatsa likelello tsa rōna ka litoro le lipakane tsa tsamaiso ena ea lintho ho e-na le ho tsepamisa kelello tšepong ea nako e tlang, tumelo ea rōna litšepisong tsa Molimo e tla fokola. Ka mor’a nako e itseng, re ka ba ra felloa ke tšepo ka ho feletseng. Ka lehlakoreng le leng, haeba re thuisa kamehla ka litšepiso tsa Molimo, re tla tsoela pele ho thaba tšepong e behiloeng ka pel’a rōna.—Baroma 12:12.

14, 15. (a) Sabole ea rōna ea tšoantšetso ke eng, ’me e ka sebelisoa joang? (b) Bolela mohlala oa kamoo sabole ea moea e ka re thusang kateng ho hanyetsa teko.

14 Sabole ea moea. Lentsoe la Molimo le tlalehiloeng ka Bibeleng, kapa molaetsa oa hae, le tšoana le sabole e sehang ka nģa tse peli e ka tlosang mashano a bolumeli eaba e thusa batho ba lipelo li lokileng hore ba lokolohe moeeng. (Johanne 8:32; Baheberu 4:12) Sabole ena ea moea e ka re sireletsa le ha re hlaseloa ke liteko kapa ke bakoenehi ba lekang ho senya tumelo ea rōna. (2 Bakorinthe 10:4, 5) Re leboha hakaakang hore ebe ‘Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le re hlomella ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo’!—2 Timothea 3:16, 17.

15 Ha Jesu a ne a lekoa ke Satane lefeelleng, o ile a sebelisa sabole ea moea ka katleho ho itšireletsa monahanong o fosahetseng le litekong tsa bolotsana. O ile a araba teko e ’ngoe le e ’ngoe ea Satane ka ho re: “Ho ngoliloe.” (Matheu 4:1-11) Ka tsela e tšoanang, e mong oa Lipaki Tsa Jehova tsa Spain ea bitsoang David, o ile a thusoa ke Mangolo hore a hlōle teko. Ha a ne a le lilemo li 19, pabala e ’ngoe ea moroetsana e neng e sebetsa le eena k’hamphaning e ’ngoe e hloekisang e ile ea mo kōpa hore “a e’o ithabisa le eona.” David o ile a hana kōpo ea hae a ba a kōpa mookameli oa hae hore a e’o sebetsa sebakeng sesele e le hore ngoanana eo a se ke a mo khathatsa hape. David o ile a re: “Ke ile ka hopola mohlala oa Josefa. O ile a hana boitšoaro bo bobe eaba o tloha sebakeng seo ka potlako. Le ’na ke ile ka etsa joalo.”—Genese 39:10-12.

16. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha re tlameha ho koetlisetsoa ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’

16 Jesu o ile a boela a sebelisa sabole ea moea ho thusa ba bang hore ba qobe ho laoloa ke Satane. Jesu o ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16) Re tlameha ho koetlisoa e le hore re etsise bokhoni ba Jesu ba ho ruta. Rahistori oa Mojuda Josephus o ile a ngola tjena ka masole a Roma: “Lesole le leng le le leng lea koetlisoa, ’me le koetlisoa ka mafolofolo joalokaha eka le ntoeng, ’me ke ka lebaka lena ho leng bonolo hakana hore a be mokoka ntoeng.” Ntoeng ea rōna ea moea, ho hlokahala hore re sebelise Bibele. Ho feta moo, re lokela ho ‘etsa sohle se matleng a rōna ho itlhahisa re amoheleha ho Molimo, re le basebeletsi bao ho seng letho leo ba ka hlajoang ke lihlong ka lona, ba tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Timothea 2:15) ’Me re khotsofala hakaakang ha re sebelisa Mangolo ho araba lipotso tseo batho ba thabelang ba li botsang ka tieo!

Rapela ka Nako e ’Ngoe le e ’Ngoe

17, 18. (a) Thapelo e phetha karolo efe ha re hanyetsa Satane? (b) Fana ka mohlala o bontšang bohlokoa ba thapelo.

17 Ka mor’a ho bua ka liaparo tsa moea tsa ntoa tse feletseng, Pauluse o phaella ka keletso e ’ngoe ea bohlokoa. Ha Bakreste ba ntse ba hanyetsa Satane, ba lokela ho ipulela monyetla oa “thapelo ea mofuta o mong le o mong le thapeli.” Hangata hakae? Pauluse o ile a ngola a re: “Le ntse le tsoela pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ka moea.” (Baefese 6:18) Ha re tobane le liteko, kapa ho nyahama, thapelo e ka re matlafatsa haholo. (Matheu 26:41) Jesu “o ile a nyehela lithapeli le likōpo tse matla ho Ea neng a khona ho mo pholosa hore a tsoe lefung, ka mehoo e matla le meokho, ’me a utluoa ka mokhoa o amohelehang ka lebaka la tšabo ea hae ea bomolimo.”—Baheberu 5:7.

18 Milagros, ea hlokometseng monna oa hae ea tšoeroeng ke boloetse bo sa foleng ka lilemo tse fetang tse 15, o re: “Ha ke ikutloa ke nyahama, ke ea ho Jehova ka thapelo. Ha ho na ea ka nthusang ho mo feta. Ke ’nete hore ho na le nako eo ka eona ke ikutloang ke feletsoe ke matla. Empa nako le nako ha ke qeta ho rapela Jehova, ke tsoha molota ’me moea oa ka oa hlaboloha.”

19, 20. Re hloka eng e le hore re hlōle ntoeng eo re e loanang le Satane?

19 Diabolose oa tseba hore nako ea hae e khutšoanyane, ’me o lomahantse meno hore a re hlōle. (Tšenolo 12:12, 17) Re tlameha ho hanyetsa sera sena se matla ’me re ‘loane ntoa e ntle ea tumelo.’ (1 Timothea 6:12) Sena se hloka matla a fetang se tloaelehileng. (2 Bakorinthe 4:7) Hape re hloka thuso ea moea o halalelang oa Molimo ’me ka lebaka leo re lokela ho o rapella. Jesu o ile a re: “Haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!”—Luka 11:13.

20 Ho hlakile hore ke habohlokoa hore re apare lihlomo tsa ntoa tse feletseng tseo Jehova a fanang ka tsona. Ho apara lihlomo tsena tsa moea tsa ntoa ho hloka hore re be le litšobotsi tse khahlisang Molimo, tse kang tumelo le ho loka. Ho hloka hore re rate ’nete joalokaha eka re itlamile ka eona, le hore re lule re loketse ho jala litaba tse molemo ka nako e ’ngoe le e ’ngoe le ho lula re hopola seo re se tšepisitsoeng. Re lokela ho ithuta ho sebelisa sabole ea moea hantle. Ka ho apara lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo, re ka hlōla ntoeng ea rōna e loanang le makhotla a moea a khopo ’me ruri re ka khona ho tlotlisa lebitso le halalelang la Jehova.—Baroma 8:37-39.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Boprofeteng ba Esaia, ho hlalosoa hore Jehova ka boeena o apere “ho loka joaloka seaparo se makhakhapha a tšepe.” Kahoo, o batla hore balebeli ba phutheho ba sebelise toka ba be ba etse ka ho loka.—Esaia 59:14, 15, 17.

U ka Araba Joang?

• Ke mang ea fanang ka mohlala o molemohali oa ho apara lihlomo tsa moea tsa ntoa, hona ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka hloko ka mohlala oa hae?

• Re ka sireletsa likelello tsa rōna le lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso joang?

• Ke joang re ka bang le tsebo e ntle ea ho sebelisa sabole ea moea?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]]

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho khothalla ho ithuta Bibele ho ka re susumelletsa ho bolela litaba tse molemo ka nako e ’ngoe le e ’ngoe

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Tšepo ea rōna e tiileng e re thusa ho tobana le liteko

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Na u sebelisa “sabole ea moea” tšebeletsong?