Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Nyarela Matlotlong a Chester Beatty

Ho Nyarela Matlotlong a Chester Beatty

Ho Nyarela Matlotlong a Chester Beatty

“E TLETSE matlotlo a mangata a linaha tse ngata a seng a sa fumanehe, . . . e khabile ka litšoantšo tse nyenyane tse khabisitsoeng le lintho tse pentiloeng.” Ke tsela eo ka eona mookameli oa mehleng oa musiamo, R. J. Hayes a ileng a akaretsa lintlha tse amanang le Laebrari ea Chester Beatty, e Dublin, Ireland. Laebrari ena e na le lintho tse ngata tsa khale tsa bohlokoa, mesebetsi ea bonono e metlehali, le libuka le lingoliloeng tsa letsoho tsa bohlokoa ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa. Kahoo Chester Beatty e ne e le mang? ’Me o ile a bokella matlotlo afe?

Alfred Chester Beatty ea hlahetseng New York, U.S.A., ka 1875, o ne a tsoa lesikeng la Mascote, la Mairishe le la Manyesemane. Ka lebaka la ho sebetsa merafong e le moejeniere le moeletsi, ha a le lilemo li 32, o ne a se a ruile haholo. Bophelong bohle ba hae, o ile a sebelisa leruo la hae le lengata hore a bokelle lintho tse ntle le tse khabane. Ha a hlokahala ka 1968 a le lilemo li 92, Beatty o ile a siela batho ba Ireland lintho tsohle tseo a neng a li bokeletse.

O Ile a Bokella Eng?

Lintho tseo Beatty a li bokeletseng li ngata ebile ha li tšoane. Ke feela lintho tse ka etsang karolo ea 1 lekholong ea tsona tse bontšoang ka nako leha e le efe e ’ngoe. O bokeletse lintho tse sa tloaelehang tse ratehang tsa linakong tse sa tšoaneng le tsa litso tse bileng teng ka lilemo tse likete—ho tloha mehleng ea bohareng le ea Tsosoloso ea Europe haesita le lintho tse tsoang linaheng tse sa tšoaneng tsa Asia le Afrika. Ka mohlala, litšoantšo tsa lehong tseo a li bokeletseng tsa Majapane tse entsoeng ka bokhabane li nkoa e le tse ling tsa litšoantšo tse ntlehali lefatšeng.

Ntho e fapaneng ka ho feletseng le mesebetsi e metle ea bonono ke matlapa a thahasellisang a Bababylona le a Basumere a ka holimo ho lekholo a entsoeng ka letsopa, a nang le mongolo oa khale oa cuneiform. Batho ba neng ba lula Mesopotamia lilemong tse 4 000 tse fetileng ba ne ba ngola litlaleho tse nyenyane tsa bophelo ba bona matlapeng a letsopa a metsi ebe joale baa a besa. Matlapa a mangata a joalo a bile teng ho tla fihlela mehleng ea rōna, e leng se re fang bopaki bo hlakileng ba hore na mehleng ea khale ho ne ho ngoloa joang.

Ho Thahasella Libuka

Ho bonahala eka Chester Beatty o ile a khahloa ke talenta ea ho etsa libuka tse ntle. O ile a bokella libuka tse likete tseo e seng tsa bolumeli le tsa bolumeli, ho akarelletsa le likopi tse ling tsa Koran tse khabisitsoeng ka mokhoa o rarahaneng. Mongoli e mong o re [Beatty] o ile a “hlolloa ke bokhabane boo Searabia se neng se ngotsoe ka bona, . . . hape o ile a rata mebala haholo ha a bona mongolo o khabisitsoeng hasesaane ka khauta le silevera le lirafshoa tse ling tse phatsimang.”

Chester Beatty o ile a haptjoa maikutlo ke mahakoe a matala, feela joalokaha a ile a hapa baemphera ba bang ba Chaena makholong a fetileng a lilemo. Ba ne ba nka mahakoe a matala a matle e le a bohlokoa haholo ho feta lirafshoa tsohle, a le bohlokoa haholo ho feta khauta. Babusi bana ba ne ba hira litsebi tse hloahloa tsa mesebetsi ea matsoho hore li etse makapa a bonolo, a masesaane ka litene tsa mahakoe a matala. Baetsi ba litšoantšo ba nang le talenta ba ne ba tlatsa makapa ana a mahakoe a matala ka mengolo e khabisitsoeng hantle le ka litšoantšo tsa khauta e manamisitsoeng, kahoo ba etsa libuka tse ling tse hlollang haholo tse kileng tsa etsoa. Pokello ea Beatty ea libuka tsena ea tsebahala lefatšeng.

Libuka Tsa Bohlokoa Tsa Bibele Tse Ngotsoeng ka Letsoho

Bakeng sa batho ba ratang Bibele, matlotlo a bohlokoahali a Chester Beatty ke pokello ea libuka tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele tsa mehleng ea boholo-holo le ea bohareng. Libuka tsa letsoho tse ntle tse khabisitsoeng li bontša hore bangoli ba neng ba kopitsa libuka tsena ba ne ba etsa mosebetsi oa bona ba iketlile le ka bokhabane. Libuka tse hatisitsoeng li bontša boiphihlelo le boitsebelo mesebetsing ea bonono boo batho ba khale ba neng ba etsa libuka le ho li hatisa ka bona. Ka mohlala, Anton Koberger ea phetseng ho elella mehleng ea Johannes Gutenberg o ile a hatisetsa Biblia Latina Nuremberg ka 1479, ’me o hlalosoa e le “e mong oa bahatisi ba bohlokoa ka ho fetisisa le ba sehlahlo ba khale.”

Pontšo e ’ngoe e ikhethang Laebraring ea Chester Beatty ke buka ea letlalo eo Ephraem, setsebi sa Mosyria, a e ngotseng ka letsoho mathoasong a lekholo la bone la lilemo. Ephraem o qotsa haholo bukeng ea lekholo la bobeli la lilemo e bitsoang Diatessaron. Bukeng eo mongoli Tatian o kopantse litlaleho tse ’nè tsa Kosepele ea bophelo ba Jesu Kreste hore ebe tlaleho e le ’ngoe e lumellanang. Hamorao bangoli ba ile ba qotsa Diatessaron, empa likopi tsa eona ha li eo. Litsebi tse ling tsa lekholong la bo19 la lilemo li ne li bile li belaela hore buka eo e kile ea e-ba teng. Leha ho le joalo, ka 1956 Beatty o ile a fumana tlaleho ea Ephraem e buang ka Diatessaron ea Tatian—’me sena e ile ea e-ba tšibollo e tlatsetsang bopaking ba hore Bibele ea tšepahala ebile ke ea ’nete.

Letlotlo la Pokello ea Libuka Tsa Letsoho Tsa Loli

Beatty o ile a boela a bokella libuka tse ngata haholo tse ngotsoeng ka letsoho tsa loli, e leng libuka tsa bolumeli le tseo e seng tsa bolumeli. Li-codex tse fetang 50 tsa loli ke tsa pele ho lekholo la bone la lilemo C.E. Tse ling tsa libuka tsena tsa loli li ile tsa ntšoa har’a qubu e khōlō ea libuka tsa loli—tseo boholo ba tsona e neng e le lipampiri tse neng li il’o lahloa—e leng libuka tse sa kang tsa sibolloa ka nako e telele lehoatateng la Egepeta. Litokomane tse ngata tsa loli tse neng li rekisoa li ne li le likheeqe. Barekisi ba ne ba tlisa mabokose a tletseng likhechana tsa libuka tsa loli. Charles Horton, mookameli oa Pokello ea Lintho Tsa Bophirimela Laebraring ea Chester Beatty o re: “Ba neng ba thahasella ho li reka ba ne ba kenya letsoho ka lebokoseng ebe ba khetha buka ea loli e sekheeqe e khōlō ka ho fetisisa e nang le mongolo o mongata.”

Ho latela Horton, “har’a lintho tse hlollang tseo [Beatty] a li fumaneng” ho ne ho e-na le li-codex tsa bohlokoa tsa Bibele tse neng li “akarelletsa tse ling tsa likopi tsa khale tse tsebahalang tsa Testamente ea Khale le e Ncha ea Bakreste.” Barekisi ba neng ba tseba molemo oa li-codex, e ka ’na eaba ba ile ba hla ba li khaola likoto e le hore ba rekisetse bareki ba ’maloa likaroloana tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, Beatty o ile a khona ho reka tse ngata tsa tsona. Li-codex tsee li bohlokoa hakae? Monghali Frederic Kenyon o hlalosa hore ho fumanoa ha tsona “e bile habohlokoa ka ho fetisisa” haesale Tischendorf a fumana Codex ea Sinaiticus ka 1844.

Li-codex tsena ke tsa pakeng tsa lekholo la bobeli le la bone la lilemo C.E. Har’a libuka tsa Mangolo a Seheberu a phetolelong ea Septuagint ea Segerike ho na le likopi tse peli tsa Genese. Kenyon o re ke tsa bohlokoa haholo, “hobane hoo e batlang e le karolo eohle ea buka [ea Genese] ha e eo ka har’a Vaticanus le Sinaiticus,” e leng libuka tsa letlalo tse ngotsoeng ka letsoho tsa lekholong la bone la lilemo. Li-codex tsena tse tharo li na le libuka tsa Mangolo a Segerike a Bakreste. E ’ngoe e na le karolo e khōlō ea Likosepele tse ’nè le karolo e khōlō ea buka ea Liketso. Codex ea bobeli, e nang le maqephe a mang ao Beatty a ileng a a fumana hamorao, e na le hoo e ka bang kopi e feletseng ea mangolo a moapostola Pauluse, ho akarelletsa le epistole ea hae e eang ho Baheberu. Codex ea boraro e na le hoo e ka bang karolo ea boraro ea buka ea Tšenolo. Ho latela Kenyon, libuka tsena tsa loli e bile “bopaki ba sebele bo tiisitseng tšepo ea rōna—e neng e se e ntse e le matla—ea taba e ngotsoeng ea Testamente e Ncha eo re nang le eona hona joale.”

Bibele ea loli ea Chester Beatty e bontša hore mohlomong pele lekholo la pele la lilemo C.E. le fela, Bakreste ba ile ba qala ho sebelisa li-codex, kapa maqephe a buka, eaba ba tlohela ho sebelisa meqolo ea khale e neng e tšoareha ka thata. Libuka tsena tsa loli li boetse li bontša hore ka lebaka la ho haella ha thepa ea ho ngolla, hangata bakopitsi ba ne ba sebelisa maqephe a khale a loli a neng a se a sebelisitsoe. Ka mohlala, buka e ’ngoe ea Coptic e ngotsoeng ka letsoho ea karolo ea Kosepele ea Johanne e ngoletsoe “ho se bonahalang e le buka ea sekolo eo ho eona ho ngoletsoeng lipalo tsa Segerike.”

Lingoliloeng tsena tsa loli ha li hape mahlo a motho, empa ke tsa bohlokoa. Li u hokahanya le qalo ea Bokreste ka tsela e hlakileng le e matla. Charles Horton o re: “Ka har’a lingoliloeng tsena tsa loli, hantle ka pel’a mahlo a hao, u ka bona mofuta oa libuka tse neng li sebelisoa ke lihlopha tsa pele tsa Bakreste—e leng libuka tseo ba neng ba li nka e le tsa bohlokoa.” (Liproverbia 2:4, 5) Ha u ka ba le monyetla oa ho hlahloba a mang a matlotlo ana Laebraring ea Chester Beatty, u ke ke ua soetseha.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Setšoantšo sa Majapane sa lehong se pentiloeng ke Katsushika Hokusai

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

“Biblia Latina” e bile har’a likopi tsa khale ka ho fetisisa tsa Bibele tse hatisitsoeng

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Tlhaloso ea Ephraem ka “Diatessaron” ea Tatian e tiisa hore Bibele ea tšepahala

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

P45 ea Chester Beatty, e ’ngoe ea li-codex tsa khale ka ho fetisisa lefatšeng, e nang le boholo ba Likosepele tse ’nè le karolo e khōlō ea buka ea Liketso e le buka e le ’ngoe

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]

Reproduced by kind permission of The Trustees of the Chester Beatty Library, Dublin

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

All images: Reproduced by kind permission of The Trustees of the Chester Beatty Library, Dublin