Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le Rapele ka Tsela Ena”

“Le Rapele ka Tsela Ena”

“Le Rapele ka Tsela Ena”

NA U tseba mantsoe a Thapelo ea Morena? Ke thapelo ea mohlala eo Jesu Kreste a e rutileng. Thutong ea hae e tummeng ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Joale, le rapele ka tsela ena.” (Matheu 6:9) Kaha e ile ea qaloa ke Jesu, hangata e bitsoa Thapelo ea Morena, e boetse e tsejoa e le thapelo ea Ntat’a Rōna ea Maholimong.—Ka Selatine, ke Paternoster.

Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba tseba Thapelo ea Morena ka hlooho ’me ba e pheta khafetsa, mohlomong letsatsi le letsatsi. Lilemong tsa morao tjena, ba bangata ba ’nile ba pheta thapelo ena likolong le liketsahalong tsa sechaba. Ke hobane’ng ha Thapelo ea Morena e nkoa e le ea bohlokoa hakaale?

Setsebi sa thuto ea bolumeli sa lekholong la boraro la lilemo Cyprian o ile a ngola tjena: “Ke thapelo efe e ka halalelang ho feta eo Kreste a ileng a re fa eona . . . ? Ke thapelo efe e eang ho Ntate e ka bang ea ’nete ho feta eo re ileng ra e fuoa ke Mora eo e leng ’Nete?”—Johanne 14:6.

Katekisimeng, Kereke ea Roma e K’hatholike e nka thapelo ea Ntat’a Rōna ea Maholimong e le “thapelo ea motheo ea Mokreste.” The World Book Encyclopedia ea lumela hore thapelo ena e bile ea bohlokoa malumeling ’ohle a Bokreste-’mōtoana, ’me e e bitsa e ’ngoe ea “lipolelo tsa motheo tsa tumelo ea Bokreste.”

Leha ho le joalo, ho lokela ho eloe hloko ntlha ea hore batho ba bangata ba phetang Thapelo ea Morena ha ba e utloisise ka botlalo. Koranta e ’ngoe ea Canada e bitsoang Ottawa Citizen e re: “Haeba ho e-na le seo u se tsebang ka Bokreste, mohlomong u khona ho peteketsa Thapelo ea Morena u sa heme, empa u ka ’na ua thatafalloa ho e rapela butle le ka kutloisiso.”

Na ruri hoa hlokahala hore re utloisise lithapelo tsa rōna tse eang ho Molimo? Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re fa Thapelo ea Morena? E bolela’ng ho uena? A re ke re tšohle lipotso tsena.