Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le Tsoele Pele ho Fumana Matla Moreneng”

“Le Tsoele Pele ho Fumana Matla Moreneng”

“Le Tsoele Pele ho Fumana Matla Moreneng”

“Le tsoele pele ho fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae.”—Baefese 6:10.

1. (a) Ke ntoa efe e sa tloaelehang e ileng ea loanoa hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 3 000? (b) Ke hobane’ng ha Davida a ile a hlōla?

LILEMONG tse fetileng tse ka bang 3 000, bahlabani ba babeli ba ile ba tjamelana pakeng tsa mabotho a mabeli a neng a le lebaleng la ntoa. E monyenyane e ne e le moshanyana oa molisana ea neng a bitsoa Davida. Ka pel’a hae ho ne ho eme Goliathe, monna oa seqhobane le oa refolahali. Boima ba seaparo sa hae se makhakhapha sa tšepe e ne e le lik’hilograma tse ka bang 57, ’me o ne a nkile lerumo le leholohali le thebe e sephara. Davida o ne a sa apara liaparo tsa ntoa ho hang, sebetsa sa hae e ne e le letjeketjane feela. Seqhenqha sena sa Mofilista e leng Goliathe se ile sa ikutloa se teletsoe hore ebe Moiseraele ea tlil’o loana le sona ke moshanyana feela ea sa reng letho. (1 Samuele 17:42-44) Ho bashebelli ba ka mahlakoreng a mabeli, e tlameha ebe ho ne ho bonahala eka ho hlakile hore na ho tla hlōla mang. Empa hase kamehla ba matla ba hlōlang ntoeng. (Moeklesia 9:11) Davida o ile a hlōla hobane o ile a loana ka matla a Jehova. O ile a re: “Ntoa ke ea Jehova.” Tlaleho ea Bibele e bolela hore “Davida, ka letjeketjane le lejoe, o ne a le matla ho feta Mofilista.”—1 Samuele 17:47, 50.

2. Bakreste ba ntoeng ea mofuta ofe?

2 Bakreste ha ba loane ntoa ea sebele. Le hoja ba e-na le khotso le batho bohle, ba loana ntoa ea moea khahlanong le bahanyetsi ba matla haholo. (Baroma 12:18) Khaolong ea ho qetela ea lengolo la hae leo a le ngoletseng Baefese, Pauluse o ile a hlalosa ntoa eo Mokreste e mong le e mong a amehang ho eona. O ile a ngola a re: “Ha re loane le nama le mali, empa re loana le mebuso, le balaoli, le babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.”—Baefese 6:12.

3. Ho latela Baefese 6:10, ho hlokahala hore re etse’ng ho tiisa hore re tla atleha?

3 “Makhotla [ao] a moea a khopo” ke Satane le bademona ba lakatsang ho senya kamano ea rōna le Jehova Molimo. Kaha ba matla ho re feta, re boemong bo tšoanang le ba Davida, ’me re ke ke ra atleha haeba re sa tšepa matla a Molimo. Ha e le hantle, Pauluse o re khothalletsa hore re “tsoele pele ho fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae.” (Baefese 6:10) Ha moapostola enoa a qeta ho fana ka keletso eo, o hlalosa litokisetso tsa moea le litšobotsi tsa Bokreste tse re thusang ho hlōla ntoa ena.—Baefese 6:11-17.

4. Ke lintlha life tse peli tse ka sehloohong tseo re tla li tšohla sehloohong see?

4 Joale, a re seka-sekeng seo Mangolo a se bolelang ka matla le ka maqiti a sera sa rōna. Ka mor’a moo, re tla tšohla leqheka la ho itšireletsa. Ha re latela litaelo tsa Jehova, re ka kholiseha hore lira tsa rōna li ke ke tsa o besa oa tuka.

Ho Loana le Makhotla a Moea a Khopo

5. Tsela eo poleloana “ho loana” e sebelisitsoeng ka eona ho Baefese 6:12 e re thusa joang ho lemoha leqheka la Satane?

5 Pauluse o hlalosa hore ‘re loana le . . . makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.’ Bonneteng, moea o khopo o ka sehloohong ke Satane Diabolose, “’musi oa bademona.” (Matheu 12:24-26) Puong ea pele, Bibele e tšoantša ntoa ea rōna le “ho kampana,” kapa ho loana ka matsoho. Litlhōlisanong tsa ho kampana tsa Greece ea boholo-holo, motho ka mong o ne a leka ho khothometsa eo a loanang le eena e le hore a mo lahlele fatše. Ka tsela e tšoanang, Diabolose o batla hore re khothometsehe moeeng. A ka re etsisa see joang?

6. Bontša ka Mangolo hore na Diabolose a ka senya tumelo ea rōna joang ka maqiti a sa tšoaneng.

6 Diabolose a ka ’na a itšoara joaloka noha, tau e purumang, esita le joaloka lengeloi la leseli. (2 Bakorinthe 11:3, 14; 1 Petrose 5:8) A ka sebelisa batho hore ba re hlorise kapa ba re nyahamise. (Tšenolo 2:10) Kaha lefatše lohle le rapaletse matleng a Satane, a ka re cheha ka ho feletseng ka litakatso tsa lona le lintho tsa lona tse hohelang. (2 Timothea 2:26; 1 Johanne 2:16; 5:19) Joalokaha a ile a thetsa Eva, le rōna a ka re khelosa ka moea oa lefatše kapa ka monahano oa bokoenehi.—1 Timothea 2:14.

7. Bademona ba na le meeli efe, ’me re na le menyetla efe?

7 Le hoja matla le lihlomo tsa Satane le bademona ba hae li ka bonahala li le matla ho re feta, li na le meeli. Meea ena e khopo e ke ke ea re qobella ho etsa lintho tse mpe tse sa khahliseng Ntat’a rōna oa leholimo. Re bōpiloe re e-na le matla a ho ikhethela le a ho laola maikutlo le liketso tsa rōna. Ho feta moo, ha re loane re le bang. Joaloka mehleng ea Elisha, le mehleng ea rōna ho joalo: “Ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona.” (2 Marena 6:16) Bibele e re tiisetsa hore ha re ipeha tlas’a Molimo ’me re hanyetsa Diabolose, o tla re balehela.—Jakobo 4:7.

Ho Lemoha Merero ea Satane

8, 9. Satane o ile a tlisetsa Jobo liteko life hore a senye botšepehi ba hae, ’me kajeno re tobane le likotsi life moeeng?

8 Re tseba merero ea Satane hobane Mangolo a senola maqiti a hae a ka sehloohong. (2 Bakorinthe 2:11) Diabolose o ile a hlasela monna ea lokileng Jobo ka mathata a maholo a moruo, ka mafu a baratuoa ba hae, ka khanyetso e tsoang ka lapeng, ka ho opeloa le ka ho soloa ntle ho lebaka ke metsoalle ea bohata. Jobo o ile a nyahama ’me a nahana hore Molimo o mo furaletse. (Jobo 10:1, 2) Le hoja kajeno Satane a ke ke a baka likhathatso tsena ka ho toba, mathata a mofuta ona a ama Bakreste ba bangata, ’me Diabolose a ka a sebelisa molemong oa hae.

9 Lintho tse kotsi moeeng li atile haholo nakong ena ea bofelo. Re phela lefatšeng le hahamallang lintho tse bonahalang ho feta lipakane tsa moea. Nako le nako mecha ea litaba e bontša ho kopanela liphate ho sa lumelloang ka molao e le mohloli oa thabo eseng oa masisa-pelo. ’Me batho ba bangata ‘ba rata menyaka ho e-na le ho rata Molimo.’ (2 Timothea 3:1-5) Haeba re sa “loane ntoa e thata bakeng sa tumelo,” empa re nahana ka tsela ena, re ka ba kotsing ea ho khothometseha moeeng.—Juda 3.

10-12. (a) Temoso e ’ngoe eo Jesu a ileng a fana ka eona setšoantšong sa hae sa mojali ke efe? (b) Hlalosa kamoo litekanyetso tsa moea li ka bipetsoang kateng.

10 Le leng la maqiti a atlehang ka ho fetisisa a Satane ke hore re ikakhele ka setotsoana lefatšeng lena le lipakaneng tsa lona tsa lintho tse bonahalang. Setšoantšong sa hae sa mojali, Jesu o ile a lemosa hore maemong a mang “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo a bipetsa lentsoe [la ’Muso].” (Matheu 13:18, 22) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho bipetsa” mona, le bolela “ho khama ka ho feletseng.”

11 Merung ea libaka tse chesang, motho a ka ’na a fumana mofuta oa sefate sa feiga se khamang tse ling. Se hōla butle ha se ntse se likaliketsa kutu ea sefate seo se se etsang phofu ea sona. Butle-butle sefate sena se thatela phofu ea sona ka metso e ntseng e tiea ho ea pele. Qetellong methapo e rarahaneng ea sefate sena sa feiga e ja menontša mobung oa phofu eo, ebe makhasi a sona a ikalileng a koahela phofu ea sona hore e se ke ea fumana khanya. Qetellong, phofu ea shoa.

12 Ka tsela e tšoanang, butle-butle matšoenyeho a tsamaiso ena, ho batla maruo le bophelo ba boiketlo li ka ja nako ea rōna tsa ba tsa re qeta matla haholo. Ha likelello tsa rōna li se li lula li nahanne ka lintho tsa lefatše, habonolo feela re ka hlokomoloha thuto ea botho ea Bibele eaba re itloaetsa ho lofa liboka tsa Bokreste, ra qetella re suthetse hōle le lijo tsa moea. Ebe joale ho hahamalla lintho tse bonahalang ho se ho nka sebaka sa lintho tsa moea, ’me qetellong re ba liphofu tsa Satane habonolo.

Ho Hlokahala Hore re Eme re Tiile

13, 14. Re lokela ho etsa’ng ha Satane a re hanyetsa?

13 Pauluse o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena ho “ema [ba] tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.” (Baefese 6:11) Ke ’nete hore re ke ke ra hlōla Diabolose le bademona ba hae ka ho feletseng. Mosebetsi ona Molimo o o file Jesu Kreste. (Tšenolo 20:1, 2) Leha ho le joalo, ho fihlela Satane a tlosoa, re tlameha ho ‘ema re tiile,’ e le hore litlhaselo tsa hae li se ke tsa re imela.

14 Moapostola Petrose le eena o ile a hatisa hore hoa hlokahala hore re eme re tiile khahlanong le Satane. O ile a ngola a re: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong. Empa emang khahlanong le eena, le tiile tumelong, le tseba hore litlhokofatso tse tšoanang li ntse li etsahalla mokhatlo oohle oa barab’abo lōna lefatšeng.” (1 Petrose 5:8, 9) Ha e le hantle, ho tšehetsoa ke bara le barali babo rōna ke habohlokoa haholo e le hore re eme re tiile ha Diabolose a hlasela joaloka tau e purumang.

15, 16. Fana ka mohlala oa Mangolo o bontšang kamoo ho tšehetsoa ke balumeli-’moho le rōna ho ka re thusang ho ema re tiile.

15 Ha tau e haufi e rora makhulong a Afrika, matsa a ka ’na a nka ka sekaja ho balehela moo ho sireletsehileng. Leha ho le joalo, litlou, li beha mohlala tabeng ea ho thusana. Buka e bitsoang Elephants—Gentle Giants of Africa and Asia e hlalosa tjena: “Tsela e tloaelehileng eo hangata mehlape ea litlou e itšireletsang ka eona ke ka hore litlou tse khōlō li etse sakana-la-nkōpe li shebile kantle moo kotsi e leng teng, ’me manamane a sireletsehile ka lesakaneng.” Ha litau li bona hore litlou lia tšehetsana le ho thusana, ke ka seoelo li hlaselang esita le manamane a litlou.

16 Ka tsela e tšoanang, ha re sokeloa ke Satane le bademona ba hae, le rōna ho hlokahala hore re lule re bapile ka mahetla le barab’abo rōna ba tiileng tumelong. Pauluse o ile a lumela hore ha a ne a le chankaneng Roma, ba bang ba Bakreste-’moho le eena e ne e le “thuso e matlafatsang.” (Bakolose 4:10, 11) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “thuso e matlafatsang” le hlaha hanngoe ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Ho latela Expository Dictionary of New Testament Words ea Vine, “ha le sebelisitsoe e le leetsi, le bolela meriana e kokobetsang bohloko.” ’Me joaloka setlolo se thobang, ho tšehetsoa ke barapeli ba Jehova ba hōlileng tsebong, ho ka fokotsa bohloko bo bakoang ke ho hlabeha maikutlong le ’meleng.

17. Ke eng se ka re thusang hore re tšepahale ho Molimo?

17 Ho khothatsoa ke Bakreste-’moho le rōna kajeno ho ka matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho sebeletsa Molimo ka botšepehi. Baholo ba Bakreste ke bona bao haholo-holo ba fanang ka thuso ea moea. (Jakobo 5:13-15) Lintho tse re thusang hore re lule re tšepahala li akarelletsa ho ithuta Bibele kamehla le ho ba teng libokeng tsa Bokreste le likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Kamano ea rōna e haufi le Molimo e re thusa hore re lule re tšepahala ho eena. Kahoo, ebang rea ja kapa rea noa kapa re etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, re lokela ho rata ho etsa lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo. (1 Bakorinthe 10:31) Ha ho pelaelo hore e le hore re tsoele pele tseleng e khahlisang Jehova, re lokela ho mo tšepa re be re mo rapele.—Pesaleme ea 37:5.

18. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tela ha maemo a tepeletsang a re qeta matla?

18 Ka linako tse ling Satane o re hlasela ha re ikutloa re se matla moeeng. Tau e laqomela phoofolo e fokotseng. Mathata a lelapa le a moruo, kapa ho kula, li ka re qeta matla moeeng. Empa a re se keng ra tela ho etsa se khahlisang Molimo, etsoe Pauluse o ile a re: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakorinthe 12:10; Bagalata 6:9; 2 Bathesalonika 3:13) O ne a bolela’ng? O ne a bolela hore matla a Molimo a ka re thusa hore re sebetsane le mefokolo ea rōna, ha feela re kōpa matla ho Jehova. Hore ebe Davida o ile a hlōla Goliathe ho bontša hore Molimo a ka matlafatsa batho ba hae le hore o hlile oa ba matlafatsa. Lipaki Tsa Jehova tsa kajeno li ka paka hore ha li le maqakabetsing, li ’nile tsa utloa li angoa ke letsoho la Molimo le matlafatsang.—Daniele 10:19.

19. Fana ka mohlala oa kamoo Jehova a ka matlafatsang bahlanka ba hae kateng.

19 Banyalani ba bang ba ile ba ngola tjena mabapi le kamoo Molimo a neng a ba tšehelitse kateng: “Ho theosa le lilemo, re ’nile ra sebeletsa Jehova re le monna le mosali ’me re thabetse litlhohonolofatso tse ngata ra ba ra tseba batho ba bangata haholo ba ratehang. Jehova o boetse o re koetlisitse ebile o re matlafalitse hore re mamelle mathata ka katleho. Joaloka Jobo, hase kamehla re neng re utloisisa hore na ke hobane’ng ha lintho li ne li etsahala ka tsela eo li neng li etsahala ka eona, empa re ne re tseba hore kamehla Jehova o teng ho re thusa.”

20. Ke bopaki bofe ba Mangolo bo bontšang hore kamehla Jehova o tšehetsa batho ba hae?

20 Letsoho la Jehova ha lea khutsufala hoo a ke keng a tšehetsa le ho matlafatsa batho ba hae ba tšepahalang. (Esaia 59:1) Mopesaleme Davida o ile a bina a re: “Jehova o tšehetsa bohle ba oang, o phahamisa bohle ba inameng.” (Pesaleme ea 145:14) Ha ho pelaelo hore “letsatsi le leng le le leng,” Ntat’a rōna oa leholimo ‘o re jarela mojaro’ ebile o re fa seo re hlileng re se hlokang.—Pesaleme ea 68:19.

Re Hloka “Lihlomo Tse Feletseng Tsa Ntoa Tse Tsoang ho Molimo”

21. Pauluse o ile a hatisa joang hore ho hlokahala lihlomo tsa moea tsa ntoa?

21 Re tšohlile e meng ea mekhoa ea Satane ’me re bone hore hoa hlokahala hore re eme re tiile ha a re hlasela. Joale, re lokela ho tšohla tokisetso e ’ngoe ea bohlokoa ea ho sireletsa tumelo ea rōna ka katleho. Ka makhetlo a mabeli lengolong la hae le eang ho Baefese, moapostola Pauluse o ile a bolela ntlha ea bohlokoa bakeng sa ho ema re tiile khahlanong le maqiti a Satane le ho atleha ha re ntse re kampana le makhotla a meea a khopo. Pauluse o ile a ngola a re: “Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose . . . Nkang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo, e le hore le ka khona ho hanyetsa ka letsatsi le khopo ’me, ka mor’a hore le etse lintho tsohle ka ho phethahetseng, le eme le tiile.”—Baefese 6:11, 13.

22, 23. (a) Liaparo tsa rōna tsa moea tsa ntoa li akarelletsa eng? (b) Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

22 E, ho hlokahala hore re apare “lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo.” Ha Pauluse a ne a ngolla Baefese lengolo, o ne a lebetsoe ke lesole la Roma, leo e ka ’nang eaba ka linako tse ling le ne le apara lihlomo tse feletseng tsa ntoa. Leha ho le joalo, Molimo ke eena ea ileng a bululela Pauluse hore a bue ka lihlomo tsa moea tsa ntoa tseo mohlanka e mong le e mong oa Jehova a li hlokang haholo.

23 Lihlomo tsena tsa ntoa tse tsoang ho Molimo li akarelletsa litšobotsi tseo Mokreste a lokelang ho ba le tsona hammoho le litokisetso tsa moea tse entsoeng ke Jehova. Sehloohong se latelang, re tla tšohla karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea lihlomo tsa moea. Sena se tla re thusa ho bona hore na re hlometse hakae bakeng sa ntoa ea rōna ea moea. Ka nako e tšoanang, re tla bona kamoo mohlala o babatsehang oa Jesu Kreste o re thusang kateng hore re atlehe ho hanyetsa Satane Diabolose.

U ka Araba Joang?

• Bakreste bohle ba ntoeng efe?

• Hlalosa maqiti a mang a Satane.

• Ho tšehetsoa ke balumeli-’moho le rōna ho ka re matlafatsa joang?

• Re lokela ho tšepa matla a mang, hona hobane’ng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]]

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Bakreste ba ‘loana le makhotla a moea a khopo’

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Matšoenyeho a tsamaiso ena a ka bipetsa lentsoe la ’Muso

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Bakreste-’moho le rōna e ka ba “thuso e matlafatsang”

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Na u rapela Molimo hore a u fe matla?