Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Leruo le Atileng la Maoatle”

“Leruo le Atileng la Maoatle”

Botle ba Pōpo ea Jehova

“Leruo le Atileng la Maoatle”

HA LETSATSI le hlahlamela lithaba, moea o fokang hasesaane o fuluoa metsi a leoatle ’me maqhubu a phutla lebōpo butle-butle. Molumo o khathollang oa maqhubu o hohela batho ba bangata ba khobokanang lebōpong la leoatle bakeng sa ho phomola le ho khutsa. *

Melelemela ea mabōpo a joalo e thatika sebaka se bolelele ba lik’hilomithara tse likete lefatšeng ho pota. Mela ena e arolang e lulang e fetoha e pakeng tsa lehlabathe le metsi e tšoaea meeli eo leoatle le lalasang ho eona. Ke kamoo ’Mōpi a entseng lintho kateng. Ha Molimo a itlhalosa, o re ke eena “ea behileng lehlabathe e le moeli oa leoatle.” O eketsa ka ho re: “Le hoja maqhubu a lona a ikakhotsa, ho ntse ho le joalo a ke ke a hlōla; ’me le hoja a loebehlana, ho ntse ho le joalo a ke ke a o feta.”—Jeremia 5:22; Jobo 38:8; Pesaleme ea 33:7.

Lipolaneteng tse potang letsatsi, ha ho le e ’ngoe ea tsona e tletseng metsi joaloka Lefatše, polanete ea rōna. Karolo e fetang ea 70 lekholong ea lefatše e koahetsoe ke metsi. Ha Jehova a ne a lokisa lefatše bakeng sa hore batho ba lule ho lona o ile a laela: “Metsi a ka tlas’a maholimo a ke a bokelloe sebakeng se le seng ’me ho ke ho hlahe naha e omileng.” ’Me ho ile “ha e-ba joalo.” Tlaleho eo e tsoela pele ka ho re: “Molimo a bitsa naha e omileng Lefatše, empa pokello ea metsi a e bitsa Maoatle. Ho ekelletsa moo, Molimo a bona hore ho molemo.” (Genese 1:9, 10) Mosebetsi oa maoatle ke ofe?

Metsi a leoatle a ne a etselitsoe ho boloka bophelo ka litsela tse ngata. Ka mohlala, metsi a khona ho boloka mocheso. Kahoo, maoatle a joalo ka pokello e khōlō ea mocheso, e thusang ho fokotsa serame se batang haholo sa mariha.

Metsi a na le matla a mang a bolokang bophelo. A feta mokelikeli leha e le ofe o mong ka hore a ka qhibilihisa lintho tse ling habonolo. Kaha bophelo bo teng ka lebaka la ho kopana ha lik’hemik’hale, metsi aa hlokahala bakeng sa ho qhibilihisa lintho tse kopanang le ho etsa hore limolek’hule tsa tsona li kopane. Metsoako e mengata ea lik’hemik’hale e fumanoang liseleng tse phelang tse ikentseng lihlopha e na le metsi. Buka ea The Sea e re: “Likarolo tsohle tsa bophelo li hloka metsi—ao ha e le hantle a lokelang ho tsoa maoatleng, bakeng sa limela le liphoofolo tse phelang moo ho omileng.”

Maoatle a lefatše a boetse a phetha karolo ea bohlokoa ea ho hloekisa tikoloho. Boieane ba lintho tse phelang maoatleng bo monya carbon dioxide le ho ntša oksijene. Ho latela mofuputsi e mong, “karolo ea 70 lekholong ea oksijene e kenngoang tikolohong selemo le selemo e tsoa boieaneng ba lintho tse phelang leoatleng.”

Maoatle a ka boela a hlahisa litlhare tsa tlhaho tsa ho phekola maloetse. Ka lilemo tse makholo, lihlahisoa tsa tlhapi li ’nile tsa sebelisoa e le meriana. E se e le ka nako e telele mafura a sebete sa tlhapi a sebelisoa. Morao-rao tjena, lik’hemik’hale tse tsoang tlhaping le libōpuoeng tse ling tsa leoatle li ’nile tsa sebelisetsoa ho alafa letšoea le ho loantša likokoana-hloko le kankere.

Ho ’nile ha etsoa boiteko ba ho lekanyetsa hore na thepa le litšebeletso tse hlahang leoatleng li bile molemo hakae moruong. Le hoja ho sa khonehe ho fihlela liqeto tse tobileng, bafuputsi ba hakanyelitse hore maoatleng ho tsoa hoo e ka bang karolo ea bobeli ho tse tharo ea litšebeletso tse molemo tse fumanoang tikolohong le linthong tse phelang ho eona. Sena se tiisa taba ea hore maoatle a ile a bōptjoa ka morero o itseng—oa ho hlokomela litlhoko tsa bophelo le ho bo ntšetsa pele. Ruri sena se lumellana le seo Bibele e se bitsang “leruo le atileng la maoatle.”—Deuteronoma 33:19.

Ho tlotlisoa Jehova joalokaha e le eena Moqapi le Moetsi e Moholo oa leruo lena. Nehemia o ile a susumelletseha hore a mo rorise ka mantsoe a latelang: “Ke uena Jehova u le mong; u entse maholimo, . . . maoatle le sohle se ho ’ona; ’me kaofela u li boloka li phela.”—Nehemia 9:6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Bona 2004 Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova, September/October.

[Lebokose le leqepheng la 9]

Metsi, Moea le Maqhubu

Metsi le moea li theha maqhubu a maholo a etsang lerata le thibang litsebe ha a khahlela mafikeng a maholo, a kang ana a California, United States. Maqhubu e ’nile ea e-ba karolo e hlollang ea leoatle, e bontšang matla a lona a hlollang. Hape ke khopotso e tsotehang ea matla a maholo a ’Mōpi. Jehova ke eena ea ‘hatakelang maqhubu a phahameng a leoatle.’ “O fuluhile leoatle ka matla a hae, ka kutloisiso ea hae o robile mohlaseli likoto.” (Jobo 9:8; 26:12) Ka sebele, “ka holim’a melumo ea metsi a mangata, maqhubu a maholo a loebehlanang a leoatle, Jehova oa hlompheha sebakeng se phahameng.”—Pesaleme ea 93:4.

Liemahale Tsa Lehlabathe

Ka linako tse ling, lebōpo la leoatle le fetoha lebala la liemahale tsa lehlabathe, tse joaloka litutulu tse bonoang mona lebōpong la Namibia, Afrika e ka boroa. Moea ke oona o ka sehloohong o hoholang le o etsang hore lehlabathe le be le libōpeho tse sa tšoaneng. Le hoja litutulu tse ling li bonahala e le litotoma tse nyenyane feela, tse ling, bophahamo ba tsona bo fihla ho limithara tse 400. Lehlabathe le lengata joalo le re thusa hore re utloisise poleloana ea Bibele e reng, “lehlabathe le lebōpong la leoatle.” E sebelisoa ho bontša ntho e ngata haholo, eo ho leng thata ho e lekanya. (Genese 22:17) Re lula re hloletsoe ka pel’a ’Mōpi, eo ka masene a qapileng litšireletso tse joalo tsa lehlabathe tse thibeletsang ha leoatle le befile.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ha letsatsi le hlahlamela lithaba, Hloahloeng ea Biafra, Cameroon