Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Deuteronoma

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Deuteronoma

Lentsoe la Jehova Lea Phela

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Deuteronoma

SELEMO ke sa 1473 B.C.E. Ho se ho fetile lilemo tse 40 Jehova a lokolotse bara ba Iseraele bokhobeng ba Egepeta. Ka mor’a ho lelera lefeelleng ka lilemo tsena tse ngata, Baiseraele e ntse e le sechaba se se nang naha ea sona. Leha ho le joalo, qetellong ba ema meeling ea Naha e Tšepisitsoeng. Ho tla etsahala joang ka bona ha ba e hapa? Ba tla thulana le mathata afe, ’me ba tla sebetsana joang le ’ona?

Pele Baiseraele ba tšela Nōka ea Jordane hore ba kene naheng ea Kanana, Moshe o fa phutheho malebela mabapi le mosebetsi o moholo oo e lebaneng le oona. Joang? Ka ho beha lipuo tse ngata tse khothatsang le tse ipiletsang ka tieo, tse laeang le tse fanang ka temoso. O ba hopotsa hore Jehova Molimo o batla boinehelo bo khethehileng le hore ha baa lokela ho latela litsela tsa lichaba tsa boahisani. Lipuo tsena li nkile karolo e khōlō ea buka ea Bibele ea Deuteronoma. ’Me keletso e fanoeng ho tsona ke eona eo re hlileng re e hlokang kajeno hobane le rōna re phela lefatšeng leo ho lona ho fa Jehova boinehelo ba rōna bo khethehileng ho leng thata ka ho fetisisa.—Baheberu 4:12.

Buka ea Deuteronoma, e ngotsoeng ke Moshe, ntle ho khaolo ea eona ea ho qetela, e akaretsa liketsahalo tsa hoo e ka bang nako e fetang likhoeli tse peli. * (Deuteronoma 1:3; Joshua 4:19) A re boneng kamoo keletso ea eona e ka re thusang ho rata Jehova Molimo ka lipelo tsohle tsa rōna le ho mo sebeletsa ka botšepehi.

“LE SE KE LA LEBALA LINTHO TSEO MAHLO A LŌNA A LI BONENG”

(Deuteronoma 1:1–4:49)

Puong ea pele, Moshe o pheta ka mokhoa o qaqileng tse ling tsa liketsahalo tsa lefeelleng—haholo-holo tse tla ba molemo ho Baiseraele ha ba itokisetsa ho hapa Naha e Tšepisitsoeng. E tlameha ebe tlaleho ea ho khethoa ha baahloli e ile ea ba hopotsa hore Jehova o hlophisa batho ba hae ka tsela e tiisang hore ba tla hlokomeloa ka lerato. Moshe o boetse o pheta ka mokhoa o qaqileng hore tlaleho e mpe ea lihloela tse leshome e ile ea etsa hore moloko oa pele ho bona o se ke oa kena naheng e tšepisitsoeng. Nahana hore na e tlameha ebe mohlala oo o lemosang o ile oa ba matla hakae ho bamameli ba Moshe ha ba bona naha eo ka bobona.

E tlameha ebe ho hopola lintoa tseo Jehova a ileng a etsa hore bara ba Iseraele ba li hlōle pele ba tšela Jordane ho ile ha ba betefatsa ha ba ntse ba eme e le malala-a-laotsoe hore ba qale ho hapa naha e ka mose ho nōka. Naha eo ba neng ba tla tloha ba e hapa e ne e tletse borapeli ba litšoantšo. Ke hantle hakaakang hore ebe Moshe o fana ka temoso e matla e nyatsang borapeli ba litšoantšo!

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

2:4-6, 9, 19, 24, 31-35; 3:1-6—Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba timetsa lichaba tse ling tse neng li phela ka bochabela ho Jordane empa tse ling tsona ba sa ka ba li timetsa? Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba loantša bara ba Esau. Hobane’ng? Hobane e ne e le bana ba moholoane oa Jakobo. Baiseraele ba ne ba sa lokela ho tšoenya kapa ho loantša Bamoabe le Baamone, hobane e ne e le litloholo tsa Lota, ngoana oa ngoan’abo Abrahama. Leha ho le joalo, Morena Sihone le Morena Oge ba Baamore ba ne ba sa amane le Baiseraele ’me kahoo ba ne ba se na tokelo naheng eo ba neng ba e busa. Kahoo, ha Sihone a hanela Baiseraele ho feta naheng ea hae le ha Oge a tlil’o ba loantša, Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba timetse metse ea bona, ba sa siee lehlatsipa leha le le leng.

4:15-20, 23, 24—Na thibelo ea hore ho se ke ha etsoa litšoantšo tse betliloeng e bolela hore ke phoso ho etsa litšoantšo tsa lintho tse itseng bakeng sa ho khabisa? Che. Thibelo ena e ne e hanela ho etsoa ha litšoantšo tse rapeloang, ‘ho inamela litšoantšo le ho li sebeletsa.’ Mangolo ha a hanele ho betla litšoantšo kapa ho penta litšoantšo ka morero oa ho etsa lintho tsa bonono.—1 Marena 7:18, 25.

Seo re Ithutang Sona:

1:2, 19. Bara ba Iseraele ba ile ba lelera lefeelleng ka lilemo tse ka bang 38, le hoja ho ea Kadeshe-barnea ho ne ho nka “matsatsi a leshome le motso o mong [feela] ho tloha Horebe [e leng sebaka se lithaba se haufi le Thaba ea Sinai moo ho ileng ha fanoa ka Melao e Leshome teng] ka tsela ea Thaba ea Seire.” Ho se mamele Jehova Molimo ho bile le liphello tse bohloko hakaakang!—Numere 14:26-34.

1:16, 17. Litekanyetso tsa Molimo tsa ho ahlola ha lia fetoha kajeno. Ba filoeng boikarabelo ba ho sebeletsa komiting ea boahloli ha baa lokela ho kholokhothehisoa ke leeme kapa ho tšaba motho ha ba ahlola.

4:9. E le hore Baiseraele ba atlehe, ho ne ho hlokahala hore ba “se ke ba lebala lintho tseo mahlo a [bona] a li boneng.” Ha lefatše le lecha le tšepisitsoeng le ntse le atamela, ke habohlokoa hore le rōna re lule re tsepamisitse mahlo liketsong tse hlollang tsa Jehova ka hore re be liithuti tse khothetseng tsa Lentsoe la hae.

RATA JEHOVA, U BE U BOLOKE LITAELO TSA HAE

(Deuteronoma 5:1–26:19)

Puong ea hae ea bobeli, Moshe o pheta ka mokhoa o qaqileng litaba tsa ha ho ne ho fanoa ka Molao Thabeng ea Sinai ’me o pheta Melao e Leshome hape. Ho qoolloa lichaba tse supileng tse lokelang ho timetsoa ka ho feletseng. Bara ba Iseraele ba hopotsoa thuto ena ea bohlokoa eo ba ithutileng eona lefeelleng: “Motho ha a phele ka bohobe feela empa motho o phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova.” Boemong ba bona bo bocha, ba lokela ho ‘boloka taelo eohle.’—Deuteronoma 8:3; 11:8.

Ha Baiseraele ba ntse ba tloaela makhulo naheng e tšepisitsoeng, ba ne ba sa tl’o hloka melao e amanang le borapeli feela empa ba ne ba tla hloka le e amanang le litaba tsa boahloli, tsa puso, tsa ntoa le tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi ba sechaba le ba motho ka mong. Moshe o pheta melao ena ’me o hatisa bohlokoa ba ho rata Jehova le ho boloka litaelo tsa hae.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

8:3, 4—Ke ka tsela efe liaparo tsa Baiseraele li sa kang tsa tsofala le maoto a bona a sa kang a ruruha leetong la lefeelleng? Tokisetso ena e ne e le ea mohlolo joaloka manna ao ba neng ba a fuoa kamehla. Baiseraele ba ile ba sebelisa liaparo le lieta tseo ba neng ba qalile leeto ka tsona, mohlomong ba ne ba li sielana ha bana ba hōla le ha batho ba baholo ba e-shoa. Kaha ho baloa ha sechaba ho ileng ha etsoa ka makhetlo a mabeli qalong le qetellong ea leeto la lefeelleng ho ile ha senola hore palo ea Baiseraele e ne e sa eketseha, liaparo le lieta tseo ba qalileng leeto ka tsona li ne li tla be li lekane.—Numere 2:32; 26:51.

14:21—Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba ka fa mojaki nama e sa ntšoang mali ea phoofolo e shoeleng kapa ba e rekisetsa osele empa bona ka bobona ba ne ba ke ke ba e ja? Ka Bibeleng, lentsoe “mojaki” le ne le ka bolela motho eo e seng Moiseraele empa e le mosokolohi eo eseng Moiseraele kapa mofalli ea neng a phela ka melao ea motheo ea naha empa a sa fetoha morapeli oa Jehova. Osele le mojaki ba neng ba sa sokoloha ba ne ba se tlas’a Molao ’me nama ea phoofolo e sa ntšoang mali ba ne ba ka e sebelisa ka litsela tse sa tšoaneng. Baiseraele ba ne ba lumeletsoe ho ba fa kapa ho ba rekisetsa nama ea liphoofolo tseo. Empa mosokolohi eena o ne a tlangoa ke selekane sa Molao. Joalokaha ho bontšitsoe ho Levitike 17:10, motho ea joalo o ne a haneloa ho ja phoofolo e sa ntšoang mali.

24:6—Ke hobane’ng ha ho nka “leloala la letsoho kapa tšiloana ea lona e le tebeletso” ho ne ho tšoantšoa le ho “nka moea”? Leloala la letsoho le tšiloana ea lona li ne li emela “moea” oa motho, kapa ntho eo a e hlokang haholo hore a ’ne a phele. Ho nka e ’ngoe ea lintho tsena ho ne ho tla etsa hore lelapa lohle le se ke la e-ba le bohobe ba lona ba letsatsi le leng le le leng.

25:9—Ho rōla moqathatso le ho tšoela monna ka mathe sefahlehong ha a hanne ho kenela mosali oa ngoan’abo ho bolela eng? Ho latela “tloaelo ea linakong tsa pele Iseraele malebana le tokelo ea thekollo . . . monna o ne a lokela ho rōla moqathatso oa hae ’me a o fe oa habo.” (Ruthe 4:7) Ho rōla moqathatso ha monna ea neng a hana ho kenela mosali oa ngoan’abo ho ne ho tiisa hore o nyahlalitse boemo le tokelo ea hae ea ho etsetsa mor’abo ea shoeleng mojalefa. Ketso ena e ne e soabisa. (Deuteronoma 25:10) Ho mo tšoela ka mathe sefahlehong e ne e le ho mo tlotlolla.—Numere 12:14.

Seo re Ithutang Sona:

6:6-9. Feela joalokaha Baiseraele ba ne ba laetsoe ho tseba Molao, le rōna re lokela ho tseba litaelo tsa Molimo, re li hopole ka linako tsohle, ’me re li rute bana ba rōna ka ho hatisa le ka ho pheta-pheta. Re lokela ho ‘li tlama e le lipontšo matsohong a rōna’ ka kutloisiso ea hore liketso tsa rōna—tse emeloang ke matsoho a rōna—li lokela ho bontša hore re mamela Jehova. ’Me ho mamela ha rōna ho lokela ho bonoa ke bohle joaloka “lebanta le roaloang phatleng pakeng tsa mahlo.”

6:16. E se eka re ke ke ra leka Jehova joalokaha Baiseraele ka ho hloka tumelo ba ile ba mo leka Masa, moo ba ileng ba korotla ka lebaka la ho hloka metsi.—Exoda 17:1-7.

8:11-18. Lerato la lintho tse bonahalang le ka re lebatsa Jehova.

9:4-6. Re lokela ho itebela hore re se ke ra iketsa baloki.

13:6. Re se ke ra lumella mang kapa mang ho re tlosa borapeling ba Jehova.

14:1. Ho itšeha ’mele ho bontša ho hlompholla ’mele oa motho, ho ka ’na ha amana le bolumeli ba bohata, ’me ho lokela ho qojoa. (1 Marena 18:25-28) Tšepo ea rōna ea tsoho ha e re lumelle ho bontša ho utloa bohloko ka tsela e feteletseng joalo.

20:5-7; 24:5. Batho ba nang le maemo a ikhethang ba lokela ho nahaneloa, esita le haeba mosebetsi o lokelang ho etsoa e le oa bohlokoa.

22:23-27. Mokhoa o mong o atlehang ka ho fetisisa oo mosali a itšireletsang ka oona ha a tšosoa ka peto ke ho bokolla.

“LE KHETHE BOPHELO”

(Deuteronoma 27:1–34:12)

Puong ea hae ea boraro, Moshe o bolela hore ha Baiseraele ba qeta ho tšela Jordane, ba lokela ho ngola Molao majoeng a maholo ebe ba phatlalatsa lithohako tsa ho se mamele le litlhohonolofatso tsa ho mamela. Puo ea bone e qala ka ho nchafatsoa ha selekane pakeng tsa Jehova le Baiseraele. Moshe o boetse o lemosa ka ho se mamele ’me o khothalletsa sechaba hore se “khethe bophelo.”—Deuteronoma 30:19.

Ntle ho ho fana ka lipuo tsena tse ’nè, Moshe o bua ka boeta-pele bo bocha ’me o ruta Baiseraele pina e monate e rorisang Jehova ebile o ba hlokomelisa ka bomalimabe bo tla tlisoa ke ho se tšepahale. Ka mor’a hore Moshe a hlohonolofatse meloko, o shoa a le lilemo li 120 ’me oa patoa. Nako ea ho siama e nka matsatsi a 30, e leng nako e lekanang le halofo ea nako e akaretsoang ke buka ea Deuteronoma.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

32:13, 14—Kaha Baiseraele ba ne ba haneloa ho ja mafura a mofuta ofe kapa ofe, ho boleloa’ng ka ho ja ha bona “mafura a lipheleu”? Lentsoe mafura le sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso mona ’me le bolela tse molemohali tsa mohlape. Tšebeliso eo ea tšoantšetso e bontšoa ke ’nete ea hore temana eona ena e bua ka “mafura a liphio a koro” le “mali a morara.”

33:1-29—Ke hobane’ng ha Simeone a sa boleloa ka ho toba tlhohonolofatsong eo Moshe a ileng a hlohonolofatsa bara ba Iseraele ka eona? Ke hobane Simeone hammoho le Levi ba ile ba etsa lintho “ka ho se utloele bohloko” ’me khalefo ea bona e ne e bile “sehlōhō.” (Genese 34:13-31; 49:5-7) Lefa la bona le ne le sa lekane hantle le la meloko e meng. Levi o ile a fuoa metse e 48, ’me karolo ea Simeone e ne e le sebakeng sa Juda. (Joshua 19:9; 21:41, 42) Kahoo, Moshe ha aa ka a hlohonolofatsa Simeone ka ho toba. Leha ho le joalo, Simeone o ile a kenyelletsoa tlhohonolofatsong e akaretsang ea Baiseraele.

Seo re Ithutang Sona:

31:12. Bana ba lokela ho lula le batho ba baholo libokeng tsa phutheho ’me ba leke ho mamela le ho ithuta.

32:4. Mesebetsi eohle ea Jehova e lokile ka hore o bonahatsa litšobotsi tsa hae tsa toka, bohlale, lerato le matla ka teka-tekano e feletseng.

Ke ea Bohlokoa Haholo ho Rōna

Deuteronoma e bua ka Jehova e le “Jehova a le mong.” (Deuteronoma 6:4) Ke buka e buang ka batho ba kamanong e khethehileng le Molimo. Buka ea Deuteronoma e boetse e lemosa ka borapeli ba litšoantšo ebile e hatisa bohlokoa ba ho fa Molimo oa ’nete boinehelo bo khethehileng.

Ka sebele buka ea Deuteronoma ke ea bohlokoa haholo ho rōna! Le hoja re se tlas’a Molao, re ka ithuta ho hongata ho oona ho tla re thusa hore re ‘rate Jehova Molimo oa rōna ka lipelo tsa rōna tsohle le ka meea ea rōna eohle le ka mafolofolo a rōna ’ohle.’—Deuteronoma 6:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Ho ka etsahala hore ebe khaolo ea ho qetela, e nang le tlaleho ea lefu la Moshe, e ile ea kenyelletsoa ke Joshua kapa Moprista ea Phahameng Eleazare.

[’Mapa o leqepheng la 24]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

SEIRE

Kadeshe-barnea

Thaba ea Sinai (Horebe)

Leoatle le Lefubelu

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Based on maps copyrighted by Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Lipuo tsa Moshe li nkile karolo e khōlō ea Deuteronoma

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Tokisetso ea Jehova ea manna e ruta eng?

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho nka leloala la letsoho kapa tšiloana ea lona e le tebeletso ho ne ho tšoantšoa le ho nka “moea”