Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha banna ba Baiseraele ba ne ba lumeletsoe ho nyala basali ba balichaba ba hapuoeng ntoeng ha Molao oa Moshe o ne o laetse hore ba ne ba sa lokela ho theha selekane sa lenyalo le balichaba?—Deuteronoma 7:1-3; 21:10, 11.

Lebaka leo sena se neng se lumeletsoe ka lona le ne le akarelletsa maemo a khethehileng. Jehova o ne a laetse Baiseraele hore ba ripitle metse ea lichaba tse supileng tse neng li le naheng ea Kanana le ho bolaea baahi bohle ba eona. (Deuteronoma 20:15-18) Tabeng ea lichaba tse ling, mohlomong batho ba baholo ba neng ba phonyoha e ne e e-ba basali ba hapuoeng ntoeng bao e neng e sa le baroetsana. (Numere 31:17, 18; Deuteronoma 20:14) Monna oa Moiseraele o ne a ka nyala mosali eo, empa o ne a ka mo nyala feela ha a ne a nkile mehato e itseng.

Bibele ha e bua ka mehato eo ho neng ho hlokahala hore mosali eo a e nke, e re: “Joale a beole hlooho ’me a hlokomele manala a hae, a hlobole seaparo sa hae sa ka holimo sa kholeho ea hae ’me a lule ka tlung ea hao ’me a llele ntat’ae le ’m’ae khoeli kaofela; ka mor’a moo u kopanele liphate le eena, ’me u mo rue joaloka monyaluoa oa hao, ’me e be mosali oa hao.”—Deuteronoma 21:12, 13.

Moroetsana ea neng a hapuoe ntoeng, eo Moiseraele a neng a batla ho mo nyala, o ne a lokela ho beola hlooho ea hae. Ho kuta moriri oa hae e ne e le pontšo ea ho siama kapa ea ho ba bohlokong. (Esaia 3:24) Ka mohlala, ha mopatriareka Jobo a ne a shoetsoe ke bana bohle ba hae a bile a lahlehetsoe ke thepa, o ile a kuta moriri e le pontšo ea ho siama. (Jobo 1:20) Mosali oa molichaba o ne a boetse a lokela ho hlokomela manala a hae, mohlomong o ne a ‘pomella manala a hae tlaase’ e le hore esita le haeba a ne a pentiloe, matsoho a hae a se shebahale ka tsela e hohelang. (Deuteronoma 21:12, Knox) “Seaparo sa hae sa ka holimo sa kholeho” seo mosali ea hapuoeng a neng a lokela ho se hlobola e ne e le eng? Ho ne ho tloaelehile hore basali ba metseng ea bahetene ba neng ba tla hapuoa ba apare liaparo tse ntlehali. Ba ne ba etsa sena e le ha ba iketa ho bahapi ba bona. Kahoo mosali ea hapuoeng ea siameng, o ne a lokela ho hlobola liaparo tse joalo.

Mosali ea hapuoeng eo e neng e lokela ho ba mosali oa monna oa Moiseraele o ne a lokela ho siama khoeli eohle bakeng sa baratuoa ba hae ba shoeleng. Metse e neng e hlōtsoe e ne e lokela ho senngoa ka ho feletseng hoo bohle ba lelapa labo le bao a neng a amana le bona ba neng ba tla be ba le sieo. Kaha masole a Baiseraele a ne a tla be a sentse litšoantšo tsa melimo ea hae, lintho tsa hae tse amanang le borapeli li ne li tla be li le sieo. Khoeli ea ho siama e ne e boetse e le nako ea ho itlhoekisa e leng ea ha mosali ea hapuoeng a neng a tla khaotsa mekhoa eohle ea bolumeli ba hae ba pele.

Leha ho le joalo, boemo bo ne bo fapane tabeng ea basali ba balichaba ka kakaretso. Ntlheng ena, ho sebetsa molao-motheo o reng: “U se ke ua etsa selekane sa lenyalo le tsona. U se ke ua fana ka morali oa hao ho mora oa hae, ’me u se ke ua nkela mora oa hao morali oa hae.” (Deuteronoma 7:3) Ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le thibelo ee? Deuteronoma 7:4 e re: “Etsoe o tla khelosa mora oa hao hore a se ke a ntatela, ’me ka sebele ba tla sebeletsa melimo e meng.” Ka hona, thibelo ena e ne e le molemong oa ho sireletsa Baiseraele hore bolumeli ba bona bo se ke ba silafatsoa. Leha ho le joalo, mosali oa molichaba eo maemo a hae a hlalositsoeng ho Deuteronoma 21:10-13 o ne a se kotsi joalo. Beng ka eena bohle ba ne ba shoele le litšoantšo tse emelang melimo ea hae li ne li sentsoe. O ne a ke ke a kopana le batho ba bolumeling ba bohata. Moiseraele o ne a lumeletsoe ho nyala molichaba tlas’a maemo ao.