Maloala a re Fepang
Maloala a re Fepang
BOHOBE bo ’nile ba bitsoa “sejo sa bohlokoa bophelong,” “moren’a lijo,” “mantša-tlala le mophelisi oa khale.” E, haesale ho tloha khale bohobe e le sejo se tloaelehileng. Bonneteng, e ’ngoe ea litlhoko tse ka sehloohong tsa motho haesale e le hore a fumane bohobe ba letsatsi le leng le le leng.
Motsoako o moholo oa bohobe ke phofo e thumisitsoeng, kapa e haitsoeng, e fumanoang ka ho sila lijo-thollo. Ka lebaka leo, ho sila ke ntho ea khale. Ha mechine e bebofatsang mosebetsi e ne e le sieo, e tlameha ebe ho sila e ne e le ntho e boima hakaakang! Mehleng ea Bibele, molumo oa leloala la letsoho o ne o amahanngoa le maemo a tloaelehileng, a khotso, ’me ha o le sieo e ne e le letšoao la hore ho na le tlokotsi.—Jeremia 25:10, 11.
Ho theosa le mehla ho ’nile ha siloa joang? Ke mekhoa efe le lisebelisoa life tse ling tseo ho ’nileng ha siloa ka tsona? Hona ke maloala a mofuta ofe a u fepang kajeno?
Ke Hobane’ng ha Maloala a Hlokahala?
Jehova o ile a re ho batho ba babeli ba pele, e leng Adama le Eva: “Bonang! ke le file limela tsohle tse behang peō tse holim’a lefatše lohle le sefate se seng le se seng seo ho sona ho nang le litholoana tsa sefate se behang peō. E ke e be lijo tsa lōna.” (Genese 1:29) Peō e tsoang mahlakeng a behang lijo-thollo ke e ’ngoe ea lijo tseo Jehova Molimo a ileng a li fa moloko oa batho. Mohloli ona oa lijo o ne o hlokahala hore motho a phele, kaha lijo-thollo tsohle—ho akarelletsa koro, harese, rogo, habore, raese, nyalothe, mabele le poone—li na le lik’habohaedreite tse nang le setache tseo ’mele o khonang ho li fetola tsoekere—mohloli o moholo oa matla a ’mele.
Leha ho le joalo, ’mele oa motho ha oa etsetsoa hore o sile lijo-thollo tse sa siloang, tse tala. Batho ba li ja habonolo ha li entsoe phofo ’me li phehiloe. Litsela tse bonolo ka ho fetisisa tsa ho etsa tekanyo e itseng ea lijo-thollo phofo ke ho li tula ka motulo, ho li sila pakeng tsa majoe a mabeli, kapa ho li tula le ho li sila.
Maloala a Letsoho
Liemahale tse nyenyane tse tsoang mabitleng a Egepeta ea boholo-holo li bontša kamoo ho neng ho sebelisoa mofuta o mong oa leloala la pele la lijo-thollo, e leng leloala le kang sale. Le ne le bitsoa joalo hobane le bōpehile joaloka sale. Leloala lena e ne e le la majoe a mabeli—lejoe le ka tlaase le batlang le le sekotjana ’me le thulame, ’me ka holimo ho ne ho e-na le tšiloana. Hangata ho ne ho sila mosali ea neng a khumama ka mor’a leloala ebe o tšoara tšiloana ka matsoho a mabeli. Ka mor’a moo, o ne a hatella tšiloana holim’a leloala ka matla a hae kaofela a e isa pele le morao e le hore a sile lithollo pakeng tsa majoe. Ka sebele e ne e le sesebelisoa se bonolo empa e le se atlehang haholo.
Leha ho le joalo, ho khumama ka lihora tse ngata ho ne ho lematsa ’mele. Ho isa tšiloana lintšing tsa leloala le ho e khutlisetsa morao ho ne ho etsa hore mosili a lemale mokokotlong, Exoda 11:5) * Litsebi tse ling li lumela hore ha Baiseraele ba ne ba tloha Egepeta, ba ile ba nka maloala ana a kang sale.
liphakeng, liropeng, mangoleng le menoaneng ea maoto. Liphuputso tse entsoeng libōpehong tse sa tloaelehang tsa masapo a batho ba Syria ea boholo-holo li entse hore litsebi tsa saense e amanang le nako ea mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo li fihlele qeto ea hore ho sila ka maloala a mofuta oo ho ne ho bakela basali ba sa leng banyenyane boloetse bo bakoang ke ho sebelisa mesifa ka thata—bo etsang hore theleli e khohlele ka hare, bo lematsang nkoto, le bo bakang lefu le bohloko la masapo le manonyeletso menoaneng e metona ea maoto. Ho bonahala eka Egepeta ea boholo-holo mosebetsi oa ho sila ka leloala la letsoho e ne e le oa makhabunyane. (Lintlafatso tse entsoeng hamorao maloaleng li ile tsa akarelletsa ho fata mela leloaleng le tšiloaneng e le hore ho sila ho be bobebe. Ho phunya lesoba le kang fanele tšiloaneng ho ne ho nolofalletsa mosili ho tšela lijo-thollo ka tšiloaneng, ’me li ne li itheolela leloaleng. Lekholong la bone kapa la bohlano la lilemo B.C.E., Greece e ile ea qapa mochine o bonolo oa ho sila. Mofeng kapa tšepe e tšekalalitsoeng e nang le ase ka lehlakoreng le leng e ne e hokelloa tšiloaneng. Ho tsamaisa karolo e sa hokeloang aseng, e isoa pele le morao, ho ne ho etsa hore tšiloana e tšetsoeng lijo-thollo e pitikisoe holim’a leloala.
Maloala ana kaofela ao ho builoeng ka ’ona a ne a e-na le bothata bo boholo. A ne a isoa pele le morao ka tsela eo phoofolo e neng e ke ke ea rutoa ho e etsa. Kahoo, ke batho feela ba neng ba sila ka ’ona. Ka mor’a nako ho ile ha hlaha theknoloji e ncha ea maloala a bilikang. Joale ho ne ho ka siloa ka liphoofolo.
Maloala a Bilikang a Bebofatsa Mosebetsi
Ho ka etsahala hore ebe leloala le bilikang la lijo-thollo le ile la qaptjoa linaheng tsa Mediterranean hoo e ka bang lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Lekholong la pele la lilemo C.E., Bajuda ba Palestina ba ne ba tseba leloala la mofuta ona hobane Jesu o ile a bua ka “leloala le kang le sothoang ke esele.”—Mareka 9:42.
Leloala le silang ka liphoofolo le ne le sebelisoa Roma le karolong e khōlō ea ’Muso oa Roma. Maloala a mangata a mofuta ona a sa ntse a le teng Pompeii. Tšiloana ea lona ke lejoe le boima le motopo, e na le mokhamo o sebetsang joaloka fanele ’me leloala le lona le motopo, empa molomo oa lona o ahlame. Ha tšiloana e ntse e pota-pota ka leloaleng, lithollo li ne li theohela ka leloaleng ebe lia siloa. Litšiloana tsa mofuta ona tse ntseng li le teng li fapana ka boahlamo ba lisenthimithara tse 45 ho isa ho tse 90. Maloala ana a ne a phahame hoo e ka bang ka lisenthimithara tse 180.
Ha hoa hlaka hore na pakeng tsa maloala a bilikang a letsoho le a silang ka liphoofolo, a kopilitsoeng ho a mang ke afe. Leha ho le joalo, leloala le bilikang la letsoho le ne le le molemo ka hore le ne le nkeha ebile ho le bonolo ho le sebelisa. Le ne le entsoe ka majoe a mabeli a chitja, ao mohlomong boahlamo ba ’ona e neng e le lisenthimithara tse 30 ho isa ho tse 60. Tšiloana e ne e batla e kokomohile ’me leloala le batla le le sekoti e le hore tšiloana e ka kena ka har’a leloala. Tšiloana e ne e e-na le ase ’me e sothoa ka mofeng oa thupa. Ka ho tloaelehileng, basali ba babeli ba ne ba lula ba shebane, e mong le e mong a tšoere mofeng ka letsoho hore ba tsamaise tšiloana. (Luka 17:35) Mosali e mong o ne a fepela lijo-thollo ka lesobeng la tšiloana ka letsoho la hae le sa etseng letho, ’me e mong a bokella phofo ha e ntse e theleha leloaleng, a e tšela sethebeng kapa leseleng le aliloeng ka tlas’a leloala. Leloala la mofuta ona le ne le loketse masole, basesisi ba likepe, kapa malapa a manyenyane a lulang hōle le moo ho nang le maloala a maholo.
Maloala a Tsamaisoang ka Metsi Kapa Moea
Hoo e ka bang ka 27 B.C.E., moenjiniere oa Roma Vitruvius o ile a hlalosa leloala le tsamaisoang ka metsi la mehleng ea hae. Metsi a phallang a ne a bilikisa masokoana a lebili le sephara le emeng le faselelitsoeng aseng e tšekaletseng. Masokoana ana a ne a bilikisa ase e emeng. Ase e ne e tsamaisa tšiloana e khōlō.
Leloala lee le tsamaisoang ka metsi le ne le sila lijo-thollo tse kae ha le bapisoa le maloala a mang? Ho hakanngoa hore maloala a letsoho a ne a sila hoo e ka bang ka tlaase ho lik’hilograma tse 10 tsa lijo-thollo ka hora, ’me maloala a silang haholo a liphoofolo a ne a sila hoo e ka bang lik’hilograma tse 50. Leloala le tsamaisoang ka metsi la Vitruvius le ne le le molemo hobane le ne le sila hoo e ka bang lik’hilograma tse 150 ho ea ho tse 200 ka hora. Makholo a lilemo ka mor’a moo, melao-motheo e hlalositsoeng ke Vitruvius e ile ea tsoela pele e sebelisoa ka mekhoa e fapa-fapaneng le e ntlafalitsoeng ke baetsi ba nang le bokhoni ba maloala.
Metsi a phallang e ne e se ’ona mohloli feela oa matla a tlhaho a sebelisetsoang ho tsamaisa maloala. Haeba ho ne ho ka sebelisoa mahare a sephara a leloala le sebelisang moea bakeng sa mabili a fehlang metsi, ho ne ho ka finyelloa sepheo se tšoanang. Maloala a tsamaisoang ka moea a ile a sebelisoa Europe hoo e ka bang lekholong la bo12 la lilemo C.E., ’me a ile a sebelisoa haholo bakeng sa ho sila Belgium, Jeremane, Holland le libakeng tse ling. A ile a sebetsa ho fihlela butle-butle mehloli e meng ea matla e nka sebaka sa maloala a tsamaisoang ka mouoane oa metsi a belang.
“Bohobe ba Rōna ba Letsatsi Lena”
Ho sa tsotellehe tsoelo-pele e entsoeng, mekhoa e mengata ea ho sila ea nakong e fetileng e ntse e sebelisoa likarolong tse ling tsa lefatše kajeno. Kutu e fatiloeng le mokhobo li sa ntse li sebelisoa likarolong tse ling tsa Afrika le Oceania. Mexico le Amerika Bohareng, phofo ea poone e etsang liphaphatha e siloa ka leloala la lejoe le tšiloana. Maloala a tsamaisoang ka metsi le a tsamaisoang ka moea a sa ntse a sebelisoa libakeng tse fapa-fapaneng.
Leha ho le joalo, phofo e ngata ea bohobe e sebelisoang lefatšeng la kajeno le tsoetseng pele, e siloa ka maloala a mechine a itsamaisang ka ho feletseng. Butle-butle lijo-thollo e ba phofo ha li ntse li siloa pakeng tsa meqomo ea tšepe e fatiloeng mela, e bilikang ka lebelo le sa tšoaneng. Mokhoa ona o thusa hore ho siloe phofo ea mefuta e sa tšoaneng ka theko e tlaase.
Ho fumana phofo ea ho baka ha e sa le mosebetsi oa motonanahali joaloka pele. Leha ho le joalo, re ka leboha ’Mōpi oa rōna ka ho re fa lijo-thollo le bohlale ba ho li etsa “bohobe ba rōna ba letsatsi lena.”—Matheu 6:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 10 Mehleng ea Bibele, mosebetsi oa ho sila o ne o etsoa ke lira tse hapiloeng, tse kang Samsone le Baiseraele ba bang. (Baahloli 16:21; Lillo 5:13) Basali ba lokolohileng ba ne ba silela malapa a bona.—Jobo 31:10.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Leloala la Egepeta le kang sale
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Soprintendenza Archeologica per la Toscana, Firenze
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Litholoana tsa mohloaare li ne li tlhotloa oli leloaleng le silang ka liphoofolo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]
From the Self-Pronouncing Edition of the Holy Bible, containing the King James and the Revised versions