Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo Thapelo ea Morena e se Bolelang ho Uena

Seo Thapelo ea Morena e se Bolelang ho Uena

Seo Thapelo ea Morena e se Bolelang ho Uena

THAPELO ea Morena, joalokaha e fanoe ke Jesu Kreste Thutong ea Thabeng, e fumanoa ka Bibeleng ho Matheu khaolo ea 6, temaneng ea 9 ho ea ho ea 13. Pele Jesu a fana ka eona, o ile a re: “Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang, feela joalokaha batho ba lichaba ba etsa, kaha ba nahana hore ba tla utluoa ka lebaka la ho sebelisa mantsoe a mangata.”—Matheu 6:7.

Kahoo, ho hlakile hore Jesu o ne a sa rera hore Thapelo ea Morena e pheta-phetoe ka mantsoe a tšoanang. Ke ’nete hore hamorao o ile a pheta thapelo ena molemong oa bamameli ba bang. (Luka 11:2-4) Empa mantsoe a thapelo eo a fapana ka tsela e itseng litlalehong tsa Kosepele ea Matheu le ea Luka. Ho feta moo, lithapelo tse ileng tsa etsoa ke Jesu le barutuoa ba hae hamorao, ha lia ka tsa iphaphatha ka ho feletseng le mantsoe a tobileng a thapelo ea hae ea mohlala.

Ke hobane’ng ha Thapelo ea Morena e tlalehiloe ka Bibeleng? Ka thapelo ena ea mohlala, Jesu o re ruta tsela eo Molimo a ka amohelang lithapelo tsa rōna ka eona. Thapelong ena, re boetse re fumana likarabo tsa lipotso tse ling tsa motheo tsa bophelo. Kahoo, a re hlahlobe karolo ka ’ngoe ea Thapelo ea Morena.

Lebitso la Molimo ke Mang?

“Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Mantsoe ana a qalang a thapelo ea mohlala a re thusa ho atamela Molimo ka ho mo bitsa “Ntat’a rōna.” Joaloka ngoana eo ka tlhaho a atamelang ho motsoali ea lerato le ea nang le kutloisiso, re ka atamela Ntat’a rōna oa leholimo re kholisehile hore o batla ho re mamela. Morena Davida o ile a bina tjena: “Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena.”—Pesaleme ea 65:2.

Jesu o re ruta hore re rapelle hore lebitso la Molimo le halaletsoe, kapa le khethehe. Empa lebitso la Molimo ke mang? Bibele e araba potso eo ka mantsoe ana: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Na u kile ua bona lebitso Jehova ka Bibeleng ea hao?

Ha e le hantle, lebitso la Molimo, Jehova, le hlaha hoo e ka bang ka makhetlo a 7 000 ka libukeng tsa pele tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele. Leha ho le joalo, bafetoleli ba bang ba tlōtse moeli hoo ba ntšitseng lebitso lena liphetolelong tsa bona tsa Bibele. Kahoo, ke ka nepo re rapellang hore Mōpi a halaletse lebitso la hae, kapa a etse hore le khethehe. (Ezekiele 36:23) Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka etsang lintho tumellanong le thapelo eo ke ka ho sebelisa lebitso Jehova ha re rapela Molimo.

Mosali e mong ea bitsoang Patricia o ile a hōlisoa e le Mok’hatholike a bile a tseba Thapelo ea Morena haholo. O ile a etsa’ng ha e mong oa Lipaki Tsa Jehova a mo bontša lebitso la Molimo ka Bibeleng? O ile a tsota a re: “Ke ne ke sa kholoe! Eaba ke bala phetolelong ea ka ea Bibele, ’me le hona moo le ne le le teng. Joale Paki eo e ile ea mpontša Matheu 6:9, 10 le ho ntlhalosetsa hore lebitso la Molimo le boleloa ka mokhoa o sa tobang Thapelong ea Morena. Ke ne ke thabile e le kannete eaba ke e kōpa hore e nthute Bibele.”

Thato ea Molimo e Etsahale Lefatšeng

“’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Karolo ee ea thapelo ea Jesu ea mohlala e tla phethahatsoa joang? Batho ba bangata ba nahana hore leholimo ke sebaka sa khotso le khutso. Mangolo a bua ka leholimo e le ‘sebaka sa [Jehova] sa bolulo se phahameng sa khalalelo le botle.’ (Esaia 63:15) Ha ho makatse ha re rapella hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng “joalokaha e etsahala leholimong”! Empa na e tla ke e etsahale?

Moprofeta oa Jehova e leng Daniele o ile a bolela mantsoe ana esale pele: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena [ea lefatše] kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) Haufinyane ’Muso ona oa leholimo, o tla nka khato ea ho tlisa khotso lefatšeng ka bophara o sebelisa puso e lokileng.—2 Petrose 3:13.

Ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle le hore thato ea hae e etsoe lefatšeng ke pontšo ea hore re na le tumelo eo ka eona re ke keng ra soetseha. Moapostola oa Mokreste Johanne o ile a ngola tjena: “[Ka] utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.’” Joale Johanne o eketsa ka ho re: “Ea lutseng teroneng a re: . . . ‘Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.’”—Tšenolo 21:3-5.

Ho Rapella Litlhoko Tsa Rōna Tsa Nama

Ho latela seo a se buileng thapelong ea mohlala, Jesu o ile a bontša hore ntho e ka sehloohong eo re lokelang ho ameha ka eona ha re rapela e lokela hore ebe e amanang le lebitso la Molimo le thato ea hae. Leha ho le joalo, thapelo ea mohlala e tsoela pele ho bontša likōpo tsa rōna ka bomong tseo ka tšoanelo re li lebisang ho Jehova.

Ea pele ho tsena ke ena: “Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena.” (Matheu 6:11) Hona ha se ho kōpa maruo a lintho tse bonahalang. Jesu o ile a re bolella hore re rapelle “bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi ho ea ka tlhokahalo ea letsatsi.” (Luka 11:3) Tumellanong le Thapelo ea Morena, re ka rapela re e-na le tumelo ea hore Molimo o tla re fa lintho tseo re li hlokang letsatsi le letsatsi haeba re mo rata re bile re mo mamela.

Ho tšoenyeha ka ho feteletseng ka mathata a moruo ho ka etsa hore re se hlokomele tlhoko ea rōna ea moea ebe joale re hlōleha ho etsa seo Molimo a lebeletseng hore re se etse. Empa haeba bophelong re etelletsa pele borapeli ba Molimo, re ka kholiseha hore likōpo tsa rōna tsa litlhoko tsa nama, tse kang tsa lijo le liaparo, li tla mameloa ka thabo. Jesu o itse: “Le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha [Molimo], ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:26-33) Ha ho bonolo ho batla ho loka ha Molimo, kaha kaofela ha rōna re baetsalibe ’me re hloka ho tšoareloa. (Baroma 5:12) Le taba ena, ho buuoa ka eona Thapelong ea Morena.

Ho Rapella ho Tšoareloa

“U re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna.” (Matheu 6:12) Tlalehong ea Luka ea Thapelo ea Morena, “melato” ena ho thoe ke “libe.” (Luka 11:4) Na Jehova Molimo o tla hle a tšoarele libe tsa rōna?

Le hoja Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo a ne a entse libe tse tebileng, o ile a baka eaba o rapela tjena ka kholiseho: “Jehova, u molemo ’me u itokiselitse ho tšoarela; mosa o lerato ho bohle ba ipiletsang ho uena o mongata.” (Pesaleme ea 86:5) Boo ke boikutlo bo tšelisang hakaakang! Ntate oa rōna oa leholimo o “itokiselitse ho tšoarela” libe tsa ba ipiletsang ho eena ka ho baka. Feela joalokaha molato o ka hlakoloa ka ho feletseng, ka tsela e tšoanang le Jehova Molimo a ka tšoarela libe tsa rōna ka ho feletseng.

Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolela seo re lokelang ho se etsa hore Molimo a re tšoarele: Hore Molimo a re tšoarele, re tlameha ho tšoarela ba bang. (Matheu 6:14, 15) Le hoja metsoalle ea Jobo e meraro e ile ea mo khahlapetsa, o ile a e tšoarela a ba a e rapella. (Jobo 42:10) Haeba re tšoarela ba re sitetsoeng, re tla thabisa Molimo ’me re tla rua molemo mohaung oa hae.

Hore ebe Molimo o ikemiselitse ho mamela lithapeli tsa rōna, ho lokela ho re susumelletsa hore re leke ka matla hore a re amohele. ’Me seo re ka se khona le hoja re sa phethahala. (Matheu 26:41) Esita le mona, Jehova a ka re thusa, joalokaha Jesu a bontša ha a qetella thapelo ea mohlala ka kōpo e ’ngoe ea bohlokoa.

Ho Rapella ho Tsoela Pele Tseleng e Lokileng

“U se ke ua re kenya molekong, empa u re lopolle ho ea khopo.” (Matheu 6:13) Jehova ha a re siee kherehloa ha re le tekong ebile ha a etse hore re oele sebeng. Lentsoe la hae le re: “Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13) Molimo o lumella hore re lekoe, empa a ka re lokolla ho Moleki e Moholo—“e mobe” ea tsejoang e le Satane Diabolose.

Moapostola Petrose o ile a phehella Bakreste-’moho le eena ka mantsoe ana: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) Ha e le hantle, Satane o ile a ba a leka motho ea phethahetseng Jesu Kreste! Sepheo sa Diabolose e ne e le sefe? E ne e le ho khelosa Jesu borapeling bo hloekileng ba Jehova Molimo. (Matheu 4:1-11) Haeba u batla ho sebeletsa Molimo, sepheo sa Satane ke hore le uena a u harole!

Diabolose a ka ’na a sebelisa lefatše le tlas’a taolo ea hae, hore a re leke hore re etse lintho tseo Molimo a sa li rateng. (1 Johanne 5:19) Kahoo ke habohlokoa hore khafetsa re ipiletse ho Molimo hore a re thuse, haholo-holo ha moleko o re phehella o sa khaotse. ’Me haeba re rapela Jehova re ipapisitse le Lentsoe la hae le bululetsoeng, Bibele, o tla re lokolla ka ho re thusa hore re hanyetse Diabolose. Bibele e re ho rōna: “Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang.”—1 Bakorinthe 10:13.

Tumelo ho Molimo ke ea Bohlokoa

Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Ntat’a rōna oa leholimo o thahasella e mong le e mong oa rōna! O ile a ba a laela Mora oa hae, Jesu Kreste hore a re rute ho rapela. Ka sebele sena se etsa hore re batle ho khahlisa Jehova Molimo. Re ka mo khahlisa joang?

Bibele e re: “Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho . . . khahlisa [Molimo], kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) Tumelo e joalo e ka fumanoa joang? Bibele e re: “Tumelo e latela ntho e utloiloeng.” (Baroma 10:17) Lipaki Tsa Jehova li thabela ho bua ka litaba tsa Mangolo le bohle ba laba-labelang ho sebeletsa Molimo ka tumelo ea ’nete.

Ho tšeptjoa hore lihlooho tsena tse neng li tšohla Thapelo ea Morena li u thusitse ho utloisisa seo e se bolelang. Ka ho tsoela pele ho rua tsebo e eketsehileng ka Jehova le ka meputso eo a e fang “ba mo batlang ka tieo,” re ka matlafatsa tumelo ea rōna ho Molimo. E se eka u ka ithuta haholoanyane ka eena le ka merero ea hae e le hore u ka ba le kamano e haufi le Ntate oa hao oa leholimo ka ho sa feleng.—Johanne 17:3.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong. Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena; ’me u re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna. U se ke ua re kenya molekong, empa u re lopolle ho ea khopo.”—Matheu 6:9-13.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Jehova o fa ba mo ratang lintho tseo ba li hlokang

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Molimo o boetse o re thusa ho hanyetsa Diabolose

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Haeba joaloka Jobo re tšoarela ba re siteloang, re ka rua molemo mohaung oa Molimo