Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Labalabela Lintho Tse Eketsehileng

Ho Labalabela Lintho Tse Eketsehileng

Ho Labalabela Lintho Tse Eketsehileng

“Haeba re sa khotsofale, ha ho mohla re tla re ho lekane.”—Worldwatch Institute report.

“RE BATLA eng? Ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Re e batla neng? Hona joale.” Lepetjo lena le ne le tloaelehile har’a liithuti tse ling tsa koleche lilemong tsa bo-1960. Mohlomong kajeno mantsoe ana a ke ke a utloahala ka ho toba, empa moelelo oa oona o saletse. Ka sebele, ho labalabela lintho tse eketsehileng ho bonahala e le letšoao la mehla ea rōna.

Ntho ea pele eo batho ba bangata ba batlang ho e fumana ke leruo le matlotlo. Mopresidente oa mehleng oa United States, e leng Jimmy Carter, o kile a re: “Motho ha a sa tsejoa ka seo a se etsang empa o se a tsejoa ka seo a nang le sona.” Na ho na le lintho tsa bohlokoa ho feta matlotlo? Haeba ho joalo, ke life, ’me li tla tlisa melemo efe?