Ho Tšepahala le ho Tiea Nakong e Fetileng le Hona Joale
Ho Tšepahala le ho Tiea Nakong e Fetileng le Hona Joale
Karolong e ka boroa ea Poland, haufi le moeli oa eona le Slovakia le Rephabliki ea Czech, ho na le toropo e bitsoang Wisła. Le hoja ho ka etsahala hore ebe u qala ho utloela ka Wisła, e na le histori e ka ’nang ea hlolla Bakreste ba ’nete. Ke histori ea ho tšepahala le ho chesehela borapeli ba Jehova. Joang?
WISŁA e sebakeng se setle sa lithaba, ’me lithaba tsa eona li botle bo tsotoang. Melatsoana e phallang ka potlako le melapo e ’meli e kopana le Nōka ea Vistula, e tsoelipanang le lithaba le likhohlo tse nang le meru. Batho ba botsoalle ba Wisła hammoho le tlelaemete ea eona e khethehileng ba etsa hore e be setsi se tummeng sa meriana, sebaka sa boikhathollo lehlabula le sa phomolo mariha.
Ho bonahala eka sebaka sa pele se ileng sa bitsoa ka lebitso lena se ile sa thehoa ka bo-1590. Ho ile ha buloa feme ea mapolanka, ’me kapele feela libataolo li ile tsa e-ba le baahi, ba neng ba rua linku le likhomo e bile e le lihoai. Leha ho le joalo, batho bana ba seng maemong a holimo ba ile ba angoa ke phetoho ea bolumeli e ileng ea fihla joaloka setsokotsane. Sebaka sena se ile sa angoa ka botebo ke liphetoho tsa bolumeli tse qaliloeng ke Martin Luther, ’me mofuputsi Andrzej Otczyk, o bolela hore Bolutere bo ile ba fetoha “bolumeli ba Naha ka 1545.” Empa, lintho tse ileng tsa fetola boemo ka sekhahla ke Ntoa ea Lilemo Tse Mashome a Mararo le Mokhatlo oa K’hatholike o Khahlanong le Phetohelo o ileng oa qaptjoa hamorao. Otczyk o tsoela pele ka ho re: “Ka 1654 Baprostanta ba ile ba amohuoa likereke tsohle, litšebeletso tsa bona tsa thibeloa ’me Libibele le libuka tse ling tsa bolumeli tsa nkuoa.” Leha ho le joalo, baahi ba bangata ba moo ba ile ba lula e le Malutere.
Peō ea Pele ea ’Nete ea Bibele
Ho thabisang ke hore phetoho ea bohlokoa haholo ea bolumeli e ne e le haufi le ho etsahala.
Ka 1928 batho ba babeli ba neng ba cheseha ba Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo, ba ile ba jala peō ea pele ea ’nete ea Bibele. Selemong se hlahlamang, Jan Gomola o ile a fihla Wisła a nkile keramafono, eo ka eona a neng a letsa lipuo tsa Mangolo tse rekotiloeng. Joale o ile a ea phuleng e ’ngoe e haufi moo a ileng a fumana Andrzej Raszka, moahi oa lithabeng e mokhutšoaane, oa senatla, ea nang le pelo e rutehang, ea ileng a mo mamela ka hloko. Raszka o ile a potlakela ho ntša Bibele ea hae ho netefatsa hore se ngotsoeng lipuong tse keramafonong ke ’nete. Ka mor’a moo o ile a buela holimo a re: “Mor’eso, ka ea ka fumana ’nete! Haesale ke batla likarabo ho tloha ha ke le Ntoeng ea I ea Lefatše!”Thabo ea Raszka e ne e khaphatseha ha a nka Gomola a mo isa ho metsoalle ea hae Jerzy le Andrzej Pilch, ba ileng ba chesehela ho nka khato ka molaetsa oa ’Muso. Andrzej Tyrna, ea neng a ithutile ’nete ea Bibele Fora, o ile a thusa banna bana ho tebisa tsebo ea bona ea molaetsa oa Molimo. Ba ile ba kolobetsoa kapele. Barab’abo rōna ba metseng e haufi ba ile ba etela Wisła bohareng ba bo-1930 e le hore ba thuse sehlopha se senyenyane sa Liithuti Tsa Bibele tsa moo. Liphello e ile ea e-ba tse tsotoang.
Batho ba thabelang ba ile ba kena lenyelenyele. Malapa a moo a Malutere a ne a tloaetse ho bala Bibele lapeng. Kahoo kapele feela ha ba bona bopaki bo kholisang ba Mangolo mabapi le thuto ea mollo oa lihele le ea Boraro-bo-bong, ba bangata ba ile ba khetholla pakeng tsa ’nete le bohata. Malapa a mangata a ile a khetha ho furalla lithuto tsa bohata tsa bolumeli. Kahoo, phutheho ea Wisła e ile ea hōla, ’me ka 1939 e ne e e-na le litho tse ka bang 140. Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore batho ba bangata ba baholo ba phutheho eo ba ne ba sa kolobetsoa. Helena, e mong oa Lipaki tseo tsa pele o re: “Sena se ne se sa bolele hore bahoeletsi bana ba sa kolobetsoang ba ne ba ka hlōleha ho ema ka lehlakoreng la Jehova.” O eketsa ka ho re: “Litekong tsa tumelo tse ileng tsa ba hlahela kapele ka mor’a moo, ba ile ba bontša botšepehi ba bona.”
Bana bona ba ile ba etsa joang? Ba ile ba bona hore batsoali ba bona ba fumane ’nete. Franciszek Branc o re: “Ha Ntate a bona hore o fumane ’nete, o ile a qala ho e tebisa ka ho pheta-pheta kelellong ea ka le ea Moholoane. Ke ne ke le lilemo li robeli ’me eena a le lilemo li leshome. Ntate o ne a re botsa lipotso tse bonolo, tse kang: ‘Molimo ke mang, ’me lebitso la hae ke mang? Le tseba eng ka Jesu Kreste?’ Re ne re tlameha ho ngola likarabo tsa rōna ’me re li pake ka litemana tsa Bibele hore ke ’nete.” Paki e ’ngoe e re: “Kaha ka boithatelo batsoali ba ka ba ile ba nka khato ka molaetsa oa ’Muso eaba ba tsoa Kerekeng ea Lutere ka 1940, ke ile ka hanyetsoa ka ba ka shapuoa sekolong. Ke leboha batsoali ba ka ka ho nthuta melao-motheo ea Bibele. Ke eona ntho e ileng ea nthusa hore ke fete linakong tseo tse thata.”
Tumelo Har’a Teko
Ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma ’me Manazi a hapa sebaka sena, a ne a ikemiselitse ho felisa Lipaki Tsa Jehova. Qalong, batho ba baholo—haholo-holo bo-ntate—ba ile ba khothalletsoa hore ba saene pampiri eo ka eona ba neng ba bolela hore ke litho tsa sechaba sa Majeremane e le hore ba fumane melemo e itseng. Lipaki li ile tsa hana ho ema ka lehlakoreng la Manazi. Barab’abo rōna ba bangata le batho ba thahasellang ba lilemong tsa ho ea sesoleng ba ile ba thulana le bothata: Ba ne ba ka kenela sesole, kapa ba lula ba sa jele paate ho hang empa ba fumana kahlolo e matla. Andrzej Szalbot, eo Magestapo a ileng a mo tšoara ka 1943 o re: “Ho hana tšebeletso ea sesole ho ne ho bolela ho isoa kampong ea mahloriso, hangata ea Auschwitz. Ke ne ke e-s’o kolobetsoe, empa ke ne ke tseba matšeliso ao Jesu a ileng a fana ka ’ona ho Matheu 10:28, 29. Ke ne ke tseba hore ha nka shoa ka lebaka la tumelo ea ka ho Jehova, o tla khona ho ntsosa.”
Mathoasong a 1942, Manazi a ile a tšoara barab’abo rōna ba 17 ba Wisła. Ba 15 ba bona ba ile ba shoela Auschwitz pele ho fela likhoeli tse tharo. See se ile sa ama Lipaki tse neng li setse Wisła joang? Ho e-na le hore sena se li furallise tumelo ea tsona, se ile sa li susumeletsa ho khomarela Jehova li sa sekisetse! Likhoeling tse latelang tse tšeletseng, palo ea bahoeletsi ba Wisła e ile ea imena habeli. Kapele feela ho ile ha tšoaroa ba bang ba eketsehileng. Ka kakaretso, nakong ea khatello ena e sehlōhō ea Hitler ho ile ha tšoaroa batho ba 83 ba akarelletsang barab’abo rōna, batho ba thahasellang le bana. Ba 53 ba bona ba ile ba isoa likampong tsa mahloriso (haholo-holo Auschwitz) kapa likampong tsa mosebetsi o boima merafong le likoaring tsa Poland, Jeremane le Bohemia.
Ho Tšepahala le ho Tiea
Auschwitz, Manazi a ile a leka ho eka Lipaki ka ho li tšepisa tokoloho ea hang-hang. E mong oa balebeli ba SS o ile a re ho mora e mong oabo rōna: “Haeba feela u ka saena pampiri e bontšang hore u koenehela Liithuti Tsa Bibele, re tla u lokolla, ebe u ikela hae.” Tšepiso eo e ile ea phetoa ka makhetlo a mangata, empa mor’abo rōna ha aa ka a sekisetsa botšepehi ba hae ho Jehova. Ka lebaka leo, o ile a shapuoa, a songoa le ho sebelisoa joaloka lekhoba Auschwitz le Mittelbau-Dora, Jeremane. Nakoana pele mora enoa oabo rōna a lokolloa, o ile a pholoha lefu ka lesoba la nale ha kampo eo a neng a koaletsoe ho eona e ne e qhomisoa ka libomo.
Paweł Szalbot, e leng Paki e sa tsoa hlokahala, o kile a re: “Nakong ea ho hlongoa lipotso, Magestapo a ne a mpotsa khafetsa hore na ke hobane’ng ha ke sa kenele sesole sa Jeremane le ho thoholetsa Hitler.” Ha a qeta ho hlalosa lebaka la hae la Bibele la hore Bakreste ha ba jele paate, o ile a ahloleloa ho ea sebetsa femeng ea lihlomo. “Ho hlakile hore letsoalo la ka le ne le ke ke la ntumella ho amohela mosebetsi ona, kahoo ba ile ba re ke e’o sebetsa morafong.” Leha ho le joalo, o ile a lula a tšepahala.
Ba neng ba se litlamong, e leng basali le bana, ba ne ba romella ba Auschwitz liphutheloana tsa lijo. Mor’abo rōna e mong eo e neng e le mocha ka nako eo o re: “Lehlabula re ne re kha monokotšoai merung ebe re reka koro ka oona. Baralib’abo rōna ba ne ba baka lipolokoe tsa bohobe ebe ba li ina ka mafureng a kolobe. Ka mor’a moo, re ne re romella balumeli-’moho le rōna ba litlamong lipolokoe tse seng kae ka nako.”
Ka kakaretso, batho ba baholo ba 53 ba Lipaki
ba Wisła ba ile ba isoa likampong tsa mahloriso le ho etsisoa mosebetsi o qobelloang. Ho ile ha shoa ba 38.Ho Hlaha Morolo o Mocha
Bana ba Lipaki Tsa Jehova le bona ba ne ba angoa ke khatello ea Manazi. Ba bang ba ile ba isoa le bo-’m’a bona likampong tsa nakoana Bohemia. Ba bang ba ne ba tlosoa ho batsoali ba bona ba isoa kampong ea bana e tummeng hampe ea Lodz.
Ba bararo ba bona ba re: “Sehlopheng sa pele se ileng sa isoa Lodz, Majeremane a ile a re nka re le leshome, re le lilemo tse hlano ho isa ho tse robong. Re ile ra khothatsana ka ho rapela le ka ho tšohla lihlooho tsa litaba tsa Bibele. Ho mamella ho ne ho se bonolo.” Ka 1945 bana bao kaofela ba ile ba khutlela hae. Ba ne ba phela empa ba fokotse ba bile ba lemetse likelellong. Leha ho le joalo, ha ho letho le ileng la khona ho senya botšepehi ba bona.
Ho Ile ha Etsahala’ng Hamorao?
Ha Ntoa ea II ea Lefatše e se e tla lala, Lipaki tsa Wisła li ne li ntse li le matla tumelong li bile li loketse ho qala mosebetsi oa tsona oa ho bolela ka cheseho le ka boikemisetso. Lihlopha tsa barab’abo rōna li ne li etela batho ba bohōle ba lik’hilomithara tse 40 ho tloha Wisła, li bolela li bile li aba lingoliloeng tsa Bibele. Jan Krzok o re: “Kapele feela ho ile ha e-ba le liphutheho tse tharo tse mafolofolo motseng oa habo rōna.” Leha ho le joalo, tokoloho ea bolumeli ha ea ka ea nka nako e telele.
’Muso oa Bokomonisi, o ileng oa nkela Manazi sebaka, o ile oa thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova Poland ka 1950. Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba tlameha ho ba masene ha ba le tšebeletsong. Ka linako tse ling ba ne ba etela batho malapeng a bona ba ikhakantse ka hore ba reka liphoofolo kapa lijo-thollo. Hangata liboka tsa Bokreste li ne li tšoaroa bosiu ka lihlopha tse nyenyane. Leha ho le joalo, baemeli ba tšireletso ba ile ba khona ho tšoara barapeli ba Jehova ba bangata, ba ba qosa ka hore ba sebeletsa lihloela tsa naha esele—e leng qoso e neng e se na motheo ho hang. Ba bang ba boholong ka ho soma ba ile ba sokela Paweł Pilch ka ho re: “Hitler ha aa ka a u ntša nkane, rōna re tla e ntša.” Leha ho le joalo, o ile a lula a tšepahala ho Jehova, a kentsoe litlamong ka lilemo tse hlano. Ha bacha ba seng ba kae ba Lipaki ba hana ho saena tokomane ea bopolotiki ea puso ea bososhiale, ba ile ba lelekoa likolong kapa mesebetsing.
Jehova ha aa ka a ba Lahla
Maemo a lipolotiki a ile a fetoha ka selemo sa 1989, ’me Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ngolisoa ka molao Poland. Barapeli ba tiileng ba Jehova ba Wisła ba ile ba potlakisa mosebetsi oa bona, joalokaha ho bontšoa ke palo ea bo-pula-maliboho, kapa basebeletsi ba nako e tletseng. Bara le barali babo rōna ba ka bang 100 ba sebakeng sena ba kenetse tšebeletso ea bopula-maliboho. Ha ho makatse hore ebe ka bosoasoi motse ona o bitsoa Feme e Hlahisang Bo-pula-maliboho.
Ha Bibele e bolela tsela eo Molimo a ileng a tšehetsa bahlanka ba hae ka eona nakong e fetileng, e re: “Hoja e ne e se hore Jehova o bile le rōna ha batho ba re tsohetse matla, joale ba ka be ba re metsitse re ntse re phela.” (Pesaleme ea 124:2, 3) Ho sa tsotellehe hore mehleng ea rōna ho atile boiphapanyo le mekhoa ea lefatše ea boitšoaro bo bobe har’a batho ka kakaretso, barapeli ba Jehova ba Wisła ba ikitlaelletsa ho tšepahala ’me ba putsoa haholo. Meloko ea Lipaki e ntseng e hlaha sebakeng seo e ka tiisa hore polelo ena ea moapostola Pauluse ke ’nete ha a re: “Haeba Molimo a eme le rōna, ke mang ea tla ba khahlanong le rōna?”—Baroma 8:31.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Emilia Krzok le bana ba hae e leng Helena, Emelia le Jan ba ile ba isoa kampong ea nakoana Bohemia
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ha Paweł Szalbot a hana ho kenela sesole ho ile ha thoe a e’o sebetsa morafong
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Ha barab’abo rōna ba ntse ba romeloa le ho bolaoa Auschwitz, mosebetsi ha oa ka oa khaotsa ho hōla Wisła
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Paweł Pilch le Jan Polok ba ile ba isoa kampong ea bacha Lodz
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Berries and flowers: © R.M. Kosinscy/www.kosinscy.pl