Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang eo e Leng “Molimo oa ’Nete le Bophelo bo sa Feleng”?

Ke Mang eo e Leng “Molimo oa ’Nete le Bophelo bo sa Feleng”?

Ke Mang eo e Leng “Molimo oa ’Nete le Bophelo bo sa Feleng”?

JEHOVA, Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, ke Molimo oa ’nete. Ke ’Mōpi, ke eena ea fang ba mo ratang bophelo bo sa feleng. Ke tsela eo ka eona ba bangata ba balang Bibele ba bile ba e lumela ba neng ba tla araba potso e botsitsoeng sehloohong se ka holimo. Ka sebele, Jesu ka boeena o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

Empa batho ba bangata ba kenang likereke ba utloisisa mantsoe ana ka tsela e fapaneng. Mantsoe a sehlooho se ka holimo a tsoa ho 1 Johanne 5:20, eo karolo e ’ngoe ea eona e reng: “Re bonngoeng le oa ’nete, ka Mora oa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.”

Batho ba lumelang thuto ea Boraro-bo-bong ba bolela hore seemeli-tšupo “enoa” (houʹtos) se supa lereho-lekhethi le haufi le sona, e leng Jesu Kreste. Ba tiisa hore Jesu ke “Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.” Leha ho le joalo, tlhaloso ena e hanana le Mangolo ka kakaretso. ’Me litsebi tse ngata tse hlomphuoang ha li lumellane le maikutlo ana a thuto ea Boraro-bo-bong. Setsebi sa Univesithi ea Cambridge, B. F. Westcott se ile sa ngola tjena: “Ho hlakile ka ho fetisisa hore [lesupa houʹtos] leo ho buuoang ka lona mona le lebisitse ho moetsi ea neng a le ka sehloohong eo moapostola a neng a nahanne ka eena eseng moetsi ea haufi le lesupa leo.” Kahoo, moapostola Johanne o ne a nahanne ka Ntate oa Jesu. Setsebi sa thuto ea bolumeli sa Lejeremane, Erich Haupt, se ile sa ngola sa re: “Ho lokela ho etsoe qeto ea hore na [houʹtos] ea poleloana e latelang e bua ka moetsi ea haufi le eona eo ho qetang ho buuoa ka eena . . . kapa ka lereho-lekhethi leo ho neng ho builoe ka lona pele, e leng Molimo. . . . Ho bonahala kutloisiso ea hore temana ena e bua ka Molimo a le mong oa ’nete e lumellana haholo le temoso ea ho qetela e hanelang borapeli ba litšoantšo ho e-na le ho paka hore Kreste ke Molimo.”

Esita le A Grammatical Analysis of the Greek New Testament, e hatisitsoeng ke Pontifical Biblical Institute e Roma, Italy, e re: “[Houʹtos]: e phethelang [litemana tsa] 18-20 ntle ho tikatiko e bua ka Molimo oa sebele, oa ’nete, ea [hanyetsang] bohetene ka ho feletseng (tem. ea 21).”

Khafetsa houʹtos, eo ka tloaelo e fetoleloang e le “enoa” kapa “lena,” ha e bolele moetsi ea e etileng pele poleloaneng e fetileng. Mangolo a mang a hlakisa ntlha ena. Ho 2 Johanne 7, e sa ntse e le moapostola le mongoli oa 1 Johanne ea ngolang a re: “Bathetsi ba bangata ba kene lefatšeng, batho ba sa boleleng Jesu Kreste e le ea tlang ka nama. Enoa [houʹtosʹ] ke mothetsi le mohanyetsi oa Kreste.” Mona, lesupa lena le ke ke la lebisa ho lereho-lekhethi le tlang pele ho lona, e leng Jesu. Ho hlakile hore “enoa,” e bolela ba ileng ba latola Jesu. Ha e le sehlopha, ke “mothetsi le mohanyetsi oa Kreste.”

Moapostola Johanne o ile a ngola Kosepeleng ea hae a re: “Andrease mor’abo Simone Petrose e ne e le e mong oa ba babeli ba ileng ba utloa seo Johanne a ileng a se bua eaba ba latela Jesu. Pele enoa [houʹtos] o ile a fumana mor’abo, Simone.” (Johanne 1:40, 41) Ho totobetse hore “enoa” ha ea lebisa ho motho ea boletsoeng qetellong, empa e lebisitse ho Andrease. Ho 1 Johanne 2:22, moapostola o sebelisa seemeli sona sena ka tsela e tšoanang.

Luka o sebelisa seemeli sena ka tsela e tšoanang, joalokaha re bona ho Liketso 4:10, 11: “Ka lebitso la Jesu Kreste Monazaretha, eo le ileng la mo khokhothela thupeng empa eo Molimo a ileng a mo tsosa bafung, monna enoa o fela a eme mona ka pel’a lōna a phetse hantle ka lebaka la enoa. Lena [houʹtosʹ] ke ‘lejoe leo lōna lihahi le ileng la le tšoara joaloka leo e seng la bohlokoa le fetohileng hlooho ea sekhutlo.’” Ho hlakile hore seemeli “lena” ha se bolele monna ea ileng a phekoloa, le hoja e le eena ea boleloang pejana ho houʹtos. Ha ho pelaelo hore “lena” e temaneng ea 11 e bolela Jesu Kreste Monazaretha, eo e leng “lejoe la sekhutlo” leo phutheho ea Bokreste e thehiloeng ho lona.—Baefese 2:20; 1 Petrose 2:4-8.

Liketso 7:18, 19 le eona e bontša ntho e tšoanang ha e re: “[Ha] hlaha morena osele Egepeta, ea neng a sa tsebe Josefa. Enoa [houʹtos] a sebelisa bolotsana khahlanong le morabe oa rōna.” “Enoa” ea ileng a hatella Bajuda e ne e se Josefa, empa Faro, morena oa Egepeta.

Litemana tse kang tsena li tiisa maikutlo a ileng a boleloa ke setsebi sa Mogerike Daniel Wallace, ea bolelang hore ha ho sebelisoa masupa a Segerike, “seo e ka ’nang ea e-ba lereho-lekhethi le haufi [le lesupa] tabeng e ngotsoeng, ho ka etsahala hore ebe hase lereho-lekhethi leo mongoli a nahanneng ka lona.”

“Oa ’Nete”

Joalokaha moapostola Johanne a ile a ngola, “Oa ’nete” ke Jehova, Ntate oa Jesu Kreste. Ke eena feela Molimo oa ’nete le ’Mōpi. Moapostola Pauluse o ile a lumela a re: “Ka sebele ho rōna ho na le Molimo a le mong Ntate, eo lintho tsohle li tsoang ho eena.” (1 Bakorinthe 8:6; Esaia 42:8) Lebaka le leng le boletsoeng ho 1 Johanne 5:20 leo ka lona Jehova e leng “oa ’nete,” ke hore ke Mohloli oa ’nete. Mopesaleme o ile a re Jehova ke “Molimo oa ’nete” hobane Oa tšepahala ho sohle seo A se etsang ebile A ke ke a bua leshano. (Pesaleme ea 31:5; Exoda 34:6; Tite 1:2) Ha Mora a ne a bua ka Ntate oa hae oa leholimo, o ile a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” ’Me mabapi le seo eena ka boeena a neng a se ruta, Jesu o ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.”—Johanne 7:16; 17:17.

Hape Jehova ke “bophelo bo sa feleng.” Ke Mohloli oa bophelo, Ea fanang ka bona e le mpho e sa tšoanelang ka Kreste. (Pesaleme ea 36:9; Baroma 6:23) Taba ea bohlokoa ke hore moapostola Pauluse o ile a bolela hore Molimo ke “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) Molimo o ile a putsa Mora oa hae ka ho mo tsosa bafung, ’me Ntate o tla fana ka moputso oa bophelo bo sa feleng ho ba Mo sebeletsang ka lipelo tsohle tsa bona.—Liketso 26:23; 2 Bakorinthe 1:9.

Kahoo, qeto ea rōna e lokela ho ba efe? Hore Jehova, eseng e mong osele, ke eena “Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.” Ke eena eo bao a ba bōpileng ba lokelang ho mo rapela ka ho khethehileng.—Tšenolo 4:11.