Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha Jesu a ne a laela balateli ba hae “ho alimana ntle le phaello, [ba] sa tšepe ho boelloa ke letho,” na o ne a bolela hore motho a se ke a lebella le chelete eo a alimaneng ka eona?

Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Luka 6:35 a utloisisoa hamolemo haholo ka thuso ea Molao oa Moshe. Molaong oa Moshe, Molimo o ile a laela Baiseraele hore ba alime Baiseraele ba bang ntle ho tsoala haeba ba ne ba futsanehile ’me ba hloka thuso. (Exoda 22:25; Levitike 25:35-37; Matheu 5:42) Kalimo ea mofuta ona e ne e sa etsoe ka morero oa ho bula khoebo. Ho e-na le hoo, kalimo e se nang tsoala e ne e ntša motho bofumeng kapa boemong bo hlobaetsang. Ha e le hantle, e ne e tla ba ho hloka lerato ho rua molemo ka moahelani ea mathateng a lichelete. Leha ho le joalo, ea alimanang o ne a lokela ho buseletsoa chelete eo a alimaneng ka eona, ’me ka linako tse ling o ne a nka tebeletso (kapa, tšireletso bakeng sa seo a alimaneng ka sona).—Deuteronoma 15:7, 8.

Le hoja Jesu a ne a tšehetsa Molao, o ile a o sebelisa ka mokhoa o pharalletseng, a bolela hore ea thusang ha aa lokela ho lebella “ho boelloa ke letho.” Joaloka Baiseraele, ka linako tse ling Bakreste ba ba mathateng a lichelete kapa a maemo a mang a ka ’nang a ba siea ba futsanehile, ba bile ba le bofumeng. Haeba mor’eno oa Mokreste ea bothateng boo a batla thuso ea lichelete, na e ke ke ea e-ba mosa ho mo thusa? Ha ho pelaelo hore lerato la ’nete le ka susumelletsa Mokreste-’moho le eena hore a rate ho thusa mor’abo ea sa oelang ka boomo bothateng bo boholo ba lichelete. (Liproverbia 3:27) Ho ka ’na ha khoneha hore Mokreste-’moho le eena a mo fe mpho, le hoja e ka ’na ea e-ba chelete e ka tlaase ho eo a neng a ka alimana ka eona.—Pesaleme ea 37:21.

Lekholong la pele la lilemo C.E., moapostola Pauluse le Barnabase ba ile ba rongoa hore ba isetse barab’abo bona ba Judea menehelo e tsoang ho Bakreste ba Asia Minor. (Liketso 11:28-30) Kajeno le teng hoa tšoana, ha ho hlaha koluoa, Bakreste ba atisa ho romella limpho ho barab’abo bona ba hlokang. Ka ho etsa joalo, ba boetse ba fa batho ba bang bopaki bo botle. (Matheu 5:16) Ha e le hantle, ho lokela ho nahaneloe boikemisetso le boemo ba motho ea kōpang thuso. Ke eng se mo lihetseng bofumeng? Mantsoe ana a Pauluse ke a bohlokoa: “Haeba mang kapa mang a sa batle ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.”—2 Bathesalonika 3:10.

Haeba mor’abo rōna a sa alime hobane a le bothateng empa a batla thuso ea nakoana ea hore a boele a eme hantle ka mor’a ho ba mathateng a lichelete, e ka ’na ea e-ba ho loketseng ho mo alima ntle ho tsoala. Maemong a joalo, ho alima ka morero oa ho boelloa ke sohle seo u alimaneng ka sona ha ho khahlanong le mantsoe a Jesu a ho Luka 6:35. Ho lokela ho etsoe tumellano e ngotsoeng ka ho hlaka, ’me ea alingoang o lokela ho etsa sohle e le hore a lefe ho latela litumellano. Ka sebele, lerato la Bokreste le lokela ho tlama ea alimiloeng hore a lefe molato joalokaha lerato le ile la susumetsa moalimi hore a alimane.

Hape ho tla hlokahala hore ea nahanang ho alimana (kapa ho etsa mpho) a hlahlobe boemo ba lelapa la hae. Ka mohlala, na o tla sekisetsa tsela eo a hlokomelang litlhoko tsa litho tsa lelapa la hae ka eona, e leng boikarabelo ba hae ba pele ba Mangolo? (2 Bakorinthe 8:12; 1 Timothea 5:8) Leha ho le joalo, Bakreste ba batla menyetla ea ho bontšana lerato, ba le bontša ka litsela tsa sebele tse tumellanong le melao-motheo ea Bibele.—Jakobo 1:27; 1 Johanne 3:18; 4:7-11.