Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mocha—Lumella Batsoali ba Hao ho U Thusa ho Lebela Pelo ea Hao!

Mocha—Lumella Batsoali ba Hao ho U Thusa ho Lebela Pelo ea Hao!

Mocha—Lumella Batsoali ba Hao ho U Thusa ho Lebela Pelo ea Hao!

U NAHANA hore ke bothata bofe bo boholo ka ho fetisisa boo mosesisi oa sekepe a tjamelaneng le bona? Na ke ho tšela leoatle le leholo a sireletsehile? Hangata ha ho joalo. Likepe tse ngata li soahlamana pel’a mabōpo, eseng har’a leoatle. Ha e le hantle, ho emisa sekepe ho ka ba kotsi le ho feta ho lulisa sefofane. Hobane’ng?

Pele mosesisi a ka emisa sekepe se sireletsehile, o lokela ho qoba likotsi tsohle tse ka hlahang boema-kepeng bo itseng. O lokela ho tseba hore na moea o ka tlas’a metsi o fokela hokae ha a ntse a qoba ho chaisa likepe tse ling. Hape, o lokela ho sesisetsa thōko le litutulu tsa lehlabathe, majoe kapa likepe tse ka tlas’a metsi tse senyehileng. Se ka etsang hore bothata bona bo tote ke hore, e ka ’na eaba leo ke lekhetlo la pele a etela boema-kepeng boo.

E le hore a hlōle mathata ana, mosesisi ea bohlale a ka ’na a latela litlhahiso tsa motsamaisi oa likepe ea tsebang boema-kepe boo hantle. Motsamaisi o ema lehlakoreng la mosesisi ka phaposing eo sekepe se laoloang ka ho eona ebe o mo fa tataiso ea botsebi. Ka bobeli ba sheba likotsi ebe ba tjekisetsa sekepe mecheng leha e le efe e mesesaane boema-kepeng.

Tsebo ea bohlokoa ea motsamaisi e ka bapisoa le thuso e khōlō e ka fumanoang ke bacha ba Bakreste ba lokelang ho rera hore na ba feta joang maemong a bophelo ao ho leng thata ho sebetsana le ’ona. Thuso eo ke efe? Ke hobane’ng ha bacha ba tlaase lilemong ba e hloka?

Ha re tsoele pele ka papiso ea sekepe. Haeba u sa le lilemong tsa bocha, ka tsela e itseng u tšoana le mosesisi oa sekepe kaha qetellong u tlameha ho ikarabella ka bophelo ba hao. ’Me batsoali ba hao ba na le mosebetsi o kang oa motsamaisi oa sekepe ha ba leka ho u tataisa hore u fete maemong a mang a boima ka ho fetisisa ao ka nako e ’ngoe u tlang ho tlameha ho tobana le ’ona bophelong. Leha ho le joalo, ha u sa le lilemong tsa bocha, u ka ’na ua fumana ho le thata ho amohela tataiso eo batsoali ba hao ba u fang eona. Hobane’ng?

Hobane hangata bothata bo pelong. Pelo ea hao ea tšoantšetso e ka ’na ea u susumetsa hore u lakatse ntho e hanetsoeng kapa u ipelaetse ha u bona eka ntho leha e le efe e u sitisa ho ba le tokoloho. Bibele e re: “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” (Genese 8:21) Jehova o u lemosa hore u tjamelane le bothata bo boholo ka pel’a hao. O re: “Pelo e qhekella ho feta lintho tsohle, ebile e tsoile tseleng ka mokhoa o kotsi.” (Jeremia 17:9, Rotherham) Ka ntle le ho lakatsa lintho tse mpe ka lenyele, pelo e ka qhekella mocha hore a nahane hore o tseba haholo ho feta batsoali ba hae, le hoja phihlelo ea bona e feta ea hae hōle. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a utloahalang a hore u batle thuso ea batsoali ba hao ha u ntse u sesisa sekepe sa hao lilemong tse thata tsa bocha.

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Mamela Batsoali ba Hao?

Ka holim’a tsohle, Jehova, Mothehi oa lelapa, o u bolella hore u lokela ho mamela tataiso ea batsoali ba hao. (Baefese 3:15) Kaha Molimo o khethile batsoali ba hao hore ba u hlokomele, o u fa keletso ena: “Bana, ntho e lokileng eo le lokelang ho e etsa ke ho mamela batsoali ba lona kaha ke bona bao Morena a ba behileng hore ba le hlokomele.” (Baefese 6:1-3, Phillips, Pesaleme ea 78:5) Hona joale ha u sa le lilemong tsa bocha, batsoali ba hao ba sa ntse ba e-na le boikarabelo ba ho u tataisa, ’me uena u na le tlamo ea ho ba mamela. Ha moapostola Pauluse a ne a ngola hore bana ba lokela ho mamela batsoali ba bona, o ile a sebelisa lentsoe la Segerike le ka sebelisetsoang bana ba lilemo leha e le life. Ka mohlala, joalokaha ho tlalehiloe ho Matheu 23:37, Jesu o ile a bua ka baahi ba Jerusalema e le “bana” ba eona, le hoja bongata ba bona e ne e le batho ba baholo.

Banna ba bangata ba tšepahalang ba mehleng ea khale ba ile ba tsoela pele ho mamela batsoali ba bona e se e le khale e bile batho ba baholo. Le hoja Jakobo e ne e se e le monna ea tiileng, o ile a ’na a mamela taelo ea ntat’ae ea ho qoba ho nyala mosali eo e neng e se morapeli ba Jehova. (Genese 28:1, 2) Ha ho tikatiko hore o ile a bona kamoo qeto ea moholoane oa hae ea ho nyala basali ba bahetene ba Bakanana e ileng ea bakela batsoali ba hae masisa-pelo a maholo kateng.—Genese 27:46.

Ka ntle le hore Molimo o ba file mosebetsi oa ho u tataisa, batsoali ba hao ba Bakreste ke bona ba tšoanelehang ka ho fetisisa hore e ka ba baeletsi ba hao. Lebaka le ka sehloohong ke hore ba u tseba hantle haholo ebile ba bontšitse lerato la bona le se nang boikhabi ho uena ka lilemo tse ngata. Joaloka motsamaisi oa sekepe, ba bua ho tsoa phihlelong. Bona ka bobona ba ile ba e-ba le “litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” ’Me kaha ke Bakreste ba ’nete, ba iponetse ka mahlo molemo oa ho latela melao-motheo ea Bibele.—2 Timothea 2:22.

Haeba haufi le uena ho e-na le ba nang le phihlelo e joalo, sena se u thusa hore esita le maemo a boima ka ho fetisisa, u khone ho a sebetsa ka katleho. Ha re nke mohlala oa setsoalle sa hao le batho ba bong bo fapaneng le ba hao. Batsoali ba Bakreste ba ka u tataisa joang tabeng ee e thata?

Ho Khahloa ke Motho oa Bong bo Fapaneng

Motsamaisi oa sekepe o eletsa mosesisi hore a sesisetse hojana le litutulu tsa lehlabathe tse ka tlas’a metsi. Litutulu tsa lehlabathe li bonolo empa li boetse lia thetsa, kaha khafetsa li tloha moo li neng li le teng. Batsoali ba hao ka ho tšoanang ba tla batla hore u tsamaelle hōle le maemo a tlang ho u tšoasa maikutlong. Ka mohlala, batsoali baa tseba hore ho haptjoa maikutlo ke motho oa bong bo fapaneng le ba hao ho tebile ebile ho ka hlaloseha ka thata. Empa hang ha maikutlo ana a se a tsositsoe, a ka etsa hore u soahlamane.

Mohlala oa Dina o bontša hore na ho bapalla mollong ho ka ba kotsi hakae. Mohlomong bohelehele le takatso ea ho ithabisa li ile tsa susumetsa Dina hore a batle ho ba le metsoalle ea banana ba Bakanana, bao ntle ho tikatiko ba neng ba e-na le mekhoa e hlephileng. Seo qalong se neng se bonahala eka ke boithabiso bo se nang kotsi ea letho, ho e-s’o ee kae se ile sa fella ka hore a hlaheloe ke ntho e bohloko—mohlankana “ea hlomphehang ka ho fetisisa” motseng o ile a mo beta.—Genese 34:1, 2, 19.

Likotsi tse joalo li rotelletsoa ke linako tseo re phelang ho tsona tseo ho kopanela liphate e leng ntho e eteletsoang pele. (Hosea 5:4) Bacha ba bangata ba ka ’na ba etsa hore u nahane hore ho ithabisa le motho oa bong bo fapaneng le ba hao ke ntho e monate haholo e kileng ea e-ba teng. Pelo ea hao e ka ’na ea nyakallisoa ke boikutlo ba ho ba babeli feela le motho e mong eo u mo nkang a le motle. Empa batsoali ba lerato ba tla leka ho u sireletsa hore u se tloaelane le bacha ba sa hlompheng litekanyetso tsa Molimo.

Laura oa lumela hore bohelehele bo ka foufatsa bacha hoo ba ka oelang kotsing. “Ha banana ba bang sehlopheng sa ka ba mpolella hore ba tantšitse le litjaka tsa bahlankana ho fihlela ka shoalane e khōlō, ba etsa hore seo se utloahale eka ke sentebale. Kea hlokomela hore hangata ba feteletsa lintho, empa ke sa ntse ke e-ba le bohelehele le ho nahana hore mohlomong ke fetoa ke monate. Le hoja ke tseba hore batsoali ba ka ba nepile ha ba sa ntumelle ho ea libakeng tse joalo, ke sa ntse ke ho khalla.”

Sekepe ha se na mariki, kahoo se nka nako e telele pele se ema. Batsoali baa tseba hore takatso le eona e joalo. Buka ea Liproverbia e tšoantša monna ea susumetsoang ke takatso e sa laoleheng le poho e isoang tlhabong. (Liproverbia 7:21-23) Ha u batle ho lumella ntho e joalo hore e u hlahele, e u etse hore u tetebele maikutlong le moeeng. Batsoali ba hao ba ka ’na ba lemoha ha pelo ea hao e qala ho u khelosa tabeng ena, ’me ba ka ’na ba u fa keletso e loketseng. Na u tla ba bohlale hore u ba mamele ’me u qobe tlokotsi?—Liproverbia 1:8; 27:12.

U boetse u hloka tšehetso ea batsoali ba hao ha u lokela ho sebetsana le khatello ea lithaka. Ba ka u thusa joang?

Matla a Susumetsang a Lithaka Tsa Hao

Maqhubu kapa metsi a matla a ka khelosa sekepe. Hore ho loantšoe matla ana, sekepe se lokela ho tjekisetsoa hosele. Ka tsela e tšoanang, tšusumetso e matla ea bacha ba bang e ka u khelosa moeeng ntle le ha u nka mehato ea ho itšireletsa.

Joalokaha se hlahetseng Dina se bontša, “molekane oa lithoto eena oa thotofala.” (Liproverbia 13:20, BPN) Hopola hore ha Bibele e sebelisa lentsoe “sethoto,” e bua ka motho ea sa tsebeng Jehova kapa ea khethang ho se tsamaee litseleng tsa hae.

Leha ho le joalo, ho ka ’na ha se be bonolo ho qhela maikutlo kapa mekhoa ea barutoana-’moho le uena. María José oa hlalosa: “Ke ne ke batla ho amoheloa ke bacha ba bang. Kaha ke ne ke sa batle hore ba nahane hore ke fapane le bona, ke ile ka ba etsisa ka hohle-hohle.” U sa hlokomele, u ka ’na ua angoa ke lithaka tsa hao—tabeng ea ho khetha ’mino, seo u batlang ho se apara, kapa esita le tseleng eo u buang ka eona. Mohlomong u ikutloa u lokolohile ha u e-na le lithaka tsa hao. Oo ke mokhoa oa tlhaho, empa hoo ho ka etsa hore ho be bonolo hore li u susumetse ka matla, e leng se ka ’nang sa u lematsa.—Liproverbia 1:10-16.

Ha Caroline a hopola bothata boo a ileng a thulana le bona lilemong tse ’maloa tse fetileng, o re: “Ho tloha ha ke le lilemo li 13, banana bao ke neng ke tloaelane le bona ba ne ba e-na le bahlankana, ’me ka lilemo tse ngata ke ’nile ka ba tlas’a khatello e sa feleng ea ho latela mohlala oa bona. Leha ho le joalo, ’Mè o ile a ntsamaisa hore ke fete linakong tsena tse thata. O ne a qeta lihora a ’mametse, a mpehela mabaka le ho nthusa ho bona kamoo e leng habohlokoa kateng hore likamano tse joalo ke li chechise ho fihlela ke hōlile.”

Joaloka ’mè oa Caroline, batsoali ba hao ba ka ’na ba ikutloa ba tlamehile ho u lemosa ka khatello ea lithaka esita le ho u thibela ho etsa lintho tse itseng le ho ba le metsoalle e itseng. Nathan o hopola hore khafetsa o ne a sa utloane le batsoali ba hae litabeng tseo. O hlalosa taba tjena: “Metsoalle ea ka e ne e atisa ho ’memela ho intša le eona, empa batsoali ba ka ba ne ba sa batle hore ke qete nako le lihlopha tse khōlō kapa ho ea liphathing tse khōlō tse se nang motho ea li behileng leihlo. Ka nako eo, ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha batsoali ba bang ba ne ba fapane le batsoali ba ka ka ho lumella lintho tsohle.”

Leha ho le joalo, hamorao Nathan o ile a utloisisa lebaka. Ha a le hlokomela o re: “Kea tseba hore tabeng ea ka ‘booatla bo ne bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.’ Booatla bona bo bonahala habonolo ha bashanyana ba qeta nako e telele ka lihlotšoana. Oa pele o tla qala ntho e itseng e mpe, oa bobeli a mo latele ka e tōma ho feta eo ebe oa boraro o etsa e feteletseng. Ho e-s’o ee kae, e tla be e se e le setha-seoele. Esita le bacha ba bang ba ipolelang hore ba sebeletsa Jehova ba ka oela lerabeng leo.”—Liproverbia 22:15.

Ka bobeli ba bona, Nathan le María José ba ne ba lokela ho loana le lipelo tsa bona ha batsoali ba bona ba ne ba sa ba lumelle ho etsa lintho tseo lithaka tsa bona li neng li ba khothalletsa ho li etsa. Leha ho le joalo, ba ile ba mamela, ’me ka mor’a moo ba thabela hore ebe ba ile ba mamela. Maele a re: “Sekeha tsebe ’me u utloe mantsoe a ba bohlale, e le hore u ka kenya tsebo ea ka pelong ea hao.”—Liproverbia 22:17.

Ba Tšoaneloa ke Tlhompho

Ho thata ho khanna sekepe se sekameng, ’me haeba se sekama haholo, se ka phethoha habonolo. Ka lebaka la ho se phethahale ha rōna, kaofela re sekametse ho etseng lintho tse bontšang boithati le tse haneloang. Ho sa tsotellehe litšekamelo tsena, ho ka thoe, bacha ba ntse ba ka fihla boema-kepeng, haeba ba le hlokolosi ho latela tataiso ea batsoali ba bona.

Ka mohlala, batsoali ba hao ba ka u thusa hore u hane mohopolo oa hore ho na le tsela e ’ngoe e lipakeng tsa tsela e moqotetsane e isang bophelong le e pharaletseng e isang timetsong. (Matheu 7:13, 14) Ha ho utloahale ho nahana hore u ka etsa ntho e mpe ka ntle le hore u tlōle melao ea Molimo, joalokaha eka u ka latsoa sebe empa u sa se koenye. Ba lekang ho latela tsela eo ba ‘qeaqea pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng’—a ho sebeletsa Jehova ho ea bohōleng bo itseng empa ba ntse ba rata lefatše le lintho tse lefatšeng—’me ba ka phethoha habonolo moeeng. (1 Marena 18:21; 1 Johanne 2:15) Hobane’ng? Ka lebaka la litšekamelo tsa rōna tsa ho se phethahale.

Litakatso tsa rōna tse sa phethahalang li ba matla ha re inehella tsona. ‘Lipelo tsa rōna tse bolotsana’ ha li na ho khotsofatsoa ke ho latsoa sebe feela. Li tla batla ho eketsehileng. (Jeremia 17:9) Hang ha re qala ho hoholeha moeeng, lefatše le tla re susumetsa haholo le ho feta. (Baheberu 2:1) U ka ’na ua se lemohe hore u sekame moeeng, empa batsoali ba hao ba Bakreste ba ka ’na ba hlokomela seo. Ke ’nete hore ba ka ’na ba se ithute mananeo a k’homphieutha kapele joaloka uena, empa ba tseba pelo e tsoileng tseleng ho u feta. ’Me ba batla ho u thusa hore “u tsamaise pelo ea hao tseleng” e tla fella ka bophelo.—Liproverbia 23:19.

Bonneteng, u se ke ua lebella hore batsoali ba hao ba talime lintho ka leihlo le phethahetseng ha ba lokela ho u fa tataiso maemong a thata, joaloka tabeng ea ’mino, boithabiso le moaparo. Batsoali ba hao ba ka ’na ba se be le bohlale ba Solomone kapa mamello ea Jobo. Joaloka motsamaisi oa sekepe, ba ka ’na ba u sireletsa ho tlōla tekano moo ba u qobisang kotsi. Ho ntse ho le joalo, tataiso ea bona e tla u tsoela molemo haholo haeba u ela hloko ‘taeo ea ntat’ao, ’me u sa furalle molao oa ’m’ao.’—Liproverbia 1:8, 9.

Bacha ba bang ba ka ’na ba bua batsoali ba bona hampe. Empa haeba batsoali ba hao ba ikitlaelletsa ho latela Mangolo, ba tla oa ba tsohe le uena ebang hoa chesa kapa hoa bata, e, ka linako tsohle ha u le masisa-pelong a mefuta eohle. Joaloka mosesisi oa sekepe ea eletsoang ke motsamaisi ea nang le phihlelo, u hloka hore batsoali ba hao ba u tataise, ba u tsamaise ka tsela ea bohlale. Meputso ha e na tekanyo.

“Ha bohlale bo kena ka pelong ea hao le tsebo e e-ba e khahlisang moeeng oa hao, matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa, ho u lopolla tseleng e mpe, ho motho ea buang lintho tse khelohileng, ho ba furallang litsela tse lokileng hore ba tsamaee litseleng tsa lefifi . . . Etsoe ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona.”—Liproverbia 2:10-13, 21.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Tšusumetso ea bacha ba bang e ka u khelosa moeeng

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Hopola se ileng sa hlahela Dina

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Joaloka mosesisi oa sekepe ea batlang keletso ea motsamaisi ea nang le phihlelo, bacha ba lokela ho batla tataiso ea batsoali ba bona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Photo: www.comstock.com