Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Paradeise e Tla Hle e be Teng?

Na Paradeise e Tla Hle e be Teng?

Na Paradeise e Tla Hle e be Teng?

“Ke tseba motho ea bonngoeng le Kreste [ea] . . . ileng . . . a nkeloa paradeiseng.”—2 Bakorinthe 12:2-4.

1. Ke litšepiso life tsa Bibele tseo ba bangata ba li nkang li thahasellisa?

PARADEISE. Na u sa hopola hore na u ile ua ikutloa joang ka lekhetlo la pele ha u ne u utloa tšepiso ea Molimo ea lefatše la paradeise? Mohlomong u hopola ha u ne u ithuta ka hore ‘mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li bulehe, le hore metsi a tla tšikhunya lefeelleng’ ka bokhabane bo boholo. Kapa ho thoe’ng ka boprofeta ba phiri le konyana le ba potsanyane le lengau? Na ha ua ka ua thabisoa ke ho bala ka baratuoa ba shoeleng ba tla tsosetsoa bophelong ba e-na le tšepo ea ho phela Paradeiseng eo?—Esaia 11:6; 35:5, 6; Johanne 5:28, 29.

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha ho ka thoe ha ua tšepa lelea ha u e-na le tšepo e thehiloeng Bibeleng? (b) Ke motheo ofe hape oa tšepo oo re nang le oona?

2 Ha ua tšepa lelea. U na le lebaka la ho lumela litšepiso tsa Bibele tse mabapi le Paradeise eo. Ka mohlala, u kholoa mantsoe ao Jesu a a boleletseng moetsi e mong oa bobe ea neng a khokhothetsoe thupeng a reng: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43) U tšepa tšepiso e reng: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” U boetse u tšepa tšepiso ea hore Molimo o tla hlakola meokho ea rōna; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; masoabi, ho bokolla le bohloko li tla fela. Sena se bolela hore lefatše la paradeise le tla boela le e-ba teng!—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:4.

3 Leha ho le joalo, motheo o mong hape oa tšepo ena ea Paradeise ke ntho e ’ngoe eo Bakreste lefatšeng lohle e leng karolo ea eona hona joale. Ntho eo ke eng? Molimo o entse paradeise ea moea ’me o tlisitse batho ba hae ka har’a eona. Polelo e reng “paradeise ea moea” e ka ’na ea bonahala e le ntho e inahaneloang, eo ho leng thata ho e utloisisa, empa ho ile ha boleloa esale pele ka paradeise eo, ’me ruri e teng.

Pono ea Paradeise

4. Ke pono efe e hlalosoang ho 2 Bakorinthe 12:2-4, ’me ho ka etsahala hore ke mang ea e boneng?

4 Mabapi le paradeise ena ea moea, hlokomela seo moapostola Pauluse a se ngotseng: “Ke tseba motho ea bonngoeng le Kreste, . . . [ea] ileng a nkeloa a le joalo leholimong la boraro. E, ke tseba motho ea joalo—ebang e ne e le ka ’mele kapa kantle le ’mele, ha ke tsebe, Molimo oa tseba—hore o ile a nkeloa paradeiseng ’me a utloa mantsoe a ke keng a boleloa ao ho sa lumelloeng ke molao hore motho a a bue.” (2 Bakorinthe 12:2-4) Litemana tsena li tla hang kamor’a litemana tseo Pauluse a neng a sireletsa boapostola ba hae ho tsona. Ho feta moo, Bibele ha e bue ka motho e mong ea neng a kile a ba le phihlelo eo, ’me ke Pauluse ea re phetelang eona. Kahoo, ho ka etsahala hore ebe ke Pauluse ea boneng pono eo. Nakong ea ketsahalo ena e phahametseng tlhaho, “paradeise” eo a ileng a kena ho eona ke eng?—2 Bakorinthe 11:5, 23-31.

5. Ke eng seo Pauluse a sa se bonang, hona e ne e le “paradeise” ea mofuta ofe?

5 Litemana tse potolohileng taba ha li bontše hore ‘leholimo la boraro’ ke lefaufau le likalikelitseng lefatše la rōna, kapa sebaka se ka holimo ho lefatše, kapa lipakapaka tse ling joalokaha litsebi tse ling tsa lihloliloeng tsa leholimo li nahana joalo. Khafetsa Bibele e sebelisa palo tharo ho bontša khatiso, tiiso kapa ho bontša matla a eketsehileng. (Moeklesia 4:12; Esaia 6:3; Matheu 26:34, 75; Tšenolo 4:8) Kahoo, ntho eo Pauluse a e boneng ponong e ne e le khōlō kapa e phahame. E ne e le ea moea.

6. Ke liphetoho life tsa histori tse re fang leseli la seo Pauluse a se boneng?

6 Boprofeta ba pejana ba Bibele bo re fa leseli. Eitse ha batho ba hae ba boholo-holo ba se ba sa tšepahale ho eena, Molimo o ile a rera ho lumella Bababylona ho hlasela Juda le Jerusalema. Seo se ile sa qetella ka thipitlo ka 607 B.C.E. ho latela tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona. Boprofeta bo itse naha e ne e tla lula e le lesupi ka lilemo tse 70; ebe Molimo o lumella Bajuda ba bakileng hore ba khutle ’me ba tsosolose borapeli ba ’nete. Sena se etsahetse ho tloha ka 537 B.C.E. ho ea pele. (Deuteronoma 28:15, 62-68; 2 Marena 21:10-15; 24:12-16; 25:1-4; Jeremia 29:10-14) Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala’ng ka naha? Nakong ea lilemo tseo tse 70, e ile ea e-ba sebaka sa limela tsa naha, thota e omeletseng le selao sa liphokojoe. (Jeremia 4:26; 10:22) Ho ntse ho le joalo, ho ne ho e-na le tšepiso e reng: “Ka sebele Jehova o tla tšelisa Sione. Ka sebele o tla tšelisa libaka tsohle tsa eona tse ripitliloeng, ’me o tla etsa hore lefeella la eona le be joaloka Edene le thota ea eona ea lehoatata e be joaloka serapa [kapa Paradeise, Septuagint] sa Jehova.”—Esaia 51:3; mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW With References.

7. Ho ne ho tla etsahala’ng ka mor’a lilemo tse 70 naha e le lesupi?

7 Seo se ile sa etsahala ka mor’a lilemo tse 70. Maemo a ile a ntlafala ka lebaka la tlhohonolofatso ea Molimo. Bona sena ka leihlo la hao la kelello: “Lefeella le sebaka se se nang metsi li tla thaba, le thota ea lehoatata e tla thaba ’me e thunye joaloka safrone. Ruri e tla thunya, ’me ka sebele e tla thaba ka nyakallo le ka mohoo oa nyakallo. . . . Ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo. Etsoe metsi a tla tšikhunya lefeelleng, le melapo e phoroselang e tšikhunye thoteng ea lehoatata. Sebaka se bataotsoeng ke mocheso se tla tšoana le letamo le nang le lehlaka, ’me mobu o nyoriloeng o tšoane le liliba tsa metsi. Sebakeng sa bolulo sa liphokojoe, sebakeng sa tsona sa phomolo, ho tla ba le joang bo botala bo nang le lehlaka le limela tsa loli.”—Esaia 35:1-7.

Sechaba se Ileng sa Tsosolosoa le ho Fetoloa

8. Re tseba joang hore Esaia khaolo ea 35 e ne e sebetsa ho batho?

8 E bile phetoho e kaakang! Ea tloha boemong ba ho ba lesupi ea e-ba paradeise. Leha ho le joalo, boprofeta bona le bo bong hape bo tšepahalang bo bontša hore batho ba ne ba tla fetoha, ho tšoana le ha naha e lesupi e fetoha naha e behang. Ke hobane’ng ha re ka bua joalo? Bonneteng, Esaia o ne a bua ka “ba lopolotsoeng ke Jehova,” ba neng ba tla khutlela naheng ea habo bona “ka mohoo oa thabo” ’me ba fihlele “thabo e khaphatsehang le nyakallo.” (Esaia 35:10) Seo se ne se sebetsa bathong, eseng mobung oa naha. Ho feta moo, ho na le moo Esaia a ileng a bolela esale pele ka batho ba tsosoloselitsoeng Sione ha a ne a re: “Ba tla bitsoa lifate tse khōlō tsa ho loka, tse lemiloeng ke Jehova . . . Etsoe joalokaha lefatše le hlahisa lehlōmela la lona, . . . Jehova o tla etsa hore ho mele ho loka le thoriso ka pel’a lichaba tsohle.” Esaia o ile a boela a re ka batho ba Molimo: “Jehova o tla tlameha ho le tsamaisa kamehla . . . , ’me o tla matlafatsa masapo a lōna; le tla tšoana le serapa se nang le metsi a mangata.” (Esaia 58:11; 61:3, 11; Jeremia 31:10-12) Kahoo, feela joalokaha maemo a sebaka a naha ea sebele a ne a tla ntlafala, ho ne ho tla ba le liphetoho sechabeng sa Bajuda se tsosolositsoeng.

9. Pauluse o ile a bona “paradeise” efe, ’me phethahatso e ile ea e-ba neng?

9 Mohlala ona oa histori o re thusa ho utloisisa ntho eo Pauluse a e boneng ponong. E ne e tla akarelletsa phutheho ea Bokreste, eo a ileng a e bitsa “tšimo ea Molimo e lengoang” le e neng e lokela ho beha. (1 Bakorinthe 3:9) Pono ee e ne e lokela ho phethahatsoa neng? Pauluse o ile a bitsa seo a se boneng ‘tšenolo,’ e leng ntho ea ka moso. O ne a tseba hore ka mor’a lefu la hae ho ne ho tla hlaha bokoenehi bo neng bo tla nka nako e telele. (2 Bakorinthe 12:1; Liketso 20:29, 30; 2 Bathesalonika 2:3, 7) Ha bakoenehi ba ne ba ntse ba ata le ho pupetsa Bakreste ba ’nete, Bakreste ba ’nete ba ne ba ke ke ba bapisoa le serapa se tlokomang. Empa, nako e ne e tla tla ea ha borapeli ba ’nete bo ne bo tla phahamisoa hape. Batho ba Molimo ba ne ba tla tsosolosoa e le hore ‘ba lokileng ba ka khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.’ (Matheu 13:24-30, 36-43) Bonneteng seo se ile sa etsahala lilemo tse ’maloa ka mor’a hore ’Muso oa Molimo o hlongoe leholimong. Ha mashome a lilemo a ntse a feta, ho ba pepeneneng hore batho ba Molimo ba thabela ho ba paradeiseng ea moea, eo Pauluse a ileng a e bona esale pele ponong eo.

10, 11. Ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rōna, ke hobane’ng ha re ka re re paradeiseng ea moea?

10 Bonneteng, rea tseba hore ka bomong ha rea phethahala, ka hona ha re makale hore ebe nako le nako mathata aa hlaha, joalokaha a ile a hlaha har’a Bakreste ba mehleng ea Pauluse. (1 Bakorinthe 1:10-13; Bafilipi 4:2, 3; 2 Bathesalonika 3:6-14) Leha ho le joalo, nahana ka paradeise ea moea eo re thabelang ho ba ho eona hona joale. Ha ho bapisoa kamoo re neng re kula kateng, re phekotsoe moeeng. ’Me bona phapang e teng pakeng tsa tlala eo re kileng ra ba ho eona le khora ea moea eo re leng ho eona hona joale. Ho e-na le ho sokola joaloka nakong ea ha ba sa le naheng e omeletseng ea moea, Molimo o amohela batho ba hae ’me o ba tšollela khapukhapu ea litlhohonolofatso. (Esaia 35:1, 7) Ho e-na le ho ba lefifing la moea le kang chankana e ka tlas’a mohaho, re bona leseli la tokoloho le la ho amoheloa ke Molimo. Ba bangata ba neng ba tšoana le ba sa utloeng litsebeng ha ho buuoa ka boprofeta ba Bibele, joale seo ba se utloang se buuoa ke Mangolo baa se utloisisa. (Esaia 35:5) Ka mohlala, Lipaki Tsa Jehova tse limilione lefatšeng ka bophara li ithutile boprofeta ba Daniele ka ho latellana ha litemana. Ka mor’a moo li ile tsa sekaseka lintlha tsohle tsa khaolo ka ’ngoe ea buka ea Bibele ea Esaia. Na lijo tseo tsa moea tse khathollang hase bopaki bo hlakileng ba hore re paradeiseng ea moea?

11 Hape, nahana ka liphetoho tse entsoeng boitšoarong ba batho ba tšepahalang ba limelo tsohle ba ’nileng ba ikitlaelletsa ho utloisisa le ho sebelisa Lentsoe la Molimo. Ha e le hantle, ba loanne ka thata hore ba tlohele mekhoa ea bophoofolo eo ba neng ba phela ka eona pele. Mohlomong le uena u entse seo ka katleho e khōlō, ’me bara le barali beno ba moea le bona ba entse se tšoanang. (Bakolose 3:8-14) Kahoo, ha u ntse u kopanela le phutheho ea Lipaki Tsa Jehova, u ba le batho ba nang le khotso le ba thabileng haholoanyane. Leha ho le joalo, ha ba e-s’o phethahale, empa ka sebele ba ke ke ba hlalosoa e le litau tse sehlōhō kapa liphoofolo tse hlaha tse rusollang. (Esaia 35:9) Bolekane boo bo mofuthu ba moea bo bontša eng? Ho hlakile hore re boemong ba moea boo ka nepo re bo bitsang paradeise ea moea. ’Me paradeise ea rōna ea moea e bontša sebōpeho sa paradeise ea lefatšeng eo re tlang ho thabela ho ba ho eona haeba re lula re tšepahala ho Molimo.

12, 13. Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule ka har’a paradeise ea rōna ea moea?

12 Ho ntse ho le joalo, ho na le ntho e ’ngoe eo re sa lokelang ho e hlokomoloha. Molimo o ile a re ho Baiseraele: “Le boloke taelo eohle eo ke le laelang eona kajeno, e le hore le be matla ’me ruri le kene le rue naha eo le tšelang ho ea e rua.” (Deuteronoma 11:8) Ho Levitike 20:22, 24, ho buuoa ka naha eona eo tjena: “Le boloke litaelo tsohle tsa ka tse hlomamisitsoeng le liqeto tsohle tsa ka tsa boahloli ’me le li phethe, hore naha eo ke le tlisang hore le lule ho eona e se ke ea le hlatsa. Kahoo ke itse ho lōna: ‘Le tla rua naha ea tsona, ’me ke tla le fa eona hore le e rue, naha e phallang lebese le mahe a linotši.’” E, ho rua Naha e Tšepisitsoeng ho ne ho itšetlehile ka ho ba le kamano e ntle le Jehova Molimo. Ka lebaka la hore Baiseraele ha baa ka ba mamela Molimo, o ile a lumella Bababylona hore ba ba hape ’me ba ba tlose sebakeng seo ba neng ba lula ho sona.

13 Ho ka ’na ha e-ba le lintho tse ngata tseo re li ratang ka paradeise ea rōna ea moea. Tikoloho ena ea rateha, ea khatholla. Re na le khotso le Bakreste ba loanetseng ho tlohela mekhoa ea bophoofolo. Ba loanela ho ba mosa le ho ba ba thusang ba bang. Ho ntse ho le joalo, ho lula paradeiseng ea rōna ea moea ha ho hloke feela ho ba le kamano e ntle le batho bana. Ho hlokahala hore re be le kamano e ntle le Jehova ’me re etse thato ea hae. (Mikea 6:8) Re ithaopetse ho tla ka har’a paradeise ena ea moea, empa re ka hoholeha—kapa ra lelekeloa kantle ho eona—haeba re sa sebeletse ho boloka kamano ea rōna le Molimo.

14. Ke eng e tla re thusa hore re lule paradeiseng ea rōna ea moea?

14 Ntho ea bohlokoa e tla re thusa ke hore re tsoele pele ho matlafatsoa ke Lentsoe la Molimo. Ela hloko puo ea tšoantšetso e ho Pesaleme ea 1:1-3: “Ho thaba motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo . . . Empa o thabela molao oa Jehova, molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare. Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona le seo makhasi a sona a sa poneng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.” Ho feta moo, likhatiso tse thehiloeng Bibeleng tsa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene li fana ka lijo tsa moea paradeiseng ena ea moea.—Matheu 24:45-47.

Ho Matlafatsa Pono ea Hao ka Paradeise

15. Ke hobane’ng ha Moshe a sa ka a etella pele Baiseraele ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, empa o ile a bona eng?

15 Nahana ka selelekela se seng sa Paradeise. Ka mor’a hore Baiseraele ba lelere lefeelleng ka lilemo tse 40, Moshe o ile a ba etella pele ho ea Lithoteng Tsa Moabe, ka bochabela ho Nōka ea Jordane. Ka lebaka la phoso ea nakong e fetileng ea Moshe, Jehova o ile a etsa qeto ea hore Moshe o ne a ke ke a etella Baiseraele pele ho tšela Jordane. (Numere 20:7-12; 27:12, 13) Moshe o ile a ipiletsa ho Molimo a re: “Ka kōpo, ntumelle hore ke tšele ’me ke bone naha e ntle e ka mose ho Jordane.” Le hoja Moshe a ne a ke ke a kena ho eona, ka mor’a ho hloa Thaba ea Pisga le ho bona likarolo tse sa tšoaneng tsa naha eo, e tlameha ebe o ile a bona hore e ne e le “naha e ntle.” U nahana hore naha eo e ne e le joang?—Deuteronoma 3:25-27.

16, 17. (a) Naha e Tšepisitsoeng ea mehleng ea khale e fapana joang le naha ea mehleng ea morao-rao tjee? (b) Ke eng e ka re kholisang hore ka nako e ’ngoe Naha e Tšepisitsoeng e kile ea e-ba joaloka paradeise?

16 Haeba maikutlo a hao a thehiloe ponahalong ea sebaka sena morao tjena, u ka ’na ua nahana ka naha e omeletseng e lehlabathe, ea lehoatata le majoe le eo mocheso oa eona o ntšang koena bolibeng. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore sebaka sena ka kakaretso se fapane haholo le mehleng ea Bibele. Koranteng ea Scientific American, Dr. Walter C. Lowdermilk eo e leng setsebi sa metsi le mobu o hlalosa hore naha ena e “sentsoe ke ho tšoaroa hampe ka lilemo tse sekete.” Setsebi sena sa temo se ile sa ngola tjena: “‘Lehoatata’ lena le ileng la hlaha sebakeng sa naha e kileng ea atleha le entsoe ke motho, e seng tlhaho.” Ha e le hantle, liphuputso tsa hae li ile tsa bontša hore “naha ena e kile ea e-ba paradeise ea mehlape.” Hoa hlaka hore tsela e mpe eo batho ba e tšoereng ka eona e sentse seo e neng e le “paradeise ea mehlape.” *

17 Ha u nahana ka seo u se balileng Bibeleng, u ka ’na ua bona kamoo qeto eo e leng e utloahalang kateng. Hopola seo Jehova a ileng a se tiisetsa sechaba ka Moshe ha a re: “Naha eo le tšelang ho ea e rua ke naha ea lithaba le lithota. E noa metsi a pula ea maholimo; naha eo Jehova Molimo oa lōna a e hlokometseng.”—Deuteronoma 11:8-12.

18. E tlameha ebe Esaia 35:2 e ile ea etsa hore Baiseraele ba botlamuoeng ba nahane hore Naha e Tšepisitsoeng e ne e tla ba joang?

18 Naha e Tšepisitsoeng e ne e le talana ebile e beha haholo hoo ho bua ka likarolo tse itseng tsa eona ho neng ho etsa hore motho a nahane ka maemo a kang paradeise. Sena sea hlaka boprofeteng ba Esaia khaolo ea 35, bo ileng ba phethahala ka lekhetlo la pele ha Baiseraele ba khutla Babylona. Esaia o ile a bolela esale pele a re: “Ruri e tla thunya, ’me ka sebele e tla thaba ka nyakallo le ka mohoo oa nyakallo. E tla fuoa khanya ea Lebanone, botle ba Karmele le ba Sharone. Ho tla ba le ba tlil’o bona khanya ea Jehova, botle ba Molimo oa rōna.” (Esaia 35:2) Hore ebe ho buuoa ka Lebanone, Karmele le Sharone, e tlameha ebe ho ile ha etsa hore Baiseraele ba nahane ka ntho e thabisang le e ratehang.

19, 20. (a) Ak’u hlalose hore na sebaka sa Sharone ea boholo-holo se ne se le joang. (b) Ke tsela efe e ’ngoe eo ka eona re ka matlafatsang tšepo ea rōna ea hore ho tla ba le Paradeise?

19 Nahana ka Sharone, e leng thota e lipakeng tsa maralla a Samaria le Leoatle le Leholo, kapa la Mediterranean. (Bona setšoantšo se leqepheng la 10.) E ne e tsebahala ka botle ba eona le ka ho beha haholo. Kaha e ne e noselitsoe hantle, e ne e le ntle bakeng sa makhulo, empa karolong e ka leboea ea eona ho ne ho e-na le meru ea lifate tse khōlō tsa eike. (1 Likronike 27:29; Sefela sa Lifela 2:1, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW With References; Esaia 65:10) Kahoo, Esaia 35:2 e ne e bolela esale pele ka tsosoloso le ka naha e tletseng botle, e tšoanang le paradeise. Boprofeta boo bo ne bo boetse bo bua ka paradeise ea moea e khahlisang, e leng se tumellanong le seo Pauluse a ileng a se bona hamorao ponong. Qetellong, boprofeta bona hammoho le bo bong, bo matlafatsa tšepo ea rōna ea hore ho tla ba le paradeise ea lefatšeng bakeng sa moloko oa batho.

20 Ha re ntse re lula paradeiseng ea rōna ea moea, re ka matlafatsa kananelo ea rōna ka eona le tšepo ea rōna ea hore ho tla ba le Paradeise ea lefatšeng. Joang? Ka ho tebisa kutloisiso ea rōna ea seo re se balang Bibeleng. Khafetsa litlhaloso tsa Bibele le boprofeta ba eona li bua ka libaka tse khethehileng. Na u ka rata ho utloisisa hamolemo hore na libaka tsee li ne li le hokae le hore li ne li amana joang le libaka tse ling tseo ho buuoang ka tsona? Sehloohong se latelang, re tla tšohla kamoo u ka etsang seo ka tsela e tla u ruisa molemo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 16 Ho The Geography of the Bible Denis Baly o re: “Tsela ea tlhaho eo limela li bang teng ka eona e tlameha ebe e ile ea fetoha haholo ho tloha mehleng ea Bibele.” Hobane’ng? “Batho ba ne ba hloka lifate bakeng sa ho besa le ho haha ’me kahoo . . . ba qala ho [li] rema eaba ba hlobolisa naha hoo e ileng ea hlaseloa ke maemo a kotsi a leholimo. Ho kena-kenana le tikoloho ka tsela ena ho ile ha qetella ka hore tlelaemete ea sebaka seo . . . ebe eona e ka sehloohong e se sentseng butle-butle.”

Na U sa Hopola?

• Ke “paradeise” ea mofuta ofe eo moapostola Pauluse a ileng a e bona ponong?

Esaia 35 e ile ea phethahala joang ka lekhetlo la pele, hona seo se amana joang le pono eo Pauluse a ileng a e bona ponong?

• Ke joang re ka matlafatsang kananelo ea rōna ea Paradeise ea moea le tšepo ea hore ho tla ba le paradeise ea lefatšeng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]]

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Thota ea Sharone, sebaka se behang haholo Naheng e Tšepisitsoeng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Moshe o ile a lemoha hore e ne e le “naha e ntle”