Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Pholletsa le Naha”

“Pholletsa le Naha”

“Pholletsa le Naha”

“Pholletsa le naha ho ea ka bolelele ba eona le bophara ba eona.”—Genese 13:17.

1. Molimo o ile a fa Abrahama tataiso efe e thahasellisang?

NA U thabela ho tsamaea libakeng tse ka thōko, mohlomong u nka leeto ka koloi e le mafelo-beke? Ba bang ba thabela ho tsamaea ka baesekele e le hore ba ka ikoetlisa ’me ba thabela ho li boha ba sa potlaka. Ba bang bona ba khetha ho tsamaea ka maoto e le tsela eo ka eona ba ka tsebang libaka ba iketlile. Hangata maeto a joalo a nka nako e nyenyane. Empa inahanele hore na e tlameha ebe Abrahama o ile a ikutloa joang ka mor’a hore Molimo a re ho eena: “Ema, pholletsa le naha ho ea ka bolelele ba eona le bophara ba eona, hobane ke tla u fa eona”!—Genese 13:17.

2. Ka mor’a ho tloha Egepeta, Abrahama o ile a ea hokae?

2 Nahana hore na mantsoe ana a ile a buuoa tlas’a maemo afe. Abrahama o ne a jakile Egepeta a e-na le mosali oa hae le batho ba bang. Genese khaolo ea 13 e re bolella hore ba ile ba tloha Egepeta, ’me ba khannela mehlape ea bona “Negebe.” Ho tloha moo, Abrahama o ile a “tloha liahelong tse ling ho ea ho tse ling ho tsoa Negebe le ho ea fihla Bethele.” Ha ho hlaha pharela pakeng tsa balisa ba hae le ba Lota, ngoan’a ngoan’abo, ’me ho hlaka hore ka bobeli ba ne ba tla hloka ho fumana makhulo a sa tšoaneng, ka bolokolohi Abrahama o ile a re Lota a khethe pele. Lota o ile a khetha ‘Setereke sa Jordane,’ e leng phula e tlokomang ho “tšoana le serapa sa Jehova,” ’me hamorao a lula Sodoma. Molimo o ile a re ho Abrahama: “Ka kōpo, phahamisa mahlo, ’me ho tloha sebakeng seo u leng ho sona, u talime nģ’a leboea le nģ’a boroa le nģ’a bochabela le nģ’a bophirimela.” Mohlomong ha Abrahama a ne a le phahameng Bethele, o ne a ka bona likarolo tse ling tsa naha. Leha ho le joalo, likhōlō li ne li sa ntse li tla. Molimo o ile a mo khothalletsa ho “pholletsa le naha” le ho tloaelana le sebōpeho le libaka tsa eona.

3. Ke hobane’ng ha ho ka ba thata ho bona ka leihlo la kelello hore na Abrahama o ne a tsamaea hokae?

3 Ho sa tsotellehe hore na Abrahama o ile a tsamaea hakae pele a fihla Hebrone, ha ho potang hore o ne a tseba Naha e Tšepisitsoeng haholo ho feta ba bangata ba rōna. Nahana ka libaka tseo ho buuoeng ka tsona tlalehong ena—Negebe, Bethele, Setereke sa Jordane, Sodoma le Hebrone. Na u fumana ho le thata ho bona ka leihlo la kelello hore na libaka tseo li ne li le hokae? Sena se thatafalla ba bangata hobane ke ba seng bakae har’a batho ba Jehova ba kileng ba etela libaka tseo ba balang ka tsona ka Bibeleng, ba pholletsa le bolelele le bophara ba naha. Ho ntse ho le joalo, re na le lebaka la ho ba le tjantjello ea ho tseba libaka tsa Bibele. Hobane’ng?

4, 5. (a) Liproverbia 18:15 e re’ng ka tsebo le kutloisiso ea linaha tsa Bibele? (b) Sofonia khaolo ea 2 e bontša’ng?

4 Lentsoe la Molimo le re: “Pelo ea ea nang le kutloisiso e fumana tsebo, ’me litsebe tsa ba bohlale li batla ho fumana tsebo.” (Liproverbia 18:15) Ho na le lithuto tse ngata tseo motho a ka fumanang tsebo ea tsona, empa tsebo e nepahetseng e amanang le Jehova Molimo le litšebelisano tsa hae le batho ke ea bohlokoa haholo. Ka sebele, seo re se balang Bibeleng ke sa bohlokoa hore re be le tsebo eo. (2 Timothea 3:16) Leha ho le joalo, hlokomela hore ho hlokahala kutloisiso. Kutloisiso ke bokhoni ba ho ba le leseli la taba, ho lemoha kapa ho khona ho amahanya likarolo tsa eona le taba kaofela. Sena ke ’nete tabeng ea lintlha tse mabapi le libaka tseo ho boletsoeng ka tsona ka Bibeleng. Ka mohlala, boholo ba rōna rea tseba hore na Egepeta e hokae, empa re utloisisa hakae ntlha e reng Abrahama o ile a tsoa Egepeta “a ea Negebe,” hamorao a ea Bethele, eaba o ea Hebrone? Na ua utloisisa hore na libaka tseo li amana joang?

5 Kapa mohlomong u ile ua tsamaisana le kemiso ea ’malo oa Bibele o neng o akaretsa Sofonia khaolo ea 2. ’Me ho eona u balile ka mabitso a metse, a batho le a linaha. Gaza, Ashkelone, Ashdode, Ekrone, Sodoma, Ninive hammoho le Kanana, Moabe, Ammone le Assyria, ho buuoa ka libaka tsena kaofela khaolong eo e le ’ngoe. U ile ua atleha hakae ho bona ka mahlo a kelello libaka tseo ho tsona ho neng ho lula batho ba sebele eseng ba inahaneloang, e leng batho ba ileng ba khatha tema phethahatsong ea boprofeta ba Molimo?

6. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba rata limmapa? (Bona lebokose.)

6 Liithuti tse ngata tsa Lentsoe la Molimo li ruile molemo o moholo ka ho hlahloba limmapa tsa linaha tsa Bibele. Ha li etse sena hobane feela li khahloa ke limmapa, empa ke hobane li hlokomela hore ka ho sebelisa limmapa, li ka eketsa tsebo ea tsona ea Lentsoe la Molimo. Limmapa li ka boela tsa li thusa hore li eketse kutloisiso ea tsona ka hore li bone kamoo linnete tseo li seng li ntse li li tseba li amanang le boitsebiso bo bong kateng. Ha re ntse re tšohla mehlala e meng, mohlomong u tla boela u tebise lerato la hao ho Jehova ’me u utloisise haholoanyane litlaleho tse Lentsoeng la hae.—Bona lebokose leqepheng la 14.

Ho Tseba Bohōle ba Sebaka ho Eketsa Kutloisiso

7, 8. (a) Ke ntho efe e makatsang eo Samsone a ileng a e etsa e amanang le Gaza? (b) Ke boitsebiso bofe bo ka etsang hore ketso ea Samsone ebe e tsotehang haholo? (c) Tsebo le kutloisiso ea tlaleho ee e amang Samsone e ka re thusa joang?

7 Ho Baahloli 16:2 u ka bala ka Moahloli Samsone ha a le Gaza. Lebitso Gaza le hlahella khafetsa litlalehong tsa litaba tsa morao tjena, ka hona u ka ’na ua ba le leselinyana la sebaka seo Samsone a neng a le ho sona, naheng ea Bafilista e pel’a Lebōpo la Mediterranean. [11] Joale ela hloko se buuoang ke Baahloli 16:3: “Samsone a ’na a robala ho fihlela har’a mp’a bosiu ’me joale a tsoha har’a mp’a bosiu eaba o tšoara mamati a heke ea motse le lipalo tse peli tse lehlakoreng ’me a li ntša hammoho le leballo eaba o li jara mahetleng ’me o qala ho li nyollela tlhōrōng ea thaba e ka pel’a Hebrone.”

8 Ha ho potang hore liheke le lipalo tse lehlakoreng tsa qhobosheane e kang ea Gaza e lokela hore ebe li ne li le khōlō ’me li le boima. Nahana u se u leka ho li nka! Samsone o ile a li nka, empa o ile a li isa hokae, hona o ne a lokela ho nka leeto la mofuta ofe? Bonneteng, Gaza e lebōpong hoo e ka bang bophahamong ba leoatle. [15] Empa Hebrone e ka bochabela ’me e phahame ka limithara tse 900—moepa oa eona o hlile o eme! Ha re tsebe hantle hore na sebaka sa “thaba e ka pel’a Hebrone” e ne e le sefe, empa motse oa Hebrone ona o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 60 ho tloha Gaza—ho feta moo o qhooeng! Na ho tseba bohōle ba sebaka seo ha ho etse hore ketso ea Samsone e be e ikhethang? Empa hopola hore na ke hobane’ng ha Samsone a ne a khona ho etsa liketso tse joalo—“moea oa Jehova o [ile oa] sebetsa ho eena.” (Baahloli 14:6, 19; 15:14) Re le Bakreste kajeno, ha rea lebella hore moea oa Molimo o re fe matla a itseng a mohlolo. Empa, moea oona oo o matla o ka eketsa kutloisiso ea rōna ea lintho tsa moea le ho re matlafatsa ho ea ka motho eo re leng eena ka hare. (1 Bakorinthe 2:10-16; 13:8; Baefese 3:16; Bakolose 1:9, 10) E, ho utloisisa tlaleho e buang ka Samsone hoa re kholisa hore moea oa Molimo o ka re thusa.

9, 10. (a) Hore ebe Gideone o ile a hlōla Bamidiane ho ne ho akarelletsa eng? (b) Tsebo ea rōna ea libaka tse neng li ameha, e tla re thusa joang hore re nke tlaleho ee e le ea bohlokoa haholo?

9 Tlaleho e ’ngoe e totobatsang bohlokoa ba bohōle ba sebaka ke ea ha Gideone a hlōla Bamidiane. Babali ba bangata ba Bibele baa tseba hore Moahloli Gideone le lebotho la hae la ba 300 ba ile ba hlōla mabotho a kopaneng a neng a futuhile a ba 135 000—a Bamidiane, a Baamaleke le a ba bang ba neng ba hlomme litente thoteng ea Jezriele, haufi le leralla la More. [18] Banna ba Gideone ba ile ba letsa manaka, ba pshatla linkho tsa metsi e le hore lirumula tsa bona li ka bonahala, eaba baa hoeletsa: “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” Sena se ile sa ferekanya haesita le ho tšosa ba lireng, hoo ba ileng ba bolaeana ka bobona. (Baahloli 6:33; 7:1-22) Na ketsahalo ee e ile ea fella moo, ea e-ba ea bosiu bo le bong feela? Tsoela pele ho bala ho Baahloli khaolo ea 7 le ea 8. U tla bona hore Gideone o ile a tsoela pele ho futuha. Mabapi le libaka tse ngata tseo ho buuoang ka tsona, tse ling ha lia fumanoa kajeno libakeng tse tsejoang, kahoo li ka ’na tsa se hlahe limmapeng tsa Bibele. Ho ntse ho le joalo, tse fumanoeng li lekane, e le hore li re thuse ho latella mehato ea Gideone.

10 Gideone o ile a lelekisa methoaela e setseng ea mabotho a kopaneng, a feta Bethe-shita, eaba o leba nģ’a boroa a habile Abele-mehola, pel’a Jordane. (Baahloli 7:22-25) Tlaleho eo e re: “Gideone a tla Jordane, a e tšela, eena le banna ba makholo a mararo ba neng ba e-na le eena, ba khathetse empa ba ntse ba tsoela pele ho ba lelekisa.” Ka mor’a ho e tšela, Baiseraele ba ile ba lelekisa lira tsa bona ho leba nģ’a boroa ho ea Sukothe le Penuele, pel’a Jaboke, eaba ba hloa maralla ba lebile Jogbeha (pel’a Amman ea kajeno, e Jordane). Ba ile ba ba lelekisa ba ba ba ba loantša sebaka se ka bang lik’hilomithara tse 80. Gideone o ile a tšoara marena a mabeli a Bamidiane a ba a a bolaea; eaba o khutlela motseng oa habo, oa Ofra, pel’a moo ntoa e qalileng teng. (Baahloli 8:4-12, 21-27) Ho hlakile hore mosebetsi oa Gideone e ne e se ho letsa manaka ka metsotso e seng mekae feela, ho tsoka lirumula le ho hoeletsa. Nahana kamoo taba ena e tebisang tlhaloso ena e mabapi le banna ba tumelo kateng: “Ke tla haelloa ke nako haeba ke tsoela pele ho pheta ka Gideone [le ba bang ba ileng ba] tloha boemong ba ho fokola ba etsoa ba matla, ba fetoha ba sebete ntoeng.” (Baheberu 11:32-34) Bakreste le bona ba ka ’na ba khathala ’meleng, empa na ha ho bohlokoa hore re tsoele pele ho etsa thato ea Molimo?—2 Bakorinthe 4:1, 16; Bagalata 6:9.

Ke Eng Seo Batho ba se Nahanang le ho se Etsa?

11. Baiseraele ba ile ba lokela ho nka leeto la mofuta ofe pele le ka mor’a hore ba fihle Kadeshe?

11 Ba bang ba ka ’na ba sebelisa limmapa tsa Bibele hore ba bone libaka tse itseng, empa na u nahana hore limmapa li ka u fa leseli la seo batho ba se nahanang? Nka ka mohlala Baiseraele ba neng ba tloha Thabeng ea Sinai ba leba Naheng e Tšepisitsoeng. Ba ne ba ntse ba tsamaea ba khefutsa, ’me qetellong ba fihla Kadeshe (kapa Kadeshe-barnea). [9] Deuteronoma 1:2 e bontša hore lena e ne e le leeto la matsatsi a 11, e leng sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 270. Ho tloha moo, Moshe o ile a romela lihloela tse 12 Naheng e Tšepisitsoeng. (Numere 10:12, 33; 11:34, 35; 12:16; 13:1-3, 25, 26) Lihloela tseo li ile tsa e kena li tsoa ka leboea li hlaha ka Negebe, mohlomong li ile tsa feta Beerseba, eaba li feta Hebrone, ’me tsa fihla meeling e ka leboea ea Naha e Tšepisitsoeng. (Numere 13:21-24) Kaha Baiseraele ba ile ba mamela tlaleho e mpe ea lihloela tse leshome, ba ile ba lokela ho lelera lefeelleng ka lilemo tse 40. (Numere 14:1-34) See se bontša’ng ka tumelo ea bona le ka boikemisetso ba bona ba ho tšepa Jehova?—Deuteronoma 1:19-33; Pesaleme ea 78:22, 32-43; Juda 5.

12. Re ka etsa qeto efe ka tumelo ea Baiseraele, hona ke hobane’ng ha e le ntho eo re lokelang ho nahanisisa ka eona?

12 Nahana ka sena u ipapisitse le libaka tse neng li ameha. Haeba Baiseraele ba ne ba ile ba bontša tumelo ’me ba latela keletso ea Joshua le Kalebe, na ba ka be ba tsamaile sebaka se selelele hakaalo hore ba fihle Naheng e Tšepisitsoeng? Kadeshe e ne e le hoo e ka bang lik’hilomithara tse 16 ho tloha Beere-lahai-roi, moo Isaka le Rebeka ba neng ba lula teng. [7] Ho ea Beerseba e ka boroa moeling oa Naha e Tšepisitsoeng ho ne ho le ka tlaase ho lik’hilomithara tse 95. (Genese 24:62; 25:11; 2 Samuele 3:10) Ka mor’a ho tsamaea ho tloha Egepeta ho ea Thabeng ea Sinai, le ho fetela Kadeshe e bohōle ba lik’hilomithara tse 270, ho ne ho le joalokaha ho ka thoe ba lintšing tsa Naha e Tšepisitsoeng. Rōna re moeling oa lefatše le tšepisitsoeng la Paradeise. Re ka ithuta’ng? Moapostola Pauluse o ile a amahanya boemo ba Baiseraele le keletso ena: “Ka hona a re etseng sohle se matleng a rōna ho kena phomolong eo, esere leha e le mang a oela mohlaleng o tšoanang oa ho se mamele.”—Baheberu 3:16–4:11.

13, 14. (a) Bagibeone ba ne ba le boemong bofe ha ba tla nka bohato bo matla? (b) Ke eng se bontšang boikutlo ba Bagibeone, ’me ke thuto efe eo re lokelang ho ithuta eona ho see?

13 Ketsahalo e ka Bibeleng e amanang le Bagibeone, e re bontša ka ho hlakileng boikutlo bo fapaneng le boo—e leng ba ho tšepa hore Molimo o tla phetha thato ea hae. Ka mor’a hore Joshua a etelle Baiseraele pele ho tšela Nōka ea Jordane ho kena naheng eo Molimo a neng a e tšepisitse lelapa la Abrahama, e ne e le nako ea ho timetsa Bakanana. (Deuteronoma 7:1-3) Bagibeone ba ne ba akarelelitsoe moo. Baiseraele ba ile ba liha Jeriko le Ai eaba ba hloma liahelo pel’a Gilgale. Bagibeone ba ne ba sa batle ho shoa joaloka Bakanana ba rohakiloeng, kahoo ba ile ba romela baemeli ho Joshua a le Gilgale. Ba ile ba etsa eka ba tsoa kantle ho naha ea Kanana, e le hore ba etse selekane sa khotso le Baheberu.

14 Baemeli bao ba ile ba re: “Bahlanka ba hao ba tsoa naheng e hōle haholo ka lebaka la lebitso la Jehova Molimo oa hao.” (Joshua 9:3-9) Liaparo le lijo tsa bona li ne li bonahala li tiisa taba ea hore ba tsoa hōle, empa bonneteng Gibeone e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 30 ho tloha Gilgale. [19] Joshua le marenana a hae ba khotsoe seo, ba ile ba hlaba selekane sa khotso le Gibeone le metsana e mabapi e neng e amana le Gibeone. Na leqheka lee la Bagibeone le ne le reretsoe feela ho qoba kahlolo? Che, empa le ne le bontša takatso ea bona ea ho batla ho amoheloa ke Molimo oa Iseraele. Jehova o ile a lumella hore Bagibeone ebe “ba roallang patsi le ba khang metsi bakeng sa phutheho le bakeng sa aletare ea Jehova,” ba tlisa patsi bakeng sa aletare ea sehlabelo. (Joshua 9:11-27) Bagibeone ba ile ba tsoela pele ho bonahatsa boikemisetso ba ho etsa mesebetsi e tlaase tšebeletsong ea Jehova. Mohlomong ba bang ba bona ba ne ba le har’a Banethinime ba ileng ba khutla Babylona eaba ba sebetsa tempeleng e ileng ea tsosoa. (Esdrase 2:1, 2, 43-54; 8:20) Re ka etsisa boikutlo ba bona ka ho loanela ho lula re e-na le khotso le Molimo le ka ho ikitlaelletsa ho etsa esita le mesebetsi e tlaase tšebeletsong ea hae.

Itele

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella libaka tse amanang le Mangolo a Segerike a Bakreste?

15 Libaka tsa linaha tsa Bibele li hlahella litlalehong tse ka Mangolong a Segerike a Bakreste, joaloka tse buang ka maeto le tšebeletso ea Jesu le ea moapostola Pauluse. (Mareka 1:38; 7:24, 31; 10:1; Luka 8:1; 13:22; 2 Bakorinthe 11:25, 26) Litlalehong tse tla latela, leka ho bona ka leihlo la kelello hore na ho ne ho ameha maeto a mofuta ofe.

16. Bakreste ba Berea ba ile ba bontša joang hore ba ne ba rata Pauluse?

16 Leetong la hae la bobeli la boromuoa (mola o pherese ’mapeng), Pauluse o ile a fihla Filipi, eo hona joale e leng karolo ea Greece. [33] O ile a fana ka bopaki moo, a kenngoa teronkong eaba oa lokolloa, ’me a ea Thesalonika. (Liketso 16:6–17:1) Ha Bajuda ba qala morusu, barab’abo rōna ba Thesalonika ba ile ba khothalletsa Pauluse ho ea Berea e lik’hilomithara tse ka bang 65 ho tloha moo. Pauluse o ile a atleha tšebeletsong ea hae Berea, empa Bajuda ba ile ba tla ’me ba fehla moea o mobe har’a matšoele. Kahoo, “kapele-pele barab’abo rōna ba romela Pauluse hore a tsamaee ho ea fihla leoatleng,” eaba “ba tsamaisang Pauluse ba mo fihlisa Athene.” (Liketso 17:5-15) Kamoo ho bonahalang kateng, basokolohi ba bang ba bacha ba ne ba ikemiselitse ho tsamaea lik’hilomithara tse 40 ho ea Leoatleng la Aegean, ho lefella sekepe le ho tsamaea ka sona lik’hilomithara tse ka bang 500. Leeto le joalo le ne le ka ba kotsi, empa barab’abo rōna ba ile ba lumela ho ipeha kotsing ’me kahoo ba qeta nako e teletsana ba e-na le moemeli enoa ea tsamaeang oa Molimo.

17. Ke eng eo re ka e utloisisang hamolemo hang ha re hlokomela hore na Miletase le Efese li arohane hakae?

17 Leetong la hae la boraro (mola o motala ’mapeng), Pauluse o ile a fihla boema-kepeng ba Miletase. O ile a romela hore ho latoe banna ba baholo ba phutheho ea Efese, e ka bang lik’hilomithara tse 50 ho tloha moo. Nahana ka baholo bao ba siea mesebetsi e meng hore ba tle ho Pauluse. Ho ka etsahala hore ha ba ntse ba tsamaea, ka thabo ba ne ba qoqa ka taba ea seboka seo ba neng ba e-ea ho sona. Ka mor’a ho kopana le Pauluse le ho mo mamela ha a rapela, “ha tsoha ho lla ho hoholo har’a bona kaofela, eaba ba itihela molaleng oa Pauluse ’me ba mo aka ka lerato.” Joale “ba qala ho mo felehetsa ho ea sekepeng” hore a fetele Jerusalema. (Liketso 20:14-38) E tlameha ebe ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo ba neng ba nahana le ho bua ka tsona leetong la bona ha ba khutlela Efese. Na ha u khahloe ke lerato leo ba ileng ba le bontša ha ba tsamaea sebaka se selelele hakaalo e le hore ba ka ba le mosebeletsi ea tsamaeang ea neng a ka ba tsebisa lintho tse itseng le ho ba khothatsa? Na u bona ntho e ’ngoe eo u ka e sebelisang bophelong ba hao le tseleng eo u nahanang ka eona?

Ithute ka Naha eo le se Larileng ka Pele

18. Malebana le libaka tsa Bibele, re ka ikemisetsa ho etsa’ng?

18 Mehlala e boletsoeng pejana e bontša bohlokoa ba ho tseba naha eo Molimo a ileng a e fa Baiseraele ’me naha eo ke ea bohlokoa litlalehong tse ngata tsa Bibele. (Hape re ka ntlafatsa tsela eo re talimang lintho ka eona ka hore thutong ea rōna re kopanyeletse le ho ithuta ka linaha tse mabapi tseo ho buuoang ka tsona litlalehong tsa Bibele.) Ha re ntse re eketsa tsebo le kutloisiso ea rōna haholo-holo ka Naha e Tšepisitsoeng, re lokela ho hopola ntho ea bohlokoa eo ho neng ho hlokahala hore Baiseraele ba e etse hore ba kene naheng ea “lebese le mahe a linotši” le ho thabela ho ba ho eona. Ba ne ba lokela ho tšaba Jehova le ho boloka litaelo tsa hae.—Deuteronoma 6:1, 2; 27:3.

19. Ke liparadeise life tse peli tseo re lokelang ho li ela hloko re sa phetse?

19 Hoa tšoana le kajeno, ho hlokahala hore re khathe tema ea rōna, re tšabe Jehova re be re khomarele litsela tsa hae. Ka ho etsa joalo, re tla kenya letsoho katolosong le ntlafatsong ea paradeise ea moea e teng hona joale ka phuthehong ea Bokreste ea lefatše ka bophara. Tsebo ea rōna ea libōpeho tsa eona le litlhohonolofatso tsa eona e tla tsoela pele ho hōla. ’Me rea tseba hore likhōlō li sa tla. Joshua o ile a etella pele Baiseraele hore ba tšele Jordane ba kene naheng e behang le e khotsofatsang. Joale re na le lebaka le utloahalang la hore ka kholiseho re lebelle Paradeise ea sebele, naha e ntle e larileng ka pel’a rōna.

Na U sa Hopola?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho lakatsa ho eketsa tsebo le kutloisiso ea rōna ka linaha tsa Bibele?

• Ke boitsebiso bofe ba libaka bo tšohliloeng sehloohong see boo ka ho khetheha bo u thusitseng?

• Ke thuto efe e ileng ea u hlakela haholo ha u ntse u ithuta ho eketsehileng ka libaka tse neng li ameha liketsahalong tse itseng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]]

[Lebokose le leqepheng la 14]

“Bona Naha e Ntle”

Likopanong tsa 2003 le 2004, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thabela ho fumana bukana ea “Bona Naha e Ntle.” Sengoliloeng sena se secha, se fumanehang ka lipuo tse ka bang 80, se tletse limmapa tse nang le litšoantšo tse mebala le lichate tse bontšang libaka tsa lefatše tse sa tšoaneng tseo ho buuoang ka tsona ka Bibeleng, haholo-holo ho hlahisitsoe hore na Naha e Tšepisitsoeng e ne e le joang linakong tse fapa-fapaneng.

Sehlooho se tsamaeang le sena se bua ka limmapa tse itseng ka ho khetheha ka ho sebelisa linomoro tsa maqephe ka mongolo o motenya, joaloka [15]. Haeba u e-na le bukana ena e ncha, nka nako hore u tloaelane le likarolo tse sa tšoaneng tsa eona tse ka u thusang hore u tsebe u be u utloisise Lentsoe la Molimo haholoanyane.

(1) Limmapa tse ngata li na le mengolo e tlaase leqepheng kapa mabokose a nang le lethathamo la litlhaloso bakeng sa matšoao a khethehileng ’mapeng [18]. (2) Limmapa tse ngata li bontša boholo ba sebaka ka limaele le lik’hilomithara e leng ho tla u thusa hore u utloisise hore na ho ne ho ameha sebaka se boholo bo bokae [26]. (3) Hangata ho na le motsu o supang ka leboea, e leng se u thusang hore u bone tsela [19]. (4) Hangata limmapa li na le mebala e sa tšoaneng e le ho bontša bophahamo ba sebaka ka kakaretso [12]. (5) Mathōkong a ’mapa, ho ka ’na ha e-ba le liletere/linomoro e le hore u ka khona ho bona ka leihlo la kelello moo sebaka se leng teng, e leng seo u ka se sebelisang hore u fumane metse kapa mabitso [23]. (6) Maqepheng a mabeli a index ea mabitso a libaka [34-5], u bona linomoro tsa maqephe tse ngotsoeng ka mongolo o motenya, hangata li lateloa ke tlhaku e nang le nomoro e bontšang hore na sebaka se hokae, joaloka E2. Ka mor’a ho sebelisa likarolo tsena ka makhetlo a se makae, u ka ’na ua hlolloa ke ho bona hore li bohlokoa hakae ho hōliseng tsebo le kutloisiso ea hao ea Bibele.

[Chate/’Mapa o leqepheng la 16, 17]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

CHATE EA LIBAKA TSA TLHAHO

A. Lebōpo la Leoatle le Leholo

B. Lithota Tse ka Bophirimela ho Jordane

1. Thota ea Ashere

2. Sebaka sa Dore se Lebōpong la Leoatle

3. Makhulo a Sharone

4. Thota ea Filistia

5. Phula e Bohareng ka Bochabela-Bophirimela

a. Thota ea Megido

b. Khohlo ea Jezriele

C. Lithaba Tse ka Bophirimela ho Jordane

1. Maralla a Galilea

2. Maralla a Karmele

3. Maralla a Samaria

4. Shefela (marallana)

5. Sebaka se Maralla sa Juda

6. Lefella la Juda

7. Negebe

8. Lefella la Parane

D. Araba (Phula)

1. Sekhutlo sa Hula

2. Sebaka sa Leoatle la Galilea

3. Phula ea Jordane

4. Leoatle la Letsoai (Leoatle le Shoeleng)

5. Araba (ka boroa ho Leoatle la Letsoai)

E. Lithaba/Lihlaba Tse ka Bochabela ho Jordane

1. Bashane

2. Gileade

3. Ammone le Moabe

4. Sehlaba sa Edomo

F. Lithaba Tsa Lebanone

[’Mapa]

Thaba ea Hermone

More

Abele-mehola

Sukothe

Jogbeha

Bethele

Gilgale

Gibeone

Jerusalema

Hebrone

Gaza

Beerseba

Sodoma?

Kadeshe

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 15]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

KANANA

Megido

GILEADE

Dothane

Shikeme

Bethele (Luze)

Ai

Jerusalema (Saleme)

Bethlehema (Efratha)

Mamre

Hebrone (Makpela)

Gerare

Beerseba

Sodoma?

NEGEBE

Rehobothe?

[Mountains]

Moria

[Metsi]

Leoatle la Letsoai

[Rivers]

Jordane

[Setšoantšo]

Abrahama o ile a pholletsa le naha

[’Mapa o leqepheng la 18]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Troase

SAMOTHRASE

Neapolise

Filipi

Amfipolise

Thesalonika

Berea

Athene

Korinthe

Efese

Miletase

RHODE