Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Rua Molemo ka ho Hahamalla Lintho Tsa Bohlokoa Tsa Moea

Rua Molemo ka ho Hahamalla Lintho Tsa Bohlokoa Tsa Moea

Rua Molemo ka ho Hahamalla Lintho Tsa Bohlokoa Tsa Moea

“Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.”—Moeklesia 5:10.

HO IKIMETSA ka mosebetsi ho ka imetsa kelello, ’me ho imeloa kelellong ho ka bakela motho mathata a ho kula, ebile ka linako tse ling ho ka mo bolaea. Linaheng tse ngata, malapa a khaohanngoa ke tlhalo. Hangata litsietsi tsena li bakoa ke ho tšoenyeha haholo ka lintho tse bonahalang. Ho e-na le hore motho ea phathahaneng ke ho batla leruo a thabele leo a nang le lona, kamehla o batla le eketsehileng, a sa natse hore na sena se ama bophelo ba hae joang. Buka e ’ngoe ea likeletso e re: “Ho ipapisa le ba ha semang-mang ke ntho e tloaelehileng hohle, esita leha semang-mang e le lekhoba la mosebetsi le kotsing ea ho tšoaroa ke lefu la pelo ha a le lilemo tse mashome a mane a metso e meraro.”

Ha motho a labalabela lintho tse eketsehileng a sa khotsofale, a ka felloa ke thabo eo a neng a ka ’na a ba le eona. Bofokoli ba rōna ntlheng ena, bo atisa ho sebelisoa hampe ke matla a maholo haholo—e leng matla a papatso! Mananeo a thelevishene le a seea-le-moea a tletse lipapatso tse khothalletsang hore u reke lintho tseo mohlomong u sa li hlokeng le tseo mohlomong u ke keng ua khona le ho li lefella. Sena sohle se ka baka tšenyo e khōlō.

Ho ikhotsofatsa ho sa laoloeng ho ka ba le phello e ipatileng empa e le e re senyang ’meleng le boitšoarong. Ka mohlala, Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebōpuoa sa nama.” (Liproverbia 14:30) Ha ho bapisoa, ho ikimetsa, matšoenyeho le khatello ea ho bokella maruo, li ka re senyetsa bophelo le thabo. Likamano le tsona lia senyeha ha bophelo ba rōna bo laoloa ke ho hahamalla lintho tse bonahalang. ’Me ha motho a senyeheloa ke bophelo ba lelapa le likamano le batho ba bang, bophelo ba hae ka kakaretso boa senyeha.

Kamoo Lintho Tsa Bohlokoa Tsa Moea li Phahameng Kateng

Makholong a lilemo a fetileng moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso ena: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.” (Baroma 12:2) Lefatše le rata ba lumellanang le lintho tseo le li nkang e le tsa bohlokoa. (Johanne 15:19) Le leka ho ipiletsa matleng a hao a ho bona, a ho ama, a ho latsoa, a ho fofonela le a ho utloa—e, ho u kholisa hore u phelele lintho tse bonahalang. Ntho e buelloang haholo ke “takatso ea mahlo” e le hore uena le ba bang le ka hahamalla leruo.—1 Johanne 2:15-17.

Empa ho na le lintho tsa bohlokoa ho feta chelete, botumo le maruo. Lilemong tse makholo tse fetileng, Morena Solomone o ile a bokella maruo ’ohle a teng lefatšeng. O ile a haha matlo, a ba le lirapa, lirapa tsa lifate, bahlanka, mehlape, libini tsa banna le tsa basali, hammoho le khauta le silevera ka bongata. Solomone o ile a atisa leruo la hae ho feta bohle ba neng ba tlile pele ho eena. O ne a hafa ka nkatana. Solomone o ne a batla a e-na le sohle se ka lakatsoang. Leha ho le joalo, ha a talima lintho tseo a li finyeletseng, o ile a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 2:1-11.

Ka bohlale bo phahameng ka ho khethehileng boo a neng a bo filoe, Solomone o ne a tseba hore motho o khotsofala haholo ha a hahamalla lintho tsa bohlokoa tsa moea. O ile a ngola a re: “Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.”—Moeklesia 12:13.

Se ngotsoeng ka Lentsoeng la Molimo, Bibele, ke sona seo ho ka thoeng ke letlotlo la bohlokoa ho feta khauta kapa silevera. (Liproverbia 16:16) E na le linnete tse tebileng tse batlang hore u li sibolle joalokaha u ne u tla sibolla mahakoe. Na u tla li batla u be u li rafe? (Liproverbia 2:1-6) ’Mōpi oa rōna, Mohloli oa lintho tsa ’nete tsa bohlokoa, o u khothalletsa hore u li batle, ’me o tla u thusa. Joang?

Jehova o fana ka linnete tsa bohlokoa ka Lentsoe la hae, ka moea oa hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. (Pesaleme ea 1:1-3; Esaia 48:17, 18; Matheu 24:45-47; 1 Bakorinthe 2:10) Ho hlahloba mahakoe ana a bohlokoahali a fumanehang seoelo, ho u fa monyetla oa ho khetha ka bohlale tsela e molemohali le e putsang ka ho fetisisa bophelong. ’Me ho khetha ho ke ke ha e-ba thata hobane Jehova, ’Mōpi oa rōna, o tseba seo re se hlokang hore re tle re thabe e le kannete.

Bibele e Khothalletsa Lintho Tsa Bohlokoahali

Keletso e tšepahalang e ka Bibeleng ea thusa ebile ha ho e tšoanang le eona. Litekanyetso tsa boitšoaro tseo e li buellang li khethehile. Keletso ea eona e molemo kamehla. E bonahetse ka nako e telele hore ke ea ’nete ebile ea thusa. Mehlala ea keletso e tšepahalang eo Bibele e fanang ka eona ke hore motho a sebetse ka thata, a tšepahale, a sebelise chelete ka bohlale le hore a qobe botsoa.—Liproverbia 6:6-8; 20:23; 31:16.

Tumellanong le sena, Jesu o ile a re: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe. Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe.”—Matheu 6:19, 20.

Temoso ena e nakong ea sebetsa kajeno feela joalokaha e ne e sebetsa lilemong tse fetileng tse 2 000. Ho e-na le ho phathahana ka ho lelekisa leruo, re ka rua molemo hona joale ka hore re hahamalle tsela e phahameng ea bophelo. Re ka thusoa ke ho bokella matlotlo a moea, a isang bophelong bo thabisang le bo khotsofatsang e le kannete. See re ka se etsa joang? Ka ho bala Lentsoe la Molimo, Bibele, le ka ho sebelisa seo e se rutang.

Lintho Tsa Bohlokoa Tsa Moea li na le Moputso

Lintho tsa bohlokoa tsa moea li re ruisa molemo ’meleng, maikutlong le moeeng, ha li sebelisoa ka nepo. Feela joalokaha lera la ozone le ka holimo haholo ho lefatše le re sireletsa mahlaseling a lematsang a letsatsi, melao-motheo e tšepahalang ea boitšoaro e re sireletsa ka ho pepesa liphello tse kotsi tsa lerato la lintho tse bonahalang. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola a re: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong. Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:9, 10.

Ho rata leruo ho hohela batho hore ba batle matlotlo a eketsehileng, maemo le bolaoli. Hangata, ho sebelisoa mekhoa ea bolotsana le ea ho se tšepahale hore ho finyelloe lipakane tsena. Ho hahamalla lintho tse bonahalang ho ka senyetsa motho nako, matla le tsebo. Motho a ka ba a hlobaela ka lebaka la hona. (Moeklesia 5:12) Ka sebele, ho labalabela lintho tse eketsehileng ho sitisa tsoelo-pele ea moea. Motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, e leng Jesu Kreste, o ile a totobatsa tsela e molemohali ha a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) O ne a tseba hore maruo a moea a fumantša meputso ea ka ho sa feleng ’me ke a bohlokoa haholo ho feta leruo la nakoana.—Luka 12:13-31.

Na ho Hlile ho Molemo?

Greg o sa ntse a hopola sena: “Batsoali ba ka ba ile ba leka ka thata ho nkholisa hore lintho tsa moea ha li na thuso. Leha ho le joalo, ke fumane khotso e fetisisang ea kelello ka ho hahamalla lipakane tsa moea hobane ha kea imeloa kelellong ka lebaka la ho hlōlisana le ba bang ka leruo.”

Lintho tsa bohlokoa tsa moea li boetse li etsa hore ho be le likamano tse ntle pakeng tsa batho. Metsoalle ea ’nete e u rata ka lebaka la seo u leng sona, eseng seo u nang le sona. Bibele ea eletsa: “Tloaelana le batho ba bohlale ’me u tla hlalefa.” (Liproverbia 13:20, Today’s English Version) Ho feta moo, lelapa le atlehisoa ka bohlale le ka lerato, eseng ka maruo.—Baefese 5:22–6:4.

Ha re tsoaloe re e-na le tsebo ea lintho tsa bohlokoa. Re lokela ho ithuta tsona ho lithaka tsa rōna kapa mohloling o mong o phahameng haholo. Ke ka lebaka leo thuto e thehiloeng Bibeleng e ka fetolang likelello tsa rōna ka ho feletseng mabapi le lintho tse bonahalang. Don, eo e kileng ea e-ba rabanka o re: “Ke ile ka thusoa hore ke nahane bocha hore na lintho tsa bohlokoa ho ’na ke life, eaba ke ithuta ho khotsofalla ho ba le lintho tse hlokahalang.”

Phehella Maruo a sa Feleng a Moea

Lintho tsa bohlokoa tsa moea li etsa hore re tsepamise mohopolo meputsong ea nako e telele, eseng ho khotsofaleng ha nakoana. Pauluse o ile a ngola a re: “Lintho tse bonoang [maruo] ke tsa nakoana, empa lintho tse sa bonoeng [tsa moea] ke tsa ka ho sa feleng.” (2 Bakorinthe 4:18) Ke ’nete hore ho hahamalla lintho tse bonahalang ho ka khotsofatsa litakatso tsa nakoana, empa meharo e ke ke ea atlehisa motho ka ho sa feleng. Lintho tsa bohlokoa moeeng ke tsa ka ho sa feleng.—Liproverbia 11:4; 1 Bakorinthe 6:9, 10.

Bibele e nyatsa ho lelekisa leruo ho atileng haholo mehleng ena. E re ruta kamoo re ka thibelang takatso ea boithati ka ho boloka mahlo a rōna a talimile nģa e le ’ngoe, a shebile linthong tsa bohlokoa haholo, e leng maruo a moea. (Bafilipi 1:10) E totobatsa hore meharo ke ho ithapela. Re thaba haholo ha re ntse re sebelisa seo re ithutang sona Lentsoeng la Molimo. Ha re nahane ka ho fuoa empa re nahana ka ho fana. Ena ke tšusumetso e matla hakaakang ea ho nkela boikhotsofatso sebaka ka lintho tsa bohlokoa tsa moea!

Ke ’nete hore chelete e ka sireletsa motho ka tekanyo e itseng. (Moeklesia 7:12) Empa ka botšepehi Bibele e re: “Chelete ea hao e ka nyamela ka ho panya ha leihlo, joalokaha eka e metse mapheo eaba e fofa joaloka ntsu.” (Liproverbia 23:5, TEV) Batho ba tetse lintho tsa bohlokoa—e leng bophelo bo botle ba ’mele, malapa, esita le matsoalo a hloekileng, lebitsong la maruo a eketsehileng—’me liphello li bile bohloko. Ka lehlakoreng le leng, ho ananela lintho tsa moea ho khotsofatsa litlhoko tsa rōna tsa bohlokoa ka ho fetisisa—e leng ho ratoa, ho ba le morero le ho rapela Jehova, Molimo ea lerato. Ho boetse ho re bontša tsela e isang bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise la batho ba phethahetseng—e leng tšepo eo Molimo a e tekileng ka pel’a rōna.

Haufinyane lefatšeng le lecha la Molimo, moloko oa batho o tla bona ka ho feletseng nala eo o e lakatsang. (Pesaleme ea 145:16) Nakong eo, lefatše lohle le tla “tlala tsebo ea Jehova.” (Esaia 11:9) Lintho tsa bohlokoa tsa moea li tla atleha. Lerato la lintho tse bonahalang le mahlomola ao le a bakang le tla fela tu! (2 Petrose 3:13) Joale, lintho tse etsang hore bophelo ba rōna e be bo khotsofatsang haholo—e leng ho phela hantle ’meleng, mosebetsi o khotsofatsang, boikhathollo bo molemo, likamano tse mofuthu tsa lelapa le botsoalle ba ka ho sa feleng le Molimo—li tla tlisetsa moloko oa batho thabo ea ’nete ea ka ho sa feleng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Sebelisa Chelete ea Hao ka Bohlale!

Tseba litlhoko tsa hao. Jesu o ile a re ruta hore re rapele tjena: “Re fe bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi ho ea ka tlhokahalo ea letsatsi.” (Luka 11:3) U se ke ua nka hore lintho tseo u li batlang hona joale e tla ba lintho tseo u tla li hloka ka moso. U hopole hore bophelo ba hao ha bo tsoe linthong tseo u nang le tsona.—Luka 12:16-21.

Etsa moralo oa tšebeliso ea chelete. U se ke ua itloaetsa ho reka ntle ho morero. Bibele e re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Jesu o ile a eletsa bamameli ba hae hore ba bale litšenyehelo pele ba qala mosebetsi ofe kapa ofe o etsoang ka chelete.—Luka 14:28-30.

Qoba sekoloto se sa hlokahaleng. Moo ho khonehang, beha chelete ea ho reka ho e-na le ho reka ka sekoloto. Maele a re: “Ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.” (Liproverbia 22:7) Ha u itšoara ’me u sebelisa chelete eo u nang le eona, u ka ba ua atleha ho lokisetsa ho reka lintho tse khōlō.

Qoba tšenyo. Hlokomela seo u nang le sona hantle e le hore se tšoarelle, kahoo u qobe tšenyo. Jesu o ile a bontša tlhokomelo e loketseng mabapi le seo a neng a se sebelisa.—Johanne 6:10-13.

Beha lintho tsa pele sebakeng sa pele. Motho ea bohlale o tla ‘reka nako’ ea ho hahamalla lipakane tsa bohlokoa haholo.—Baefese 5:15, 16.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho na le Tsela e Molemo ho Feta ho Ithuta ka Phihlelo

Re ka ithuta lintho tsa bohlokoa liphihlelong tsa rōna—ebang li monate kapa li bohloko. Empa, na ke ’nete hore joalokaha ho boleloa, ho tseba tsietsi ke ho feta pel’a eona? Che, ho na le mohloli oa tataiso o phahameng ka ho fetisisa. Mopesaleme o ile a o qoolla ka lebitso ha a ne a rapela a re: “Lentsoe la hao ke lebone la leoto la ka, ke leseli tseleng ea ka.”—Pesaleme ea 119:105.

Ke hobane’ng ha ho ithuta ka taeo e tsoang ho Molimo ho le molemo haholo ho feta ho ithuta ka phihlelo? Lebaka le leng ke hore, ho ithuta ka phihlelo feela—e leng ho ithuta ka ho leka sena le sane—ho ka u kenya litšenyehelong ha ba ha e-ba bohloko. Ebile ha ho hlokahale. Molimo o ile a re ho Baiseraele ba boholo-holo: “Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:18.

Lebaka le leng leo ka lona Lentsoe la Molimo e leng mohloli o babatsehang oa taeo ke hore le na le tlaleho ea khale haholo le e nepahetseng haholo ea liphihlelo tsa batho. Mohlomong ua hlokomela hore ho ithuta ntle ho mathata ka katleho le liphoso tsa batho ba bang ho molemo ho feta ho pheta liphoso tsa bona. (1 Bakorinthe 10:6-11) Habohlokoa le ho feta ke hore Molimo o sebelisa Bibele ho re hlomella ka melao e phahameng haholo le melao-motheo e tataisang e tšepahalang ka ho feletseng. “Molao oa Jehova o phethahetse . . . Khopotso ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang phihlelo.” (Pesaleme ea 19:7) Ka sebele, ho ithuta bohlaleng ba ’Mōpi oa rōna ea lerato ke tsela e molemohali ea ho ithuta.

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Lefatše le batla hore u phelele lintho tse bonahalang joaloka lona

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Se ngotsoeng ka Bibeleng, ke sona seo ho ka thoeng ke letlotlo la bohlokoa ho feta khauta kapa silevera