Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tšepa Tlhokomelo ea Jehova e Lerato

Ho Tšepa Tlhokomelo ea Jehova e Lerato

Pale ea Bophelo

Ho Tšepa Tlhokomelo ea Jehova e Lerato

JOALOKAHA HO BOLETSE ANNA DENZ TURPIN

’Mè o ile a khotsa a bososela a re: “Kamehla u lula u botsa hore na HOBANE’NG!” Ha ke sa le ngoananyana, ke ne ke lula ke emelletse batsoali ba ka ka lipotso. Empa ha ho mohla ’Mè le Ntate ba kileng ba nkomanyetsa bohelehele ba ka ba bongoana. Ho e-na le hoo, ba ile ba nthuta ho beha mabaka le ho iketsetsa liqeto tse thehiloeng letsoalong le koetlisitsoeng ke Bibele. Koetliso eo e bile ea bohlokoa hakaakang! Ka letsatsi le leng ha ke le lilemo li 14, Manazi a ile a nkarohanya le batsoali ba ka ba ratehang, ’me ha kea ka ka hlola ke sa ba bona.

NTATE oa ka, Oskar Denz, le ’mè oa ka, Anna Maria, ba ne ba lula Lörrach, e leng motse oa Jeremane o haufi le moeli oa Switzerland. Ha ba sa le bacha, ba ne ba le mafolofolo lipolotiking, ’me ba ne ba tsejoa ebile ba hlomphuoa ke batho sechabeng. Empa ka 1922, nakoana ka mor’a hore ba nyalane, batsoali ba ka ba ile ba fetola pono ea bona ka lipolotiki le ka sepheo sa bona bophelong. ’Mè o ile a qala ho ithuta Bibele le Liithuti Tsa Bibele, joalokaha Lipaki Tsa Jehova li ne li bitsoa joalo nakong eo, ’me o ile a hlolloa ha a ithuta hore ’Muso oa Molimo o tla tlisa khotso lefatšeng. Kapele-pele Ntate o ile a ithuta hammoho le ’Mè, ’me ba qalisa ho ea libokeng tsa Liithuti Tsa Bibele. Ka Keresemese selemong seo, Ntate o bile a fa ’Mè buka ea ho ithuta Bibele e bitsoang The Harp of God. Ke hlahile ka la 25 March, 1923, ke le ngoana ea mong feela lapeng.

Ke hopola lintho tse thabisang haholo ka bophelo ba lelapa leso—hlabula ha re ne re hahlaula lithabeng tse tletseng meru tse khutsitseng tsa Schwarzwald le ha ’Mè a ne a nthuta ho etsa mesebetsi ea lapeng! Ekare kea mo bona ha a eme ka kichineng a ruta moralinyana oa hae ho pheha. Habohlokoa ka ho fetisisa ke hore batsoali ba ka ba nthutile ho rata Jehova Molimo le ho mo tšepa.

Phutheho ea heso e ne e e-na le baboleli ba ’Muso ba mafolofolo ba ka bang 40. Batsoali ba ka ba ne ba e-na le neo e khethehileng ea ho bula menyetla ea ho bua ka ’Muso. Ka lebaka la mesebetsi eo pele ba neng ba e etsa sechabeng, ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le ba bang, ’me batho ba ne ba ba amohela hantle. Ha ke le lilemo li supileng, le ’na ke ne ke batla ho bolela ka ntlo le ntlo. Letsatsing la ka la pele, motho eo ke neng ke tsamaea le eena o ile a mpha lingoliloeng li se kae, a ntšupisa ntlo, eaba o re feela, “Tsam’o bona hore na ba ka li thabela.” Ka 1931, re ile ra ea kopanong ea Liithuti Tsa Bibele Basel, Switzerland. Ke hona moo batsoali ba ka ba ileng ba kolobetsoa teng.

Ho Tloha Meferefereng ho ea Pusong ea Khatello

Ho ne ho e-na le meferefere e mengata Jeremane matsatsing ao, ’me mekha e sa tšoaneng ea lipolotiki e ne e loantšana ka mabifi literateng. Ka bosiu bo bong, ke ile ka tsosoa ke lerata le hlahang ntlong ea moahelani. Bashanyana ba babeli ba lilemong tse ka tlaase ho 20 ba ile ba bolaea moholoane oa bona ka fereko e khōlō ea lehola kahobane ba ne ba sa lumellane le maikutlo a hae ka lipolotiki. Ho hloea Bajuda le hona ho ile ha ipha matla. Sekolong ngoananyana e mong o ile a tlameha ho ema hukung ea tlelase a le mong hobane feela e ne e le Mojuda. Ke ne ke mo utloetse bohloko haholo, ke sa tsebe hore haufinyane ke ne ke tla ikutloela ka bonna hore na ho khetholloa ke ntho e joang.

Ka la 30 January, 1933, Adolf Hitler e ile ea e-ba tona-khōlō ea Jeremane. Re le bohōle ba mehaho e ka bang ’meli, re ile ra shebella ha ka tlhōlo Manazi a hloma lifolakha tsa swastika holim’a mohaho oa tsamaiso ea motse. Sekolong tichere ea rōna e chesehang e ile ea re ruta tumeliso ea “Heil Hitler!” Thapameng eo ke ile ka bolella Ntate ka taba eo. O ile a tšoenyeha. Eaba o re: “Ha ke rate seo. ‘Heil’ e bolela poloko. Haeba re re ‘Heil Hitler!’, seo se ne se tla bolela hore re re ke eena ea tla re fa poloko eseng Jehova. Ha ke nahane hore ho nepahetse, empa u ka iketsetsa qeto ka seo u lokelang ho se etsa.”

Bana bao ke kenang sekolo le bona ba ile ba qala ho nkhesa hobane ke ne ke entse qeto ea ho se thoholetse Hitler. Bashanyana ba bang ba ne ba bile ba nkotla ha matichere a sa bone. Qetellong ba ile ba ntlohela, empa esita le metsoalle ea ka e ile ea mpolella hore bo-ntate ba eona ba ne ba e hanela ho bapala le ’na. Ke ne ke le kotsi haholo.

Likhoeli tse peli ka mor’a hore Manazi a nke puso Jeremane, a ile a thibela Lipaki Tsa Jehova a re li kotsi ho ’Muso. Masole a sehlōhō a Manazi a ile a koala ofisi e Magdeburg ’me a thibela liboka tsa rōna. Empa kaha re ne re lula haufi le moeli, Ntate o ile a re fumanela mangolo a tumello a hore re tšelele Basel, moo re neng re ea libokeng teng ka Sontaha. Hangata o ne a re o lakatsa eka barab’abo rōna ba Jeremane ba ne ba ka fumana lijo tse joalo tsa moea ho ba thusa hore ba tobane le bokamoso ka sebete.

Maeto a Kotsi a ho Otlolla Maoto

Ka mor’a hore ofisi e Magdeburg e koaloe, Julius Riffel, eo pele a neng a sebetsa ofising eo, o ile a tla Lörrach, motseng oa habo, ho tla hlophisa mosebetsi oa ho bolela o etsoang ka sekhukhu. Kapele-pele Ntate o ile a re o tla thusa. O ile a re lulisa fatše ’na le ’Mè eaba o hlalosa hore o lumetse hore o tla thusa ho tlisa lingoliloeng tsa Bibele Jeremane li tsoa Switzerland. O ile a re seo se ne se tla ba kotsi haholo le hore o ne a ka ’na a tšoaroa neng kapa neng. O ne a sa batle hore re ikutloe re tlamehile ho kenella ho seo kahobane ho ne ho tla ba kotsi le ho rōna ka ho tšoanang. Hang feela, ’Mè o ile a re, “Ke tla u thusa.” Ka bobeli ba ncheba, eaba ke re, “Le ’na ke tla u thusa!”

’Mè o ile a etsa mokotla o lohiloeng ka koroche o batlang o lekana le makasine ea Molula-Qhooa. O ne a tšela lingoliloeng ka lesoba le lehlakoreng la mokotla oo ebe o koahela lesoba leo ka ho le lohella ka koroche. O ne a entse lipokotho tsa lekunutu liaparong tsa Ntate le lik’hosete tse peli tseo ’na le eena re neng re li sebelisa ka masene ho nka lingoliloeng tse nyenyane tse thusang ho ithuta Bibele. Nako le nako ha re ne re atleha ho tlisa letlotlo la rōna la lekunutu lapeng, ho ne ho re kokololo! ebe re leboha Jehova. Re ne re pata lingoliloeng ka kamoreng ea rōna e tlas’a marulelo.

Qalong, Manazi a ne a sa re belaelle ka letho. A ne a sa re botse letho kapa hona ho hlahloba lehae la rōna. Leha ho le joalo, re ile ra etsa qeto ea ho ba le nomoro ea sephiri eo re neng re tla e sebelisetsa ho lemosa barab’abo rōna ba moea ha bothata bo le teng—4711, e leng lebitso la setlolo se nkhang hamonate se tummeng. Haeba ho ne ho le kotsi hore ba tle ntlong, re ne re ba lemosa—re sebelisa nomoro eo ka tsela e itseng. Hape Ntate o ne a ba boleletse hore pele ba kena mohahong moo ba shebe holimo lifensetereng tsa kamore ea rōna ea ho phomola. Haeba fensetere e ka lehlakoreng le letšehali e butsoe, ho ne ho bolela hore bothata bo teng, ’me ba lokela hore ba itlheke.

Ka 1936 le 1937, Magestapo a ile a tšoara batho ba bangata ’me a isa Lipaki tse likete literonkong le likampong tsa mahloriso, moo li ileng tsa tšoaroa ka tsela e sehlōhō le e khopo ka ho fetisisa. Ofisi ea lekala e Bern, Switzerland, e ile ea qala ho bokella litlaleho tsa se etsahalang likampong tseo, ho kopanyelletsa le litlaleho tse ileng tsa ntšoa ka sekhukhu hona likampong moo, tse ileng tsa hlophisoa ’me tsa hatisoa bukeng e bitsoang Kreuzzug gegen das Christentum (Tlhaselo ea Bokreste), e pepesang liketso tse sehlōhō tsa Manazi. Re ne re etsa mosebetsi o kotsi oa ho tšela moeli re isa litlaleho tseo tsa lekunutu Basel. Haeba Manazi a ne a ka re fumana re nkile litokomane tseo tse thibetsoeng ka molao, re ne re tla koalloa teronkong ka ho panya ha leihlo. Ke ne ke lla ha ke ntse ke bala kamoo barab’abo rōna ba neng ba hlokofatsoa kateng. Leha ho le joalo, ke ne ke sa tšoha. Ke ne ke tšepile hore Jehova le batsoali ba ka, e leng metsoalle ea ka ea e meholo, ba ne ba tla ntlhokomela.

Ke ile ka qeta sekolong ha ke le lilemo li 14 eaba ke sebetsa ke le tlelereke lebenkeleng le rekisang thepa ea ho sebetsa. Hangata re ne re nka maeto a ho lata lingoliloeng thapama ka Moqebelo kapa Sontaha, ha Ntate a se mosebetsing. Hangata, re ne re e-ea ka mor’a libeke tse peli. Re ne re shebahala joaloka lelapa leha e le lefe feela le neng le otlolla maoto ka mafelo-beke, ’me ka lilemo tse ka bang ’nè balebeli ba moeling moo ha baa ka ba re emisa kapa ho leka ho hlahloba thepa ea rōna—ho fihlela ka letsatsi le leng ka February 1938.

Rea Fumanoa!

Ha ke sa tla lebala kamoo Ntate a neng a shebahala kateng mahlong ha re fihla sebakeng seo re neng re nka lingoliloeng ho sona haufi le Basel ’me re bona moqeqeko oa lingoliloeng o neng o re emetse. Kaha lelapa le leng le neng le lata lingoliloeng le ne le tšoeroe, ho ne ho e-na le libuka tse ngata haholo tseo re lokelang ho li nka. Ha re le moeling, mosebeletsi e mong oa lekhetho o ile a re sheba ka mokhoa o bontšang ho belaela eaba o laela hore thepa ea rōna e hlahlojoe. Ha a fumana libuka tseo, o ile a re qhoba a re supile ka sethunya ho re isa likoloing tsa mapolesa tse seng li ntse li eme. Ha mapolesa ao a tsamaea le rōna ka koloi, Ntate o ile a ntšoara ka letsoho a ntiisitse eaba oa hoeshetsa o re: “U se ke ua ba lehlabaphio. U se ke ua eka mang kapa mang!” Ke ile ka mo tiisetsa ka hore: “Nke ke.” Ha re fihla Lörrach, a ile a tsamaea le ntate oa ka ea ratehang. Ke ile ka mo bona la ho qetela ha a ne a koalloa teronkong.

Banna ba bane ba Magestapo ba ile ba ntlhoma lipotso ka lihora tse ’nè, ba batla hore ke ba bolelle mabitso le liaterese tsa Lipaki tse ling. Ha ke hana, e mong oa bona o ile a halefa eaba o soka ka hore, “Re na le mekhoa e meng eo re ka etsang hore u ntše litaba ka eona!” Ha kea ka ka bolela letho. Eaba ’na le ’Mè ba re khutlisetsa ntlong eso, eo ba ileng ba e phenyekolla ka lekhetlo la pele. Ba ile ba isa ’Mè litlamong ’me ’na ba nthomela ho ausi oa ’mè oa ka ’me ba mo fa tokelo ea molao ea ho ntlhokomela, ba sa tsebe hore le eena e ne e le Paki. Le hoja ke ne ke lumeletsoe ho ea mosebetsing, banna bao ba bane ba Magestapo ba ne ba lula ba pakile koloi ka pel’a ntlo ba mpehile leihlo hohle moo ke eang teng, ha lepolesa le leng lona le ntse le lebetse seterateng moo.

Matsatsi a se makae hamorao ka nako ea lijo tsa motšehare, ke ile ka tsoa ka tlung eaba ke bona morali’abo rōna e mocha a tla a lebile ho ’na ka baesekele. Ha a ntse a atamela, ke ile ka bona hore o tl’o nkakhela pampirinyana. Hang ha ke qeta ho e nka, ke ile ka hetla ho sheba hore na Magestapo a ne a bone seo ke se entseng. Ho makatsang ke hore, motsotsong oona oo, kaofela ha ’ona a ne a hasane ke litšeho hoo a neng a bile a qethohile!

Molaetsa oa morali eo oabo rōna o ne o ntaela hore har’a mpa ea motšehare ke ee habo. Empa kaha Magestapo a ne a mpehile leihlo, ke joang ke neng nka beha batsoali ba hae kotsing ea hore ba tšoaroe? Ke ile ka sheba mapolesa ao a mane a Magestapo a neng a le ka koloing eaba ke sheba le lepolesa lane le ntseng le ea holimo le tlaase seterateng. Ke ne ke sa tsebe hore na ke etse eng, eaba ke rapela ka tieo hore Jehova a nthuse. Ka tšohanyetso, lepolesa leo le ile la ea koloing ea Magestapo ’me la bua le ’ona. Eaba le kena ka koloing ea ’ona, ’me ba tsamaea!

Nakong eona eo, ke ha ausi oa ’mè oa ka a hlaha hukung ea ntlo. E ne e se e le ka mor’a 12 motšehare o moholo. O ile a bala molaetsa oo ’me a nahana hore re lokela ho ea lelapeng leo joalokaha ho ne ho laetsoe, a hakanya hore barab’abo rōna ba ne ba lokiselitse ho nkisa Switzerland. Ha re fihla moo, lelapa leo le ile la ntsebisa monna e mong eo ke neng ke sa mo tsebe, Heinrich Reiff. O ile a mpolella hore o thabetse hore ebe ke fihlile moo ke ntse ke bolokehile le hore o ne a tletse ho tla nthusa hore ke balehele Switzerland. O ile a mpolella hore re kopane morung ka mor’a halofo ea hora.

Bophelo Naheng eo ke Balehetseng ho Eona

Ke ile ka seka meokho ha ke kopana le Mor’abo rōna Reiff, ke sithabetse habohloko ha ke nahana ho siea batsoali ba ka. Sena sohle se ne se etsahetse ka potlako. Ka mor’a ho tšoenyeha ho se hokae, re ile ra itsoakanya le sehlopha sa bahahlauli eaba re tšela moeli oa Switzerland re bolokehile.

Ha ke fihla ofising ea lekala e Bern, ke ile ka hlokomela hore barab’eso ba moo ke bona ba neng ba lokiselitse hore ke balehisoe. Ka mosa ba ile ba mpha sebaka seo nka lulang ho sona. Ke ne ke sebetsa kichineng, e leng hoo ke neng ke ho thabela haholo. Empa ho ne ho le boima hakaakang ho ba palehong, ke sa tsebe hore na ho ne ho tla etsahala eng ka batsoali ba ka, bao ka bobeli ba neng ba ahloletsoe ho hlola lilemo tse peli teronkong! Ka linako tse ling ke ne ke apareloa ke mesarelo le matšoenyeho haholo, ’me ke ne ke ikoalla ka ntloaneng ebe kea lla. Empa ke ne ke ngollana le batsoali ba ka kamehla, ’me ba ne ba nkhothatsa hore ke lule ke tšepahala.

Ke susumelitsoe ke mohlala oa tumelo oa batsoali ba ka, ke ile ka inehela ho Jehova ’me ka kolobetsoa ka la 25 July, 1938. Ka mor’a ho qeta selemo ke le Bethele, ke ile ka ea sebetsa Chanélaz, polasing e neng e rekiloe ke lekala la Switzerland hore ho hlokomeloe lelapa la Bethele ka lijo le ho fana ka bolulo ho barab’abo rōna ba neng ba balehela tlhoriso.

Ha nako ea hore batsoali ba ka ba tsoe teronkong e fihla ka 1940, Manazi a ile a ba fa monyetla oa ho lokoloha hafeela ba ne ba ka koenehela tumelo ea bona. Ba ile ba lula ba tiile, kahoo ba isoa likampong tsa mahloriso, Ntate a leba Dachau, ’Mè eena a ea Ravensbrück. Mariha ka 1941, ’Mè le Lipaki tse ling tsa basali kampong eo ba ile ba hana ho sebeletsa sesole. E le ho ba fa kotlo, ba ile ba emisoa serameng ka matsatsi a mararo le masiu a mararo, eaba ka mor’a moo ba koalloa ka liseleng tse lefifi ’me ba bolaisoa tlala ka ho fuoa lijo tse nyenyane ka matsatsi a 40. Eaba joale baa shapuoa. ’Mè o ile a shoa ka la 31 January, 1942, libeke tse tharo ka mor’a hore a otloe ka sehlōhō.

Ntate o ile a tlosoa Dachau a isoa Mauthausen, Austria. Kampong ena Manazi a ne a bolaea batšoaruoa ka ho latellana ka hore ba ba bolaise tlala le ho ba sebelisa ka thata. Empa likhoeli tse tšeletseng ka mor’a hore ’Mè a hlokahale, Manazi a ile a bolaea Ntate ka mokhoa o mong o fapaneng—e leng oa ho etsa liteko tsa meriana. Lingaka tsa kampong eo li ne li tšoaetsa batho lefuba ka boomo e le mokhoa oa ho etsa liteko tsa meriana. Ka mor’a moo, batšoaruoa ba ne ba entoa pelong ka ente e bolaeang. Litlaleho tsa ba boholong li bolela hore Ntate o ile a bolaoa ke “mosifa o fokolang oa pelo.” O ne a le lilemo li 43. Ke ile ka tseba ho se ho fetile likhoeli hore ba bolailoe ka sehlōhō. Ha ke hopola batsoali ba ka ba ratehang ke sa ntse ke sekisa meokho. Leha ho le joalo, ka nako eo, ke ile ka tšelisoa ke ho tseba hore ’Mè le Ntate, ba neng ba e-na le tšepo ea ho phela leholimong, ba bolokehile matsohong a Jehova ’me hoo ho ntse ho ntšelisa le joale.

Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ke ile ka ba le tokelo ea ho kena sehlopheng sa bo11 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, New York. E bile ho thabisang hakaakang ho tšoareha ka ho teba thutong ea Mangolo ka likhoeli tse hlano! Ha ke qeta ho fumana lengolo ka 1948, ke ile ka romeloa Switzerland ho ea sebeletsa ke le moromuoa. Kapele ka mor’a moo ke ile ka kopana le James L. Turpin, e leng mor’abo rōna ea tšepahalang ea neng a fumane lengolo sehlopheng sa bohlano sa Gileade. Ha ho ne ho hlongoa ofisi ea pele ea lekala Turkey, o ile a sebeletsa e le molebeli oa eona. Re ile ra nyalana ka March 1951, ’me kapele ka mor’a moo re ile ra hlokomela hore re tl’o ba le ngoana! Re ile ra fallela United States ’me ra amohela moralinyana oa rōna Marlene lefatšeng ka December.

Ho theosa le lilemo, ’na le Jim re ’nile ra fumana thabo e khōlō tšebeletsong ea rōna ea ’Muso. Ke sa hopola ka thabo seithuti se seng sa Bibele, moroetsana oa Lechaena ea bitsoang Penny, ea neng a rata ho ithuta Bibele haholo. O ile a kolobetsoa ’me hamorao a nyalana le Guy Pierce, eo hona joale a sebeletsang e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Batho ba ratehang joalo ba thusitse ho koala sekheo se bakiloeng ke ho hlokahalloa ke batsoali.

Mathoasong a 2004, barab’abo rōna ba Lörrach, e leng motse oo batsoali ba ka ba neng ba lula ho oona, ba ile ba haha Holo e ncha ea ’Muso Seterateng sa Stich. E le ho ananela seo Lipaki Tsa Jehova li neng li se entse, lekhotla la motse le ile la etsa qeto ea ho reha bocha seterata seo hore e be Denzstraße (Seterata sa Denz) e le ho hlompha batsoali ba ka. Koranta ea sebakeng seo, Badische Zeitung, sehloohong sa eona se reng “Ho Hopola Banyalani ba ha Denz ba Ileng ba Bolaoa ka Sehlōhō: Lebitso le Lecha la Seterata,” e ile ea bolela hore batsoali ba ka “ba ile ba bolaoa ka sehlōhō kampong ea mahloriso nakong ea Puso ea Bonazi ka lebaka la tumelo ea bona.” Ho ’na, khato eo e nkiloeng ke lekhotla la motse e ne e le phetoho e sa lebelloang empa e le e thabisang ka ho fetisisa.

Ntate o ne a atisa ho re re lokela ho itokisa esale pele joalokaha eka Armagedone e ke ke ea tla bophelong ba rōna empa re phele joalokaha eka e tla tla hosasane—e leng keletso ea bohlokoa eo ke ’nileng ka leka ho e sebelisa. Hase kamehla ho leng bonolo hore ke lule ke e-na le mamello le tebello e nang le tabatabelo, haholo-holo kahobane ha ke sa khona ho tloha lapeng ka lebaka la mathata a botsofali. Empa leha ho le joalo, ha ho mohla nkileng ka belaella tšepiso ea Jehova ho bahlanka bohle ba hae ba tšepahalang e reng: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle . . . U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]

MANTSOE A KHALE A BOHLOKOA

Mosali e mong oa motseng o thōkonyana o ile a etela Lörrach lilemong tsa bo-1980. Nakong eo, batho ba motse ba ne ba tlisa lintho tsa bona tseo ba sa li rateng lepatlelong moo ba bang ba neng ba ka phenyekolla ’me ba inkela seo ba se ratang. Mosali enoa o ile a fumana lebokose le tšetseng lintho tsa ho rōka eaba o ea lapeng ka lona. Hamorao, o ile a fumana lifoto tsa ngoananyana le mangolo a neng a ngoletsoe thepeng ea ho ngolla ea likampong tsa mahloriso li le ka tlaase-tlaase ka lebokoseng leo. Mosali eo o ile a thahasella mangolo ao haholo ’me a ipotsa hore na ebe ngoananyana eo ea neng a lohile hloohong ke mang.

Ka letsatsi le leng ka 2000, mosali eo o ile a bona sehlooho koranteng se buang ka pontšo ea lintho tsa histori Lörrach. Sehlooho seo se ne se hlalosa histori ea Lipaki Tsa Jehova mehleng ea Manazi, ho akarelletsa le lelapa leso. Se ne se e-na le lifoto tsa ka tsa ha ke sa le mocha. Ha a bona kamoo li neng li tšoana kateng, mosali eo o ile a ikopanya le mongoli oa koranta eo ’me a mo bolella ka mangolo ao—kaofela a le 42! Libeke tse ’maloa hamorao, ke ile ka fumana mangolo ao. Mangolo ao a ne a hlile a ngotsoe ke batsoali ba ka, ’me kamehla ba ne ba botsa ausi oa ’mè oa ka hore na ke phela joang. Ha ho mohla ba kileng ba khaotsa ho ameha ka ’na ka lerato. Ke ho hlollang hore ebe mangolo ao a ile a phonyoha ’me a hlaha hape ka mor’a lilemo tse fetang 60!

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Lelapa leso le thabileng le ile la arohana ha Hitler a qala ho busa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Hitler: U.S. Army photo

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

1. Ofisi e Magdeburg

2. Magestapo a ile a tšoara Lipaki tse likete

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

’Na le Jim re fumane thabo e khōlō tšebeletsong ea rōna ea ’Muso