Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Joshua

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Joshua

Lentsoe la Jehova Lea Phela

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Joshua

HA Baiseraele ba hlomme liahelo Lithoteng tsa Moabe ka 1473 B.C.E., e tlameha ebe baa hlolloa ha ba utloa mantsoe ana: “Itokisetseng mefaho, hobane matsatsi a mararo ho tloha joale le tla tšela Jordane ena ho kena le ho rua naha eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona hore le e rue.” (Joshua 1:11) Leeto la bona la lilemo tse 40 lefeelleng le haufi le ho fela.

Lilemo tse ka holimonyana ho tse mashome a mabeli hamorao, moeta-pele Joshua o ema ka har’a naha ea Kanana ’me o phatlalatsa sena ho banna ba baholo ba Iseraele: “Bonang, ke le abetse lichaba tsena tse setseng ka lotho e le lefa bakeng sa meloko ea lōna, le lichaba tsohle tseo ke li felisitseng, ho tloha Jordane ho ea Leoatleng le Leholo bophirima-tsatsi. Jehova Molimo oa lōna ke eena ea neng a li sutumelletsa hōle ho tloha ka pel’a lōna, ’me a li leleka ka lebaka la lōna, ’me la rua naha ea tsona, feela joalokaha Jehova Molimo oa lōna a ne a le tšepisitse.”—Joshua 23:4, 5.

Buka ea Joshua, eo a e ngotseng ka 1450 B.C.E., ke tlaleho e susumetsang ea histori ea se etsahetseng ka lilemo tseo tse 22. Kaha re lintšing tsa lefatše le lecha le tšepisitsoeng, boemo ba rōna bo tšoana le ba bara bao ba Iseraele ba neng ba itokiselitse ho rua Naha e Tšepisitsoeng. Joale, ka thahasello e khōlō a re hlahlobeng buka ea Joshua.—Baheberu 4:12.

“LITHOTENG TSA LEHOATATA TSA JERIKO”

(Joshua 1:1–5:15)

Joshua o amohela kabelo ea bohlokoa hakaakang ha Jehova a re ho eena: “Mohlanka oa ka Moshe o shoele; joale ema, u tšele Jordane ena, uena le sechaba sena sohle, le kene naheng eo ke se fang eona, bara ba Iseraele”! (Joshua 1:2) Kabelo ea Joshua ke hore a etelle pele sechaba sa batho ba limilione tse ’maloa hore se kene Naheng e Tšepisitsoeng. E le ho itokisetsa seo, o romela lihloela tse peli Jeriko—e leng motse o lokelang ho haptjoa pele. Rahaba oa seotsoa, ea utloetseng ka mesebetsi e matla eo Jehova a e etselitseng sechaba sa hae, o lula motseng oo. O sireletsa lihloela tseo ebile oa li thusa ’me tsona li mo tšepisa hore o tla sireletseha.

Ha lihloela tseo li khutla, Joshua le sechaba ba itokiselitse ho tsoela pele esita le ho tšela Jordane. Le hoja nōka e jele litlhokoa, ha e ba bakele tšitiso ea letho, kaha Jehova o emisa metsi a nōka a theohang holimo ’me o etsa hore metsi a tlaase a phallele ka Leoatleng le Shoeleng. Ka mor’a hore Baiseraele ba tšele Jordane, ba hloma liahelo Gilgale, haufi le Jeriko. Matsatsi a mane hamorao, mantsiboea ka la 14 Abibe, ba tšoara mokete oa Paseka lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko. (Joshua 5:10) Ka letsatsi le latelang ba qala ho ja lihlahisoa tse ling tsa naha eo, ’me tokisetso ea manna ea emisa. Nakong ena, Joshua o bolotsa bohle ba batona ba hlahetseng lefeelleng.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

2:4, 5—Ke hobane’ng ha Rahaba a thetsa banna ba morena ba ntseng ba batla lihloela? Rahaba o sireletsa lihloela ka ho beha bophelo ba hae kotsing hobane o se a e-na le tumelo ho Jehova. Ka hona, ha a tlangoe ke letho ho bolella banna bao ba batlang ho lematsa batho ba Molimo hore na lihloela li hokae. (Matheu 7:6; 21:23-27; Johanne 7:3-10) Ha e le hantle, Rahaba o ile a “boleloa hore o lokile ka mesebetsi,” e akarelletsang ho lahla manģosa ao a morena.—Jakobo 2:24-26.

5:14, 15—“Khosana ea lebotho la Jehova” ke mang? Ho ka etsahala hore ebe khosana e tlang ho tla matlafatsa Joshua ha Naha e Tšepisitsoeng e qala ho haptjoa ke “Lentsoe”—Jesu Kreste, boemong ba hae ba pele e e-ba motho oa nama. (Johanne 1:1; Daniele 10:13) Ke ho matlafatsang hakaakang ho kholiseha hore Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o na le batho ba Molimo kajeno ha ba ntse ba loana ntoa ea moea!

Seo re Ithutang Sona:

1:7-9. Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, ho thuisa kamehla ka seo e se bolelang le ho sebelisa seo re ithutang sona ke habohlokoa e le hore re atlehe mesebetsing ea moea.

1:11. Joshua o bolella sechaba hore se itokisetse mefaho ’me se se ke sa lula se sa etse letho se emetse ho khaketsoa ke Molimo. Keletso ea Jesu ea hore re khaotse ho tšoenyeha ka lintho tse hlokahalang bophelong, hammoho le tšepiso ea hae ea hore “lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa,” ha e bolele hore ebe re se re raha qhebelele re sa etse matsapa a ho iphelisa.—Matheu 6:25, 33.

2:4-13. Ka mor’a ho utloela ka liketso tse khōlō tsa Jehova le ho hlokomela hore nako e ne e le mahlonoko, Rahaba o etsa qeto ea ho ema le barapeli ba Jehova. Haeba u ’nile ua ithuta Bibele ka nako e itseng ’me ua hlokomela hore re phela “matsatsing a ho qetela,” na ha ua lokela ho etsa qeto ea ho sebeletsa Molimo?—2 Timothea 3:1.

3:15. Kaha lihloela tse neng li rometsoe Jeriko li fana ka tlaleho e ntle, Joshua o nka khato kapele, a sa emele hore metsi a Jordane a fokotsehe. Re tlameha ho nka khato ka sebete mabapi le liketso tse amang borapeli ba ’nete, ho e-na le ho lieha ho fihlela ho bonahala eka maemo a se a lokile.

4:4-8, 20-24. Majoe a 12 a nkiloeng ka nōkeng ea Jordane e lokela ho ba sehopotso ho Iseraele. Liketso tsa Jehova tsa ho lopolla batho ba hae ba kajeno ho lira tsa hae le tsona ke sehopotso sa hore o na le bona.

BA TSOELA PELE HO HAPA

(Joshua 6:1–12:24)

Motse oa Jeriko o ‘koetsoe ka thata . . . , ha ho ea tsoang ’me ha ho ea kenang.’ (Joshua 6:1) Motse oo o ne o tla haptjoa joang? Jehova o fa Joshua leqheka. Kapele-pele marako aa putlama ’me motse oa felisoa. Ke Rahaba le ba ntlo ea habo feela ba pholosoang.

Ka mor’a moo ho haptjoa motse oa borena oa Ai. Lihloela tse rometsoeng moo li tlaleha hore motse oo o na le baahi ba fokolang, kahoo ha ho hlokahale hore o hlaseloe ke banna ba bangata. Leha ho le joalo, masole a ka bang 3 000 a romeloang ho ea hlasela motse oo a baleha banna ba Ai. Lebaka ke lefe? Jehova ha aa tšehetsa Baiseraele. Akane, oa moloko oa Juda o entse sebe ha ho ne ho hlaseloa Jeriko. Ka mor’a ho lokisa taba eo, Joshua o futuhela Ai. Kahobane a ile a hlōla Baiseraele lekhetlong la pele, morena oa Ai o nyoretsoe ho loana le bona. Empa ka lebaka la ho itšepa ho tlōlisang ha banna ba Ai, leqheka leo Joshua a le sebelisang le mo fa monyetla oa ho hapa motse oo.

Gibeone ke ‘motse o moholo—o moholo ho feta Ai, ’me banna bohle ba eona ke ba matla.’ (Joshua 10:2) Leha ho le joalo, ha banna ba Gibeone ba utloa hore Iseraele e atlehile ho hlōla Jeriko le Ai, ba qhekella Joshua hore a etse selekane sa khotso le bona. Lichaba tse tikolohong eo li talima bohato bona ba ho etsa selekane le lira e le tšokelo ho tsona. Marena a mahlano a lichaba tseo a etsa selekane ’me a hlasela Gibeone. Iseraele e pholosa Bagibeone ’me e hlōla bahlaseli bao ka ho feletseng. Ha Joshua e ntse e le moeta-pele, Iseraele e hlōla metse e meng, e akarelletsang metse e ka boroa le e ka bophirimela, hammoho le ho hlōla marena a ka leboea a entseng selekane. Marena ’ohle a hlōloang ka bophirimela ho Jordane a 31.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

10:13—Ketsahalo e sa tloaelehang joalo e khona ho etsahala joang? “Na ho na le ntho e sa tloaelehang bakeng sa Jehova,” ’Mōpi oa leholimo le lefatše? (Genese 18:14) Ha a rata, Jehova a ka laola ho potoloha ha lefatše hoo letsatsi le khoeli li ka bonahalang eka li eme ho motho ea shebeletseng a le lefatšeng. Kapa a ka etsa hore lefatše le khoeli li itsamaele li sa sitisoe ke letho ha ka nako e tšoanang a retelletsa mahlaseli a letsatsi le a khoeli ka tsela eo leseli le tsoang mehloling ena e ’meli ea leseli le tsoelang pele ho khanya. Ho sa tsotellehe hore na ho ne ho etsahetse eng, historing ea batho “ha hoa ka ha e-ba le letsatsi le tšoanang le leo.”—Joshua 10:14.

10:13—Buka ea Jashare ke efe? Ho buuoa ka buka eo hape ho 2 Samuele 1:18 mabapi le thothokiso e bitsoang “Seqha”—koli-ea-malla e qapiloeng ka lebaka la Morena Saule oa Iseraele le mor’a hae Jonathane. Mohlomong buka ena e ne e le pokello ea lipina le lithothokiso tsa litaba tsa nalane kapa histori ’me ho ka etsahala hore ebe Baheberu ba ne ba e tseba haholo.

Seo re Ithutang Sona:

6:26; 9:22, 23. Thohako eo Joshua a ileng a e phatlalatsa ha ho timetsoa Jeriko e phethahala lilemo tse ka bang 500 hamorao. (1 Marena 16:34) Thohako eo Noe a ileng a rohaka setloholo sa hae Kanana ka eona e phethahala ha Bagibeone e e-ba ba sebetsang ka thata. (Genese 9:25, 26) Kamehla lentsoe la Jehova lea phethahala.

7:20-25. Ba bang ba ka ’na ba nka bosholu ba Akane e le tšito e nyenyane, mohlomong ba beha lebaka la hore ha boa ka ba ntša batho ba bang kotsi. Ba ka ’na ba talima ho utsoa lintho tse nyenyane le liphoso tse sa tebang tse khahlanong le molao oa Bibele ka tsela e tšoanang. Leha ho le joalo, rōna joaloka Joshua re lokela ho ikemisetsa ho hanela likhatello tse re isang liketsong tsa tlōlo ea molao kapa tsa boitšoaro bo bobe.

9:15, 26, 27. Re lokela ho nka ka ho teba litumellano tseo re li etsang ’me re phethe tšepiso ea rōna.

JOSHUA O PHETHELA MOSEBETSI OA HAE O BOIMA

(Joshua 13:1–24:33)

Joale ha a se a tsofetse—a atamela ho ba lilemo li 90—Joshua o qala ho aba naha. Ke mosebetsi o moholo ruri! Moloko oa Rubene le oa Gade le halofo ea moloko oa Manase e se e fumane lefa la eona ka bochabela ho Jordane. Joale meloko e setseng e fuoa lefa la eona ka lotho lehlakoreng le ka bophirimela.

Ho hahoa tabernakele Shilo sebakeng sa Efraime. Kalebe o fuoa motse oa Hebrone, ’me Joshua o fumana Timnathe-sera. Balevi ba fuoa metse e 48, ho akarelletsa le metse e 6 ea setšabelo. Ha ba khutlela lefeng la bona ka bochabela ho Jordane, bahlabani ba Rubene, ba Gade le ba halofo ea moloko oa Manase ba haha aletare “e hlaheletseng haholo.” (Joshua 22:10) Meloko e ka bophirimela ho Jordane e talima sena e le bokoenehi, ’me ho batla ho qhoma ntoa pakeng tsa meloko eo, empa ho qojoa tšollo ea mali ka ho buisana hantle.

Nakoana ka mor’a hore Joshua a lule Timnathe-sera, o bokella banna ba hōlileng, lihlooho, baahloli le balaoli ba Iseraele ’me o ba khothalletsa hore ba be sebete le hore ba lule ba tšepahala ho Jehova. Hamorao, Joshua o bokella meloko eohle ea Iseraele Shikeme. Ha a le moo o pheta liketso tsa Jehova tsa ho tloha nakong ea Abrahama ho ea pele, ’me o boetse o ba khothalletsa hore ba ‘tšabe Jehova ’me ba mo sebeletse ka ho hloka molato le ka ’nete.’ Batho ba susumelletseha hore ba arabele ka hore: “Re tla sebeletsa Jehova Molimo oa rōna, ’me re tla mamela lentsoe la hae!” (Joshua 24:14, 15, 24) Ka mor’a lintho tsena, qetellong Joshua oa shoa, a le lilemo li 110.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

13:1—Na see ha se hanyetse se boletsoeng ho Joshua 11:23? Che, hobane ho haptjoa ha Naha e Tšepisitsoeng ho ne ho le likarolo li peli: karolo ea pele e ne e akarelletsa ntoa pakeng tsa lichaba e ileng ea etsa hore ho hlōloe marena a 31 a Kanana, e ileng ea fekisa Bakanana, ’me karolo ea bobeli e ne e le ho haptjoa ka ho feletseng ha naha eo ke meloko le batho ka bomong. (Joshua 17:14-18; 18:3) Le hoja bara ba Iseraele ba ile ba hlōleha ho leleka Bakanana ka ho feletseng har’a bona, Bakanana ba phonyohileng ba ne ba sa bake tšokelo ea letho tšireletsehong ea Iseraele. (Joshua 16:10; 17:12) Joshua 24:44 e re: “Jehova a ba fa phomolo ka hohle.”

24:2—Na Tera, ntat’a Abrahama, e ne e le morapeli oa litšoantšo? Qalong, Tera e ne e se morapeli oa Jehova Molimo. Mohlomong o ne a rapela molimo oa khoeli ea bitsoang Sine—e leng molingoana o neng o tumme Ure. Ho ea ka neano ea Sejuda, mohlomong Tera o ne a bile a etsa litšoantšo tse rapeloang. Leha ho le joalo, ha Molimo a laela Abrahama hore a tlohe Ure, Tera o tsamaea le eena ho ea Harane.—Genese 11:31. Seo re Ithutang Sona:

14:10-13. Le hoja Kalebe a le lilemo li 85, o kōpa kabelo e boima ea ho leleka batho tikolohong ea Hebrone. Sebakeng seo ho lula Baanake—banna ba seemo se seholo ka ho sa tloaelehang. Ka thuso ea Jehova, mohlabani enoa eo e leng khale a li bona oa atleha, ’me Hebrone e fetoha motse oa setšabelo. (Joshua 15:13-19; 21:11-13) Mohlala oa Kalebe oa re khothatsa hore re se ke ra tšaba likabelo tse boima tsa puso ea Molimo.

22:9-12, 21-33. Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra ahlola ba bang hampe.

‘Ha ho Lentsoe Leha le le Leng le Hlōlehileng ho Phethahala’

Ha a se a tsofetse, Joshua o bolella banna ba jereng boikarabelo Iseraele o re: “Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna.” (Joshua 23:14) Tlaleho ea Joshua ea histori e bontša see ka mokhoa o hlakileng hakaakang!

Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Re ka kholiseha hore ho itšetleha ha rōna ka litšepiso tsa Molimo hase ha lefeela. Ha ho tšepiso e tla hlōleha ho phethahala, kaofela ha tsona li tla phethahala.

[’Mapa o leqepheng la 10]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Naha e hapiloeng ha Joshua e le moeta-pele

BASHANE

GILEADE

ARABA

NEGEBE

Nōka ea Jordane

Leoatle la Letsoai

P.M.P. ea Jaboke

P.M.P. ea Arnone

Hazore

Madone

Lasharone

Shimrone

Jokneame

Dore

Megido

Kedeshe

Tanake

Hefere

Tirza

Afeke

Tapua

Bethele

Ai

Gilgale

Jeriko

Gezere

Jerusalema

Makeda

Jarmuthe

Adulame

Libna

Lakishe

Eglone

Hebrone

Debire

Arade

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Rahaba oa seotsoa a ile a boleloa hore o lokile?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Joshua o ile a khothalletsa Iseraele hore e ‘tšabe Jehova ’me e mo sebeletse’

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Bosholu ba Akane e ne e se tšito e nyenyane—bo ile ba baka liphello tse tebileng

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

“Ka tumelo marako a Jeriko a ile a oela fatše.”—Baheberu 11:30