Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšobotsi e Khethollang Batho

Tšobotsi e Khethollang Batho

Tšobotsi e Khethollang Batho

Khoebo ea Jodie ke ho thusa batho ba shoetsoeng ho hlopha lefa la mofu. O ntse a thusa mosali e mong ho hlopha le ho rekisa thepa ea lelapa ea ausi oa hae ea hlokahetseng. Ha a ntse a phenyekolla ka har’a leifo la khale, o fumana mabokose a mabeli a khale a tšetseng thepa ea ho tšoasa litlhapi. Ha a sheba ka har’a le leng, o hlolloa ke seo a se bonang. O fumana chelete ea pampiri ea li-$100—ka kakaretso e le lidolara tse 82 000 (R512 500)! Jodie o mong feela ka kamoreng eo. O lokela ho etsa’ng? Na o lokela ho inkela lebokose leo ka lenyele kapa o lokela ho bolella mosali eo ea kōpileng thuso ho eena hore o fumane chelete eo?

BOTHATA ba Jodie bo totobatsa e ’ngoe ea litšobotsi tse etsang hore re fapane le liphoofolo tse sa nahaneng. The World Book Encyclopedia e re: “E ’ngoe ea litšobotsi tse khethehileng tseo re nang le tsona re le batho ke ho nahanisisa ka seo re lokelang ho se etsa kapa seo re sa lokelang ho se etsa.” Ha ntja e lapileng e fumana leqa la nama tafoleng e ke ke ea ipotsa hore na e le je kapa che. Leha ho le joalo, Jodie o na le matla a ho sekaseka qeto eo a e etsang hore na e nepahetse kapa e fosahetse. Haeba a inkela chelete eo, oa utsoa, empa ho ka etsahala hore a se ke a fumanoa. Chelete eo hase ea hae; empa leha ho le joalo, motho enoa ea kōpileng thuso ho eena ha a tsebe hore chelete eo e teng moo. Ho phaella moo, batho ba bangata motseng oa habo Jodie ba ne ba tla mo nka e le sethoto haeba a ne a ka fa motho eo chelete eo.

U ne u tla etsa’ng ha u le boemong ba Jodie? Tsela eo u arabang potso ena ka eona e tla itšetleha tabeng ea hore na u ikhethetse ho phela ka melao efe ea boitšoaro.

Melao ea Boitšoaro e Bolela’ng?

“Melao ea boitšoaro” e ’nile ea hlalosoa e le “ho ithuta ka litaba tsa boitšoaro bo nepahetseng le bo fosahetseng.” (Collins Cobuild English Dictionary) Mongoli Eric J. Easton o re: “‘Melao ea boitšoaro’ le ‘melao ea se nepahetseng le se fosahetseng’ li na le moelelo oa motheo o tšoanang. Poleloana ea pele ke (ethikos) ea Segerike ’me ea bobeli ke (moralis) ea Selatine, ’me ka bobeli li bolela matla a moetlo le litloaelo tsa batho.”

Ka nako e telele, bolumeli bo ’nile ba laola melao ea boitšoaro eo batho ba phelang ka eona. Lentsoe la Molimo, Bibele, le bile le tšusumetso e matla lichabeng tse ngata. Leha ho le joalo, batho ba ntseng ba eketseha lefatšeng ka bophara ba lahlile melao e mengata ea bolumeli ka hore ha e utloahale le hore melao ea boitšoaro ea Bibele e siiloe ke nako. E nketsoe sebaka ke’ng? Buka e bitsoang Ethics in Business Life e bolela hore “bohlale ba batho bo . . . thefutse matla ao bolumeli bo neng bo e-na le ’ona pele.” Ho e-na le ho batla melao ea boitšoaro mehloling ea bolumeli, ba bangata ba batla tataiso ho litsebi tsa lefatše litabeng tsa melao ea boitšoaro. Moprofesa oa melao ea boitšoaro Paul McNeill o re: “Ke nahana hore litsebi tsa melao ea boitšoaro li nkile mosebetsi oa baruti. . . . Hona joale batho ba tataisoa ke melao ea boitšoaro linthong tseo pele ba neng ba laoloa ke bolumeli ho tsona.”

Ha u talimane le liqeto tse boima, u ka lemoha se nepahetseng ho se fosahetseng joang? Na melao eo u phelang ka eona ea boitšoaro e laoloa ke Molimo kapa ke uena?