Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsamaea Tseleng ea Botšepehi

Tsamaea Tseleng ea Botšepehi

Tsamaea Tseleng ea Botšepehi

“Ha e le ’na, ke tla tsamaea botšepehing ba ka.”—PESALEME EA 26:11.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho tšepahala ha motho e le karolo ea bohlokoa tsekong ea bobusi ba Molimo ba bokahohleng? (b) Libōpuoa tse bohlale li ka bontša joang hore li tšehetsa bobusi ba Jehova?

HA Satane a etsa bofetoheli serapeng sa Edene, o ile a hlahisa tseko bokahohleng mabapi le hore na Molimo o na le tokelo ea ho busa libōpuoa tsohle tsa Hae. Hamorao o ile a hlahisa phephetso ea hore batho ba ne ba tla sebeletsa Molimo hafeela ho etsa joalo ho ne ho ka etsa hore ba une molemo o itseng. (Jobo 1:9-11; 2:4) Kahoo, ho tšepahala ha motho ho fetohile karolo ea bohlokoa tsekong ea bobusi ba Jehova ba bokahohleng.

2 Le hoja bobusi ba Molimo bo sa itšetleha ka ho tšepahala ha libōpuoa tsa hae, batho hammoho le bara ba Molimo ba moea ba ka bontša hore na bona ba eme hokae tsekong ena. Joang? Ka ho khetha hore na ba latela tsela ea botšepehi kapa che. Ka lebaka leo, ho tšepahala ha motho ka mong ke motheo o tiileng oo a ka ahloloang ka oona.

3. (a) Jobo le Davida ba ne ba batla hore Jehova a hlahlobe a be a ahlole eng? (b) Ho hlaha lipotso life mabapi le botšepehi?

3 Jobo o ile a bua ka kholiseho a re: ‘[Jehova] o tla ntekanya sekaleng se nepahetseng ’me Molimo o tla tseba botšepehi ba ka.’ (Jobo 31:6) Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ne a kōpa hore Jehova a hlahlobe botšepehi ba hae ha a ne a rapela tjena: “Nkahlole, Jehova, kaha ke tsamaile botšepehing ba ka, ke tšepile Jehova, e le hore ke se ke ka tetema.” (Pesaleme ea 26:1) Ke habohlokoa hakaakang hore le rōna re tsamaee tseleng ea botšepehi! Empa botšepehi ke’ng, hona ho bolela’ng ho tsamaea ka botšepehi? Ke’ng e tla re thusa ho lula re bolokile botšepehi?

“Ke Tsamaile Botšepehing ba Ka”

4. Botšepehi ke’ng?

4 Lentsoe lena botšepehi le na le moelelo oa ho ba ea khabane, ea sa tšoauoeng phoso, ea lokileng le ea se nang molato. Leha ho le joalo, botšepehi ha bo akarelletse feela ho etsa se nepahetseng. Ke ho ba le boitšoaro bo amohelehang kapa ho inehela ho Molimo ka pelo eohle. Satane o ile a belaella sepheo sa Jobo ha a ne a re ho Molimo: “Ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame lesapo la [Jobo] le nama ea hae ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.” (Jobo 2:5) Ho phaella tabeng ea hore re etse se nepahetseng, botšepehi bo hloka hore re be le sepheo se setle pelong.

5. Ke’ng se bontšang hore ha ho hlokahale hore re be ba phethahetseng hore re boloke botšepehi?

5 Leha ho le joalo, ho boloka botšepehi ha ho hloke hore motho a phethahale. Morena Davida o ne a sa phethahala ’me o ile a etsa liphoso tse ’maloa tse tebileng bophelong ba hae. Empa Bibele e bua ka eena e le monna ea ileng a tsamaea “ka pelo e tšepahalang.” (1 Marena 9:4) Hobane’ng? Hobane Davida o ne a rata Jehova. O ne a inehetse ho Molimo ka pelo ea hae eohle. Ka ho rata o ile a lumela liphoso tsa hae, a amohela khalemelo a ba a lokisa litsela tsa hae. Ka sebele, botšepehi ba Davida bo bonahala ka ho inehela ha hae le ho rata Molimo oa hae, Jehova ka pelo eohle.—Deuteronoma 6:5, 6.

6, 7. Ho tsamaea ka botšepehi ho akarelletsa eng?

6 Botšepehi ha bo felle feela tšobotsing e itseng ea boitšoaro ba motho, e kang ho inehela bolumeling. Bo akarelletsa tsela eohle eo re phelang ka eona. Davida o ile a “tsamaea” botšepehing ba hae. The New Interpreter’s Bible e re: “Leetsi lena ‘tsamaea’ le bolela ‘tsela ea bophelo’ kapa ‘mokhoa oa bophelo.’” Ha a bua ka “ba se nang molato litseleng tsa bona,” mopesaleme o ile a bina tjena: “Ho thaba ba bolokang likhopotso tsa [Molimo]; ba ntse ba mo batla ka lipelo tsohle. Ka sebele ha baa etsa ho se loke. Ba tsamaile litseleng tsa hae.” (Pesaleme ea 119:1-3) Botšepehi bo hloka hore kamehla re batle ho etsa thato ea Molimo le ho tsamaea tseleng ea hae.

7 Hore re tsamaee ka botšepehi ho hlokahala hore re inehele ho Molimo ka pelo eohle, esita le ha maemo a le mabe. Botšepehi ba rōna boa totobala ha re mamella liteko, re lula re tiile ho sa tsotellehe litsietsi, kapa re hanela meleko e tsoang lefatšeng le sa tšabeng Molimo. Re ‘thabisa pelo ea Jehova’ hobane o khona ho araba ea mo nyelisang. (Liproverbia 27:11) Joale, re e-na le lebaka le letle, re ka etsa qeto e tiileng joaloka Jobo: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!” (Jobo 27:5) Pesaleme ea 26 e bontša se tla re thusa ho tsamaea ka botšepehi.

“Hloekisa Liphio Tsa ka le Pelo ea Ka”

8. U ithuta’ng kōpong e tiileng ea Davida ea hore Jehova a hlahlobe liphio tsa hae le pelo ea hae?

8 Davida o ile a rapela tjena: “Ntlhahlobe, Jehova, ’me u nteke; hloekisa liphio tsa ka le pelo ea ka.” (Pesaleme ea 26:2) Liphio li ka hare-hare ’meleng. Ka tsela ea tšoantšetso, liphio li emela menahano le maikutlo a tebileng a motho. ’Me pelo ea tšoantšetso ke motho ea feletseng ea ka hare—se mo susumetsang, maikutlo a hae le matla a hae a ho nahana. Ha Davida a ne a kōpa hore Jehova a mo hlahlobe, o ne a rapella hore ho hlahlobisisoe ho be ho phenngoe menahano le maikutlo a hae a ka hare-hare.

9. Jehova o hloekisa liphio le lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso ka tsela efe?

9 Davida o ile a kōpa ka tieo hore ho hloekisoe liphio tsa hae le pelo ea hae. Jehova o hloekisa seo re leng sona ka pelong joang? Davida o ile a bina tjena: “Ke tla boka Jehova, ea mphileng keletso. Ka sebele, liphio tsa ka li nkhalemetse bosiu.” (Pesaleme ea 16:7) Seo se bolela’ng? Se bolela hore keletso e tsoang ho Molimo e ile ea fihla likarolong tse tebileng ka ho fetisisa tsa Davida ’me ea lula teng, ea lokisa menahano ea hae e ka hare-hare le maikutlo a hae. Le ho rōna ho ka ba joalo haeba ka kananelo re nahanisisa ka keletso eo re e fumanang ka Lentsoe la Molimo, baemeli ba hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ’me re e lumella hore e tebe ka ho rōna. Ho rapela Jehova kamehla hore a re hloekise ka tsela ena ho tla re thusa hore re tsamaee ka botšepehi.

‘Mosa oa Hao o Lerato o ka Pel’a Ka’

10. Ke’ng se ileng sa thusa Davida hore a tsamaee ’neteng ea Molimo?

10 Davida o ile a tsoela pele ho re: “Mosa oa hao o lerato o ka pel’a mahlo a ka, ke tsamaile ’neteng ea hao.” (Pesaleme ea 26:3) Davida o ne a tseba hantle liketso tsa Molimo tsa mosa o lerato, ’me o ne a li thuisa ka kananelo. O ile a bina tjena: “Boka Jehova, uena moea oa ka, u se ke ua lebala liketso tsohle tsa hae.” Ha a hopola e ’ngoe ea “liketso” tsa Molimo, Davida o ile a tsoela pele ho re: “Jehova o phethisa liketso tsa ho loka le liqeto tsa boahloli bakeng sa bohle ba ntseng ba etsetsoa bolotsana. O ile a tsebisa Moshe litsela tsa hae, a tsebisa bara ba Iseraele litšebelisano tsa hae.” (Pesaleme ea 103:2, 6, 7) Mohlomong Davida o ne a nahanne ka tsela eo Baegepeta ba ileng ba etsetsa Baiseraele bolotsana ka eona mehleng ea Moshe. Haeba ho joalo, e tlameha ebe ho nahanisisa ka mokhoa oo ka oona Jehova a ileng a tsebahatsa litsela tsa hae tsa poloko ho Moshe ho ile ha ama pelo ea Davida ’me ha matlafatsa boikemisetso ba hae ba ho tsamaea ’neteng ea Molimo.

11. Ke’ng e ka re thusang hore re tsamaee tseleng ea botšepehi?

11 Ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla le ho thuisa seo re ithutang sona ho lona ho tla boela ho re thuse ho tsamaea tseleng ea botšepehi. Ka mohlala, ha re hopola hore Josefa o ile a baleha ha mosali oa Potifaro a mo eka ka morero oa boitšoaro bo bobe ka sebele hoo ho tla re susumelletsa hore re balehe ha re ekoa ka tsela e tšoanang mosebetsing, sekolong kapa sebakeng leha e le sefe. (Genese 39:7-12) Ho thoe’ng ha re lekoa ka menyetla ea ho atleha linthong tse bonahalang kapa ho hlahella le ho fumana boemo bo phahameng mosebetsing? Re na le mohlala oa Moshe, ea ileng a hana matlotlo a Egepeta. (Baheberu 11:24-26) Ha ho pelaelo hore ho hopola mamello ea Jobo ho tla re thusa ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe ho kula le litsietsi. (Jakobo 5:11) Ho thoe’ng haeba re hlorisoa? Ho hopola phihlelo ea Daniele ka sekoting sa litau ho ka re fa sebete hakaakang!—Daniele 6:16-22.

“Ha Kea Lula le Batho ba Leshano”

12, 13. Ke batho ba mofuta ofe bao re lokelang ho qoba ho tloaelana le bona?

12 Ha a bua ka tšobotsi e ’ngoe e ileng ea matlafatsa botšepehi ba hae, Davida o ile a re: “Ha kea lula le batho ba leshano; ha ke kene setsoalleng le ba patang seo ba leng sona. Ke hloile phutheho ea baetsi ba bobe, ha ke lule le ba khopo.” (Pesaleme ea 26:4, 5) Ho hang Davida o ne a sa lule le ba khopo. O ne a hloile litloaelano tse mpe.

13 Ho thoe’ng ka rōna? Na re hana ho lula le batho ba leshano ka mananeo a thelevishene, livideo, lifilimi, Inthanete kapa ka mekhoa e meng? Na re emella thōko le ba patang seo ba leng sona? Ba bang sekolong kapa mosebetsing ba ka ’na ba iketsa eka ke metsoalle ea rōna empa ba e-na le merero e bolotsana. Na ehlile re batla ho ba le kamano e haufi-ufi le batho ba sa tsamaeeng ’neteng ea Molimo? Le hoja bakoenehi ba ipolela hore baa tšepahala, le bona ba ka pata morero oa bona oa ho re hulela hōle le ho sebeletsa Jehova. Ho thoe’ng haeba ba bang ka phuthehong ea Bokreste ba phela bophelo ba boikaketsi? Le bona ba pata seo ba hlileng ba leng sona. Jayson, eo hona joale a sebeletsang e le mohlanka ea sebeletsang, o ne a e-na le metsoalle e joalo ha a sa le mocha. O re ka eona: “Ka letsatsi le leng e mong oa eona o kile a re ho ’na: ‘Ha ho tsotellehe hore na re etsa’ng hona joale hobane ha tsamaiso e ncha e fihla, re tla be re shoele. Re ke ke ra tseba hore ho na le se re fetileng.’ Puo ea mofuta oo e ile ea ntsosa borokong. Ha ke batle hore ha tsamaiso e ncha e fihla ke be ke shoele.” Ka bohlale, Jayson o ile a khaotsa ho etsa setsoalle le batho ba joalo. Moapostola Pauluse o ile a lemosa: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Ke habohlokoa hakaakang hore re qobe litloaelano tse mpe!

‘Ke Tla Bolela Mesebetsi Eohle ea Hao e Hlollang’

14, 15. Re ka “pota aletare ea [Jehova]” joang?

14 Davida o ile a tsoela pele ho re: “Ke tla hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato, ke tla pota aletare ea hao, Jehova.” Hobane’ng? “E le ho etsa hore liteboho li utluoe haholo, le ho bolela mesebetsi eohle ea hao e hlollang.” (Pesaleme ea 26:6, 7) Davida o ne a batla ho lula a hloekile boitšoarong e le hore a ka rapela Jehova le ho phatlalatsa boinehelo ba hae ho Molimo.

15 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le borapeli ba ’nete tabernakeleng ’me hamorao tempeleng e ne e le ‘setšoantšo seo e leng mohlala le seriti sa lintho tsa leholimo.’ (Baheberu 8:5; 9:23) Aletare e ne e emela thato ea Jehova ha a ne a amohela sehlabelo sa Jesu Kreste bakeng sa ho lopolla moloko oa batho. (Baheberu 10:5-10) Re hlatsoa matsoho a rōna ka ho hloka molato le “ho pota aletare ea [Jehova]” ka ho bontša tumelo sehlabelong seo.—Johanne 3:16-18.

16. Re rua molemo joang ha re bolella ba bang ka mesebetsi e hlollang ea Molimo?

16 Ha re nahana ka sohle seo thekollo e etsang hore se finyelloe, na lipelo tsa rōna ha li khaphatsehe teboho ho Jehova le Mor’a hae ea tsoetsoeng a ’notši? Joale, ka lipelo tse tletseng teboho a re tsebiseng ba bang mesebetsi e hlollang ea Molimo—ea ho tloha ha ho bōptjoa motho serapeng sa Edene ho fihlela ha lintho tsohle li tsosolosoa ka ho feletseng lefatšeng le lecha la Molimo. (Genese 2:7; Liketso 3:21) Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa o re sireletsa hakaakang moeeng! (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ho tšoareha haholo ka oona ho etsa hore tšepo ea rōna ea nako e tlang e lule e khanya, tumelo ea rōna litšepisong tsa Molimo e be matla le hore lerato la rōna ho Jehova le ho batho ba bang le lule le phela.

“Ke Ratile Bolulo ba Ntlo ea Hao”

17, 18. Boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka liboka tsa Bokreste?

17 Tabernakele, hammoho le aletare ea eona ea mahlabelo, e ne e le setsi sa borapeli ba Jehova Iseraele. Ha Davida a hlalosa kamoo a thabelang sebaka seo kateng, o ile a rapela tjena: “Jehova, ke ratile bolulo ba ntlo ea hao le sebaka seo khanya ea hao e lulang ho sona.”Pesaleme ea 26:8.

18 Na re rata ho bokana libakeng tseo ho tsona re ithutang ka Jehova? Holo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’Muso hammoho le lenaneo la eona la kamehla la thupelo ea moea ke setsi sa borapeli ba ’nete sechabeng. Ho phaella moo, selemo le selemo re ba le likopano tse khōlō, likopano tsa potoloho le matsatsi a kopano e khethehileng. Libokeng tse joalo ho tšohloa “likhopotso” tsa Jehova. Haeba re ithuta ho li “rata ka mokhoa o fetisisang,” re tla labalabela ho ba teng libokeng tseo ’me re tla mamelisisa ha re le moo. (Pesaleme ea 119:167) Ho khatholla hakaakang ho ba le barapeli-’moho ba thahasellang hore re atlehe le ba re thusang hore re tsoele pele tseleng ea rōna ea ho boloka botšepehi!—Baheberu 10:24, 25.

‘U se ke Ua Tlosa Bophelo ba Ka’

19. Davida o ne a sa batle ho ba molato oa libe life?

19 Kaha Davida o ne a tseba hantle liphello tsa ho kheloha tseleng ea ho tsamaea ’neteng ea Molimo, o ile a kōpa ka tieo a re: “U se ke ua tlosa moea oa ka hammoho le baetsalibe, kapa bophelo ba ka hammoho le batho ba molato oa mali, bao matsohong a bona ho nang le boitšoaro bo hlephileng, le bao matsoho a bona a matona a tletseng tjotjo.” (Pesaleme ea 26:9, 10) Davida o ne a sa batle ho balelloa har’a batho ba sa tšabeng Molimo ba molato oa boitšoaro bo hlephileng kapa tjotjo.

20, 21. Ke’ng e ka re lebisang tseleng ea batho ba sa tšabeng Molimo?

20 Kajeno lefatše le qoetse mekhoeng ea boitšoaro bo bobe. Thelevishene, limakasine le lifilimi li khothalletsa boitšoaro bo litšila—“bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng.” (Bagalata 5:19) Ba bang ba fetohile makhoba a litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, tseo hangata li lebisang boitšoarong bo bobe. Bacha ke bona haholo-holo ba susumetsoang habonolo ke lintho tse joalo. Linaheng tse ling, ho intša ha ngoanana le moshanyana ho tloaelehile, ’me bacha ba qobelloa ho nahana hore ba tlameha ho intša. Bacha ba bangata ba qala ho ratana, le hoja ba sa le banyenyane haholo hore ba ka kena lenyalong. E le hore ba khotsofatse litakatso tse ntseng li hōla ka ho bona tsa ho kopanela liphate, kapele ba kenella boitšoarong bo bobe ho isa bohōleng ba hore ba etse bohlola.

21 Batho ba baholo le bona ba angoa ke litšusumetso tse mpe. Mekhoa e bolotsana ea khoebo le tšekamelo ea ho etsa liqeto tsa boithati ke matšoao a ho se tšepahale. Ho tsamaea litseleng tsa lefatše ho tla re hulela thōko le Jehova. A re ‘hloeeng se sebe, ’me re rate se molemo,’ ’me re tsoele pele ho tsamaea tseleng ea botšepehi.—Amose 5:15.

“Ntopolle ’me U Mpontše Mohau”

22-24. (a) U fumana khothatso efe mantsoeng a phethang a Pesaleme ea 26? (b) Ho tla tšohloa leraba lefe sehloohong se latelang?

22 Davida o ile a phethela polelo ea hae ho Molimo, a re: “Ha e le ’na, ke tla tsamaea botšepehing ba ka. Ntopolle ’me u mpontše mohau. Ka sebele leoto la ka le tla ema motsitseng; ke tla boka Jehova har’a matšoele a phuthehileng.” (Pesaleme ea 26:11, 12) Boikemisetso ba Davida ba ho boloka botšepehi bo amana haufi-ufi le kōpo ea hae e tiileng ea hore a lopolloe. Seo se khothatsa hakaakang! Ho sa tsotellehe boemo ba rōna ba boetsalibe, Jehova o tla re thusa haeba re ikemiselitse ho tsamaea tseleng ea botšepehi.

23 E se eka mokhoa oo re phelang ka oona o ka bontša hore rea hlompha ebile re ananela bobusi ba Molimo karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. Re le batho ka bomong re ka kōpa Jehova ka thapelo hore a re hlahlobe ’me a hloekise menahano le maikutlo a rōna a ka hare-hare. Re ka lula re nahanisisa ka ’nete ea hae ka hore re khothalle ho ithuta Lentsoe la hae. Kahoo, ka litsela tsohle a re qobeng litloaelano tse mpe empa re boke Jehova har’a matšoele a phuthehileng. E se eka ka cheseho re ka kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa, le ka mohla re se lumelle lefatše hore le behe kamano ea rōna ea bohlokoa le Molimo kotsing. Ha re ntse re etsa sohle se matleng a rōna ho tsamaea tseleng ea botšepehi, re ka kholiseha hore Jehova o tla re bontša mohau.

24 Kaha botšepehi bo kopanyelletsa likarolo tsohle tsa bophelo, ho hlokahala hore re hlokomele leraba le leng le bolaeang—tšebeliso e mpe ea lino tse tahang. Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.

Na U sa Hopola?

• Ke hobane’ng ha ka nepo libōpuoa tse bohlale li ka ahloloa ho ea ka botšepehi ba tsona?

• Botšepehi ke’ng, hona ho tsamaea tseleng ea botšepehi ho akarelletsa eng?

• Ke’ng e tla re thusa ho tsamaea tseleng ea botšepehi?

• Hore re boloke botšepehi, ke likotsi life tseo re lokelang ho li hlokomela le ho li qoba?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Na u etsa hore liketso tsa mosa o lerato tsa Jehova li lule li le ka pel’a mahlo a hao?

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Na kamehla u kōpa Jehova hore a hlahlobe menahano ea hao e ka hare-hare?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ho boloka botšepehi ha re le litekong ho thabisa pelo ea Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Na u sebelisa hamolemo litokisetso tsa Jehova tsa ho u thusa hore u tsamaee tseleng ea botšepehi?