Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Khetha se Nepahetseng ho se Fosahetseng Joang?

U ka Khetha se Nepahetseng ho se Fosahetseng Joang?

U ka Khetha se Nepahetseng ho se Fosahetseng Joang?

KE MANG ea nang le matla a ho beha melao ea se nepahetseng le se fosahetseng? Potso eo e ile ea botsoa qalong ea histori ea motho. Ho ea ka buka ea Bibele ea Genese, Molimo o ile a khetha sefate se neng se metse serapeng sa Edene hore e be “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” (Genese 2:9) Molimo o ile a laela banyalani ba pele hore ba se ke ba ja litholoana tsa sefate sena. Leha ho le joalo, sera sa Molimo, Satane Diabolose, se ile sa fana ka maikutlo a hore haeba ba ne ba ka ja litholoana tsa sefate seo, mahlo a bona a ne “a tla tutuboloha” ’me ba be ‘joaloka Molimo, ba tsebe botle le bobe.’—Genese 2:16, 17; 3:1, 5; Tšenolo 12:9.

Adama le Eva ba ile ba tlameha ho etsa qeto—na ba ne ba tla amohela melao ea Molimo ka se nepahetseng le se fosahetseng kapa ba ne ba tla latela melao ea bona? (Genese 3:6) Ba ile ba khetha ho se mamele Molimo ’me ba ja litholoana tsa sefate seo. Ketso ee e bonolo e ne e bolela’ng? Ka ho hlompholla meeli eo ba neng ba e behetsoe ke Molimo, ba ile ba bontša maikutlo a hore ho ne ho tla ba molemo ha bona le bana ba bona ba ipehela melao ka se nepahetseng le se fosahetseng. Moloko oa batho o atlehile hakae ho leka ho sebelisa matla aa a kang a Molimo?

Maikutlo a Fapaneng

Ka mor’a hore e hlahlobisise lithuto tsa bahlalefi ba tummeng ho theosa le makholo a lilemo, Encyclopædia Britannica e bolela hore ho tloha mehleng ea rafilosofi oa Mogerike Socrates ho fihlela lekholong la bo20 la lilemo, “ho ’nile ha phehisanoa khang mabapi le hore na hantle-ntle bokhabane le molao oa se nepahetseng le se fosahetseng ke eng.”

Ka mohlala, Basofiste e ne e le sehlopha se hlaheletseng sa mesuoe ea Bagerike lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Ba ne ba ruta hore melao ea se nepahetseng le se fosahetseng e lokela ho reroa ke maikutlo a ratoang ke batho ba bangata. Mosuoe e mong ea joalo o ile a re: “Lintho leha e le life tse bonahalang li lokile ’me li amoheleha motseng ka mong, ehlile li lokile ’me lia amoheleha motseng oo, hafeela oona o nahana joalo.” Ho ea ka molao ona, Jodie, ea boletsoeng sehloohong se eteletseng sena pele, o lokela ho inkela chelete eo, kaha mohlomong batho ba bangata tikolohong ea habo, kapa “motseng,” ba ne ba tla etsa joalo.

Rafilosofi ea tsebahalang haholo oa lekholong la bo18 la lilemo, Immanuel Kant, o ile a hlahisa maikutlo a fapaneng. Koranta e bitsoang Issues in Ethics e re: “Immanuel Kant le ba bang ba tšoanang le eena . . . ba ne ba tsepamisitse maikutlo tabeng ea hore motho ka boeena o na le tokelo ea ho ikhethela.” Ho ea ka filosofi ea Kant, ho ne ho itšetlehile ka Jodie ka ho feletseng hore na o inkela chelete eo kapa che, hafeela a ne a sa kenakenane le litokelo tsa ba bang. O ne a sa lokela ho lumella maikutlo a batho ba bangata ho mo etsetsa melao.

Joale Jodie o ile a rarolla bothata ba hae joang? O ile a khetha ntho e ’ngoe e fapaneng. O ile a sebelisa lithuto tsa Jesu Kreste, eo melao ea hae ea boitšoaro e ’nileng ea thoholetsoa ke Bakreste le bao e seng Bakreste. Jesu o ile a ruta: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Se ileng sa makatsa motho enoa ea neng a kōpile thuso ho eena ke hore Jodie o ile a mo fa lidolara tseo tse 82 000. Ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha a sa inkela eona, Jodie o ile a hlalosa hore eena ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me a re: “Chelete eo e ne e se ea ka.” Jodie o ne a nka ka ho teba mantsoe a Jesu a tlalehiloeng Bibeleng ho Matheu 19:18 a reng: “U se ke ua utsoa.”

Na Maikutlo a Ratoang ke Batho ba Bangata ke Tataiso e ka Tšeptjoang?

Mohlomong batho ba bang ba ne ba tla re Jodie e bile sethoto ka hore a tšepahale hakaalo. Empa maikutlo a ratoang ke batho ba bangata ke tataiso e ke keng ea tšeptjoa. Ka mohlala, haeba u ne u phela sechabeng seo ho sona batho ba bangata ba neng ba lumela hore ho etsa bana mahlabelo hoa amoheleha, joalokaha lichaba tse ling li ne li lumela joalo nakong e fetileng, na seo se ne se tla etsa hore mokhoa oo e be o loketseng? (2 Marena 16:3) Ho thoe’ng haeba u ne u hlahetse sechabeng se neng se talima ho ba lelimo e le ntho e nepahetseng? Na hoo ho ne ho tla bolela hore ho ja nama ea motho ho ne ho hlile ho sa fosahala? Hore ebe batho ba bangata ba rata mokhoa o itseng ha ho etse hore e be o nepahetseng. Khale koana, Bibele e ile ea lemosa ka leraba leo, ea re: “U se ke ua latela bongata bakeng sa sepheo se sebe.”—Exoda 23:2.

Jesu Kreste o ile a bolela lebaka le leng la ho ba hlokolosi ka ho amohela maikutlo a ratoang ke batho ba bangata e le tataiso bakeng sa se nepahetseng le se fosahetseng. O ile a pepesa Satane e le eena “’musi oa lefatše.” (Johanne 14:30; Luka 4:6) Satane o sebelisa boemo ba hae hore a khelose “lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšenolo 12:9) Ka hona, haeba u ipehela melao ea se nepahetseng le se fosahetseng ka ho latela feela se ratoang ke ba bangata, u ka ’na ua amohela maikutlo a Satane mabapi le melao ea se nepahetseng le se fosahetseng, ’me ho hlakile hore hoo ho ka ba kotsi.

Na U ka Tšepa Kahlolo ea Hao?

Na joale motho ka mong o lokela ho ikhethela hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe? Bibele e re: “U se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.” (Liproverbia 3:5) Hobane’ng? Hobane batho bohle ba futsitse bofokoli bo tebileng bo ka etsang hore kahlolo ea bona e be e fosahetseng. Ha Adama le Eva ba ne ba fetohela Molimo, ba ile ba amohela melao ea lehlabaphio la moithati Satane ’me ba le khetha hore e be ntat’a bona oa moea. Eaba ba fetisetsa ho bana ba bona tšobotsi e futsitsoeng—pelo e bolotsana e khonang ho lemoha se nepahetseng empa e tloaetse ho batla ho etsa se fosahetseng.—Genese 6:5; Baroma 5:12; 7:21-24.

Ha e bua ka melao ea boitšoaro, Encyclopædia Britannica e re: “Ho bonahala ho sa makatse ha batho ba tseba se nepahetseng seo ba lokelang ho se etsa empa ho fapana le hoo ba tsoela pele ho iketsetsa seo ba se ratang. Melao ea boitšoaro ea Bophirimela e ’nile ea thatafalloa haholo ke ho fa batho ba joalo mabaka a ho etsa se nepahetseng.” Ka nepo Bibele e re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ea ka e tsebang?” (Jeremia 17:9) Na u ka tšepa motho ea tsebahalang ka bolotsana le ho tsitlella seo a se batlang?

Ke ’nete hore esita le batho ba sa lumeleng ho Molimo ba na le matla a ho itšoara hantle le ho etsa melao ea boitšoaro e molemo le e hlomphehang. Leha ho le joalo, hangata melao-motheo e metle e melaong ea bona e mpa feela e bontša melao ea boitšoaro e hlahang ka Bibeleng. Le hoja batho ba joalo ba ka ’na ba latola hore Molimo o teng, likhopolo tsa bona li bontša hore ka tlhaho ba khona ho bonahatsa botho ba Molimo. Joalokaha Bibele e senola, sena se paka hore qalong batho ba ile ba bōptjoa ka “setšoantšo sa Molimo.” (Genese 1:27; Liketso 17:26-28) Moapostola Pauluse o re: “Ke bona ba bontšang hore boitsebiso ba molao bo ngotsoe ka lipelong tsa bona.”—Baroma 2:15.

Ho hlakile hore ho tseba se nepahetseng ke taba e ’ngoe; empa ho ba le matla a boitšoaro a ho etsa se nepahetseng ke taba e ’ngoe e fapaneng. Motho a ka fumana matla ao a boitšoaro a hlokahalang joang? Kaha liketso li susumetsoa ke pelo, ho hlaolela lerato bakeng sa Mongoli oa Bibele, Jehova Molimo, ho ka thusa motho hore a be le matla ao.—Pesaleme ea 25:4, 5.

Ho Fumana Matla a ho Etsa se Molemo

Mohato oa pele oa ho ithuta ho rata Molimo ke ho fumana kamoo litaelo tsa hae li utloahalang li bileng li leng molemo kateng. Moapostola Johanne o re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Ka mohlala, Bibele e na le keletso e molemo e ka thusang bacha ho lemoha se nepahetseng ho se fosahetseng ha ba etsa qeto ea hore na ba lokela ho noa lino tse tahang, ho sebelisa lithethefatsi, kapa ho kopanela liphate pele ho lenyalo. Bibele e ka thusa banyalani ho lemoha kamoo ba ka rarollang liphapang kateng, ’me e ka fa batsoali tataiso ea ho hōlisa bana. * Ha e sebelisoa, melao ea boitšoaro ea Bibele e ruisa bacha le ba hōlileng molemo ka tsela e tšoanang, ho sa tsotellehe tikoloho, thuto, kapa setso sa bona.

Feela joalokaha ho ja lijo tse matlafatsang ho u fa matla a hore u sebetse, ho bala Lentsoe la Molimo ho u fa matla a hore u phele ka melao ea hae. Jesu o ile a tšoantša lipolelo tsa Molimo le bohobe bo phelisang. (Matheu 4:4) O ile a boela a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng.” (Johanne 4:34) Ho iphepa ka lentsoe la Molimo ho ile ha thusa Jesu hore a hanele liteko le hore a etse liqeto tse bohlale.—Luka 4:1-13.

Qalong u ka ’na ua thatafalloa ke ho fepa kelello ea hao ka Lentsoe la Molimo le ho sebelisa melao ea hae. Empa hopola hore ha u sa le monyenyane, e ka ’na eaba u ne u sa rate tatso ea lijo tse neng li le molemo ho uena. Hore u hōle u matlafetse, u ile ua tlameha ho ithuta ho thabela lijo tse joalo tse phelisang. Ka tsela e tšoanang, ho ka ’na ha nka nako hore u thabele melao ea Molimo. Haeba u phehella, u tla e rata ’me u matlafale moeeng. (Pesaleme ea 34:8; 2 Timothea 3:15-17) U tla ithuta ho tšepa Jehova ’me u susumelletsehe ho ‘etsa se molemo.’—Pesaleme ea 37:3.

Mohlomong u ke ke ua tobana le boemo bo tšoanang le boo Jodie a ileng a tobana le bona. Leha ho le joalo, letsatsi ka leng u etsa liqeto tse amang melao ea boitšoaro, tse khōlō le tse nyenyane. Ka hona, Bibele ea u phehella: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Ho ithuta ho tšepa Jehova ho ke ke ha u tsoela molemo hona joale feela empa hape ho tla u bulela monyetla oa ho phela ka ho sa feleng, hobane tsela ea ho mamela Jehova Molimo e isa bophelong.—Matheu 7:13, 14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 18 Keletso e molemo e tsoang Bibeleng litabeng tsena le tse ling e fumaneha libukeng tsena, Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang le Lekunutu la Thabo ea Lelapa, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Maikutlo a ratoang ke batho ba bangata a ka ’na a susumetsoa ke matla a sa bonahaleng

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Ho theosa le histori bahlalefi ba ’nile ba phehisana khang ka se nepahetseng le se fosahetseng

SOCRATES

KANT

CONFUCIUS

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Kant: From the book The Historian’s History of the World; Socrates: From the book A General History for Colleges and High Schools; Confucius: Sung Kyun Kwan University, Seoul, Korea

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Bibele ha e re thuse feela ho lemoha se nepahetseng ho se fosahetseng empa hape e re susumelletsa ho etsa se nepahetseng