Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boboleli ba Saule bo Tsosa Lehloeo

Boboleli ba Saule bo Tsosa Lehloeo

Boboleli ba Saule bo Tsosa Lehloeo

BAJUDA ba Damaseka ba ne ba sa utloisise hore na ho etsahala’ng. Ho ne ho ka etsahala joang hore mosireletsi ea chesehang oa litumelo tsa neano ebe mokoenehi? Saule e ne e le monna ea neng a tsejoa ka ho hlorisa ba ipiletsang lebitsong la Jesu Jerusalema. O ne a tlile Damaseka ho tla hlorisa barutuoa moo. Empa joale e ne e se e le eena ea bolelang hore motlōli eane oa molao ea neng a nyelisoa ea ileng a khokhotheloa thupeng ka lebaka la nyefolo ke Mesia! Na ebe Saule o ne a fapane hlooho?—Liketso 9:1, 2, 20-22.

Mohlomong ho ne ho e-na le lebaka le ka hlalosang sena. Ho ka etsahala hore ba bang ba neng ba le sehlopheng se neng se tsamaea le Saule se tsoa Jerusalema ba ile ba bua ka se ileng sa etsahala tseleng. Ha ba atamela Damaseka, ka tšohanyetso leseli le khanyang le ile la halima ho ba potoloha, eaba kaofela ha bona ba oela fatše. Ho ile ha boela ha utloahala molumo oa lentsoe. Ha ho ea ileng a tsoa kotsi ha e se Saule feela. O ne a tjapaletse tseleng. Eitse qetellong ha a tsoha, ba bang ba neng ba tsamaea le eena ba ile ba lokela ho mo tataisa ho leba Damaseka, kaha o ne a sa bone letho.—Liketso 9:3-8; 26:13, 14.

Mohanyetsi o Fetoha ’Muelli

Saule o ile a etsahalloa ke eng ha a le tseleng e eang Damaseka? Na mohlomong o ile a tepeletsoa ke leeto le lelelele kapa mocheso oa letsatsi har’a motšehare? Ha babelaeli ba mehleng ea kajeno ba leka ho fumana hore na ba ka hlalosa sena joang ka tsela ea tlhaho, ba bolela hore mohlomong Saule o ne a ferekane kelello, a bona lipono, a sithabetse haholo ka lebaka la letsoalo la hae le neng le mo khathatsa, a lahleheloa ke kelello, le hore mohlomong o ne a e-na le lefu la sethoathoa.

’Nete ke hore Jesu Kreste o ile a bonahala ho Saule a le leseling leo le foufatsang, e le hore a mo kholise hore e ne e le Eena Mesia. Litšoantšo tse ling tsa ketsahalo ena li bontša Saule a lihuoa ke pere. Le hoja seo se ne se ka ’na sa etsahala, Bibele e bolela feela hore o ile a “oela fatše.” (Liketso 22:6-11) Ho sa tsotellehe hore na Saule o ile a oa joang, hoo e ne e se letho ha ho bapisoa le lihlong tsa ha a e-oa boemong ba boikakaso boo a neng a le ho bona pele. Joale o ne a lokela ho lumela hore seo balateli ba Jesu ba neng ba se bolela e ne e le ’nete. Ntho feela eo Saule a neng a lokela ho e etsa e ne e le ho ikopanya le bona. Ho tloha boemong ba ho ba mohanyetsi ea mabifi haholo oa molaetsa oa Jesu, Saule e ile ea e-ba e mong oa babuelli ba matla ka ho fetisisa ba molaetsa oo. Ka mor’a hore a boele a bone le ho kolobetsoa, “Saule [o ile] a ’na a tsoela pele ho fumana matla ka ho eketsehileng ’me o ne a tsietsa Bajuda ba neng ba lula Damaseka ha a ntse a paka ka mabaka a utloahalang hore enoa ke Kreste.”—Liketso 9:22.

Leano la Polao Lea Nyopa

Saule, eo hamorao a ileng a bitsoa Pauluse, o ile a ea hokae ka mor’a hore a sokolohe? Ha a ngolla Bagalata, o ile a re: “Ka kena Arabia, eaba ke khutlela Damaseka hape.” (Bagalata 1:17) Lentsoe “Arabia” le ka bolela ho ea sebakeng leha e le sefe se Hloahloeng ea Arabia. Litsebi tse ling li bolela hore mohlomong Pauluse o ile a ea Lehoatateng la Syria kapa kae-kae ’musong oa Nabataea oa Aretase IV. Ho ka etsahala hore ebe Saule o ile a ea sebakeng se khutsitseng ho ea thuisa ka mor’a ho kolobetsoa, feela joalokaha Jesu a ile a ea lefeelleng ka mor’a hore a kolobetsoe.—Luka 4:1.

Ha Saule a se a khutletse Damaseka, “Bajuda ba [ile ba] rerisana hore ba mo bolaee.” (Liketso 9:23) ’Musisi ea neng a sebeletsa e le moemeli oa Morena Aretase Damaseka o ne a lebetse motse e le hore a tšoare Saule. (2 Bakorinthe 11:32) Empa ha lira li ntse li loha leano la ho bolaea Saule, barutuoa ba Jesu bona ba ne ba rera ho mo balehisa.

Ba bang ba ileng ba thusa Saule ho baleha e ne e le Ananiase le barutuoa bao moapostola enoa a ileng a ba le bona hang feela ka mor’a hore a sokolohe. * (Liketso 9:17-19) E ka ’na eaba ba bang bao e ileng ea e-ba balumeli ka lebaka la boboleli ba Saule Damaseka le bona ba ile ba thusa, hobane Liketso 9:25 e re: “Barutuoa ba hae ba mo nka ’me ba mo theolela tlaase bosiu ka lesoba le lerakong, ba mo theola ka baskete.” Polelo e reng “barutuoa ba hae” e ka ’na eaba e bolela bao Saule a ileng a ba ruta. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, mohlomong ho atleha ha hae tšebeletsong ho ile ha tōtisa lehloeo le neng le se le ntse le le teng khahlanong le eena.

Seo re ka Ithutang Sona

Ha re hlahloba liketsahalo tse ling tse etsahetseng ha Saule a sokoloha le ho kolobetsoa, re bona ka ho hlaka hore o ne a sa ameha haholo ka hore na ba bang ba ne ba mo nka joang; kapa hona hore o ile a beha meja fatše ka lebaka la khanyetso e matla. Saule o ne a amehile haholo ka thōmo ea ho bolela eo a neng a e filoe.—Liketso 22:14, 15.

Na u sa tsoa kholiseha hore ho bolela litaba tse molemo ke habohlokoa? Haeba ho joalo, ua tseba hore Bakreste bohle ba ’nete e lokela ho ba baboleli ba ’Muso. Ha ua lokela ho makala haeba ka linako tse ling tšebeletso ea hao e etsa hore batho ba u hloee. (Matheu 24:9; Luka 21:12; 1 Petrose 2:20) Saule o re behetse mohlala oa kamoo re lokelang ho itšoara kateng ha re hanyetsoa. Bakreste ba mamellang mahloriso ba sa sekisetse ba tla ratoa ke Molimo. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka.” Leha ho le joalo, o ile a ba tiisetsa a re: “Le tla rua meea ea lōna ka ho mamella ha lōna.”—Luka 21:17-19.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 E ka ’na eaba Bokreste bo fihlile Damaseka ka mor’a boboleli ba Jesu Galilea kapa ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E.—Matheu 4:24; Liketso 2:5.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Saule o ile a “oela fatše” ha Jesu a ne a bonahala ho eena

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Saule o ile a pholoha leano la polao ha a le Damaseka