Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Eng e Laolang Bokamoso ba Hao?

Ke Eng e Laolang Bokamoso ba Hao?

Ke Eng e Laolang Bokamoso ba Hao?

’MUELLI oa khopolo ea ho iphetola ha lintho John Gray oa ngola: “Batho ba ke ke ba hlola ba laola qetello ea bona joalokaha liphoofolo li sa khone ho etsa joalo.” Mongoli Shmuley Boteach o hlalosa pono e fapaneng le eo ka ho feletseng bukeng ea hae e bitsoang An Intelligent Person’s Guide to Judaism. O re: “Motho hase phoofolo, ’me kahoo, ka linako tsohle o laola qetello ea hae.”

Batho ba bangata ba lumellana le Gray ba bile ba lumela hore matla a maholo a sa laoleheng a tlhaho a laola qetello ea moloko oa batho. Ba bang ba nka motho e le sebōpuoa sa Molimo se fuoeng matla a ho laola bokamoso ba sona.

Ba bang ba nka hore bokamoso ba bona bo laoloa ke matla a batho ba nang le tšusumetso. Ho latela mongoli Roy Weatherford, “batho ba bangata lefatšeng—’me haholo-holo basali ba bangata historing—ha ba na . . . matla kapa taolo ea bophelo ba bona ka mabaka a pepeneneng, hobane ba hateletsoe ba bile ba tšoeroe hampe ke batho.” (The Implications of Determinism) Ba bangata ba ’nile ba bona ha litakatso tsa bona tsa bokamoso bo thabisang li senngoa ka lebaka la mekhatlo ea lipolotiki kapa ea sesole e qothisanang lehlokoa.

Ba bang ho theosa le histori ba ’nile ba ikutloa ba se na thuso hobane ba ne ba nahana hore matla a phahametseng tlhaho a laola qetello ea bona. Boteach o re: “Bagerike ba mehleng ea khale ba ne ba e-na le boikutlo bo matla ba hore tšepo eohle ke ea lefeela kaha motho o ne a ke ke a hlōla qetello e reriloeng esale pele.” Ba ne ba nahana hore qetello ea motho e mong le e mong e etselitsoe qeto ke melimotsana e meng e feto-fetohang. Ba ne ba lumela hore melimotsana ena e ne e etsa qeto ea hore na motho o tla shoa neng esita le hore na o tla mamella matšoenyeho le bohloko bo bokae bophelong bohle ba hae.

Tumelo ea hore qetello ea motho e laoloa ke matla a phahametseng a motho e tloaelehile kajeno. Ka mohlala, batho ba bangata ba lumela Kismet, kapa hore ho na le qetello e ke keng ea qojoa. Ba bolela hore Molimo o rerile esale pele hore na liphello tsa liketso tsohle tsa batho e tla ba life le hore na motho o tla shoa neng. Thuto e ’ngoe hape e teng ke ea hore qetello ea motho e reriloe esale pele, ’me e ntšetsa pele maikutlo a hore “poloko kapa kahlolo ea ho qetela ea motho e mong le e mong e hlomamisitsoe esale pele” ke Molimo ea Matla ’Ohle.’ Ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba khomaretse thuto ena.

U nahana joang? Na qetello ea hao e se e ntse e tiisitsoe ke matla ao ho hang u ke keng ua a laola? Kapa na mantsoe a mongoli oa litšoantšiso oa Lenyesemane William Shakespeare ke ’nete ha a re: “Ka nako e ’ngoe batho ba laola qetello ea bona”? Hlokomela seo Bibele e se buang ka taba ena.