Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Baahloli
Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Baahloli
JEHOVA o etsa joang ha batho ba hae ba mo furalla ’me ba qala ho rapela melimo ea bohata? Ho thoe’ng haeba khafetsa ba hana ho mo mamela ’me ebe ba kōpa thuso ho eena hafeela ba le mahlomoleng? Na Jehova o ba etsetsa mokhoa oa ho tsoa mathateng ho sa tsotellehe seo? Buka ea Baahloli e araba lipotso tsena le tse ling tsa bohlokoa. E ngotsoe ke moprofeta Samuele hoo e ka bang ka 1100 B.C.E., ’me e akaretsa liketsahalo tse nkileng lilemo tse 330—ho tloha ka lefu la Joshua ho fihlela ha morena oa pele oa Iseraele a behoa teroneng.
Kaha ke karolo ea lentsoe kapa molaetsa oa Molimo o matla, buka ea Baahloli ke ea bohlokoa ka ho fetisisa ho rōna. (Baheberu 4:12) Liketsahalo tse thabisang tse tlalehiloeng ka har’a eona li re thusa ho utloisisa botho ba Molimo. Lithuto tseo re ithutang tsona litlalehong tsena li matlafatsa tumelo ea rōna ’me li re thusa ho tšoara ka tieo “bophelo ba sebele,” e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo le tšepisitsoeng. (1 Timothea 6:12, 19; 2 Petrose 3:13) Liketso tsa pholoso tseo Jehova a ileng a li etsa molemong oa batho ba hae li re thusa ho bona esale pele topollo e khōlō eo Mora oa hae, Jesu Kreste, a tla fana ka eona nakong e tlang.
KE HOBANE’NG HA BAAHLOLI BA NE BA HLOKAHALA?
Ka mor’a hore marena a naha ea Kanana a hlōloe ha Joshua e le moeta-pele, meloko ea Iseraele ka bomong e khutlela lefeng la eona ’me e rua naha. Leha ho le joalo, Baiseraele ba hlōleha ho leleka baahi ba naha eo. Ho hlōleha hona e e-ba leraba la sebele ho Baiseraele.
Moloko o hlahang ka mor’a mehla ea Joshua ‘ha o tsebe Jehova kapa mosebetsi oo a o etselitseng Baiseraele.’ (Baahloli 2:10) Ho feta moo, sechaba se qala ho etsa lilekane tsa manyalo le Bakanana ’me se sebeletsa melimo ea bona. Kahoo Jehova o nehela Baiseraele matsohong a lira tsa bona. Leha ho le joalo, ha khatello e e-ba boima, bara ba Iseraele ba kōpa thuso ho Molimo oa ’nete. Boemong bona ba bolumeli, ba sechaba le ba lipolotiki ho hlaha tlaleho ea letoto la baahloli bao Jehova a ba hlahisang e le hore a pholose batho ba hae lireng tsa bona.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:2, 4—Ke hobane’ng ha ho khethoa moloko oa Juda hore e be oona oa pele o ruang naha eo o e abetsoeng? Ka tloaelo, tokelo ena e ne e tla ea ho moloko oa Rubene, e leng letsibolo la Jakobo. Empa boprofeteng ba ha a le makhatheng a lefu, Jakobo o ile a bolela esale pele hore Rubene e ne e ke ke ea e-ba ea fetisisang, hobane o ile a lahleheloa ke tokelo ea hae ea ho ba letsibolo. Simeone le Levi, ba ileng ba etsa liketso tse sehlōhō, ba ne ba tla hasanngoa Iseraele. (Genese 49:3-5, 7) Kahoo, Juda, mora oa bone oa Jakobo, e ne e le eena ea latelang ea neng a tla fumana tokelo ena. Simeone, ea ileng a nyoloha le Juda, o ile a fuoa libaka tse nyenyane tsa naha tse neng li hasa-hasane ho pholletsa le sebaka se seholo sa Juda. *—Joshua 19:9.
1:6, 7—Ke hobane’ng ha marena a hlōtsoeng a ne a khaoloa menoana e metona ea matsoho le menoana e metona ea maoto? Kamoo ho bonahalang kateng, motho ea se nang menoana e metona ea matsoho le menoana e metona ea maoto o ne a sa tšoanelehe hore e be lesole. Haeba lesole le ne le se na menoana e metona ea matsoho, le ne le tla tšoara sabole kapa lerumo joang? Ebile ho se be le menoana e metona ea maoto ho ne ho tla etsa hore motho a se ke a khona ho ema hantle a tsitsitse.
Seo re Ithutang Sona:
2:10-12. Re lokela ho ba le lenaneo la kamehla la ho ithuta Bibele e le hore ‘re se ke ra lebala liketso tsa Jehova.’ (Pesaleme ea 103:2) Batsoali ba lokela ho kenya Lentsoe la Molimo ka lipelong tsa bana ba bona.—Deuteronoma 6:6-9.
2:14, 21, 22. Ke ka morero Jehova a lumellang lintho tse mpe hore li hlahele batho ba hae ba sa mameleng—e le hore a ba khalemele, a ba ntlafatse le ho ba susumelletsa hore ba khutlele ho eena.
JEHOVA O HLAHISA BAAHLOLI
Tlaleho e thabisang ea liketso tsa baahloli e qala ha Othniele a felisa ho hatelloa ha Baiseraele ka lilemo tse robeli ke morena oa Mesopotamia. A sebelisa leqheka le bontšang sebete, Moahloli Ehude o bolaea Eglone, morena e motenya oa Moabe. Shamgare ea sebete o bolaea Bafilista ba 600 a le mong feela a sebelisa tsenene ea likhomo. Ka khothatso ea Debora, ea neng a sebeletsa e le moprofeta oa mosali, le ka tšehetso ea Jehova, Barake le lebotho la hae le neng le sa hlomela haholo la banna ba likete tse leshome ba phalalisa lebotho le matla la Sisera. Jehova o hlahisa Gideone ’me o etsa hore eena le banna ba hae ba 300 ba hlōle Bamidiane.
A sebelisa Jafeta, Jehova o lopolla Baiseraele ho Baammone. Thola, Jaire, Ibzane, Elone le Abdone le bona ke ba bang ba banna ba 12 ba ahlolang Iseraele. Mehla ea Baahloli e fella ka Samsone, ea ileng a loantša Bafilista.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
4:8—Ke hobane’ng ha Barake a ile a tsitlella hore moprofeta oa mosali Debora a ee le eena lebaleng la ntoa? Ho hlakile hore Barake o ne a ikutloa a sa tšoanelehe hore a ka hlasela lebotho la Sisera a le mong. Ho tsamaea le moprofeta oa mosali ho ne ho tla tiisetsa eena le banna ba hae hore ba tataisoa ke Molimo ’me ho ne ho tla ba fa sebete. Kahoo, ha Barake a ne a tsitlella hore Debora a tsamaee le eena, seo e ne e se pontšo ea bofokoli empa e ne e le pontšo ea ho ba le tumelo e matla.
5:20—Linaleli leholimong li ile tsa loanela Barake joang? Bibele ha e hlalose hore na ebe moo ho ne ho ameha thuso ea mangeloi, kapa majoe a tsoang lipolaneteng tse ling ao banna ba bohlale ba Sisera ba neng ba a nka e le pontšo ea tlokotsi, kapa mohlomong e ne e le bonohe ba linaleli ba Sisera bo ileng ba fetoha lefeela. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Molimo o ile a kenella ka tsela e itseng tabeng ena.
7:1-3; 8:10—Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re banna ba Gideone ba 32 000 ba ne ba le bangata haholo hore ba hlasele lebotho la ba lireng la banna ba 135 000? Ke hobane Jehova ke eena ea neng a fa Gideone le banna ba hae tlhōlo. Molimo o ne a sa batle hore ba nahane hore ba ne ba hlōtse Bamidiane ka matla a bona.
11:30, 31—Ha Jafeta a ne a etsa boitlamo, na o ne a nahanne ka ho etsa sehlabelo ka motho? Ho hang Jafeta o ne a ke ke a nahana ntho e joalo, hobane Molao o ne o re: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong.” (Deuteronoma 18:10) Leha ho le joalo, Jafeta o ne a nahanne ka motho eseng phoofolo. Ho bonahala liphoofolo tse loketseng ho etsoa sehlabelo li ne li sa bolokoe malapeng a Baiseraele. ’Me ho etsa sehlabelo ka phoofolo e ne e ke ke ea e-ba ntho e khethehileng hakaalo. Jafeta o ne a tseba hore ea tsoang ka tlung ea hae ho tla mo khahlanyetsa e ne e ka ’na ea e-ba morali oa hae. Enoa o ne a tla nyeheloa e le “nyehelo ea secheso” ka kutloisiso ea hore o ne a tla neheloa tšebeletsong e khethehileng ea Jehova e mabapi le sehalalelo.
Seo re Ithutang Sona:
3:10. Ho atleha lipakaneng tsa moea ho itšetlehile ka moea oa Jehova, eseng ka bohlale ba motho.—Pesaleme ea 127:1.
3:21. Ehude o ile a sebelisa sabole ea hae ka bohlale le ka sebete. Re lokela ho hlaolela tsebo ea ho sebelisa “sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo.” Sena se bolela hore re lokela ho sebelisa Mangolo ka sebete tšebeletsong ea rōna.—Baefese 6:17; 2 Timothea 2:15.
6:11-15; 8:1-3, 22, 23. Boinyenyefatso ba Gideone bo re ruta lithuto tse tharo tsa bohlokoa: (1) Haeba re fuoa tokelo ea tšebeletso, re lokela ho nahana ka boikarabelo bo tsamaisanang le eona ho e-na le ho nahana haholo ka botumo kapa bophahamo bo ka ’nang ba tsamaisana le eona. (2) Ha re sebetsana le ba ratang likhang, ho bohlale hore re bontše boinyenyefatso. (3) Boinyenyefatso bo re sireletsa hore re se amehe ho tlōla ka ho ba le maemo.
6:17-22, 36-40. Le rōna re lokela ho ba hlokolosi ’me re “se ke [ra] lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng.” Ho e-na le hoo, re lokela ho “[leka] lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo.” (1 Johanne 4:1) E le ho tiisa hore keletso eo a rerileng ho fana ka eona e thehiloe ka hohle-hohle Lentsoeng la Molimo, moholo e mocha oa Mokreste o tla be a etsa hantle ha a botsa moholo ea nang le phihlelo e eketsehileng.
6:25-27. Gideone o ile a sebelisa temoho e le hore a se ke a halefisa bahanyetsi ba hae ho sa hlokahale. Ha re bolela litaba tse molemo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se khopise ba bang ho sa hlokahale ka tsela eo re buang ka eona.
7:6. Ha ho tluoa tabeng ea ho sebeletsa Jehova, re lokela ho tšoana le banna ba 300 ba Gideone—re falimehe ’me re be seli.
9:8-15. Ke booatla bo bokaakang hore motho a ikhohomose a be a lule a nahanne ka ho fumana maemo kapa bolaoli!
11:35-37. Ha ho pelaelo hore mohlala o motle oa Jafeta ke oona o ileng oa thusa morali oa hae ho ba le tumelo e matla le moea oa boitelo. Kajeno batsoali ba ka behela bana ba bona mohlala o tšoanang.
11:40. Ho babatsa motho ea bontšang moea oa ho ithaopa tšebeletsong ea Jehova hoa mo khothatsa.
13:8. Ha batsoali ba ruta bana ba bona, ba lokela ho rapela Jehova hore a ba tataise ’me ba latele tataiso ea hae.—2 Timothea 3:16.
14:16, 17; 16:16. Ho hatella motho e mong ka ho lla kapa ka ho mo emella ka ntho e le ’ngoe ho ka senya likamano.—Liproverbia 19:13; 21:19.
LIPHOSO TSE LING ISERAELE
Karolo ea ho qetela ea buka ea Baahloli e na le litlaleho tse peli tse ikhethang. Ea pele ke ea monna ea bitsoang Mikea, ea behang molimo oa setšoantšo ka tlung ea hae le ho hira Molevi hore e be moprista bakeng sa hae. Hoba ba timetse motse oa Laishe kapa Lesheme, Badane ba ikahela motse oa bona ’me ba o reha Dane. Ba sebelisa molimo oa setšoantšo oa Mikea le moprista oa hae, ba theha mofuta o mong oa borapeli Dane. Kamoo ho bonahalang kateng, Laishe e haptjoa pele ho lefu la Joshua.—Joshua 19:47.
Ketsahalo ea bobeli e etsahala nakoana ka mor’a lefu la Joshua. Tlōlo ea molao ea ho kopanela liphate e etsoang ke banna ba bang ba bangata ba motse oa Babenjamine oa Gibea e etsa hore moloko oohle oa Benjamine o batle o timetsoa—ho pholoha banna ba 600 feela. Leha ho le joalo, ho etsoa tokisetso e molemo e ba lumellang hore ba be le basali, ’me nakong ea puso ea Davida, palo ea bona e eketseha ho fihla ho bahlabani ba ka bang 60 000.—1 Likronike 7:6-11.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
17:6; 21:25—Haeba “e mong le e mong, o ne a tloaetse ho etsa se neng se nepahetse mahlong a hae,” na see se ile sa baka ho hloka taolo? Che, hobane Jehova o ile a etsa litokisetso tse ngata tsa hore a tataise batho ba hae. O ile a ba fa Molao le baprista hore ba ba rute tsela ea hae. Moprista ea phahameng o ne a ka batla keletso ho Molimo litabeng tsa bohlokoa ka ho sebelisa Urime le Thumime. (Exoda 28:30) Hape motse o mong le o mong o ne o e-na le banna ba baholo ba neng ba tšoanelehela ho fana ka keletso e bohlale. Ha Moiseraele a ne a sebelisa litokisetso tsena, o ne a iphumanela tataiso e bohlale bakeng sa letsoalo la hae. “Ho etsa se neng se nepahetse mahlong a hae” ka tsela ena ho ne ho hlahisa liphello tse molemo. Ka lehlakoreng le leng, haeba motho a ne a hlokomoloha Molao ’me a iketsetsa liqeto litabeng tsa boitšoaro le tsa borapeli, seo se ne se hlahisa liphello tse mpe.
20:17-48—Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Babenjamine hore ba hlōle meloko e meng habeli, le hoja e ne e le bona ba neng ba lokela ho fuoa kotlo? Ka ho lumella hore meloko e tšepahalang e lahleheloe haholo ka lekhetlo la pele, Jehova o ile a leka boikemisetso ba bona ba ho fothola bobe Iseraele.
Seo re Ithutang Sona:
19:14, 15. Ho se rate ho amohela baeti ha batho ba Gibea e ne e le pontšo ea ho hloka mekhoa e metle. Bakreste ba eletsoa hore ba ‘latele mokhoa oa ho amohela baeti.’—Baroma 12:13.
Topollo e Atametse
Haufinyane, ’Muso oa Molimo o matsohong a Kreste Jesu o tla timetsa lefatše le khopo ’me o fane ka topollo e khōlō ho ba lokileng le ba sa tšoauoeng phoso. (Liproverbia 2:21, 22; Daniele 2:44) ‘Lira tsohle tsa Jehova li tla timela, ’me ba mo ratang ba tla ba joaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.’ (Baahloli 5:31) A re beng har’a ba ratang Jehova ka ho sebelisa seo re ithutileng sona bukeng ea Baahloli.
’Nete ea motheo e bontšitsoeng ka makhetlo-khetlo litlalehong tsa Baahloli ke ena: Ho mamela Jehova ho tlisa litlhohonolofatso tse enneng, ho se mamele ho tlisa liphello tse bohloko. (Deuteronoma 11:26-28) Ruri ke habohlokoa hore ‘ho tloha pelong re mamele’ thato ea Molimo e senotsoeng!—Baroma 6:17; 1 Johanne 2:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 10 Balevi ha baa ka ba fuoa lefa Naheng e Tšepisitsoeng haese metse e 48 e neng e hasa-hasane ho pholletsa le Iseraele.
[’Mapa o leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
“Jehova o ne a hlahisa baahloli, ’me ba ne ba ba pholosa matsohong a ba ba nkelang thepa ka mahahapa.”—Baahloli 2:16
BAAHLOLI
1. Othniele
2. Ehude
3. Shamgare
4. Barake
5. Gideone
6. Thola
7. Jaire
8. Jafeta
9. Ibzane
10. Elone
11. Abdone
12. Samsone
DANE
MANASE
NEFTHALI
ASHERE
ZABULONE
ISAKARE
MANASE
GADE
EFRAIME
DANE
BENJAMINE
RUBENE
JUDA
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
U ithutile eng ka ho tsitlella ha Barake hore Debora a ee lebaleng la ntoa?