Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke joang Samsone a neng a ka ama litopo tsa batho bao a ba bolaileng a ba a lula e ntse e le Monazari?

Iseraeleng ea boholo-holo, motho o ne a ka etsa kano ka boithaopo ’me ea e-ba Monazari ka nako e itseng. * E ’ngoe ea lithibelo tse neng li tlama motho ea neng a etsa kano eo e ne e re: “A se ke a atamela moea leha e le ofe o shoeleng ka matsatsi ’ohle a ho ipoloka ha hae a khethetsoe Jehova. A se ke a itšilafatsa esita le ka ntat’ae kapa ’m’ae kapa mor’abo kapa khaitseli ea hae ha ba shoa.” Empa ho thoe’ng haeba motho e mong a ne “a ka shoela haufi le eena ka tšohanyetso”? Ho ama setopo joalo e se ka boikemisetso ho ne ho tla silafatsa Bonazari ba hae. Kahoo, ho ne ho itsoe: “Matsatsi a pele a ke ke a baloa.” O ne a tla lokela ho etsa tšebeletso ea ho itlhoekisa ebe o qala nako ea Bonazari hape.—Numere 6:6-12.

Leha ho le joalo, Samsone e ne e le Monazari ka kutloisiso e fapaneng le eo. Pele Samsone a tsoaloa, lengeloi la Jehova le ile la re ho ’m’ae: “Bona! u tla ima, ’me ka sebele u tla tsoala mora, ’me ha ho lehare le lokelang ho feta hloohong ea hae, hobane ngoana eo e tla ba Monazari oa Molimo ha a tsoa ka mpeng; ke eena ea tla etella pele ho pholoseng Baiseraele matsohong a Bafilista.” (Baahloli 13:5) Samsone ha aa ka a nka kano ea Bonazari. O ne a khethiloe ke Molimo hore e be Monazari bophelo bohle ba hae. Thibelo e mabapi le ho ama setopo e ne e ke ke ea sebetsa ho eena. Haeba e ne e sebetsa ho eena ’me a ama setopo e se ka boikemisetso, ke joang a neng a ka qala bophelo ba Bonazari ho tloha tsoalong ea hae? Kahoo, hoa bonahala hore lintho tse neng li hlokahala ho bao e neng e e-ba Banazari bophelo bohle ba bona li ne li fapane ka litsela tse itseng le tse neng li hlokoa ho ba ithaopelang ho ba Banazari.

Ak’u nahane ka litaelo tsa Jehova ho batho bana ba bararo bao e bileng Banazari bophelo bohle ba bona bao ho buuoeng ka bona ka Bibeleng, e leng Samsone, Samuele le Johanne Mokolobetsi. Joalokaha re bone pejana, ho ne ho hlokahala hore Samsone a se ke a kuta moriri oa hlooho ea hae. Malebana le ngoana oa hae ea neng a tla emoloa—e leng Samuele—Anna o ile a etsa kano ena: “Ke tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, ’me ha ho lehare le tla feta hloohong ea hae.” (1 Samuele 1:11) Tabeng ea Johanne Mokolobetsi, lengeloi la Jehova le ile la re: “A se ke a noa veine le seno se bohale ho hang.” (Luka 1:15) Ho feta moo, “Johanne o ne a apere liaparo tsa boea ba kamele ’me a itlamme lethekeng ka senyepa sa letlalo; lijo tsa hae le tsona e ne e le litsie le mahe a linotši a naheng.” (Matheu 3:4) Ha ho le ea mong oa batho bana ba bararo ea ileng a laeloa hore a se ke a atamela moea o shoeleng.

Le hoja e ne e le Monazari, Samsone e ne e le e mong oa baahloli bao Jehova a ileng a ba hlahisa hore ba pholose Baiseraele matsohong a ba ba nkelang thepa ka mahahapa. (Baahloli 2:16) ’Me ha a ntse a phetha mosebetsi ona, o ile a ama litopo. Ketsahalong e ’ngoe, Samsone o ile a bolaea Bafilista ba 30 eaba o ba hlobolisa liaparo tsa bona. Hamorao, o ile a qala ho hlasela ba lireng, “a bokella maoto le lirope ka polao e khōlō.” Hape, o ile a nka lesapo la mohlahare le mongobo la esele eaba o bolaea banna ba sekete ka lona. (Baahloli 14:19; 15:8, 15) Samsone o ile a etsa tsena tsohle hobane a ne a amoheloa le ho thusoa ke Jehova. Mangolo a bua ka eena e le monna ea neng a beha mohlala oa tumelo.—Baheberu 11:32; 12:1.

Na polelo e reng Samsone o ile a tsekolla tau “feela joalokaha motho a arola potsanyane e tona likoto tse peli,” e fana ka maikutlo a hore mehleng ea hae ho arola lipotsanyane likoto e ne e le mokhoa o tloaelehileng?

Ha ho na bopaki ba hore mehleng ea Baahloli ba Iseraele, ho ne ho tloaelehile hore batho ba arole lipotsanyane likoto. Baahloli 14:6 e re: “Moea oa Jehova oa sebetsa ho [Samsone], hoo a ileng a . . . arola [taoana e moetse] likoto tse peli, feela joalokaha motho a arola potsanyane e tona likoto tse peli, ’me ho hang ho ne ho se letho letsohong la hae.” Ho bonahala eka tlhaloso ena ke papiso.

Poleloana e reng “a e arola likoto tse peli” e ka ba le meelelo e ’meli. Mohlomong Samsone o ile a tamolla mehlahare ea tau kapa a tsekolla tau eo ka tsela e ’ngoe e itseng. Haeba ho boleloa hore o ile a e tamolla mehlahare, joale, hoa utloahala hore motho o na le matla a ho etsa seo ka potsanyane. Tabeng ena, papiso ena e bontša hore Samsone ha aa ka a thatafalloa ke ho hlōla tau ka matsoho a sa nka letho, feela joalokaha ho ne ho ke ke ha e-ba thata ho hlōla potsanyane feela tjee e tona. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba Samsone o ile a bolaea tau eo ka ho e tsekolla? Joale, tlhaloso eo e lokela ho utloisisoa e le papiso. Papiso eo e ne e tla bolela hore moea oa Jehova o ile oa matlafatsa Samsone hore a phethe mosebetsi o neng o hloka matla a fetang a tloaelehileng. Hore na ho etsahetse’ng, papiso e fumanoang ho Baahloli 14:6 e bontša hore ka thuso ea Jehova, tau e matla ha ea ka ea e-ba bohale ho Samsone joalokaha potsanyane e ne e ke ke ea e-ba bohale ho motho ea nang le matla a tloaelehileng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Ho ne ho itšetlehile ka motho ka mong ea neng a etsa kano hore na o ne a tla nka nako e kae e le Monazari. Leha ho le joalo, ho latela neano ea Bajuda, bonyane kano eo e ne e e-ba bolelele ba matsatsi a 30. Ho ne ho nkoa hore matsatsi a ka tlaase ho ao a ne a ka etsa hore kano eo e nkoe habobebe.