Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ka Laola Qetello ea Hao?

Na U ka Laola Qetello ea Hao?

Na U ka Laola Qetello ea Hao?

NA QETELLO ea rōna e reriloe esale pele? Na lintho tseo re khethang ho li etsa bophelong ha li ame bokamoso ba rōna?

Ha re re motho o na le matla a ho laola qetello ea hae. Tabeng ena, na ho ne ho tla be ho reriloe esale pele hore motho leha e le ofe a phethe mosebetsi o itseng kapa a be le boemo bo itseng? Hona Molimo o ne a ka phetha thato ea hae mabapi le lefatše joang haeba batho ba ne ba lokolohile hore ba laole qetello ea bona? Bibele e araba lipotso tsena ka tsela e khotsofatsang.

Ho Rereloa Qetello Esale Pele le Tokoloho ea Boikhethelo—Na li Nepahetse ka Bobeli?

Nahana ka tsela eo Jehova Molimo a re entseng ka eona. Bibele e re: “A . . . bōpa [motho] ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.” (Genese 1:27) Kaha re entsoe ka setšoantšo sa Molimo, re na le bokhoni ba ho bonahatsa litšobotsi tsa hae, tse kang lerato, toka, bohlale le matla. Molimo o boetse o re file mpho ea bolokolohi ba ho ikhethela kapa tokoloho ea ho khetha. Sena se etsa hore re be ba ikhethang har’a pōpo ea hae e lefatšeng. Re ka khetha hore na re tla latela tataiso ea Molimo litabeng tsa boitšoaro kapa che. Ke ka lebaka leo moprofeta Moshe a neng a ka re: “Kajeno ke nka maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le lōna, hore ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna, ka hore le rate Jehova Molimo oa lōna, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele.”—Deuteronoma 30:19, 20.

Le hoja re filoe mpho ea tokoloho ea ho khetha, sena hase bolele hore re na le tokoloho e feletseng. Ha e re lokolle tlas’a melao ea tlhaho le ea boitšoaro eo Molimo a e entseng hore ho be le botsitso le khotso bokahohleng. Melao ena e ile ea hlomamisoa molemong oa rōna, ’me ho e tlōla ka tsela leha e le efe ho ka ba le liphello tse tebileng. Ak’u nahane ka se neng se tla etsahala haeba re ne re ka khetha ho iphapanyetsa molao oa khoheli ebe re tsubella marulelong a mohaho o molelele!—Bagalata 6:7.

Tokoloho ea ho khetha e boetse e re behela lithibelo tse itseng tseo libōpuoa tse se nang tokoloho e joalo li se nang tsona. Mongoli Corliss Lamont oa botsa o re: “Ke joang re ka hlalosang hore batho baa ikarabella ka boitšoaro ba bona, ra ba ra ba ahlola ka hore ke bafosi, haeba re lumela . . . hore khetho ea bona le liketso tsa bona li reriloe esale pele?” Ho hlakile hore re ke ke. Liphoofolo tse khannoang ke tšekamelo ea tsona ea tlhaho ha li nkoe li ikarabella ka boitšoaro ba tsona, esita le lik’homphieutha ha li nkoe li ikarabella ka mesebetsi eo ho hlophisitsoeng hore li e etse. Kahoo, tokoloho ea ho khetha e re jarisa boikarabelo bo boholo ebile e etsa hore re ikarabelle ka liketso tsa rōna.

Ruri Jehova Molimo o ne a tla be a hloka lerato ebile a sa loka haeba pele re hlaha, o ne a ile a rera esale pele tsela eo re neng re tla tsamaea ka eona ebe joale o re nka re ikarabella ka liketso tsa rōna! Ha a etse joalo, kaha “Molimo ke lerato,” ’me “litsela tsohle tsa hae ke toka.” (1 Johanne 4:8; Deuteronoma 32:4) Molimo ha aa re fa tokoloho ea ho khetha a ba a ‘rera ho tloha nakong e sa lekanyetsoang hore na o ne a tla boloka mang a be a timetse mang,’ joalokaha ba lumelang hore qetello ea lintho e reriloe esale pele ba tiisa hore ho joalo. Tokoloho ea ho khetha ha e lumellane le hore qetello ea lintho e reriloe esale pele.

Bibele e bontša ka ho hlaka hore lintho tseo re khethang ho li etsa li tla fetola qetello ea rōna. Ka mohlala, Molimo o re ha a ipiletsa ho bafosi: “Ka kōpo, furallang e mong le e mong tsela ea hae e mpe le bobe ba mesebetsi ea lōna . . . e le hore . . . ke se ke ka le bakela tlokotsi.” (Jeremia 25:5, 6) Boipiletso bona bo ne bo tla be bo sa utloahale haeba Molimo a ne a se a ntse a rerile qetello ea batho ka bomong. Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le re: “Ka hona, bakang, ’me le sokolohe e le hore libe tsa lōna li hlakoloe, e le hore linako tse khathollang li ka tla ho tsoa ho Jehova.” (Liketso 3:19) Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ka kōpa batho hore ba bake ba be ba sokolohe haeba a ne a tsebile esale pele hore ho hang ba ne ba ke ke ba etsa letho ho fetola qetello ea bona?

Mangolo a bua ka ba bang bao Molimo a ba memetseng ho ea busa le Jesu Kreste e le marena leholimong. (Matheu 22:14; Luka 12:32) Leha ho le joalo, Bibele e re ba tla lahleheloa ke monyetla oo o ikhethang haeba ba sa mamelle ho isa bofelong. (Tšenolo 2:10) Ke hobane’ng ha Molimo a ne a ka ba mema haeba a ne a se a entse qeto ea hore ba ne ba ke ke ba khethoa? Nahana le ka mantsoe ao moapostola Pauluse a ileng a a bua ho balumeli-’moho le eena. O ile a ngola: “Haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore re amohele tsebo e nepahetseng ea ’nete, ha ho sa na sehlabelo leha e le sefe se setseng bakeng sa libe.” (Baheberu 10:26) Temoso e joalo e ne e tla be e se na thuso haeba Molimo a ne a se a entse qeto esale pele mabapi le qetello ea bona. Empa na Molimo ha aa khetha esale pele hore bonyane batho ba itseng e tla ba babusi-’moho le Jesu Kreste?

Ba Khethiloeng Esale Pele—Na ke Batho ka Bomong Kapa ke Sehlopha?

Moapostola Pauluse o ile a ngola: “[Molimo] o re hlohonolofalitse ka tlhohonolofatso e ’ngoe le e ’ngoe ea moea libakeng tsa leholimo bonngoeng le Kreste. . . . Etsoe o ile a re khetha esale pele hore re nkeloe ka lapeng re le bara ho eena ka Jesu Kreste.” (Baefese 1:3-5) Molimo o khethile eng esale pele, hona ho khethoa “pele lefatše le thehoa” ho bolela’ng?

Litemana tsena li bontša hore Molimo o khethile litloholo tse ling tsa motho oa pele, Adama, hore li e’o busa le Kreste maholimong. (Baroma 8:14-17, 28-30; Tšenolo 5:9, 10) Leha ho le joalo, khopolo ea hore Jehova Molimo o khethile batho ba itseng lilemo tse likete pele ba hlaha e le hore ba fumane tokelo ena e hanyetsana le taba ea hore batho ba filoe tokoloho ea ho khetha. Seo Molimo a ileng a se khetha esale pele ke sehlopha sa batho, eseng batho ka bomong.

Ho etsa mohlala: Ha re re ’muso o etsa qeto ea ho theha lekala le itseng. O etsa qeto esale pele ka mesebetsi ea lekala leo, matla a lona le boholo ba lona. Qetellong, lekala lena le qala ho sebetsa nako e itseng ka mor’a hore le thehoe, ’me litho tsa lona li etsa phatlalatso e reng: “’Muso o ile oa etsa qeto lilemong tse ngata tse fetileng hore na mosebetsi oa rōna e ne e tla ba ofe. Joale re qala mosebetsi oo re o filoeng.” Na u ne u tla phetha ka hore ’muso oo o ile oa rera lilemo tse itseng pele ho moo hore na setho ka seng sa lekala leo e ne e tla ba mang? Le hanyenyane. Ka ho tšoanang, Jehova o ile a rera esale pele hore o ne a tla theha lekala le khethehileng le neng le tla felisa liphello tsa sebe sa Adama. O ile a khetha esale pele sehlopha sa batho ba neng ba tla sebetsa lekaleng leo—empa eseng batho ka bomong. Ba ne ba tla khethoa hamorao, ’me hore na qetellong baa amoheloa kapa che, ho ne ho tla itšetleha ka lintho tseo ba neng ba tla khetha ho li etsa bophelong.

Moapostola Pauluse o ne a nahanne ka lefatše lefe ha a ne a re: “[Molimo o] ile a re khetha bonngoeng le eena pele lefatše le thehoa”? Lefatše leo Pauluse a buang ka lona mona hase leo Molimo a ileng a le qala ha a ne a bōpa Adama le Eva. Lefatše leo le ne le le “molemo haholo”—le se na sebe le ho bola ka ho feletseng. (Genese 1:31) Le ne le sa hloke “tokollo” ea ho tsoa sebeng.—Baefese 1:7.

Lefatše leo Pauluse a neng a bua ka lona ke le ileng la hlaha ka mor’a borabele ba Adama le Eva Edene—e leng lefatše le fapaneng ka ho feletseng le leo qalong Molimo a neng a le rerile. Ke lefatše le ileng la qala ka bana ba Adama le Eva. Lefatše leo le ne le e-na le batho ba neng ba le hōle le Molimo ba bile ba le bokhobeng ba sebe le ho bola. E ne e le lefatše la batho ba ka pholosoang, ba neng ba fapane le baetsalibe ba ka boomo Adama le Eva.—Baroma 5:12; 8:18-21.

Jehova Molimo o ile a khona hore hang-hang a sebetsane le boemo bo hlahileng ka lebaka la borabele ba Edene. Hang feela ha ho hlokahala, o ile a khetha esale pele lekala le khethehileng—e leng ’Muso oa Bomesia o neng o tla ba matsohong a Jesu Kreste—leo a neng a tla le sebelisetsa ho lopolla moloko oa batho sebeng sa Adama. (Matheu 6:10) Molimo o ile a etsa sena ‘pele lefatše le ka lokolloang la moloko oa batho le thehoa,’ ke hore, pele Adama le Eva ba marabele ba ka ba le bana.

Hangata batho ba hloka moralo oa ho etsa lintho e le hore ba finyelle seo ba batlang ho se etsa. Thuto ea hore qetello ea lintho e reriloe esale pele e amahanngoa le khopolo ea hore e tlameha ebe Molimo o na le moralo o akaretsang makolopetso ’ohle bakeng sa bokahohle oo ho oona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etselitsoeng qeto esale pele. Roy Weatherford oa ngola: “Ho bonahala bo-rafilosofi ba bangata ba nka hore ntho leha e le efe e sa hlaloseng ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe ka ho qaqileng e ne e ka ba khahlanong le Matla a Molimo.” Na ho hlile hoa hlokahala hore Molimo a hlalose ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe esale pele?

Kaha o na le matla a sa lekanyetsoang le bohlale bo se nang tekanyo, Jehova a ka sebetsana ka katleho le ketsahalo leha e le efe e hlahang thoso! kapa e sa lebelloang e ka ’nang ea hlaha ha libōpuoa tsa hae li sebelisa tokoloho ea tsona ea ho khetha. (Esaia 40:25, 26; Baroma 11:33) A ka etsa sena hang-hang ntle ho moralo o akaretsang makolopetso ’ohle. Ho fapana le batho ba sa phethahalang ba nang le bokhoni bo lekanyelitsoeng, Molimo ea Matla ’Ohle ha a hloke moralo o hlomamisitsoeng le o sa fetoheng o hlalosang esale pele qetello ea motho e mong le e mong ea lefatšeng. (Liproverbia 19:21) Liphetolelong tse ngata tsa Bibele, Baefese 3:11 e bolela hore Molimo o na le “morero oa ka ho sa feleng” eseng moralo o hlomamisitsoeng.

Kamoo U ka Fetolang Bokamoso ba Hao Kateng

Molimo o na le morero ka lefatše, ’me morero oo o etselitsoe qeto esale pele. Tšenolo 21:3, 4 e re: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Ruri lefatše lena e tla ba paradeise, feela joalokaha qalong Jehova a ne a rerile hore le be joalo. (Genese 1:27, 28) Potso ke ho re, Na u tla ba teng moo? Seo se itšetlehile ka lintho tseo u khethang ho li etsa hona joale. Jehova ha aa hlomamisa qetello ea hao.

Sehlabelo sa thekollo sa Mor’a Molimo, Jesu Kreste, se etsa hore ho khonehe hore mang kapa mang ea bontšang tumelo ho eena a fumane bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16, 17; Liketso 10:34, 35) Bibele e re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo.” (Johanne 3:36) U ka khetha bophelo ka ho ithuta ka Molimo, ka Mora oa hae le ka thato ea Hae ka Bibeleng le ka ho sebelisa seo u ithutang sona. Motho ea etsang lintho tse lumellanang le bohlale ba ’nete bo tlalehiloeng ka Lentsoeng la Molimo o tiisetsoa hore “o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.”—Liproverbia 1:20, 33.

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Ho fapana le liphoofolo, batho baa ikarabella ka boitšoaro ba bona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Eagle: Foto: Cortesía de GREFA