Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“U Khona Joang?”

“U Khona Joang?”

“U Khona Joang?”

HA Muriel, e leng ’mè oa bana ba bararo a ne a le reschorenteng e rekisang lijo tse phehoang ka potlako, leqheku le leng le ile la mo botsa potso eo a sa e lebella. Muriel o ne a ile a phathahanngoa ke ho isa bana ba hae ngakeng, ’me o ne a siuoe ke nako. Ba ne ba se na nako e lekaneng ea ho ea lapeng ’me ba je lijo tsa mantsiboea pele ba e-ea libokeng tsa Bokreste. Kahoo o ile a isa bana reschorenteng e haufi e le hore ba fumane ntho eo ba ka e jang.

Ha ba ntse ba qetela lijo tsa bona, monna e mong o ile a tla ho Muriel eaba o re: “Haesale ke ntse ke u shebile ho tloha ha u kena ka mona. ’Me ke bone phapang e khōlō pakeng tsa bana ba hao le bana bao ke atisang ho kopana le bona. Ha u ka bona ntho eo bana ba e etsang ka litafole le litulo! u tla bona ba behile maoto litafoleng. Ba chofaka litulo. Empa bana ba hao ba imametse ebile ba itšoere hantle. U khona joang?”

Muriel o ile a araba tjena: “’Na le monna oa ka re ithuta Bibele kamehla le bana ba rōna, ’me re leka ho sebelisa seo re ithutang sona bophelong ba rōna. Re Lipaki Tsa Jehova.” Ha a utloa sena, monna eo o ile a re: “Ke Mojuda hape ke mophonyohi oa Polao e Sehlōhō ea Manazi. Ke hopola ke bona Lipaki Tsa Jehova li hlorisoa Jeremane. Le ka nako eo, ho ne ho bonahala ka ho hlaka hore li fapane le batho ba bang. Ruri ke khahluoe ke boitšoaro ba bana ba hao. Ke tlameha ho hlahloba bolumeli ba hao.”

Bibele ke buka e ntlehali e nang le boitsebiso ba ho hōlisa bana. Lipaki Tsa Jehova li thahasella haholo ho thusa batho ba bang hore ba rue molemo tataisong e fumanoang ka Mangolong. Ka mofuthu re u memela ho amohela memo e latelang.