Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bana ba Rōna ke Lefa la Bohlokoa

Bana ba Rōna ke Lefa la Bohlokoa

Bana ba Rōna ke Lefa la Bohlokoa

“Bonang! Bara ke lefa le tsoang ho Jehova; litholoana tsa mpa ke moputso.”—PESALEME EA 127:3.

1. Ho ile ha tla joang hore lesea la pele le hlahe?

NAHANA ka lintho tse hlollang tseo Jehova Molimo a entseng hore li etsahale ka tsela eo a bōpileng monna oa pele le mosali ka eona. Ho na le karolo e ileng ea tsoa ho ntate, Adama, le ho ’mè, Eva, e ileng ea hōla ka pōpelong ea Eva eaba e etsa motho e mocha ea feletseng, eo e ileng ea e-ba lesea la pele. (Genese 4:1) Le mehleng ea kajeno ho emoloa le ho belehoa ha ngoana ho ntse ho re hlolla, ’me batho ba bangata ba re ke mohlolo oa sebele.

2. Ke hobane’ng ha u ka re se etsahalang ka pōpelong ea mosali oa moimana ke mohlolo?

2 Nakong ea matsatsi a ka bang 270, sele ea pele e ileng ea bōpeha ka ho ’mè ha a ne a kopane le ntate, e hōla hore e be lesea le nang le lisele tse libilione. Ka hare ho sele ena ea pele, ho na le litaelo tse hlokahalang hore ho tle ho hlahisoe mefuta ea lisele e fetang 200. Tumellanong le litaelo tseo tse hlollang, tseo ho seng motho ea ka li utloisisang ka ho feletseng, lisele tsena tse rarahaneng ka mokhoa o makatsang li hōla hantle ka tatellano le ka mokhoa oo ka oona li bōpang motho e mocha!

3. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba nahanang ba lumela hore e tlameha ebe Molimo ke eena ea entseng hore ho tsoaloe motho e mocha?

3 U ka re eo e hlileng e leng eena moetsi oa lesea ke mang? Ha ho pelaelo hore ke Moqapi oa bophelo. Mopesaleme oa Bibele o ile a bina a re: “Tsebang hore Jehova ke Molimo. Ke eena ea re entseng, eseng rōna.” (Pesaleme ea 100:3) Batsoali, le tseba hantle hore lesea lena la bohlokoa ha lea hlaha ka lebaka la bohlalehali ba lōna. Ke feela Molimo ea bohlale ka ho fetisisa ea ka etsang mohlolo oa hore ho bōptjoe motho e mocha ea phelang. Ka lilemo tse likete, batho ba nahanang ba ’nile ba tlotlisa ’Mōpi e Moholo ka ho bōptjoa ha ngoana ka pōpelong ea ’m’ae. Na le uena ua mo tlotlisa?—Pesaleme ea 139:13-16.

4. Ke bofokoli bofe boo batho ba nang le bona boo Jehova a se nang bona?

4 Leha ho le joalo, na Jehova ke ’Mōpi ea sa tsotelleng ea mpileng a bōpella ’meleng ea banna le basali tsela eo ba neng ba ka ba le bana ka eona? Batho ba bang ha ba nahanele, empa Jehova eena oa nahanela. (Pesaleme ea 78:38-40) Ho Pesaleme ea 127:3, Bibele e re: “Bonang! Bara [hammoho le barali] ke lefa le tsoang ho Jehova; litholoana tsa mpa ke moputso.” Joale, a re ke re hlahlobeng hore na lefa ke eng le hore na ke bopaki ba eng.

Ke Lefa le Moputso

5. Ke hobane’ng ha bana e le lefa?

5 Lefa le tšoana le mpho. Hangata batsoali ba sebetsa ka nako e telele le ka thata e le hore ba siele bana ba bona lefa. E ka ’na ea e-ba lefa la chelete, thepa, kapa letlotlo le leng la bohlokoa. Ho sa tsotellehe hore na ke eng, ke bopaki ba lerato la motsoali. Bibele e re Molimo o file batsoali bana e le lefa. Ke mpho e ntle e tsoang ho eena. Haeba u motsoali, na u ka re liketso tsa hao li bontša hore u nka bana ba hao e le mpho eo ’Mōpi oa bokahohle a e behileng matsohong a hao?

6. Morero oa Molimo e ne e le ofe ha a etsa hore ho be bonolo hore batho ba be le bana?

6 Morero oa Jehova ha a fana ka mpho ena e ne e le hore lefatše le tlatsoe ka lesika la Adama le Eva. (Genese 1:27, 28; Esaia 45:18) Jehova ha aa ka a bōpa motho ka mong, joalokaha a entse ka mangeloi a limilione. (Pesaleme ea 104:4; Tšenolo 4:11) Ho e-na le hoo, Molimo o ile a khetha ho bōpa batho ba e-na le matla a ho ba le bana ba neng ba tla futsa batsoali ba bona ka ho feletseng. Ka sebele ke monyetla o babatsehang le o khethehileng hakaakang hore ’mè le ntate ba hlahise motho eo e mocha ba be ba mo hlokomele! Joaloka batsoali, na le leboha Jehova ha a entse hore ho be bonolo hore le thabele lefa lee la bohlokoa?

Ithute Mohlaleng oa Jesu

7. Ho fapana le se etsoang ke batsoali ba bang, Jesu o ile a bontša joang hore o thahasella “bara ba batho” ebile oa ba qenehela?

7 Ka masoabi, hase batsoali bohle ba nahanang hore bana ke moputso. Ba bangata ha ba qenehele bana ba bona. Batsoali ba joalo ha ba bonahatse maikutlo a Jehova le a Mora oa hae. (Pesaleme ea 27:10; Esaia 49:15) Ho fapana le batsoali bana, nahana kamoo Jesu a neng a thahasella bana kateng. Le pele Jesu a tla lefatšeng e le motho—e sa le sebōpuoa se matla sa moea leholimong—Bibele e re “o ne a thabela batho ka ho feletseng.” (Liproverbia 8:31, Rotherham) O ne a rata batho haholo hoo a ileng a thabela ho fana ka bophelo ba hae e le thekollo e le hore re ka fumana bophelo bo sa feleng.—Matheu 20:28; Johanne 10:18.

8. Jesu o ile a behela batsoali mohlala o motle joang?

8 Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a behela batsoali mohlala o motle haholo. Nahana ka seo a neng a se etsa. O ne a ipha nako ea ho ba le bana, esita leha a ne a phathahane a bile a imetsoe. O ne a ba shebella ha ba bapala ’marakeng a bile a ruta ka lintho tse ling tseo ba neng ba li etsa. (Matheu 11:16, 17) Leetong la ho qetela leo Jesu a ileng a le nka ho ea Jerusalema, o ne a tseba hore o tla utloisoa bohloko a be a bolaoe. Kahoo, eitse ha batho ba tlisa bana ho Jesu, barutuoa ba hae ba leka ho ba leleka, mohlomong e le ha ba leka ho fokoletsa Jesu boima. Empa Jesu o ile a khalemela barutuoa ba hae. Ha a bontša “thabo e feletseng” ea hae baneng, o ile a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela.”—Mareka 10:13, 14.

9. Ke hobane’ng ha liketso tsa rōna e ka ba tsa bohlokoa esita le ho feta lipolelo tsa rōna?

9 Re ka ithuta mohlaleng oa Jesu. Re etsa joang ha bana ba tla ho rōna—esita le haeba re phathahane? Na re etsisa Jesu? Seo bana ba se hlokang, haholo-holo ho batsoali ba bona, ke seo Jesu a neng a chesehela ho ba fa sona—e leng nako ea hae le tlhokomelo ea hae. Ke ’nete hore polelo e kang “Kea u rata” ke ea bohlokoa. Empa, liketso li bua ho feta lipolelo. Lerato la hao ha le bonahatsoe feela ka seo u se buang empa le bonahatsoa haholo ka seo u se etsang. Le bontšoa ka hore u be le nako ea bana ba hao, u ba hlokomele u be u ba baballe. Leha ho le joalo, leha batsoali ba etsa sena sohle, mohlomong liphello li ke ke tsa bonahala kapele joalokaha ba ka lebella. Ho hlokahala mamello. Re ka ithuta ho mamella haeba re etsisa tsela eo Jesu a neng a sebetsana le barutuoa ba hae ka eona.

Ho se Fele Pelo ha Jesu le Lerato la Hae

10. Jesu o ile a etsetsa barutuoa ba hae mohlala joang tabeng ea boikokobetso, ’me na o ile oa atleha ka lekhetlo la pele?

10 Jesu o ne a hlokometse hore barutuoa ba hae ha ba khaotse ho tsekisana maemo. Ka letsatsi le leng ha a fihla Kapernauma le barutuoa ba hae, o ile a ba botsa: “‘Le ne le phehisana ka’ng tseleng?’ Ba khutsa, kaha tseleng ba ne ba phehisane har’a bona hore na e moholo ke mang.” Ho e-na le hore Jesu a ba khalemele ka thata, ka ho se fele pelo o ile a ba etsetsa mohlala e le hore a ba rute boikokobetso. (Mareka 9:33-37) Na seo se ile sa hlahisa liphello tseo a neng a li lebeletse? Eseng hang-hang. Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng hamorao, Jakobo le Johanne ba ile ba sebelisa ’m’a bona hore a kōpe Jesu hore a ba fe maemo ’Musong. Jesu o ile a boela a lokisa monahano oa bona a sa fele pelo.—Matheu 20:20-28.

11. (a) Baapostola ba Jesu ba ile ba hlōleha ho etsa mosebetsi ofe o tloaelehileng ka mor’a ho fihla kamoreng e ka holimo le Jesu? (b) Jesu o ile a etsa’ng, ’me na boiteko ba hae bo ile ba atleha nakong eo?

11 Paseka ea 33 C.E. e ile ea fihla kapele, ’me Jesu o ile a kopana le baapostola ba hae hore a e keteke le bona feela. Ha ba fihla kamoreng e ka holimo, ha ho le ea mong oa baapostola ba 12 ea ileng a ithaopela ho etsa tšebeletso e tloaelehileng ea ho hlatsoa maoto a lerōle a ba bang—e leng mosebetsi o tlaase o neng o etsoa ke mohlanka kapa mosali ea teng lapeng. (1 Samuele 25:41; 1 Timothea 5:10) E tlameha ebe Jesu o ile a utloa bohloko hakaakang ha a bona hore barutuoa ba hae ba ntse ba tsoela pele ho batla bophahamo le maemo! Kahoo, Jesu o ile a hlatsoa maoto a e mong le e mong eaba o ipiletsa ka tieo ho bona hore ba latele mohlala oa hae oa ho sebeletsa ba bang. (Johanne 13:4-17) Na ba ile ba o latela? Bibele e bolela hore hamorao hona mantsiboeeng ao ho ile “ha boela ha tsoha phehisano e chesang har’a bona ka hore na ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo.”—Luka 22:24.

12. Batsoali ba ka etsisa Jesu joang ha ba etsa boiteko ba ho ruta bana ba bona?

12 Batsoali, ha bana ba lōna ba sa sebelise keletso ea lōna, na lea lemoha hore na e tlameha ebe Jesu o ne a ikutloa joang? Hlokomelang hore Jesu ha aa ka a tela ho thusa baapostola ba hae, le hoja ba ne ba lieha ho lokisa liphoso tsa bona. Qetellong ho se fele pelo ha hae ho ile ha tsoala katleho. (1 Johanne 3:14, 18) Batsoali, le lokela ho etsisa lerato la Jesu le ho se fele pelo ha hae, le ka mohla le se ke la tlohela ho etsa boiteko ba ho ruta bana ba lōna.

13. Ke hobane’ng ha motsoali a sa lokela hore ha ngoana a botsa a mo leleke ka ho mo kharumela?

13 Bana ba lokela ho bona hore batsoali ba bona baa ba rata ebile baa ba thahasella. Jesu o ne a batla ho tseba seo barutuoa ba hae ba se nahanang, kahoo o ne a mamela ha ba e-na le lipotso. O ne a batla maikutlo a bona litabeng tse itseng. (Matheu 17:25-27) Ka sebele, ho ruta hantle ho akarelletsa ho mamela ka hloko le ho ba le thahasello ea sebele. Ha ngoana a botsa, motsoali ha aa lokela ho mo leleka ka ho mo kharumela: “Tloha mona! Ebe ha u bone hore kea sebetsa?” Haeba motsoali a hlile a sebetsa, ngoana o lokela ho bolelloa hore ho tla buisanoa ka taba eo hamorao. Batsoali ba lokela ho etsa bonnete ba hore ho buisanoa ka taba eo hamorao. Ka tsela ena, ngoana o tla bona hore ka sebele motsoali oa mo thahasella, ’me o tla nolofalloa ho mo bolella makunutu.

14. Batsoali ba ka ithuta eng ho Jesu tabeng ea ho bontša bana ba bona lerato?

14 Na ho loketse hore batsoali ba bontše lerato ka ho haka bana ba bona le ka ho ba kopa ka mofuthu? Le ntlheng ena, batsoali ba ka ithuta ho Jesu. Bibele e bolela hore o ile a “sika bana bao ’me [a] qala ho ba hlohonolofatsa, a ba beha matsoho.” (Mareka 10:16) U nahana hore bana bao ba ile ba etsa joang? Ha ho pelaelo hore lipelo tsa bona li ile tsa thaba, ’me ba ile ba atamela ho Jesu! Haeba ho e-na le lerato la sebele pakeng tsa lōna le bana ba lōna, ba tla nka khato habonolo ha le leka ho ba laea le ho ba ruta.

Taba ke Hore na U Qete Nako e Kae le Bona

15, 16. Ke khopolo efe e atileng ea ho hōlisa bana, ’me ho bonahala e hlohlelelitsoe ke eng?

15 Batho ba bang ba ’nile ba belaela hore na ehlile hoa hlokahala hore batsoali ba qete nako e ngata ba e-na le bana ba bona ba bile ba ba hlokometse ka lerato. Khopolo ea ho hōlisa bana eo batho ba ’nileng ba e buella ka bohlale e bitsoa nako e sebelisoang hamolemo. Babuelli ba khopolo ena ba bolela hore bana ha ba hloke boholo ba nako ea batsoali ba bona hafeela nakonyana eo batsoali ba e qetang ba e-na le bona e e-na le morero, e lokisetsoa hantle ebile e hlophisitsoe hantle. Na khopolo ea nako e sebelisoang hamolemo e ntle, e qapetsoe boiketlo ba bana?

16 Mongoli e mong ea neng a ile a buisana le bana ba bangata o ile a bolela hore “ba batla boholo ba nako ea batsoali ba bona” le “tlhokomelo e feletseng.” Habohlokoa, moprofesa e mong oa koleche o ile a re: “Poleloana ena [e reng, nako e sebelisoang hamolemo] e tsoetsoe ke ha batsoali ba ikutloa ba le molato. Batho ba ne ba ipha lebaka la ho fokotsa nako eo ba e qetang ba e-na le bana ba bona.” Batsoali ba lokela ho qeta nako e kae ba e-na le bana ba bona?

17. Bana ba hloka eng ho batsoali ba bona?

17 Bibele ha e bolele. Leha ho le joalo, batsoali ba Baiseraele ba ne ba khothalletsoa ho bua le bana ba bona ha ba le ka tlung, ha ba tsamaea tseleng, ha ba robala le ha ba tsoha. (Deuteronoma 6:7) Sena se bolela ka ho hlaka hore batsoali ba lokela ho bua le bana le ho ba ruta ba sa phetse, letsatsi ka leng.

18. Jesu o ile a sebelisa menyetla ea ho ruta barutuoa ba hae hamolemo joang, ’me batsoali ba ka ithuta eng ho see?

18 Jesu o ne a atleha ho ruta barutuoa ba hae ha a ne a ja le bona, a tsamaea le bona, esita leha a ikhatholla le bona. Kahoo, o ne a sebelisa monyetla o mong le o mong ho ba ruta. (Mareka 6:31, 32; Luka 8:1; 22:14) Ka tsela e tšoanang, batsoali ba Bakreste ba lokela ho falimehela ho sebelisa monyetla o mong le o mong ho qala le ho boloka puisano e molemo le bana ba bona le ho ba ruta litsela tsa Jehova.

Seo ba ka se Rutang le Tsela eo ba ka se Rutang ka Eona

19. (a) Ke eng hape e hlokahalang ntle ho ho qeta nako u e-na le bana? (b) Haholo-holo batsoali ba lokela ho ruta bana eng?

19 Ho qeta nako u e-na le bana esita le hona ho ba ruta, hase hona feela ho hlokahalang bakeng sa ho ba hōlisa ka katleho. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa, ke seo ba se rutoang. Hlokomela seo Bibele e reng se lokela ho akarelletsoa thutong. E re: “Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno . . . u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta.” “Mantsoe ana” ao ho hlokahalang hore bana ba a rutoe ke afe? Ho totobetse hore ke mantsoe a neng a sa tsoa boleloa, a reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle.” (Deuteronoma 6:5-7) Jesu o itse taelo ena ke ea bohlokoa ka ho fetisisa litaelong tsohle tsa Molimo. (Mareka 12:28-30) Haholo-holo batsoali ba lokela ho ruta bana ka Jehova, ba hlalose hore na ke hobane’ng ha e le eena feela eo ho loketseng hore batho ba mo rate ka moea oohle le hore ba inehele ho eena ka moea oohle.

20. Molimo o ile a laela batsoali ba boholo-holo hore ba rute bana ba bona eng?

20 Leha ho le joalo, “mantsoe ana” ao ho phehelloang batsoali hore ba a rute bana ba bona ha a akareletse feela hore motho a rate Molimo ka sohle seo a leng sona. U tla hlokomela hore khaolong e fetileng ea Deuteronoma, Moshe o pheta melao eo Molimo a ileng a e ngola matlapeng a lejoe—e leng Melao e Leshome. Melao ena e akarelletsa litaelo tsa ho se qale leshano, ho se utsoe, ho se bolaee le ho se febe. (Deuteronoma 5:11-22) Kahoo, batsoali ba mehleng eo ba ile ba bontšoa hore ke habohlokoa hore ba rute bana ba bona melao ea boitšoaro. Kajeno batsoali ba Bakreste ba lokela ho ruta bana ba bona thuto e tšoanang e le hore ba tle ba ba thuse ho ba le bokamoso bo sireletsehileng le bo monate.

21. Ho ne ho boleloa eng ka taelo ea hore bana ba ‘rutoe lentsoe la Molimo ka ho pheta-pheta’?

21 Hlokomela hore batsoali ba bolelloa hore na ba lokela ho ruta bana ba bona “mantsoe ana” kapa litaelo tsena joang: “U a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta.” Poleloana ‘ho ruta ka ho pheta-pheta’ e bolela “ho ruta le ho hatisa ka ho bolela ntho ka makhetlo kapa ka ho hlokomelisa hangata: ho phehella kapa ho kokotela kelellong.” Kahoo, Molimo o hlile o bolella batsoali hore ba qalise lenaneo le hlophisitsoeng la thuto ea Bibele leo morero o tobileng oa lona e leng ho hatisa litaba tsa moea likelellong tsa bana ba bona.

22. Batsoali ba Baiseraele ba ile ba bolelloa hore ba etse’ng hore ba rute bana ba bona, ’me see se ne se bolela’ng?

22 Lenaneo lena le hlophisitsoeng le batla hore batsoali ba ikemisetse. Bibele e re: “[“Mantsoe ana,” kapa litaelo tsena tsa Molimo] u a tlame e le pontšo letsohong la hao, ’me e tla ba lebanta le roaloang phatleng pakeng tsa mahlo a hao; u a ngole likoseneng tsa menyako tsa ntlo ea hao le lihekeng tsa hao.” (Deuteronoma 6:8, 9) Sena ha se bolele hore batsoali ba lokela hore ba hle ba ngole melao ea Molimo menyakong le lihekeng, kapa ba e tlame matsohong a bana ba bona le ho e beha pakeng tsa mahlo a bona. Ho e-na le hoo, habohlokoa ke hore batsoali ba lokela ho hopotsa bana ba bona lithuto tsa Molimo kamehla. Ba lokela ho ruta bana ba bona khafetsa le kamehla, hoo ho bang joalokaha eka lithuto tsa Molimo li ka pel’a bana ka linako tsohle.

23. Thutong ea beke e tlang ho tla buisanoa ka eng?

23 Tse ling tsa lintho tsa bohlokoa haholo tseo ho hlokahalang hore batsoali ba li rute bana ba bona ke life? Ke hobane’ng ha e le habohlokoa kajeno hore bana ba rutoe ba be ba koetlisetsoe ho itšireletsa? Ke thuso efe eo batsoali ba nang le eona hona joale e ba thusang ho ruta bana ba bona ka katleho? Lipotso tsena le tse ling tseo batsoali ba bangata ba amehileng ka tsona, ho tla buisanoa ka tsona sehloohong se latelang.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho nka bana ba bona e le ba bohlokoa?

• Batsoali le batho ba bang ba ka ithuta eng ho Jesu?

• Batsoali ba lokela ho qeta nako e kae ba e-na le bana ba bona?

• Bana ba lokela ho rutoa eng, hona ba lokela ho rutoa joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Batsoali ba ka ithuta eng tseleng eo Jesu a neng a ruta ka eona?

[Litšoantšo tse leqepheng la 11]

Batsoali ba Baiseraele ba ne ba lokela ho ruta bana ba bona neng, hona ba ba ruta joang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 12]

Batsoali ba lokela ho hopotsa bana ba bona lithuto tsa Molimo