Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali, Sireletsang Lefa la Lōna la Bohlokoa

Batsoali, Sireletsang Lefa la Lōna la Bohlokoa

Batsoali, Sireletsang Lefa la Lōna la Bohlokoa

“Bohlale ke tšireletso . . . bo boloka ba nang le bona ba phela.”—MOEKLESIA 7:12.

1. Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho nka bana ba bona e le limpho?

BATSOALI ke bona ba ikarabellang ka ho tsoaloa ha motho e mocha ea phelang, ea futsitseng litšobotsi tsa bona le botho ba bona. Bibele e re bana bana “ke lefa le tsoang ho Jehova.” (Pesaleme ea 127:3) Ha e le hantle, kaha ke Monehi-Bophelo oa sebele, Jehova o beha matsohong a batsoali ntho eo ka sebele e leng ea hae. (Pesaleme ea 36:9) Batsoali, le nka ho fumana mpho ee ea bohlokoa e tsoang ho Molimo joang?

2. Manooa o ile a etsa’ng ha a tsebisoa hore e ne e tla ba ntate?

2 Ha ho pelaelo hore mpho ena e lokela ho amoheloa ka boikokobetso le ka teboho. Hoo e ka bang lilemo tse fetang 3 000 tse fetileng, Moiseraele ea bitsoang Manooa o ile a etsa joalo ha lengeloi le ne le boleletse mosali oa hae hore o tla beleha ngoana. Ha Manooa a utloa litaba tseo tse monate, o ile a rapela a re: “Ntšoarele, Jehova. Monna oa Molimo oa ’nete eo u sa tsoa mo romela, ka kōpo, e-re a boele a tle ho rōna ’me a re laele seo re tšoanelang ho se etsa ho ngoana ea tlang ho tsoaloa.” (Baahloli 13:8) Batsoali, le ka ithuta eng mohlaleng oa Manooa?

Lebaka Leo ka Lona ho Hlokahalang Thuso ea Molimo Hona Joale

3. Ke hobane’ng ha kajeno re hlile re hloka thuso ea Molimo ha re hōlisa bana?

3 Hona joale, batsoali ba hloka thuso ea Jehova ho feta leha e le neng pele ha ba hōlisa bana ba bona. Ka lebaka lefe? Satane Diabolose le mangeloi a hae ba lihetsoe lefatšeng ba tsoa leholimong. Bibele ea lemosa: “Ho malimabe lefatše . . . hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:7-9, 12) Bibele e hlalosa hore Satane, “joaloka tau e purumang,” o ‘batla ho harola e mong.’ (1 Petrose 5:8) Ho tloaelehile hore litau li hlasele liphoofolo tse fokolang haholo, haholo-holo malinyane. Kahoo, batsoali ba Bakreste ka bohlale ba kōpa tataiso ho Jehova e le hore ba sireletse bana ba bona. Le etsa boiteko bo bokae ba ho sireletsa bana ba lōna?

4. (a) Batsoali ba lokela ho etsa’ng ha ba tseba hore ho na le tau e ntseng e solla sebakeng seo ba leng ho sona? (b) Bana ba hloka eng hore ba sireletsehe?

4 Haeba u ne u tseba hore sebakeng seo u leng ho sona ho na le tau e ntseng e solla, ka sebele ntho ea pele eo u neng u tla ameha ka eona ke ho sireletsa bana ba hao. Satane ke ’molai. O batla ho silafatsa batho ba Molimo, e le hore Molimo a se ke a ba amohela. (Jobo 2:1-7; 1 Johanne 5:19) Bana ba hlaseleha habonolo. E le hore bana ba pholohe maraba a Diabolose, ba lokela ho tseba Jehova le ho mo mamela. Ho hlokahala hore ba tsebe Bibele. Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ho feta moo, bana ba lokela ho ba le bohlale—e leng bokhoni ba ho utloisisa le ho sebelisa seo ba ithutang sona. Batsoali, kaha “bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela,” le lokela ho kenya ’nete butle-butle ka lipelong tsa bana ba lōna. (Moeklesia 7:12) See le ka se etsa joang?

5. (a) Motho a ka fana ka bohlale joang? (b) Liproverbia e hlalosa molemo oa bohlale joang?

5 U ka balla bana ba hao Lentsoe la Molimo ebile u tlameha ho ba balla lona. Empa ho ba thusa ho rata Jehova le ho mo mamela ho hloka ho fetang hoo—ho hloka hore ba be le kutloisiso. Ka mohlala: Ngoana a ka bolelloa hore a se ke a tšela seterata pele a qamaka ka letsohong le letšehali le ka ho le letona. Empa, bana ba bang ha ba mamele. Hobane’ng? Mohlomong liphello tsa ho thuloa ke koloi ha lia ka tsa hlalosoa khafetsa hantle kapa ka mokhoa o etsang hore ngoana a utloisise hore na kotsi e hokae, e leng mokhoa o ka mo qobisang “booatla” bo ka mo ntšang kotsi. Ho fa motho bohlale ho hloka nako le mamello e ngata. Empa bohlale ke ba bohlokoa haholo! Bibele e re: “Litsela tsa bona ke litsela tsa thabo, ’me litsela tsohle tsa bona ke khotso. Ke sefate sa bophelo ho ba bo tšoarang, ’me ba lulang ba bo tšoere ka tieo ba tla bitsoa ba thabileng.”—Liproverbia 3:13-18; 22:15.

Thuto e Hlalefisang

6. (a) Ke hobane’ng ha hangata bana ba etsa lintho ka booatla? (b) Ke ntoa efe e loanang?

6 Hangata bana ba etsa liphoso, eseng hobane ba sa rutoa se nepahetseng, empa hobane thuto e sa fihla lipelong tsa bona—e leng botebong ba bona. Diabolose o loana ntoa hore a laole lipelo tsa bana. Leano la hae ke ho bona hore ba pepesetsoa mekhoa e se nang bomolimo ea lefatše la hae. O boetse o leka ho sebelisa hampe tšekamelo ea bona ea ho etsa lintho tse mpe. (Genese 8:21; Pesaleme ea 51:5) Batsoali ba lokela ho hlokomela hore ho na le ea loanang ntoa ea sebele ea batlang ho laola lipelo tsa bana ba bona.

7. Ke hobane’ng ha ho bolella ngoana se nepahetseng kapa se fosahetseng ho sa lekana?

7 Hangata batsoali ba bolella ngoana se nepahetseng kapa se fosahetseng, ba nahana hore ka ho etsa joalo ba mo rutile molao-motheo o mong oa boitšoaro. Ba ka ’na ba bolella ngoana hore ke phoso ho qala leshano, ho utsoa, kapa hore motho a kopanele liphate le mang kapa mang eo a sa nyalanang le eena. Leha ho le joalo, ngoana o hloka ntho e matla haholoanyane e mo susumelletsang ho mamela ho feta feela seo batsoali ba mo bolellang sona. Melao ena ke ea Jehova. Ngoana o lokela ho ithuta hore ho bohlale hore a mamele litaelo tsa Molimo.—Liproverbia 6:16-19; Baheberu 13:4.

8. Ke thuto ea mofuta ofe e ka thusang bana hore ba etse lintho ka bohlale?

8 Bokahohle bo rarahaneng, ho se tšoane ha lintho tse phelang, ho fetoha ha linako tsa selemo—lintho tsena kaofela li ka thusa ngoana ho utloisisa hore ho na le ’Mōpi ea bohlale bohle. (Baroma 1:20; Baheberu 3:4) Ho phaella moo, ngoana o lokela ho rutoa hore Molimo oa mo rata le hore O entse tokisetso ka sehlabelo sa Mora oa Hae e le hore a mo fe bophelo bo sa feleng, le hore a ka thabisa Molimo ka ho mamela seo A se buang. Ka hona, mohlomong ngoana a ka batla ho sebeletsa Jehova, ho sa tsotellehe boiteko ba Diabolose ba ho mo thibela.—Liproverbia 22:6; 27:11; Johanne 3:16.

9. (a) Thuto e pholosang bophelo e hloka eng? (b) Bo-ntate ba laeloa hore ba etse’ng, ’me see se akarelletsa eng?

9 Thuto e sireletsang ngoana le e mo susumeletsang ho etsa se nepahetseng e hloka nako, kelo-hloko le tokisetso. E hloka hore batsoali ba amohele tataiso e tsoang ho Molimo. Bibele e re: “Lōna, bo-ntate, . . . le tsoele pele ho . . . hōlisa [bana ba lōna] ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Seo se bolela’ng? Ka Segerike sa pele, poleloana e reng “kelello e laoloang,” e bolela “ho kenya kelello ka har’a.” Kahoo, bo-ntate ke bona ba khothalletsoang ho kenya kelello ea Jehova ka hare ho bana ba bona. Seo e tla ba tšireletso e kaakang baneng! Haeba likelellong tsa bana ho kentsoe menahano ea Molimo le tsela eo a nahanang ka eona, sena se ba qobisa liphoso.

Takatso e Susumetsoang ke Lerato

10. Ho hlokahala hore u tsebe eng e le hore u rute ngoana oa hao ka katleho?

10 Leha ho le joalo, e le hore u phethahatse takatso ea hao ea ho hōlisa ngoana oa hao hantle, boiteko ba hao bo lokela ho susumetsoa ke lerato. Ntlha ea bohlokoa ke ho ntšana se inong. Fumana hore na ho etsahala’ng bophelong ba ngoana oa hao le hore na o ikutloa joang. Ha le iketlile, u ka bula ngoana oa hao molomo ka bohlale. Ka linako tse ling a ka ’na a bua ntho e tla u makatsa. Hlokomela hore u se ke ua halefa. Ho e-na le hoo, mamela ka mosa.

11. Motsoali a ka kenya kelello ea Molimo ngoaneng joang?

11 Ke ’nete hore e ka ’na eaba u ile ua balla ngoana oa hao Bibele mabapi le melao ea Molimo e hanelang boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, ’me u ile ua ba ua mo balla eona ka makhetlo a mangata. (1 Bakorinthe 6:18; Baefese 5:5) E ka ’na eaba sena se ile sa hatisa ho bana ba hao hore na Jehova o thabisoa ke eng, ha a thabisoe ke eng. Leha ho le joalo, ho kenya kelello ea hae ngoaneng ho hloka ho fetang hoo. Bana ba hloka thuso e le hore ba nke hore melao ea Jehova ke ea bohlokoa. Ba hloka ho kholisoa hore melao ea hae e nepahetse ebile e molemo le hore ho e mamela ke ntho e loketseng le e ntle. Ho ka boleloa hore u kentse kelello ea Molimo baneng ba hao hafeela u ba behela mabaka ka Mangolo e le hore u ‘kenye kelello ea hae’ ka ho bona.

12. Motsoali a ka thusa ngoana oa hae joang hore a be le pono e nepahetseng tabeng ea ho kopanela liphate?

12 Ha u bua ka ho kopanela liphate, u ka ’na ua botsa, “Na u nahana hore ho mamela molao oa Jehova oa hore motho a se ke a kopanela liphate pele ho lenyalo ho mo tima thabo?” Khothalletsa ngoana oa hao hore a hlalose karabo ea hae. Ka mor’a ho hlahloba tokisetso e hlollang ea Molimo ea hore batho ba be le bana, u ka ’na ua botsa, “Na u nahana hore Molimo oa rōna ea lerato o ne a ka etsa melao e tla re sitisa ho thabela bophelo? Kapa na u nahana hore melao ea hae e etselitsoe ho re thabisa le ho re sireletsa?” (Pesaleme ea 119:1, 2; Esaia 48:17) Fumana hore na ngoana oa hao o nahana’ng ka taba ena. Ka mor’a moo u ka mo hlokomelisa ka mehlala ea kamoo boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate bo bakileng masisa-pelo le mathata kateng. (2 Samuele 13:1-33) Ka ho behela ngoana oa hao mabaka e le hore a utloisise pono ea Molimo a be a e amohele, u tla be u khathile tema tabeng ea ho kenya kelello ea Molimo ka ho eena. Leha ho le joalo, ho na le ho hong hape hoo u ka ho etsang.

13. Ngoana o hloka ho utloisisa eng e ka mo susumetsang ka ho khetheha hore a mamele Jehova?

13 U be bohlale hore u se ke ua ruta ngoana oa hao feela ka liphello tsa ho se mamele Jehova empa hape u mo hlalosetse hore na Jehova ka boeena o ameha joang ke tsela eo re phelang ka eona. Bontša ngoana ka Bibele hore re ka utloisa Jehova bohloko ha re hlōleha ho etsa thato ea hae. (Pesaleme ea 78:41) U ka ’na ua botsa: “Ke hobane’ng ha u sa batle ho utloisa Jehova bohloko?” ebe u hlalosa hore “Satane, e leng sera sa Molimo, o bolela hore re sebeletsa Jehova ka mabaka a boithati eseng hobane re mo rata.” Ebe u hlalosa kamoo Jobo a ileng a tšepahala kateng ’me a thabisa pelo ea Molimo, eaba o shanofatsa Satane. (Jobo 1:9-11; 27:5) Ho hlokahala hore ngoana oa hao a utloisise hore ka boitšoaro ba hae, a ka soabisa Jehova kapa a mo thabisa. (Liproverbia 27:11) Ka buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo, * bana ba ka rutoa thuto ena le tse ling tse ngata tsa bohlokoa.

Liphello Tse Thabisang

14, 15. (a) Ke lithuto life tsa buka ea Mosuoe tse susumelitseng bana? (b) U fumane melemo efe ka ho sebelisa buka ee? (Bona le lebokose le leqepheng la 18-19.)

14 Ntate-moholo e mong oa Croatia ea balang buka ea Mosuoe le setloholo sa hae se nang le lilemo tse supileng, o ngotse hore moshanyana enoa o ile a re ho eena: “’Mè o ile a re ke etse ntho e itseng, empa ke ne ke sa batle ho e etsa. Ke ile ka hopola khaolo e nang le sehlooho se reng, ‘Kutlo ea U Sireletsa,’ eaba kea khutla ’me ke mo bolella hore ke tla e etsa.” Mabapi le khaolo e nang le sehlooho se reng “Lebaka Leo ka Lona re sa Lokelang ho Bua Leshano,” banyalani ba bang ba Florida, U.S.A., ba itse: “E na le lipotso tse etsang hore bana ba ntše maikutlo a bona le hore ba lumele liphoso tseo ho neng ho ke ke ha etsahala hore ba li lumele.”

15 Buka ea Mosuoe e na le litšoantšo tse fetang 230, ’me ho na le mantsoe a hlalosang setšoantšo se seng le se seng kapa sehlopha sa litšoantšo. ’Mè e mong ea ananelang o ile a re: “Hangata mora oa ka o shebela setšoantšo ruri ’me ha a batle ha ho phetloa leqephe. Litšoantšo tsena ha li ntle feela empa tsona ka botsona lia ruta, kapa li susumelletsa bana ho botsa lipotso. Mabapi le setšoantšo sa ngoana ea shebeletseng thelevishene kamoreng e lefifi, mora oa ka o ile a botsa ka lentsoe le bontšang hore oa tseba hore ho na le ho hong ho phoso, a re: ‘’Mè, moshanyana eo o etsa’ng?’” Mantsoe a hlalosang setšoantšo sena a re: “Ke mang ea khonang ho bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang?”

Thuto e Hlokahalang Kajeno

16. Ke ntho efe ea bohlokoa e lokelang ho rutoa bana kajeno, hona hobane’ng?

16 Ho hlokahala hore bana ba tsebe tšebeliso e nepahetseng le e fosahetseng ea litho tsa bona tsa botona kapa tsa botšehali. Leha ho le joalo, ha ho bonolo kamehla ho bua ka tsona. Mongoli e mong oa likoranta o ile a bolela hore ha a ntse a hōla, ho ne ho nkoa hore motho oa rohakana ha a bitsa litho tsa botona kapa tsa botšehali ka mabitso. Mabapi le ho ruta bana ba hae, o ngotse tjena: “Ke tla tlameha ho tlohela ho hlajoa ke lihlong.” ’Nete ke hore ha batsoali ba qoba ho bua ka taba ea ho kopanela liphate hobane ba hlajoa ke lihlong, ha ba sireletse ngoana. Ba hlekefetsang batho ba bang hore ba kopanele liphate le bona, ba qhekella bana hobane ba se na tsebo. Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo e tšohla taba ena ka tsela e molemo le e hlomphehang. Ho ruta bana lintho tse amanang le ho kopanela liphate hase ho ba ruta lintho tse mpe, empa ke ho ba sireletsa hore ba lule ba hloekile.

17. Buka ea Mosuoe e thusa batsoali joang ho ruta bana ba bona litaba tse amanang le ho kopanela liphate?

17 Khaolong ea 10, ha ho buuoa ka mangeloi a khopo a ileng a tla lefatšeng eaba a tsoala bana, ngoana oa botsoa, “Na ua tseba hore na ho kopanela liphate ke eng?” Buka ena e fana ka karabo e bonolo le e hlomphehang. Hamorao, khaolo ea 32 e hlalosa hore na bana ba ka sireletsoa joang bathong ba sehlōhō ba hlekefetsang batho ba bang hore ba kopanele liphate le bona. Re ’nile ra fumana mangolo a mangata a tlalehang hore thuto e joalo ke ea bohlokoa. ’Mè e mong o ile a re: “Bekeng e fetileng ha mora oa ka Javan a ile ngakeng ea bana, ngaka e ile ea botsa hore na re se re buile le eena ka tšebeliso e nepahetseng ea litho tsa botona kapa tsa botšehali. E ile ea hlolloa haholo ha e utloa hore re entse seo re sebelisa buka ea rōna e ncha.”

18. Buka ea Mosuoe e tšohla taba ea ho hlompha litšoantšo tsa naha joang?

18 Khaolo e ’ngoe e bua ka tlaleho ea Bibele ea bacha ba bararo ba Baheberu Shadrake, Meshake le Abednego, ba ileng ba hana ho khumamela setšoantšo se neng se emela ’Muso oa Babylona. (Daniele 3:1-30) Batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba bona ho tšoana pakeng tsa ho hlompha setšoantšo le ho lumelisa folakha, joalokaha buka ea Mosuoe e bontša. Leha ho le joalo, hlokomela seo mongoli Edward Gaffney a ileng a se bua ha a buisana le ba U.S. Catholic. O boletse hore ka mor’a letsatsi la pele morali oa hae a le sekolong sa sechaba o ile a mo bolella hore o ithutile “thapelo e ncha sekolong,” ’me o ile a mo kōpa hore a mo etsetse eona. Gaffney o itse, “O ile a beha letsoho la hae pelong ’me ka motlotlo a qala, ‘Ke tšepisa hore ke tla tšepahalla naha ea heso . . . ’” Gaffney o tsoela pele: “Ka potlako feela ke ile ka utloisisa ntho e ’ngoe. Lipaki Tsa Jehova li ne li nepile. Likolong tsa rōna tsa mathomo, ho na le borapeli ba bochaba bo ntšetsoang pele—e leng ho tšepahala ka mokhoa o feteletseng.”

Ho Loketse Hore U Ikitlaetse Kahohle

19. Ho ruta bana ho na le meputso efe?

19 Ha e le hantle, ho loketse hore u ikitlaetse kahohle e le hore u rute bana ba hao. ’Mè e mong oa Kansas, U.S.A. o ile a lla likeleli ha a fumana lengolo le tsoang ho mora oa hae. Mora eo o ile a ngola a re: “Ke lehlohonolo haholo hore ebe ke hōlisitsoe ka tsela e nthusitseng hore ke be ea tsitsitseng le ea sa ferekanang maikutlong. Uena le Ntate ke le rolela khaebana.” (Liproverbia 31:28) Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo e ka thusa batsoali ba eketsehileng ho ruta bana ba bona e le hore ba sireletse lefa lena la bohlokoa.

20. Ke eng eo batsoali ba lokelang ho e hopola kamehla, ’me e lokela ho ba le phello efe ho bona?

20 Bana ba rōna ba lokeloa ke nako eohle eo re ka bang le bona ka eona, le kelo-hloko eohle eo re ka ba fang eona hammoho le boiteko bohle boo re ka ba etsetsang bona. E ba bana ka nako e khutšoanyane haholo. Sebelisang monyetla o mong le o mong hore le be le bona le be le ba thuse. Le ke ke la ikoahlaea. Ba tla le rata. Kamehla le hopole hore bana ba lōna ke mpho eo le e filoeng ke Molimo. Ke lefa la bohlokoa haholo! (Pesaleme ea 127:3-5) Kahoo, ba hlokomeleng joaloka lefa, feela joalokaha eka lea ikarabella ho Molimo ka tsela eo le ba hōlisang ka eona, etsoe le hlile lea ikarabella.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Bona khaolo ea 40, “Kamoo re ka Thabisang Molimo Kateng.”

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha ho hlokahala haholo hore hona joale batsoali ba sireletse bana ba bona?

• Ke thuto ea mofuta ofe e hlalefisang?

• Ke litaba life tsa bohlokoa tseo le ka li tšohlang le bana ba lōna kajeno?

• Buka ea Mosuoe e thusitse batsoali joang ho ruta bana ba bona?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18, 19]

Buka ea Bohle

Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo e reretsoe ho thusa batsoali le batho ba bang ba baholo hore ba bale le ho tšohla lithuto tsa Jesu Kreste le bana. Leha ho le joalo, batho ba baholo ba ileng ba ipalla buka ena ba lebohile ho tsoa botebong ba pelo ka seo ba ithutileng sona.

Monna e mong oa Texas, U.S.A., o itse: “Ithute ho Mosuoe e Moholo e ngotsoe ka bokheleke le ka tsela e bonolo, ho re susumetsa ho sa tsotellehe lilemo tsa rōna—esita leha ke le lilemo li 76 tjena. Ke leboha haholo. ’Me tsena tsohle li tsoa ho ea sebelelitseng Jehova ho tloha bocheng.”

’Mali e mong oa London, Engelane oa tlaleha: “Litšoantšo tse ntle li fela li hohela lipelo tsa batsoali le tsa bana ka ho tšoanang. Ntho e babatsehang ke lipotso le tsela eo li hlophisitsoeng ka eona, ’me ke ntho e ntle hakaakang ho bona kamoo ho sebetsanoang kateng le litaba tseo ho seng bonolo ho bua ka tsona, joaloka khaolong ea 32, ‘Kamoo Jesu a Ileng a Sireletsoa Kateng’!” O ile a lihela likhala ka ho re: “Le hoja ho se potang hore ka ho khetheha, buka ena e ngoletsoe bana ba Lipaki Tsa Jehova, ke nahana hore mesuoe le ba bang ba tla thaba haholo haeba le bona ba ka fumana buka ena. Ke labalabela ho e sebelisa likhoeling le lilemong tse tlang.”

Mosali e mong oa Massachusetts, U.S.A., o ile a bua ka ‘litšoantšo tse ngata tse nahanetsoeng ka hloko.’ O ile a ngola a re: “Ke hlokometse hore le hoja buka ena e ngoletsoe bana, lihlooho tseo e li tšohlang li ka boela tsa re thusa re le batho ba baholo hore re nahane ka kamano ea rōna le Jehova.”

Mosali e mong oa Maine, U.S.A. o ile a khotsa: “Khele! Athe buka ee e ntle hakaale! Hase buka ea bana feela, empa ke ea rōna bohle joaloka bana ba Molimo. E fihlile botebong ba pelo ea ka, ’me ea nkama maikutlo eaba ea a thoba, hoo ke ileng ka ba le khotso. Ke ikutloa ke atametse haholo ho Jehova joaloka Ntate oa ka. O tlositse masisa-pelo ’ohle ao ke bileng le ’ona ka lilemo-lemo eaba o hlakisa morero oa hae haholoanyane.” O ile a phetha ka ho re: “Ke re ho batho bohle, ‘Ke kōpa hore le e bale.’”

Mosali e mong oa Kyoto, Japane o ile a tlaleha hore ha a ntse a e balla litloholo tsa hae, li ile tsa mo botsa lipotso tse kang: “‘Moshemane eo o etsa’ng? Ke hobane’ng ha ngoanana eo e monyenyane a khalemeloa? ’Mè eo eena o etsa’ng? Tau ee eona?’ E re ruta lintho tseo re li thahasellang, kahoo ke e rata ho feta buka leha e le efe e ’ngoe eo ke neng nka e fumana pokellong ea libuka.”

Ntate e mong oa Calgary, Canada, o re hang feela ha a qeta ho fumana buka eo, o ile a qala ho e bala le morali oa hae ea lilemo li tšeletseng le mora oa hae ea lilemo li robong. Oa tlaleha: “Hang feela, ba ile ba arabela ka tsela e hlollang. Bana ba ka ba ile ba mamela ka hloko ’me ba araba lipotso ho tsoa pelong. Ba ile ba ikutloa ba ameha thutong, ’me seo se ile sa ba fa monyetla oa ho bolela kamoo ba ikutloang kateng. Baa cheseha, ebile morali oa ka o re o batla ho ithuta buka e ncha bosiu bo bong le bo bong.”

Ka mor’a thuto e ’ngoe, ntate e mong o ile a re: “’Na le mora oa ka re ile ra bua ka Jehova le ka merero ea hae ka lihora tse ngata. O ne a botsa lipotso tse ngata tse thehiloeng bukeng ena. Likeleli li ile tsa keleketla marameng a ka ha a nfonanisa a bile a mpotsa ho re, ‘Ntate na re ka etsa joalo hape? Ke na le lipotso tse ngata, ’me ke batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Jehova.’”

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Batsoali, le ka ithuta eng mohlaleng oa Manoa?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Bana, le ka ithuta eng mohlaleng oa Baheberu ba bararo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Litšoantšo tse bukeng ea “Mosuoe” le mantsoe a li hlalosang, ke likofuto tse matla tsa ho ruta

Ananiase o bolella Petrose leshano lefe?

Ke mang ea khonang ho bona sohle seo re se etsang?