Moo Khohlano ea Saense le Bolumeli e Qalileng Teng
Moo Khohlano ea Saense le Bolumeli e Qalileng Teng
MOLEPI e mong oa linaleli ea lilemo li 70 o ne a le makhatheng a lefu, a ntse a iqobella ho bala. Ka letsohong la hae o ne a tšoere litokomane tseo a neng a li ngotse ka boeena, li loketse ho hatisoa. Ebang o ne a tseba kapa che, buka ea hae e ne e tla fetola pono ea moloko oa batho ka bokahohle. Hape e ne e tla baka khohlano e matla ka har’a Bokreste-’mōtoana, eo le kajeno liphello tsa eona li sa ntseng li le teng.
Monna eo ea neng a le makhatheng a lefu e ne e le Nicolaus Copernicus, e leng Mok’hatholike oa Poland, ’me e ne e le selemong sa 1543. Buka ea Copernicus, e nang le sehlooho se reng, On the Revolutions of the Heavenly Spheres, e ne e re letsatsi ke lona le leng bohareng ba setsi sa potoloho ea lipolanete, eseng lefatše. Ka ho ngola buka eo feela, Copernicus o ile a hlahisa thuto e bonolo ka ho fetisisa e ileng ea nka sebaka sa thuto e thatahali ea hore lefatše le bohareng ba setsi sa potoloho ea lipolanete.
Qalong, ho ne ho sa bonahale eka ho tla ba le khohlano ha nako e ntse e feta. Lebaka le leng la seo ke hore Copernicus o ne a ngotse maikutlo a hae ka masene. Ho phaella moo, Kereke e K’hatholike e neng e lumela khopolo ea hore lefatše le bohareng, ka nako eo, e ne e bonahala e amohela likhopolo tsa saense. Esita le mopapa ka boeena o ile a khothalletsa Copernicus hore a hatise buka ea hae. Ha Copernicus a qetella a e hatisitse, mohlophisi e mong ea neng a tšohile o ile a ngola selelekela sa hae, a bolela hore taba ea hore letsatsi le bohareng ba setsi sa potoloho ea lipolanete, ke khopolo ea litsebi tsa lipalo, eseng hakaalo ’nete ea botsebi ba linaleli.
Khohlano ea Tota
E mong ea ileng a jela paate khohlanong ena e bile motho e mong oa Letaliana, eo e neng e le setsebi sa linaleli, sa lipalo le sa physics, e leng Galileo Galilei (1564-1642), eo e neng e bile e le Mok’hatholike. A sebelisa libonela-hōle tseo a neng a li entse ka lense e neng e sa tsoa qaptjoa, Galileo o ile a bona maholimo ka tsela e neng e e-s’o bonoe joalo pele ho eena. Liphuputso tsa hae li ile tsa mo kholisa hore Copernicus o ne a nepile. Galileo o ile a bona matheba a lefifi letsatsing, kahoo a hanyetsa tumelo e ’ngoe ea bohlokoa ea filosofi le ea bolumeli—e leng ea hore letsatsi le ke ke la fetoha kapa la senyeha.
Ho fapana le Copernicus, Galileo o ne a le sebete a bile a chesehela ho ntšetsa pele likhopolo *
tsa hae. ’Me o ile a etsa joalo har’a batho ba bolumeli ba neng ba tletse bora bo bongata, kaha ka nako eo Kereke e K’hatholike e ne e se e hanyetsa thuto ea Copernicus pepenene. Kahoo, ha Galileo a ne a pheha khang ea hore hase feela hore khopolo ea hore letsatsi le bohareng e nepahetse, empa e ne e bile e lumellana le Mangolo, kereke e ile ea nka hore e se e le mokhelohi.Galileo o ile a ea Roma moo a neng a il’o ikarabella, empa a se ke a atleha. Ka 1616, kereke e ile ea mo laela hore a khaotse ho buella Copernicus. Galileo o ile a koaloa molomo ka nako e itseng. Joale ka 1632, o ile a hatisa buka e ’ngoe ho tšehetsa Copernicus. Selemong se latelang sona seo, Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ile la ahlolela Galileo ho hlola bophelo bohle ba hae chankaneng. Leha ho le joalo, ka lebaka la lilemo tsa hae, ka potlako le ile la fokotsa kahlolo ea hae ka hore a isoe litlamong.
Ba bangata ba nka hore khohlano ea Galileo le kereke e ne e le ha saense e hlōla bolumeli, ’me haholo-holo ha e hlōla Bibele. Leha ho le joalo, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, qeto ena e fetelelitsoeng e hlokomoloha linnete tse ngata.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 7 Galileo o ile a ipakela lira tse matla ka boeena ka lebaka la likarabo tsa hae tse hlabang le litšomo tsa hae tse khopisang. Hape ka ho bolela hore khopolo ea hore letsatsi le bohareng e lumellana le Mangolo, o ile a etsa hore ho nkoe hore ke setsebi litabeng tsa bolumeli, e leng se ileng sa qholotsa kereke le ho feta.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Copernicus
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Taken from Giordano Bruno and Galilei (German edition)
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Galileo o itšireletsa ka pel’a Lekhotla la Baroma le Otlang Bakhelohi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book The Historian’s History of the World, Vol. IX, 1904
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Background: Chart depicting Copernicus’ concept of the solar system