Saense le Bibele—Na Ehlile Lia Hanyetsana?
Saense le Bibele—Na Ehlile Lia Hanyetsana?
KHOHLANO pakeng tsa Galileo le Kereke e K’hatholike e ile ea qala lilemong tse makholo pele Copernicus le Galileo ba hlaha. Khopolo ea hore lefatše le bohareng ba bokahohle e ne e lumeloa ke Bagerike ba boholo-holo, ’me ea tumisoa ke rafilosofi Aristotle (384-322 B.C.E.) le setsebi le senohe sa linaleli Ptolemy (oa lekholong la bobeli la lilemo C.E.). *
Aristotle o tena a e-ba le khopolo ena ka bokahohle hobane a ne a susumelitsoe ke monahano oa setsebi se seng sa lipalo le rafilosofi oa Mogerike, e leng Pythagoras (oa lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.). Ka lebaka la ho latela khopolo ea Pythagoras ea hore libōpeho tse chitja kapa tse selikalikoe li phethahetse, Aristotle o ne a lumela hore maholimo ke lisete tsa libōpeho tse chitja tse ka har’a tse ling tse chitja, joaloka makhapetla a hanyanese. Lekhapetla ka leng le ne le e-na le crystal, ’me lefatše le le bohareng. Linaleli li tsamaea li potoloha, li tsamaisoa ke matla a tsoang lekhapetleng le chitja le ka ntle, e leng moo ho nang le matla a phahametseng tlhaho. Aristotle o ne a boetse a lumela hore letsatsi le lihloliloeng tse ling tsa leholimo li phethahetse, ha li na matheba kapa likoli, ebile ha li angoe ke phetoho.
Khopolohali ena ea Aristotle e hlahisitsoe ke filosofi, eseng saense. O ne a nahana hore khopolo ea hore lefatše lea tsamaea ha e utloahale. O ne a boetse a sa lumele
khopolo ea sebaka se lephaka, kapa sepakapaka, kaha o ne a lumela hore lefatše le tsamaeang le ne le tla angoa ke matla a sitisang ho kopana ha lintho tse tsamaeang ’me le ne le tla ema ha ho se na matla a tsoelang pele ho le sututsa. Kaha khopolo ea Aristotle e ne e bonahala e utloahala ho latela seo bo-rasaense ba neng ba se tseba ka nako eo, e ile ea nkoa e amoheleha hoo e ka bang ka lilemo tse 2 000. Esita le morao tjena lekholong la bo16 la lilemo, rafilosofi oa Lefora Jean Bodin o ile a hlalosa boikutlo boo bo neng bo atile tjena: “Ha ho na motho ea hlaphohetsoeng kelellong, kapa ea nang le tsebo e nyenyane feela ea physics, ea tla ke a nahane hore lefatše, joalokaha le le boima le bile le le leholo hakana . . . le likalika . . . tselaneng ea lona ’me le potoloha letsatsi; etsoe haeba lefatše le ne le ka sisinyeha hanyenyane feela, re ne re tla bona metse le liqhobosheane, litoropo le lithaba li soahlamana.”Kereke e Latela Aristotle
Ntho e ’ngoe e bakileng qhoebeshano pakeng tsa Galileo le kereke e etsahetse lekholong la bo13 la lilemo ’me ho eona ho ne ho ameha moeta-pele e mong oa Mak’hatholike, Thomas Aquinas (1225-74). Aquinas o ne a hlompha Aristotle ka ho tebileng, hoo a neng a mo bitsa Rafilosofi. Ka lilemo tse hlano, Aquinas o ile a leka ka matla ho kopanya filosofi ea Aristotle le thuto ea kereke. Wade Rowland bukeng ea hae ea Galileo’s Mistake, o bontša hore mehleng ea Galileo, “motsoako oa thuto ea bolumeli ea Aristotle le ea Aquinas o ne o fetohile thuto ea motheo ea Kereke ea Roma.” Hape, hopola hore mehleng eo, ho ne ho bile ho se na mokhatlo oa saense o ikemetseng. Boholo ba thuto bo ne bo laoloa ke kereke. Hangata kereke e ne e le eona feela e laolang bolumeli le saense.
Ona e bile moralo oa qhoebeshano pakeng tsa kereke le Galileo. Esita le pele a kenella boleping ba linaleli, Galileo o ne a ile a ngola sehlooho se hlophisitsoeng se buang ka tsela eo lintho li tsamaeang ka eona. Se ile sa hanyetsa likhopolo tse ngata tse neng li entsoe ke Aristotle ea neng a hlomphuoa. Leha ho le joalo, ka 1633 Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ile la qosa Galileo ka lebaka la hore o ne a tšehetsa ka tieo khopolo ea hore letsatsi le bohareng ba setsi sa potoloho ea lipolanete ebile a tiisa hore khopolo eo e lumellana le Mangolo.
Ha a ikarabella, Galileo o ile a ba kholisa hore o na le tumelo e tiileng ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. O ile a boela a pheha khang ea hore Mangolo a ne a ngoletsoe batho ba tloaelehileng le hore litemana tsa Bibele tseo ho bonahalang eka li buella hore letsatsi lea tsamaea ha lia lokela ho utloisisoa ka tsela ea sebele. Khang ea hae ha ea ka ea mo thusa ka letho. Kaha Galileo o ile a hana tlhaloso ea Mangolo e thehiloeng filosofing ea Bagerike, o ile a nyatsoa! Ke feela ka 1992 Kereke e K’hatholike e ileng ea qala ho lumela hore e entse phoso ha e ahlola Galileo.
Lintho Tseo re ka Ithutang Tsona
Re ka ithuta’ng liketsahalong tsee? Ntho ea pele ke hore Galileo o ne a sa hanyetse Bibele. Ho fapana le moo, o ne a sola lithuto tsa kereke. Mongoli e mong oa bolumeli o ile a re: “Ho bonahala ntho eo re ka ithutang eona ho Galileo e se hore Kereke e ne e khomarela linnete tsa Bibele ka hohle-hohle; empa ho fapana le moo, e ne e sa li khomarele ka tieo.” Ka ho lumella filosofi ea Bagerike hore e susumetse lithuto tsa eona tsa bolumeli, kereke e ile ea inehela lineanong ho e-na le ho latela lithuto tsa Bibele.
Sena sohle se re hopotsa temoso ea Bibele e reng: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.”—Bakolose 2:8.
Esita le kajeno, ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba ntse ba lumela lithuto le lifilosofi tse hanyetsang Bibele. Mohlala o mong ke oa thuto ea Darwin ea ho iphetola ha lintho, eo ba e lumelang ho fapana le ho lumela tlaleho ea *
Genese ea pōpo. Ka ho etsa sena, ha e le hantle, likereke li entse Darwin Aristotle oa mehleng ena ’me thuto ea ho iphetola ha lintho li e fetotse motheo oa tumelo.Saense ea ’Nete e Lumellana le Bibele
Ho hang boitsebiso boo re bo tšohlileng ha boa lokela ho nyahamisa ba thahasellang saense. Bonneteng Bibele ka boeona e re khothalletsa ho ithuta mesebetsing ea liatla tsa Molimo le ho lemoha litšobotsi tse hlollang ho seo re se bonang. (Esaia 40:26; Baroma 1:20) Ke ’nete hore Bibele ha ea rereloa ho ruta saense. Ho fapana le moo, e senola litekanyetso tsa Molimo, likarolo tsa botho ba hae tse ke keng tsa rutoa feela ke pōpo, ebile e senola le morero oa hae ka batho. (Pesaleme ea 19:7-11; 2 Timothea 3:16) Empa, ha Bibele e bua ka tlhaho, e lula e nepahetse. Galileo ka boeena o ile a re: “Mangolo a Halalelang hammoho le tlhaho li bile teng ka Lentsoe la Molimo . . . Ha ho mohla linnete tsena tse peli li tla ke li hanyetsane.” Nahana ka mehlala e latelang.
Ntho ea bohlokoa le ho feta motsamao oa linaleli le lipolanete ke hore lintho tsohle tse bokahohleng li tsamaisoa ka melao, joaloka molao oa khoheli. Libuka tsa khale ka ho fetisisa tseo eseng tsa Bibele tse neng li bua ka melao ea tlhaho li ne li ngotsoe ke Pythagoras, ea neng a lumela hore bokahohle bo ka hlalosoa ka lipalo. Lilemo tse likete tse peli hamorao, Galileo, Kepler le Newton ba ile ba qetella ba pakile hore lintho li laoloa ka melao e bohlale.
Boitsebiso ba khale ka ho fetisisa ba Bibele bo buang ka melao ea tlhaho bo fumanoa bukeng ea Jobo. Hoo e ka bang ka 1600 B.C.E., Molimo o ile a botsa Jobo: “Na u tseba litaelo tse hlomamisitsoeng [kapa melao] tsa maholimo?” (Jobo 38:33) Buka ea Jeremia e tlalehiloeng lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., e bua ka Jehova e le ’Mōpi oa “litaelo tse hlomamisitsoeng tsa khoeli le linaleli” le oa “litaelo tse hlomamisitsoeng tsa leholimo le lefatše.” (Jeremia 31:35; 33:25) Ka lebaka la lipolelo tsena, mohlalosi e mong oa Bibele ea bitsoang G. Rawlinson o ile a re: “Ho pharalla ha molao ka kakaretso lefatšeng ho batla ho hatisoa ka matla ke bangoli ba Bibele joalokaha saense ea kajeno e etsa joalo.”
Haeba re sebelisa lingoliloeng tsa Pythagoras ho re thusa ho utloisisa ntlha ena, polelo e ho Jobo e ngotsoe hoo e ka bang lilemo tse sekete pele Pythagoras a ngola libuka tsa hae. Hopola hore morero oa Bibele hase feela ho senola linnete tse mabapi le tlhaho empa haholo-holo ke ho hatisa hore Jehova ke ’Mōpi oa lintho tsohle—e leng eena ea ka bōpang melao ea tlhaho.—Jobo 38:4, 12; 42:1, 2.
Mohlala o mong oo re ka nahanang ka oona ke oa hore metsi a lefatše a tsamaea ka ho potoloha e leng se bitsoang potoloho ea metsi. Habonolo feela, metsi a fetoha mouoane leoatleng, a thehe maru, a nele lefatše e se e le pula kapa lehloa, ebe qetellong a khutlela leoatleng. Libuka tsa khale ka ho fetisisa tse sa ntseng li le teng tseo eseng tsa Bibele tse buang ka potoloho ena ke tsa lekholong la bone la lilemo B.C.E. Leha ho le joalo, lipolelo tsa Bibele li ngotsoe makholo a lilemo pele ho tsona. Ka mohlala, lekholong la bo11 la lilemo B.C.E., Morena Solomone oa Iseraele o ile a ngola tjena: “Linōka tsohle li phallela leoatleng, empa leoatle ha le ke le tlala. Moo linōka li phallelang teng, ke moo li phallelang teng kamehla.”—Moeklesia 1:7, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Ka ho tšoanang, hoo e ka bang ka 800 B.C.E. moprofeta Amose, eo e neng e le molisa le mosebetsi oa masimong ea tlaase, o ile a ngola hore Jehova ke “Ea bitsang metsi a leoatle, e le hore a ka a tšollela holim’a lefatše.” (Amose 5:8) Kantle le ho sebelisa mantsoe a thata le a phahameng, Solomone le Amose ba hlalositse ka ho nepahetseng potoloho ea metsi, e mong a e hlalosa ka tsela e batlang e fapane hanyenyane le ea e mong.
Bibele e boetse e re Molimo “o leketlisa lefatše holim’a lefeela,” kapa ho ea ka The New English Bible “o fanyeha lefatše sebakeng se lephaka.” (Jobo 26:7) Ho latela tsebo eo batho ba neng ba e-na le eona ka 1600 B.C.E., e leng nako eo ho hakanngoang hore mantsoe ao a builoe ka eona, e ne e ka ba motho ea hlaheletseng ea neng a ka tiisa hore ntho e tiileng e ka lula e fanyehiloe sebakeng e sa tšehetsoa ke letho le bonahalang. Joalokaha ho boletsoe pejana, Aristotle ka boeena o ile a hana khopolo ea sebaka se lephaka, ’me o ile a phela lilemo tse fetang 1 200 hamorao!
Na ha u nke e le ho hlollang hore ebe Bibele e ngotse lipolelo tse joalo tsa ’nete—haholo-holo ha u nahana ka boikutlo ba mehleng eo bo fosahetseng le hoja bo ne bo bonahala e le bo utloahalang? Ho batho ba nahanang, bona ke bopaki bo bong ba hore Bibele e bululetsoe ke Molimo. Kahoo, ha rea lokela ho khelosoa habonolo ke thuto leha e le efe e khahlanong le Lentsoe la Molimo. Joalokaha histori e bontšitse sena khafetsa, lifilosofi tsa batho, esita le tsa barutehi ba baholo, ke mashoa-a-tsoha, “empa lentsoe la Jehova le lula le le teng ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:25.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 2 Lekholong la boraro la lilemo B.C.E., Mogerike ea bitsoang Aristarchus oa Samos o ile a hlahisa thuto e ’ngoe ea hore letsatsi le bohareng ba bokahohle bo hlophisitsoeng, empa batho ba ile ba hanyetsa likhopolo tsa hae ka lebaka la ho rata tsa Aristotle.
^ ser. 12 Bakeng sa ho fumana moo ho tšohloang taba ena ka ho teba, bona khaolo ea 15 e reng, “Why Do Many Accept Evolution?” bukeng ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Boikutlo Ba Maprostanta
Baeta-pele ba Phetohelo ea Boprostanta Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike le bona ba ile ba hana khopolo ea hore letsatsi le bohareng ba setsi sa potoloho ea lipolanete. Ba ne ba akha ka hare Martin Luther (1483-1546), Philipp Melanchthon (1497-1560) le John Calvin (1509-64). Luther o ile a re ka Copernicus: “Sethoto sena se batla ho fetola saense eohle ea botsebi ba linaleli.”
Bo-raliphetoho bana ba ne ba thehile khang ea bona tlhalosong ea lentsoe ka lentsoe ea mangolo a itseng, a kang tlaleho ea Joshua khaolo ea 10, e bolelang hore letsatsi le khoeli ‘tsa se ke tsa sisinyeha.’ * Ke hobane’ng ha Bo-raliphetoho baa ba ile ba ema joalo ba tiile? Buka e reng Galileo’s Mistake e hlalosa hore le hoja Phetohelo ea Boprostanta Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike e ile ea felisa matla a mopapa, e ile ea hlōleha ho “sisinya taolo e ka sehloohong” ea Aristotle le Thomas Aquinas, bao maikutlo a bona a neng a “lumeloa ke Mak’hatholike le Baprostanta ka ho tšoanang.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 28 Ho latela saense, re sebelisa mantsoe a fosahetseng ha re re “ha letsatsi le chaba” le “ha letsatsi le likela.” Empa puong ea letsatsi le letsatsi, mantsoe ana aa amoheleha ebile a nepahetse, ha re nahana hore na re bona lefatše re le hokae. Ka ho tšoanang, Joshua o ne a sa bue ka botsebi ba linaleli; o ne a mpa a tlaleha liketsahalo kamoo a neng a li bona kateng.
[Litšoantšo]
Luther
Calvin
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book Servetus and Calvin, 1877
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Aristotle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book A General History for Colleges and High Schools, 1900
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Thomas Aquinas
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book Encyclopedia of Religious Knowledge, 1855
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Isaac Newton
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bibele e ile ea hlalosa potoloho ea metsi a lefatše lilemong tse 3 000 tse fetileng