Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Sebelisang Kelello—Ke Hobane’ng ha ba Haella Hakaale?

Batho ba Sebelisang Kelello—Ke Hobane’ng ha ba Haella Hakaale?

Batho ba Sebelisang Kelello—Ke Hobane’ng ha ba Haella Hakaale?

MOSHEBELLI e mong o re: “Ho etsahetse’ng ka eena? A ke ke a re ha a tsebe hore ha aa lokela ho etsa ntho e joalo.” E mong o sisinya hlooho a sa lumele, ebile o tloha moo a ntse a honotha, “Hoja ebe o kile a sebelisa kelello hanyenyane feela, a ka be a sa etsa joalo.” Na u kile ua utloa mantsoe ao? Hona, “ho sebelisa kelello” ke eng?

Lentsoe “kelello,” le hlalosoa e le “kananelo ea ’nete,” “kutloisiso,” le “bohlale bo sebetsang kapa kahlolo e molemo.” Le fana ka maikutlo a hore motho o na le bokhoni ba ho ahlola le ho etsa qeto ka bohlale. Ho hlakile hore ho sebelisa kelello ho hloka hore re sebelise matla a ho nahana. Batho ba bangata ba ka mpa ba lumella motho e mong hore a ba nahanele. Ba etsetsoa liqeto ke mecha ea litaba, lithaka tsa bona kapa maikutlo a atileng.

Ho bonahala lefatšeng la kajeno batho ba sebelisang kelello ba haella hoo monna e mong ea seli a kileng a re, ‘Bonneteng, ho sebelisa kelello ha hoa tloaeleha.’ Re ka tseba ho sebelisa kelello joang? Ke melemo efe e ka unoang ka ho sebelisa kelello?

Ke Joang re ka Tsebang ho Sebelisa Kelello?

Le hoja ho ba le kelello e ntle le kahlolo e molemo ho nka nako, ho bile ho hloka hore motho a sekaseke litaba ka mahlakoreng ’ohle a be a etse boiteko bo sa khaotseng, ka sebele motho a ka tseba ho sebelisa kelello. Nahana ka lintho tse tharo tse ka re thusang hore re tsebe ho sebelisa kelello.

Ithute Bibele ’me u latele keletso ea eona. Bibele, e ngotsoeng ka puo ea boleng bo phahameng ka ho fetisisa ebile e e-na le mabaka a utloahalang, e ka re thusa haholo hore re fumane bohlale le kelello e ntle. (Baefese 1:8) Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste-’moho le eena tjena: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.” (Bafilipi 4:8) Haeba re latela keletso ena kamehla, re tla ba le kahlolo e molemo ’me re itšoare ka tsela e bohlale.

Ithute ka phihlelo. Ha seroki se seng sa Switzerland se ne se amahanya ho sebelisa kelello le phihlelo bophelong, se ile sa re: “Ho sebelisa kelello ho . . . entsoe ka phihlelo le ponelo-pele [chebelo-pele].” Ka sebele, “mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Motho a ka tseba ho sebelisa kelello ka ho ba seli, ka ho koetlisoa le ka ho ba le phihlelo. Re ka ithuta ho etsa lintho hamolemo ha nako e ntse e feta. Leha ho le joalo, ho hlokahala boikokobetso le bonolo hore re ithute liphosong tsa rōna. Moea oa batho ba matsatsing ana a ho qetela oa ho ikhopola ho tlōla, oa ho ikhohomosa le oa ho ba hlooho li thata ha o bonahatse ho sebelisa kelello.—2 Timothea 3:1-5.

Khetha metsoalle ka bohlale. Le ntlheng ena, metsoalle ea rōna e ka re thusa kapa ea re sitisa ho sebelisa bohlale le kelello. Liproverbia 13:20 e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” Ha rea lokela ho lumela menahano kapa maikutlo a batho ba sa hlompheng Molimo ba bile ba sa natse Lentsoe la hae. Liproverbia 17:12 e tšetleha litaba tjena: “Motho a ke a teane le bere e amohuoeng malinyane ho e-na le ho teana le mang kapa mang ea hlokang kelello booatleng ba hae.”

Molemo oa ho Sebelisa Kelello ke Ofe?

Ho hlaolela ho sebelisa kelello ho ka re ruisa molemo. Ho etsa hore bophelo bo be monate haholoanyane ebile ho ka re bolokela nako. Ho sebelisa kelello ho ka ’na ha boela ha qobisa motho ho soetseha ho bakoang ke ho etsa lintho ka ho se nahane. Ba se nang kahlolo e molemo ba ithatafalletsa bophelo. Bibele e re: “Mosebetsi o boima oa ba hlokang kelello oa ba tepeletsa.” (Moeklesia 10:15) Batho ba joalo ba ka ’na ba sebetsa ka thata ka nako e telele eaba baa khathala; leha ho le joalo, mofufutso oa bona o tsoela boeeng joaloka oa ntja.

Bibele e fana ka keletso e ngata e utloahalang litabeng tse mabapi le bohloeki, puisano, ho ba mafolofolo, ho sebetsana le bofuma le tse mabapi le likarolo tse ling tse ngata tsa bophelo. Batho ba limilione ba ka paka hore ho atleha le ho hlōleha ha bona bophelong ho ’nile ha itšetleha ka hore na ba sebelisa hakae litekanyetso tsa Bibele tse ba thusang ho bonahatsa bohlale.

Ho sebelisa kelello ho re thusa hore re se latele feela litaelo kapa melao e qaqileng. Ho re thusa ho phetha boikarabelo ba rōna. Leha ho le joalo, ho sebelisa kelello ho ke ke ha nkela tsebo sebaka. Liproverbia 1:5 e re: “Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng.” Re boetse re lokela ho sekaseka boitsebiso boo re bo bokellang, ’me re etse liqeto tse nepahetseng ka bona. Sena se re thusa hore re ‘tsamaee ka bohlale.’—Liproverbia 28:26.

Boinyenyefatso bo tsamaisana le ho sebelisa kelello. Le hoja re ka ’na ra batla ho phetha boikarabelo bo bongata, ho hlokahala hore re sebelise kahlolo e molemo ’me re se ke ra etsa se ka nģ’ane ho matla a rōna. Ke ’nete hore moapostola Pauluse o re bolella hore re be “le ho hongata hoo [re] ka ho etsang mosebetsing oa Morena.” (1 Bakorinthe 15:58) Empa keletso ena e lokela ho matahanngoa le molao-motheo o tlalehiloeng ho Moeklesia 9:4 o reng: “Ntja e phelang e molemo ho feta tau e shoeleng.” Ho itlhokomela litabeng tsa bophelo bo botle ba ’mele ha re ntse re sebeletsa Jehova ho ka ’na ha re thusa ho phela haleletsana le ho tsoela pele re le mafolofolo. Ho sebelisa kelello ho ka re thusa ho itekanya mesikaro e le hore re ka phetha lintho tse hlokahalang empa re sa felloe ke thabo. Ruri ho sebelisa kelello ho tlisa melemo e mengata.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Ho na le keletso e ngata e utloahalang e fumanoang ka Bibeleng

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Motho a ka ’na a tseba ho sebelisa kelello ka ho ba seli, ka ho koetlisoa le ka ho ba le phihlelo